“Mosebetsi o Babatsehang oa Matsoho”
Ke kamoo makasine Dimanche, journal de l’île de la Réunion e boletseng ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele khatisong ea eona ea beke le beke ea machaba ea la 23 ho ea ho la 29 Phupu, 1981. Har’a lintho tse ling taba ea hlalosa hore:
“Ha re tloha, ho hlokahala ho bolela hore: le haeba Lipaki tsa Jehova ke tsona tse e rekisang, buka ena ha e sebetsane le maikutlo a bolumeli a phutheho ena. Ho joalokaha lebitso la eona le e hlalosa, pokello ea litaba tsa Bibele. E seng ho hong hape!
“E rekiloe ke baprista ba bangata ba K’hatholike ba lakatsang ho e sebelisa ha ba ruta pale e halalelang. Hoo ho lekane ho khaola khang leha e le fe kapa efe.
“Morero oa buka ke ho ruta pale, joalokaha e bonoa ka Bibele, ’me e tobisitsoe ho batho ba bacha. Mekhoa e khethiloeng e-ea rateha tumellanong le: mongolo o khutsufalitsoeng, likhaolong tse hlalositsoeng hantle, tse utloisisoang ke bana ho tloha ka ba lilemo li 8. Litšoantšo tsa eona tse bonolo empa e le tsa moetso o phahameng, hammoho le mahlale a kajeno a thuto, ke thuso ea ho tšoara ka hlooho habonolo le ho utloisisa se ngoliloeng. Lipale li bokelletsoe ka mokhoa o khahlisang (o batlang o le majaba-jaba) o seng moholo haholo ho ka nyahamisang bana, ruri e-ea hapa. Ke e lekile ka morali oa ka. E-ea sebetsa . . . ’me o botsa lipotso kamorao. Le ho utloisisa pale ea mehleng ea boholoholo ho sa tsotellehe semelo sa hao bolumeling, hoa tšoaneleha.
“Buka e rekoa ka 15 francs feela, ’me ke ho makatsang feela, ho thabisang. Kahoo, ha u e bontšoa, u ka e amohela ka tšepo. Ha e le hantle, ho hatisoa ha buka ena e tsotehang ha hoa lekanyetsoa, ’me e nkoa ka potlako.”
Ho iphumanela Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, tlatsa ’me u romele setlankane sena.
Ka kopo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ke Kentse R3,00.