Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/15 maq. 18-22
  • Bakreste ba Thulana le Hlōriso ka Mamello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste ba Thulana le Hlōriso ka Mamello
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Itlhomella Hloriso
  • Ho Thulana le Eona ka Mamello
  • Lehloeo la Satane le Nyopile
  • ’Mopi oa Rōna A ke ke a re Thetsa
  • Ho Thaba Leha re Hlōrisoa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ho Hlorisetsoa ho Loka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U Hlorisoa
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na U ka Itokisetsa Tlhoriso Hona Joale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/15 maq. 18-22

Bakreste ba Thulana le Hlōriso ka Mamello

1, 2. Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li thulana le hloriso joang, ’me sena se phahamisa potso efe?

LIPAKI TSA JEHOVA ha li batle ho ba ba-shoela-tumelo. Leha ho le joalo, lia tseba hore “bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo.” (2 Timothea 3:12) Na ba ikutloa ba tepella ke hona?

2 Che, kahobane Bakreste ba tšepahalang ba ka ‘thulana le hloriso ka mameIlo.’ (1 Ba-Korinthe 4:12, The Twentieth Century New Testament, Khatiso e Nchafalitsoeng) Empa re ka itlhomella joang bakeng sa hloriso pele e re hlahela?

Ho Itlhomella Hloriso

3. Litsela tse ling tsa ho itlhomella hloriso ke life?

3 Sehlooho sa rōna se fetileng se fane ka litlhahiso tsa ho itlhomella hloriso. Ka mohlala, re lokela ho hopola sepheo sa Diabolose—ho senya kamano ea rona le Jehova. Ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, re se lumele hore hoo ho etsahale! Hape re ka itlhomella hloriso haeba re ikhopotsa lebaka leo Molimo o e lumelletseng ka lona. O e lumelletse ka baka la tseko ea borena ba bokahohleng, le ho leka botšepehi ba rōna. Ka baka leo, ha nako e sa le teng le ka thuso ea Molimo a re ikemisetseng ho emela borena ba Jehova ka botšepehi. Ho phaella moo, re ka itlhomella hloriso haeba tšepo ea ’Muso e le lipelong tsa rōna.

4, 5. Ha re itlhomella pele re hlaheloa ke hloriso, re ka haha tumelo ea rōna joang?

4 Hore re itlhomelle hloriso pele e re hlahela, re lokela ho haha tumelo ea rōna, sebete le mamello kamehla. Leha ho le joalo, haeba re batla ho ba le tumelo ea ’nete, re lokela ho rata Jehova e le ka ’nete, ’me hore re etse joalo ho hlokahala hore re be le tsebo e nepahetseng ka Lentsoe la hae. ’Me hore re fumane tsebo eo, ho hlokahala hore re bale le ho ithuta Mangolo hammoho le libuka tsa Bokreste kamehla. Ho feta moo, hore re be le tumelo e matla re lokela ho kopanela le balumeli ’moho le rōna borapeling ba Jehova le tšebeletsong.—Ba-Heberu 10:23–25; 12:28; Tšenolo 7:9, 10, 15.

5 Ho itlhomella hloriso, re lokela ho “tsamaea ’neteng,” re phele ka eona ka mehla, le ho ‘tataisoa ke ’Nete’ ka linako tsohle. (3 Johanne 3, 4, TCNT) Ka ho amohela tataiso ea Molimo ha re talimane le liteko tse nyenyane letsatsi le leng le le leng, re tla haha tumelo ea rōna ho Jehova le litseleng tsa hae. Ho etsa joalo, ho tla re susumetsa hore re ‘tataisoe ke ’Nete’ ha re hlorisoa.

6. Thapelo e ka re thusa joang bakeng sa ho itlhomella hloriso?

6 Ho itloaetsa ho rapela Jehova ka mehla ho tla re atametsa haufi le eena, ’me hoo, ho tla re thusa ho itlhomella hloriso. Ha re itšetleha haholo ka thapelo ho Ntat’a rōna oa leholimo, re tla mo tšepa haholoanyane. (2 Ba-Korinthe 1:8-10) Kamano ea rona le eena e tla ba matla hoo lira tsa rōna, motho kapa ledemona, li ke keng tsa e senya.—Bapisa Pesaleme ea 9:1-6; 1 Johanne 2:12-14.

Ho Thulana le Eona ka Mamello

7. Ha re hlorisoa, Molimo o ka etsa’ng haeba re felloa ke matla?

7 Ha re hlaheloa ke hloriso, haholo-holo ha e le hloriso e re utloisang bohloko ’meleng, re ka etsa joang hore re thulane le eona ka mamello? Matla a tsoang ho Jehova a bohlokoa! Ho tšoana le Pauluse, re hloka ‘matla a tlolisang,’ ’me re lokela ho a rapella. (2 Ba-Korinthe 4:7-12) ’Me, re itšetlehile ka ho feletseng ka Ntate oa rōna oa leholimo, re ka ba le sebete ho tšoana le Pauluse ha a ne a re: “Nka etsa tsohle ka [Jehova Molimo] ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13) Esita leha re feletsoe ke matla, matla a Jehova ha a fele. O fa batho ba hae matla. (Esaia 40:28-31; 45:22-25) Haeba re itšetlehile ka Jehova, o tla re fa matla a ka nqane ho a rōna nakong ea khatello. ’Me re se ke ra tšaba. Motho a ka felisa feela bophelo ba rōna ba joale, empa Jehova o na le matla a ho re khutlisetsa bophelong ka tsoho.—Pesaleme ea 46:1, 2; Luka 12:4-7; Johanne 5:28, 29.

8. Ke hobane’ng ha thapelo e le bohlokoa hakaale ha re thulana le hloriso ka mamello?

8 Ho rapela Jehova hoa hlokahala hore re thulane le hloriso ka mamello. Jesu, ea ileng a feta tlas’a mahloriso a mangata, o ne a ikatametsa ka mehla haufi le Ntat’ae ka thapelo e tsoang pelong, hobane rea bala: ‘Ke Jesu eo, mehleng ea nama ea hae, ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko ho ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me a utluoa, ka baka la borapeli ba hae.’ (Ba-Heberu 5:7) Ka tieo, “Ea utloang merapelo” o tla re utloa ka baka la borapeli ba rōna. (Pesaleme 65:2) Re se hlokomolohe bohlokoa ba ho ‘tiea thapelong,’ re ‘se phetse ho rapela,’ re tsohe masene ho rapela, ha re hlorisoa. (Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thessalonika 5:17; 1 Petrose 4:7) Ho seng joalo, re ka qala ho inahanela feela ka ho hlomoha, ho hlorisoa, ’me re ka ba le takatso ea ho batla ho lokoloha, ka ho ineela litšekamelong tsa nama ka ho koenehela tumelo ea rōna.

9, 10. (a) Ke joang “khotso ea Molimo” e ka re thusang ha re hlorisoa? (b) Re ka ithuta eng ka moea o khutsitseng oa Setefane ha a le pel’a bahlorisi ba hae?

9 Re batle “khotso ea Molimo” ha re le khatellong. Haeba re rapela Jehova ka mehla, re tla iketsetsa motheo o motle bophelong ’me re lokela ho tsoela pele re mo atamela ka tieo eohle ha re hlorisoa. Ho loketse hore re rapelle “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.” ‘E tla boloka lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna ho Jesu Kreste’—ho fihlela re shoa re tšepahetse haeba ho hlokahala joalo.—Ba-Filippi 4:6, 7.

10 Taba e bontšang hore le rōna re ka ba le khutso ena e fetisang, ke phihlelo ea Setefane ea tšepahalang, Mokreste oa pele ea ileng a shoela tumelo. Pele a susumetsoa ke moea o halalelang hore a fane ka bopaki ba ho qetela bo matla, tlaleho ea Bibele ere: “‘Me bohle ba lutseng khotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le joale ka sefahleho sa lengeloi.” (Liketso 6:15) Sefahleho sa hae se ne se sa tšoane le sa moetsalibe ea soabileng empa se ne se tšoana le sa lengeloi, moromuoa oa Molimo, a kholisehile hore Jehova o mo tšehelitse. Setefane o ne a le sebete a khutsitse. (Bapisa Johanne 14:27.) Hoba a pepese molato oa bona oa ho bolaea Jesu Kreste, baahloli “ba mo tsikitlanyetsa meno.” Empa Setefane, “a tlala Moea o Halalelang, a lelala holimo, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo.” A matlafalitsoe ke pono eo, Setefane o ne a ka talimana ka sebete le baahloli bao ba sa lokang, a kholisehile hore o entse thato ea Jehova. (Liketso 7:52-56) Le hoja Bakreste kajeno ba sa lebella ho bona pono e joalo, ba ka ba le khutso e tsoang ho Molimo ha ba thulana le hloriso ka mamello.

11. Ke ho nahanisisa ka eng ho ka thusang batho ba Jehova ho mamella hloriso?

11 Nahanisisa ka Lentsoe la Jehova, litšebelisano tsa hae le merero ea hae. Esita leha u amohiloe Bibele le libuka tsa Mangolo, tebisa kelello ea hao Lentsoeng la Molimo. Hopola litemana tsa Bibele le litlaleho, u etse sena letšehare lohle leha u hlobaela bosiu. (Bapisa Pesaleme ea 77:2, 6, 11, 12.) Nahana ka litšebelisano tsa Jehova tse hlollang le batho ba hae ba nakong e fetileng ba neng ba hlorisoa kapa ba tubjoa. Ka mohlala, hopola kamoo Molimo o ileng oa lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta, oa boloka Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu litekong tsa bona, oa sireletsa Bajode mehleng ea Mordekai le Esthere, oa thusa baapostola le Bakreste ba bang ba pele ha ba hlorisetsoa ho loka. (Exoda 12:1–15:21; Daniele 3:1-30; 6:1-28; Esthere 3:1–9:32; Liketso 4:1–5:42; 12:1-17; 14:1-7, 19, 20; 16:16-40; 18:12-17; 19:23-41; 21:26–26:32) Hape, nahana ka tsela eo Jehova a ileng a tšehetsa bahlanka ba hae ba mehleng ea kajeno likampong tsa mahloriso tsa bo-Nazi, lichankaneng tsa bokomonisi le libakeng tse ling. Nakong eo barapeli ba Jehova ba hlorisoang ba utloa tšehetso ea ‘matsoho a sa feleng a Molimo katlas’a bona.’—Deuteronoma 33:27.

12. Ha re hlorisoa, ke eng seo re lokelang ho se hopola ka matšoenyeho a rōna, ’me ke tšepo le kholiseho efe tseo re lokelang ho ba le tsona?

12 Mahlomola a tla fela. Ho hopola sena ho tla re thusa ho thulana le mahloriso ka mamello. Ho feta moo, ‘Molimo o tla busetsa matšoenyeho ho ba re tšoenyang,’ ’me o re lopolle. (2 Ba-Thessalonika 1:6-10) Ka baka leo, ha re ntse re hlorisetsoa ho ba lipaki tsa Jehova, re lokela ho lebella nakong e tlang, re kholisehile hore matšoenyeho a rōna a tla fela ’me ho tšepahala ha rōna ho tla fella ka mahlohonolo a enneng a tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo. Ka mohlala, ka nako e loketseng re ka ’na ra lokolloa chankaneng ’me ra thabela hape ho mo sebeletsa ka bolokolohi re le baboleli ba thabileng ba ’Muso. Empa le haeba hoo ho sa etsahale ka pele, mahloreho a rōna a ke ke a tsoela pele ka ho sa feleng. ’Me re ka mamella mahloreho ao haeba re tšepile Jehova ka ho feletseng ’me re beile tšepo ea rōna ho phethahatsoeng ha tšepiso ea hae ka mahlohonolo ao ho seng a tšoanang le ’ona Taolong ea hae e Ncha e tlang.—Tšenolo 21:1-4; bapisa 2 Ba-Korinthe 1:19, 20.

13. Ha re hlorisoa, matšeliso ao re ka a fumanang ho 1 Ba-Korinthe 10:13 ke afe?

13 Molimo o ke ke oa lumela hore re hlaheloe ke moleko oo re ke keng ra o jara. Moapostola Pauluse o fane ka tiiso eo ha a ngola, a re: “Ha le e-so ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepahala, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” (1 Ba-Korinthe 10:13) Bakreste ha ba hlaheloe ke meleko e tšoanang. Ka baka leo, ha ho lebaka la hore re nahane hore re tla hlaheloa ke hloriso e bohloko e ka re sitang. Jehova a ke ke a re thetsa ’me a ke ke a lumella letho leo re ka sitoang ho le jara ka matla a hae le ka thuso ea moea oa hae o halalelang. Koana, re lokela ho itšetleha ka ho feletseng ka eena ’me re lumele seo Lentsoe la hae le se bolelang. Ka hona, haeba re tšepile Jehova ka ho feletseng re ka thulana le hloriso ka mamello.—Pesaleme ea 9:9, 10.

Lehloeo la Satane le Nyopile

14, 15. Satane o ile a hlōleha boikemisetsong ba hae ba ho felisa batho ba Jehova ka hloriso joang?

14 Hobane lipaki tsa Jehova tse tšepahalang li tataisoa le ho thusoa ka matla ke Molimo oa tsona ea se nang ho bapisoa le ea matla ’ohle, Satane Diabolose le bakhelosi ba hae ba bahlorisi ba ke ke ba hlōla Bakreste bana ba ’nete. Ka linako tse ngata Diabolose o ile a hlōleha boikemisetsong ba hae ba ho felisa batho ba Jehova ka hloriso. Mabakeng a mangata, hloriso e ile ea fetohela Sera se seholo sa Jehova le batho ba Hae, ’me thato ea Molimo ea hlōla.

15 Ho paka sena, nahana ka hloriso e khōlō e ileng ea hlahela phutheho e Jerusalema hang feela kamor’a hore Setefane a shoele tumelo. Rea bolelloa: “Ba qhalanyetsoa bohle mafatšeng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba ’notsi.” Empa barutuoa ba neng ba qhalantsoe “ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe,” ’me boiteko ba bona bo ile ba hlohonolofatsoa. Ka mohlala, ho ile ha e-ba le katleho ea moea motseng oa Samaria. (Liketso 8:1-8) Barutuoa ba bang ba neng ba qhalantsoe ba bolela lentsoe Fenecia, Cypera, Antioke, le Assyria. E, ha ba le Antioke “letsoho la Morena la e-ba le bona, ’me batho ba bangata ba lumela, ba sokolohela ho Morena.” (Liketso 11:19-21) Re ka kholiseha hore, keketseho eo, e ne e fapane le seo Mohlorisi e Moholo a neng a se rerile.—Bapisa Ba-Filippi 1:12-14.

16. Ka linako tse ling ho etsahala eng ka bahlorisi?

16 Nako le nako ha paki e tšepahalang ea Jehova e thulana le hloriso ka mamello e nyenyefatsa Satane, ’me e mo paka a le leshano. Ho feta moo, ha eo e neng e le mohlorisi a fetoha paki e tšepahalang le e hlorisoang ea Molimo le Kreste, Satane o-oa soaba hobane a hlōtsoe. Ka mohlala, Satane ha a ka a thaba ha Saule oa Tarese eo pele e neng e le mohlorisi a fetoha e mong oa balateli ba Jesu ba hlorisoang ea ileng a sebetsa ka khothalo ho tsebahatsa hohle litaba tse molemo ho sa tsotellehe hloriso le matšoenyeho a mangata.—2 Ba-Korinthe 11:23-27; 1 Timothea 1:12-16.

17. Lipaki tsa Jehova tse hlorisoang li lokela ho ba le boikutlo bofe ka bahlorisi ba tsona?

17 Ka baka leo, ho bohlokoa hakaakang, hore lipaki tsa Jehova tse hlorisoang li be le boikutlo bo nepahetseng ka bahlorisi ba tsona! Setefane o ne a sa halefela ba neng ba mo hlorisa. Ha e le hantle, ha ba sa ntse ba mo tlepetsa ka majoe, a ntoo khumama, “a hoa ka lentsoe le leholo, a re: Morena, u se ke oa ba balla sebe sena!” (Liketso 7:57-60) Ho feta moo, Jesu o itse: “Ratang bao e leng lira ho lona, le rapelle ba le hlorisang.”—Mattheu 5:44; Ba-Roma 12:14; 1 Ba-Korinthe 4:11-13.

’Mopi oa Rōna A ke ke a re Thetsa

18. Ho tla etsahala eng ha Satane a hlasela batho ba Jehova ka lekhetlo la ho qetela?

18 Hona joale re phela nakong ea tsieleho e khōlō paleng ea motho. Ke nako ea ho lekoa le ho sefa Bakreste ba bohata. (Bapisa Luka 22:31, 32; 1 Petrose 4:16, 17.) Nako ea Satane e khutšoanyane, ’me haufinyane o tla hlasela batho ba Jehova la ho qetela. Empa Molimo o tla ba thusa ho thulana le hloriso ena ka mamello ’me ba tla hlōla. Hape, Satane (joaloka Gogo oa Magogo) o tla be a hlōtsoe ka ho feletseng. Ho phaella moo, hore Molimo o sireletse batho ba oona, o tla ‘tumisa lebitso la oona ka har’a lichaba, hore li tsebe hore ke eena Jehova.’ Hape, sena se fapane le seo Satane a se lakatsang.—Ezekiele 38:14–39:7; Tšenolo 12:12.

19. Ka thuso ea Molimo, lipaki tse hlorisoang tsa Jehova li tla etsa’ng?

19 Kahobane re lipaki tse ineetseng tsa Jehova, rea tseba hore Satane o batla ho senya kamano ea rōna le Molimo o Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, ka mohau oa Molimo o sa re tšoanelang, re ke ke ra koenehela tumelo ea rōna. Ho e-na le hoo, re tla hopola tseko e khōlō ’me re batla ho tšehetsa borena ba Jehova ba bokahohleng ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe. Ha re kholisehile ka tšepo ea ’Muso, re ka thaba leha re hlorisoa. Re itlhomelletse ho thulana le hloriso ka mamello, hobane re tšepile ka matla “ea ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rōna ho etsa ho fetisisang haholo tsohle tseo re ka li qelang le tseo re li hopolang.”—Ba-Efese 3:20, 21.

20. Ke kholiseho efe eo re ka bang le eona ka “’Mopi oa rōna ea tšepehang”?

20 Ka baka leo, a re beng sebete pel’a sera, re boloke botšepehi, tlotlisong ea Molimo le polokong ea rōna. E se eka re ka ‘itšepisa ka Jehova, re tiee litseleng tsa hae.’ (Pesaleme ea 37:34) Ha re ntse re mamella hloriso, e se eka re ka bonahatsa boikutlo bo jeroeng ke mantsoe a moapostola Petrose: “Ba utloisoang bohloko ka ho rata ha Molimo, ba bea meea ea bona matsohong a oona, kahobane e le ’Mopi ea tšepahalang, ’me ba ’ne ba tiisetse ho etsa hantle.” (1 Petrose 4:19) “’Mopi oa rōna ea tšepehang” a ke ke a re thetsa. Ka matla a hae, re ka thaba leha re hlorisoa ’me re ka thulana le hloriso ka mamello.

Lipotso tsa Tlhahlobo

◻ Lipaki tsa Jehova li ka itlhomella joang bakeng sa hloriso?

◻ Ha re thulana le hloriso, ke hobane’ng ha thapelo e le bohlokoa?

◻ Ke joang “khotso ea Molimo” e ka re thusang ha re hlorisoa?

◻ Ke matšeliso afe ao re ka a fumanang ho 1 Ba-Korinthe 10:13?

◻ Lipaki tsa Jehova li lokela ho ba le boikutlo bofe ka bahlorisi ba tsona, ’me hobane’ng ho le joalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Setefane ha a ka a hloea bahlorisi ba hae, ’me lipaki tsa Jehova tsa kajeno ha li hloee bahlorisi ba tsona. Bahlorisi ba bang ba fetoha Lipaki hamorao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela