Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/1 maq. 26-31
  • Le Tšoane le Banna Ba Talimaneng le Harmagedone ba sa Tšabe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Tšoane le Banna Ba Talimaneng le Harmagedone ba sa Tšabe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Hlokoang ke Batho ba Molimo Hona Joale
  • Na Ruri ho ka ba le Ntoa e Lokileng?
    Tsoha!—1992
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/1 maq. 26-31

Le Tšoane le Banna Ba Talimaneng le Harmagedone ba sa Tšabe

1. Ha a bua ka Harmagedone, Theodore Roosevelt o ne a lobokantse lintho joang?

HO TLALEHOA hore Theodore Roosevelt, ha a ntse a ipuella hore a khetheloe ho ba mopresidente oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, o itse: “Re eme Harmagedone, ’me re loanela Morena!” Roosevelt o ne a tseba ka Bibele hore ho tla ba le ntoa ea makhaola-khang sebakeng se bitsoang “Harmagedone, ka seheberu.” (Tšenolo 16:16) O ne a etelletse lintho pele haholo, hobane o shoele ka la 6 Pherekhong 1919, kapa nako e ka tlase ho likhoeli tse peli hoba Ntoa ea I ea lefatše e lale. Khohlano eo e ne e sa lohelleha ho kenella ho ’ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone.

2. Ho pholoha ha rōna ntoa eo ea lintoa ho tla reroa ke eng ka nako eo?

2 Leha ho le joalo, selemong sena se mahlonoko sa 1983 re bona ka mahohle hore re talimane le ntoa eo ea lintoa. Hore na e tla re fumana re le joang kamanong ea rōna le Molimo o matla ’ohle ho tla lekanyetsa hore na re tla pholoha ntoa eo kapa che.

3, 4. Ha ho talingoa boemo boo Bakreste bana ba tla bo nka ntoeng eo, ho tla hlokahala ba etse joang e le hore ba ka ‘etsa ka senna’?

3 Ruri ke ‘lipolelo tse sa bonahaleng tsa bademona’ tse susumelletsang babusi ba lefatše ho phuthehela ho loana le Jehova Molimo o matla ’ohle bakeng sa ntoa ea Harmagedone.—Tšenolo 16:14-16.

4 Lebitso la Seheberu la Harmagedone le bolela “thaba eo makhotla a subuhlellanang ho eona.” Hoo ho luma ntoa! “Makhotla” ke ao a “marena a lefatše,” ho akarelletsa babusi ba lipolotiki ba Bojakane. Lipaki tsa Jehova tse ineetseng tsa ba tsa kolobetsoa ha li balelloe har’a makhotla ao. Ho ke ke ha hlokahala hore li loane ka lihlomo tsa nama, empa li tla shebella feela ntoeng. Kaha lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ke tsona tse tla beng li shebiloe haholo-holo tlhaselong kaha li eme li tiile ho phahamisa ’muso oa Jehova ka Kreste, ho tla li hloka sebete se kang sa Kreste hore li “etse ka senna.”—1 Ba-Korinthe 16:13; bapisa 2 Likronike 20:17.

5, 6. Qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, har’a mosebetsi oa kamorao ho ntoa o neng o ba emetse, masala a pholohileng a batho ba Jehova a ile a ikutloa joaloka moprofeta ofe ea ileng a talimana le ho timetsoa ha Jerusalema bophelong ba hae?

5 Hoba Ntoa ea I ea Lefatše e lale ka 1918, maemo a masala a Baiseraele ba moea le mosebetsi o neng o a emetse a tšoana le a mohlankana eloa oa Bochabela bo Hare bo hlokofetseng. E ne e le moprista oa Mojode ea neng a bitsoa Jeremia mor’a Hilkia. Motse oa Jerusalema, oo a neng a sebeletsa tempeleng ea oona joaloka moprista, o ne o ahloletsoe timetso mehleng ea hae. Ho joalo le ka Bojakane, bo ipolelang hore bo ne bo tšoantsetšoa moeeng ebile ke bona bo nkileng sebaka sa Iseraele ea boholo-holo e mohaung oa Molimo, bo talimane le timetso e potlakileng, hang pele ho ’ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ea Harmagedone. Joaloka mophonyohi oa timetso ea Jerusalema ea lekholong la bosupa la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, tlas’a pululelo Jeremia o bile le hona ho ngola buka ea Lillo ka lithako tsa Jerusalema.

6 Ha ho beoa mosebetsi oa boprofeta ka pel’a Jeremia e monyenyane, a re: “Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngoana.” Empa Jeremia a bolelloa hore: “U se ke ua re: Ke sa le ngoana, u mpe u ee ho bohle bao ke tla u romela ho bona, u bolele tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—Jeremia 1:4-8.

7. (a) Jeremia o ne a lokela ho sebeletsa e le moprofeta oa ba bakae, ’me kajeno ho hlokahala hore “moprofeta” a sebeletse lebitsong la ba bakae? (b) Na ho sebeletsa ha hae hakaalo ho tla bolela hore o tla atleha mabapi la lichaba, kapa ke bo-mang ba tla ’ne ba bontšoe ho nahaneloa?

7 Jeremia o ne a tlameha ho phetha karolo ea monna ea shoetseng, hobane seo Molimo oa hae o ileng oa mo bululela hore a se ngole e ne e tla ba sa bohlokoa ho batho bohle, le hona kajeno. Jehova a mo etsa “moprofeta oa lichaba.” (Jeremia 1:5) Joale hona joale, ho hlokahala hore ho be le “moprofeta oa lichaba,” ha lichaba tse ratang linaha tsa habo tsona tse ikelang ka thato ea tsona li khobokana ka ho ke keng ha thibeloa ntoeng ea makhaola-khang ea Harmagedone. E seng hore molaetsa o fanoeng ke Molimo oa “moprofeta oa lichaba” oa kajeno o tla atleha ho li sokolla tseleng e isang boitimetsong bo tiileng, empa ho na le batho ka bomong ba amehang. Batho ba joalo bao ho seng motho ea ka ba balang, ha ba lemosoa, ha ba batle ho timela le lichaba tseo e leng baahi ba tsona. Haeba ho na le seo bana ba ka se etsang, ha ba batle ho tšoaroa ba loantša Molimo o matla Oohle feela molemong oa mebuso e entsoeng ke batho. Molemong oa batho ba lipelo li lokileng joalo Jehova ka ho nahanela o entse hore ho be teng “moprofeta oa lichaba.” Hona Jehova o ho entse ‘nakong ena ea bofelo,’ ho tloha ho laleng ha Ntoa ea I ea lefatše kala 11 Pulungoana, 1918.—Daniele 12:4.

8. “Moprofeta” ea hlahisitsoeng ke Jehova le eo mosebetsi oa hae o tlamehang ho phethoa pele ho Harmagedone o tsebisoa e le mang kapa eng?

8 Lebitsong la batho ba joalo ba batlang puso ea Molimo lipelong tsa bona ho e-na le puso ea motho, “moprofeta” eo Jehova a mo hlahisitseng ha e-ea ba motho a le mong joaloka tabeng ea Jeremia, empa ke sehlopha. Litho tsa sehlopha sena, joaloka moprofeta le moprista Jeremia, li ineetse ka ho feletseng ho Jehova Molimo ka Kreste ’me, ka ho tsoaloa ka moea o halalelang oa Jehova, li entsoe karolo ea “baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng.” (1 Petrose 2:9) Ha nako eo e se e ile tjena ho na le masala a seng makae feela a sehlopha sena sa “moprofeta” lefatšeng. ‘Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone e ke ke ea qala pele “moprofeta” enoa a phetha mosebetsi oa hae.

9. (a) Jeremia o bona ha ’muso ofe oa lefatše o hlōla motse moholo oa batho ba Jehova ba boholoholo? (b) Ke motse ofe oa boholo-holo o tšoantšetsang Bojakane? (c) Bojakane bo fetohile karolo ea eng? (d) Ha ho timetsoa Babylona e Moholo, ho tla etsahala joang ka Bojakane, hona hobane’ng?

9 Ho tiile ntho e le ’ngoe feela joale: haeba sehlopha sa “moprofeta,” sehlopha sa Jeremia, se talimane le Harmagedone, se boetse se talimane le ho oa ha Babylona e Moholo. Ke ’nete hore Jeremia oa khale ha ka a bona ho oa ha Babylona ea boholo-holo, empa o profetile haholo ka ho lihoua ha ’muso oa lefatše oa boraro oa pale ea Bibele. O metse ka metso Babele, kapa Babylona ea pele, joalokaha e theiloe ke Nimrode “setsomi sa senatla pel’a Jehova,” ’muso oo oa lefatše o tšoaelitse lefatše la batho ka bolumeli ba oona ba bohata. (Genese 10:8-12) Jeremia o bone ha Babylona ea boholo-holo e hlōla motse-moholo oa bolumeli Jerusalema ka 607 BCE. Kahoo a bona ha motse-moholo oa boholo-holo oa bolumeli ba bohata o hlōla motse-moholo o neng o e-na le tempele ea Jehova empa o silafalitse bolumeli bo hloekileng boo A neng a bo beile ho oona. Ka baka lena Jerusalema ea boholo-holo e tšoantša Bojakane ba kajeno. Bo se na ’nete ho seo bo ipolelang hore bo sona ho ba sebaka sa Bokreste ba ’nete, Bojakane bo oetse litleneng tsa bolumeli ba Babylona ’me bo hlile bo tsebisahala e le karolo e tummeng ea Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ha ho timetsoa Babylona e Moholo ke mekha e tenehileng ea bopolotiki ea lefatše lena, joalokaha ho hlile ha boleloa ho Tšenolo likhaolo 17 le 18, Bojakane bo tla theohela tlase le eona.

10. Ho pholoha ha Jeremia ho oa ha Jerusalema ho ne ho tsoantšetsa eng, ’me nakoana hoba hoo ho etsahale, ke boiteko bofe ba lichaba bo tla hlōleha?

10 Jeremia o ile a pholoha ha Jerusalema e oa sebakeng sa eona ka 607 BCE, hona ho mo paka hore ke ’muelli oa ’nete oa Jehova; ’me, bonneteng ba setšoantšo seo sa boprofeta, sehlopha sa Jeremia sa kajeno se tla pholoha ho oa ho atamelang ho mabifi ha Bojakane. Nakoana kamorao ho moo mekha eo e seng ea bolumeli ea tsamaiso ena ea lintho ka bohale e tla loanela ho felisa sehlopha sa Jeremia, empa boiteko ba eona bo tla thumakanngoa—Harmagedone.—Tšenolo 16:16; 19:19-21.

11. Eo e seng Mojode eo e bileng motsoalle oa Jeremia ha a ne a le tsietsing e khōlō Jerusalema o ne a tsoantšetsa eng, ’me bana ba lumellana le eng setšoantšong sa Jesu ho Mattheu 25:31-46?

11 Eo e neng e se Mojode ea ileng a pholoha timetso ea Jerusalema ka 607 BCE ke Ebede-Meleke Moethiopia. Tlaleho e buang ka eena e fanoe ho Jeremia likhaolo 38 le 39. A phallela Jeremia ea neng a le tsietsing e khōlō, ’me ka lebaka lena a e-na le lebaka le utloahalang la ho tšaba Bajode ba nang le lentsoe ba neng ba batla ho bolaea Jeremia e le hore ba mo koale molomo. Empa, ka boprofeta bo khethehileng bo fanoeng ka moprofeta eo a neng a nkile bohato lebitsong la bophelo ba hae, Jehova a tiisetsa Ebede-Meleke hore o tla ikhapela moea oa hae ’me kahoo a pholohe timetso e tlelang naha ea Juda le motse oa eona o moholo Jerusalema. Lintlheng tsena Ebede-Meleke Moethiopia o ne a tšoantšetsa linku tsa tšoantsetšo tsa setšoantšo sa linku le lipōli joalokaha se beiloe ho Mattheu 25:31-46. Ka baka la ho iketsa metsoalle ea “baena” ba Jesu Kreste le ka ho ba etsa hantle ka ho toba ‘nakong ena ea bofelo,’ linku tsena tsa tšoantsetšo li ke ke tsa timetsoa le sehlopha sa “lipōli” ka Harmagedone. Tlas’a tšireletso ea Jehova ka Morena ea busang, Jesu Kreste, ba tla kena tsamaisong e ncha ea lintho ba sa shoe lefatšeng, ka monyetla oa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise le beiloeng ka pel’a bona.

Se Hlokoang ke Batho ba Molimo Hona Joale

12. Ho tšosa ha mehla ea rōna ho lumellana le boprofeta bofe ba Jesu Kreste mabapi le ‘nako ea bofelo’?

12 Linako tseo re phelang ho tsona hona joale li ntse li tšosa ka ho eketsehileng. Hona ke phethahatso e tobileng ea se ileng sa profetoa ke Jesu Kreste ka boeena hore e tla ba bopaki ba hore re phela ‘nakong ea bofelo,’ nako eo ka eona timetso ea sebele ea kajeno e ileng ea tšoantšoa ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 CE e tla etsahala. (Luka 21:5-7) Haholo molemong oa rōna kajeno ho feta baapostola le barutuoa ba lekholong la pele la lilemo, Jesu a tsoela pele ho re: “Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho [ka Segerike anʹthro·poi] ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha. Ke moo ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka leru, ka matla le ka khanya e kholo.”—Luka 21:25-27.

13. Jesu o bontšitse joang hore phapang e lokela ho ba teng pakeng tsa boikutlo ba pelo le kelello ba batho ba lefatše le barutuoa ba hae ba leseling?

13 Mona Jesu o khethollotse pakeng tsa “batho” (anʹthro·poi), ba lefatše lena kapa tsamaiso ena ea lintho le barutuoa ba hae ba leseling, bao molemong oa bona ho ileng ha fanoa ka boprofeta ba hae ka tlhaloso e qaqileng joalo. Balateli ba hae ba nang le tsebo, le ba utloisisang ba ne ba ke ke ba tšoaroa ke ‘tsieleho ea lichaba,’ leha e le hore lipelo tsa bona li ne li tla ‘ba matsoalong ka baka la lintho tse tlelang lefatše.’ Ba ne ba sa lokela ho kebisa melala, ntle ho tšepo. Boikutlo ba bona joale e ne e lokela ho ba bofe, boemo ba likelello le lipelo tsa bona? Bona, ka seo Jesu a ileng a boetse a se bua: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.

14. Na “topollo” e ntseng e atamela e bua ka ho tlotlisoa ha masala leholimong, ’me ke bo-mang lefatšeng ba tla talimana le tebello e babatsehang kamorao ho “topollo”?

14 Ka hona, ho batho ba lefatše lena likhathatso tse ntseng li phahama tse tla fella ka ntoa Harmagedone ke bopaki ba timetso e haufi. (Ba-Filippi 1:28) Hona ho hloka hore Mokreste oa ’nete kajeno e be motho oa tumelo e matla ho Molimo o matla ’ohle le litšepiso tsa oona ho ba tšepahalang. “Topollo” e haufi hona joale bakeng sa batho ba tumelo e joalo ha e qale pele ka ho tlotlisoa ha leholimo ha barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba Kreste le ho tlosoa ha bona lefatšeng la mahlomola, le hoja ba tla qetella ba fihlile moo. Ho e-na le hoo, “topollo” ke ho felisoa ha lintoa, litlala, mafu a akaretsang, litšisinyeho tsa lefatše le mahloriso a feteletseng a balateli ba ’nete ba Jesu Kreste, Morena ea busang, hona ho etsoa ka ho timetsoa ha lira tsohle tsa ’muso oa Jehova ka Kreste “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ho se bitsoang Harmagedone. Masala a majalefa a ’muso oa leholimo le metsoalle ea oona e tšepahalang e ileng ea tšoantsetšoa ka Ebede-Meleke, mothusi ea sebete oa Jeremia moprofeta a tla lebella ho babatsehang hakaakang!

15. Hore ba “etse ka senna,” ho hlokahala ba etse joang ho ea ka Mangolo e le hore ba ka hlomella mosebetsi?

15 Hore bana ba tle ba “etse ka senna” kapa hore ba itšoare senna, ba tlameha ho hōla tsebong ea Bokreste ’me ba hlomelleloe mosebetsi oa ho fana ka bopaki ba ho qetela lefatšeng lohle ka ’muso oa Messia. (1 Ba-Korinthe 16:13; Mattheu 24:14) Ka lebaka lena re neiloe Bibele e nang le Mangolo a halalelang. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngolla mohlankana Timothea: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho holisa ka kholo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Ho latela The New English Bible, temana 2Ti 3 ea 17 e baleha tjena: “E le hore motho eo e leng oa Molimo a ka hlalefa ’me a hlomelloa mosebetsi o molemo oa mefuta eohle.” The Jerusalem Bible e re: “Ke kamoo motho ea ineetseng ho Molimo a hlomelloang ka ho feletseng a be a lokele mosebetsi ofe kapa ofe o molemo.” Hona ho bontša hore “motho oa Molimo” ho hlokahala hore a ithute Mangolo a halalelang kamehla le ho phela ka oona, a phethahatse mosebetsi oo a o hlomelletsoeng ke boithuto bo joalo hore a etse hamolemo.

16. Ke hobane’ng ha ho feta mehleng ea Noe, ho leng molemo ho balehela litakatso tsa ba hōlelang bonneng?

16 Re phela nakong e bothateng ho feta nako efe kapa efe paleng ea motho! Re talimane le ho feta ha lefatše, lefatše le leholo haholo ho feta la mehleng ea Noe. Ka baka leo re tšoarehile mosebetsing o moholo haholo le oa bohlokoa haholo ho batho ho tla fihlela joale. Ruri hase nako bakeng sa paki efe kapa efe e ineetseng ea ba ea kolobetsoa ea Jehova Molimo ho hlokomela litakatso tsa nama le tse khelosang kelello tsa bocha. Joalokaha Pauluse a ile a ngolla mocha Timothea, a re: “U ke u balehele litakatso tsa bocha.” “Ha e le uena, he, monna [ka Segerike, anʹthro·pos] oa Molimo, sesefa ntho tseo.” (2 Timothea 2:22; 1 Timothea 6:11) Kajeno, ho joalo haholo ho feta ha moapostola ea bululetsoeng Johanne a ngola mantsoe a reng, “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

17. Ke bafe bao re ke keng ra ba nyenyefatsa joaloka banna ba pele ba Molimo, empa ke mang eo re ka mo shebang e le mohlala o phethahetseng oa ba joalo?

17 Matsatsing ana a ha ho hlokahala hore ho bontšoe bonna ba Bokreste, ho hlokahala hore re shebe mohlala o phethahetseng oa Eo ’Musisi Ponse Pilato a ileng a mo supa pel’a mokhopi o befileng oa Bajode, a re: “Bonang, motho!” “Bonang, morena oa lōna . . . !” (Johanne 19:5, 14) Khale pele ho Kreste ho bile le banna ba Molimo, ba kang “Moshe, monna oa Molimo [oa ’nete],” le Elia le motsoalle oa hae Elisha, le ba bang. (Deuteronoma 33:1; 1 Marena 17:18, 24; 20:28; 2 Marena 1:9-12; 4:7, 9, 16) Empa, re ntse re sa hlokomolohe kapa ho nyenyefatsa banna bao ba pele ho Bokreste ba Molimo, re lokela ho talima ho Ea salang e le ‘monna oa Molimo’ ea fetang bohle ba kileng ba e-ba lefatšeng, Jesu Kreste, eo hona joale e leng Morena ea busang maholimong ho tloha ho feleng ha Mehla ea Balichaba ka 1914. (Ba-Heberu 11:1 ho ea ho 12:3; Luka 21:24) Ha re itšoara joaloka eena tlas’a mathata, re ka talimana le timetso ea tsamaiso ena e ahlotsoeng ea lintho Harmagedone re sa tšabe.

18. Re ka phethahatsa boikarabelo ba rōna bo boholo ba ho kopanela ho phahamiseng borena ba bokahohle ba Jehova Molimo joang?

18 Re iketsetsa tlaleho e sa phumuleheng le e sa senyeheng nakong ena ea kahlolo ha lefatše la khale le teba. Na tlaleho e tla ba e re tlotlisang le e re rorisang, kapa, ka masoabi, e tla ba e re tsoang ka ho sa feleng le lefatše? Ka ho etsa ka senna re etsisa mohlala oa rōna o se nang sekoli Jesu Kreste, re tla paka hore ‘molimo oa lefatše lena,’ Satane Diabolose hase morena oa rōna oa moea. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ho fapana le moo, re tla be re phahamisa borena ba bokahohle ba Jehova Molimo ’me kahoo re tla kopanela ho phahamisoeng ha bona pel’a libopuoa tsohle tse phelang. Boikarabelo ba rōna bo boholo haholo ntlheng ena, ’me monyetla oa rōna ke o khanyang!

19. Ntle ho ho falimeha le ho tiea tumelong, ke ka tsela efe rōna joaloka “banna” ho hlokahalang re hole, ’me mohloli oa see ke mang?

19 Ho sallane le rōna hore re lule re falimehetse tokelo ea rōna le monyetla le ho ‘ema re tiile tumelong.’ Jehova o re hanela ho fokola joaloka banna ba Molimo, ba ineetseng ho eena! Ntlheng ena e tšoanelehang ho hlokahala re ele hloko keletso e nakong ea moapostola Pauluse, “le matlafale.” (1 Ba-Korinthe 16:13) Ho talima ho eena re sa thintše mahlo re bile re mo rapela ka Morena oa rōna, Jesu Kreste, re ka ho etsa ’me re tla ho etsa. Ho Esaia 40:29 rea bolelloa: “O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.” Hoba re bone ho hlōla ha Molimo Harmagedone, e ke e be tokelo ea rōna ho bina mantsoe a Moshe hoba ho lihuoe makhotla a ntoa a Faro Leoatleng le lefubelu: “Jehova ke mohale, [ka Seheberu, ish], . . . Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha ha ka.”—Exoda 15:3, 2.

Na u ka arabela lipotso tsee?

◻ Ke eng e tla rera hore na re pholoha ntoa ea Harmagedone?

◻ Ke maemo afe a bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova kajeno a tšoanang le a mohlanka oa boholoholo oa hae Jeremia?

◻ Ke Iintlheng life moo tšebeletso e entsoeng ke Ebede-Meleke e ileng ea tšoantšetsa mosebetsi oa “linku” tsa setšoantšo sa Kreste ho Mattheu 25:31-46?

◻ Ho latela boprofeta ba Kreste ho Luka khaolo ea 21, boikutlo ba balateli ba Kreste bo fapana joang le ba batho ba lichaba?

◻ Ke “topollo” efe eo ho boleloang ka eona ho Luka 21:28?

◻ Ka hore rōna bohle re etsise mohlala oa Ea tsejoang e le “Motho!”, phello e ntle e tla ba efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke mosebetsi oa bafe o tšoantšelitsoeng ka hore Ebede-Meleke a thuse moprofeta oa Molimo Jeremia?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela