Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/15 maq. 3-4
  • Na Mebuso e ka re Nea Seo re se Hlokang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mebuso e ka re Nea Seo re se Hlokang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tse Jeoang
  • Metsi a Nooang
  • Liaparo le Ntlo
  • Ke Hobane’ng ha Likhaello Tsee Li Phehella?
  • Lebaka la Motheo
  • Na ho na le Pheko?
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?
    Tsoha!—1995
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/15 maq. 3-4

Na Mebuso e ka re Nea Seo re se Hlokang?

LIJO tse lekaneng, metsi a hloekileng a nooang, liaparo tse tšoanelehang le ntlo eo ho ka pheloang ho eona—tsena ke lintho tsa motheo tse hlokahalang bophelong. Lefatšeng lohle, tlas’a tsamaiso efe kapa efe ea moruo, batho ba sehla ka thata bakeng sa litlhokahalo tsena tsa motheo.

Na boholo ba nako eo u shebileng u bo qeta u leka ho li fumana? Na ’muso oa naha eo u phelang ho eona o lokisetsa ka ho loketseng hore ho fumanoe lintho tsee? Tlaleho ea mebuso ke efe ntlheng ena lefatšeng ka bophara?

Lijo Tse Jeoang

“Bonyane ke batho ba ka bang limillione tse 450—mohlomong ba billione—ba haelloang ke lijo ho latela kamoo li hlokahalang hore ba phele.”—Scientific American. “Liphetoho tse etsahetseng ho jeng ha U.S. ka kakaretso lekholong lena la lilemo li hlahisitse kobo-anela ea ho ja lijo tse sa matlafatseng . . . hoo ho ka senyang bophelo ka ho ba sesosa sa phallo e phahameng ea mali le maloetse a sa foleng.”—Bopaki ba lingaka, ba tsa phepo le bahlalefi ho Komiti e khethiloeng ea Senate ea US.

Metsi a Nooang

“Hoo e ka bang halofo ea batho ba Linaha tse sa Tsoelang Pele ha ba na metsi a hloekileng ao ba a noang.”—Earthscan, kamoo e qotsitsoeng ho World Press Review.

“Nōka [Rhine, mohloli oa metsi a nooang bakeng sa Maeurope a limillione tse 18] e jere litšila tsa batho ba limillione tse 60 . . . Ka 1973, karolo ea 55 lekholong ha e-ea ka ea hloekisoa kapa e ile ea hloekisoa ka mokhoa o sa khotsofatseng pele e tšolleloa ka nōkeng.”—World Health (makasine ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo.)

“Boholo ba metsi a tsoang fatše a [United States a] sokeloa ke ho silafatsoa kahohle ke metsoako e chefu ea lintho tse mobung.”—The New York Times.

Liaparo le Ntlo

Lefatšeng lohle ke batho ba “limillione tse 800 ba se nang matlo.”—El Tiempo, Colombia.

Ho e ’ngoe ea linaha tse bonahalang li tsitsitse haholoanyane tsa Amerika e ka boroa “karolo e fetang halofo ea [baahi] . . . ha e na liaparo tse hlomphehang, e phela matlong a makatsang ’me e haelloa ke metsi a nooang.”—El Espectador, Colombia.

Ke Hobane’ng ha Likhaello Tsee Li Phehella?

Mebuso e fana ka mabaka a mangata bakeng sa likhaello tsena. Ak’u nahane u bone hore na a utloahala.

1. Boholo ba ho ja ka mokhoa o sa nepahalang bo beeloa molato oa ho hloka tsebo. Batho ha ba tsebe lijo tse nepahetseng tseo ba ka li jang.

2. Ba bang ba re ho na le lijo tse lekaneng lefatšeng empa, joalokaha tlaleho ea litaba e bontša, “ho haella ha lintho tse tsamaisang thepa, e seng lijo, ke le leng la mabaka a ka sehloohong a tlala le phokolo Linaheng tse sa Tsoelang Pele.”

3. Mokhatlo oa Lijo le Temo (FAO) o tseka hore ho lokisoa ha litaba butle le mekhoa ea tšireletso ea khoebo ea naha ho bahoebi ba hlahang ka ntle ho naha li sitisa ho kena ha linaha tse sa tsoelang pele limmarakeng tsa linaha tse tsoetseng pele.

4. Lichaba tse ngata li iphumana li tlameha ho etsa qeto pakeng tsa ho reka lihlomo le ho fana ka lijo tse hlokoang ke mafutsana. Chelete e sebelisoang selemo le selemo lihlomong tsa lefatše tsa ntoa “e ka lekana ho khotsofatsa seo batho ba se hlokang haholo-holo Linaheng tse sa Tsoelang pele ho fihlela selemong sa 2000 . . . Lichelete tse nyenyane haholo tse boloketsoeng ho itšireletsa li ka etsa hore metsi a hlokahalang haholo bophelong a fumanehe hore a ka nooa ke batho ba limillione tse 1 200. Ka lichelete tse sebelisitsoeng hore ho hahuoe sekepe se le seng se tsoetseng pele se tsamaeang ka tlase ho metsi, ho ka hahuoa matlo a 450 000 a itekanetseng feela.”—El Tiempo.

Lebaka la Motheo

Mohlomong u lumela hore mathata a kaholimo a tlatsetsa boimeng ba ho fana ka lintho tseo batho ba li hlokang. Empa a patile ntho e ’ngoe e ka sehloohong haholoanyane: Tsamaiso ena ea lintho e khothalletsa e mong le e mong hore e be moikhabi ka ho feletseng. Batho “ba ipatla pele.” Lithahasello tsa khoebo li silafatsa sebaka ha li lelekisa phaello. Lihlopha tsa batho ka mōna li boka-boketsa litokelo tsa tsona ’me ha li utloisise ho itella ho thusa ba hlokang. Lichaba li sireletsa ka bohale mebuso ea tsona le ho ntšetsa pele lithahasello tsa tsona, ho sa tsotellehe hore na mang o tsoa kotsi.

Ho totobetse hore tšebelisano ea machaba e phahameng ka ho fetisisa e-ea hlokahala haeba ho tla fanoa ka se hlileng se hlokoang ke batho bohle. Tsamaisong ea hona joale ea lintho ha ho lea mong ha e se motho ea utloisisang haholo ea nahanang hore tšebelisano e joalo e ka ba teng. Na ka ’nete u lumela hore e tla ba teng?

Na ho na le Pheko?

E, e teng. Empa e hlaha mohloling oo ba bangata ba sa o hlokomeleng. Mohlomong o ka ba oa u makatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela