Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/15 leq. 23
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Selelekela sa Bibele se tla Inahaneloa Bocha
  • Pono ea Baruti ka Jonase
  • Thuto ea Boikokobetso
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/15 leq. 23

Ho Nyarela ka Litabeng

Selelekela sa Bibele se tla Inahaneloa Bocha

Ha se leka ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Today’s English Version e sebelisa tlotla Morena bakeng sa lebitso la Molimo la botho Jehova, Selekela sa phetolelo eo se re: “Ho latela neano ea khale-khale, e qaliloeng ka phetolelo ea pele ea Mangolo a Seheberu (Septuagint) . . . lebitso le khethollang la Seheberu bakeng sa Molimo (hangata le fetoleloa e le Jehova kapa Yahweh), phetolelong ena le emeloa ka ‘MORENA.’”

Leha ho le joalo, bahatisi ba phetolelo ena, Mokhatlo oa Bibele oa Amerika, ba sa tsoa neoa liphello tsa lipatlisiso tse ithutiloeng hore phetolelo ea pele ea Mangolo a Seheberu (Septuagint) e ne e e-na le “Tetragrammaton” le hore mokhoa oa ho sebelisa Kyrios (Morena) bakeng sa lebitso la botho la Molimo o qalile qalehong ea lekholo la bobeli la Iilemo C.E. Lengolong la lona ha le arabela e mong oa Lipaki tsa Jehova, Lekala la Liphuputso la Mokhatlo oa Bibele oa Amerika le ile la arabela: “Liphuputso tse tsoa etsoa ka libuka tse ngoliloeng ka letsoho . . . Ii bontša hore ‘Tetragammaton’ . . . e ne e sebelisoa mangolong a mang a Segerike. . . . Leseling la litlhahiso tsa hao re thabela ho hlahloba polelo ea rōna Selelekeleng ka ho ngoloa ha Yahweh Testamenteng ea Khale. Polelo ea rōna ea hona joale ha e bolele hore mangolo kaofela a khale-khale a Septuagint a sebelisa Kyrios. Leha ho le joalo, tlhaloso eitseng e ka ’na ea e-ba e loketseng leseling la mangolo a morao tjena a fumanoeng le se ithutiloeng ke liithuti.”

Batho ba hlomphang lebitso la botho la Molimo le sebaka sa lona se le loketseng ka Bibeleng ba tla thahasella ho bona tlhaloso ena ha e hlaha khatisong e tlang ea Today’s English Version.

Pono ea Baruti ka Jonase

Timo Veijila, moruti oa bolumeli oa Finland o itse: “Ho hang buka ea Jonase ha e-ea lokela ho nkoa e le tlaleho ea histori.” Puisanong lenaneong la Sefinishe, Dr. Veijola o tiisitse hore buka ea Jonase “ke taba e entsoeng eka ke ’nete joaloka ‘Gulliver’s Travels’ kapa ‘Don Quixote.’ Ka taba ena, ha e le hantle ke buka e hlalosang ka bobe ba batho.”

Maikutlo a moruti enoa a ema joang le a Jesu Kreste, ea boneng ka mahlo seo Jonase a fetileng ho sona pele e e-ba motho oa nama? Na o ile a nka tlaleho ea Jonase e le “buka e hlalosang ka bobe ba batho,” “leshano le feteletseng”? Bopaki ba Jesu hore o bone ka mahlo bo bontšoa ke boprofeta ba hae: “Joale ka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo. Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tsoe, hobane ba kile ba baka ka mokhosi oa Jonase.” (Mattheu 12:40, 41) Jesu o ne a tla tsoha ka mokhoa oa sebele joalokaha Jonase a ile a pholosoa mpeng ea hlapi. ’Me moloko o ileng oa utloa ha Jonase a bolela o tlameha e be e ne e le oa sebele joaloka o ileng oa utloa ha Jesu a bolela.

Joaloka Dr. Veiloja, ea nkileng karolo ho fetoleleng Bibele ea Sefinishe, liithuti tse ngata tsa kajeno tsa bolumeli le baruti ba belaella bonnete ba taba ea Jonase. Kahoo hoo e seng ’nete hase tlaleho ea Jonase empa baruti ba fetolelang le ho ruta Bibele empa ba sa lumele hore ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo.

Thuto ea Boikokobetso

Pelenyana a phomola bohloohong ba Univesithi ea Motse ea New York, Robert J. Kibbee ea shoeleng o ile a eletsa sehlopha se qetileng Kolecheng ea Brooklyn hore se ikokobetse se nahanele ho “lekanyetsa kahlolo ea sona moo tsebo ea sona e fellang teng.” A phaella hore: “Seo ke ithutileng sona bophelong ke hore boikhohomoso bo bongata lefatšeng hammoho le boikhakanyo le boiphapanyo. Pheko ea Iimpe tsena tse senyang ke boikokobetso, ho ananela hore ho na le lintho tse sa utloisisoeng, le qenehelo.”

Ke keletso e ntle haholo, ka sebele, e seng feela bakeng sa liithuti tse qetileng empa bakeng sa batho ba lilemo tsohle! Ho joalo ka ho khethehileng ka baka la keletso e pheta-phetoang ke Lentsoeng la Molimo ka bohlokoa ba boikokobetso. Bakreste ba boetse ba eletsoa ‘hore ba be le mosa, ba be le mohau.’ (1 Petrose 3:8) ’Me Liproverbia 29:23 e re: “Boikhohomoso ba motho boa mo kokobetsa, empa ea pelo e ikokobetsang o tla funyella khanyeng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela