Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/15 leq. 7
  • “Lefatše la Bona la Fela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lefatše la Bona la Fela”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’
    Tsoha!—1988
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/15 leq. 7

“Lefatše la Bona la Fela”

Ka mabaka a Mangolo Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore re phetse “mehleng ea qetello” ho tloha selemong sa makhaola khang sa 1914. (2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:3-14)a Empa bo-ralipale ba bangata le ba lokolisang lintho le bona ba boletse hore 1914 ke moo litaba tsa pale ea batho li ileng tsa fetoha teng. Ka mohlala, ha a ngola ka “Ntoa e khōlō,” ho The Spectator ea Hamilton, Ontario, moqolotsi oa litaba Joe Chapman o buile tjena:

“Lefatše la Phato, 1914, e ne e le le se nang tsebo, e le le mohau o se nang molato hakaakang!

“Empa leha ho le joalo, ka litsela tse ngata, Ntoa ea Pele ea Lefatše, ka kutloisiso e sisimosang, ke hantle ha e ka bitsoa ‘e khōlō.’

“Ke ntoa ea pele eo ka toka e neng e ka bitsoa, khohlano ea lefatše, e amang hoo e ka bang sechaba se seng le se seng sa bohlokoa, ka liphutuho tse loanetsoeng mabaleng a mangata, ho tloha masaba-sabeng a Arctic ho isa merung e teteaneng.

“Ke ntoa ea pele ‘ka ho feletseng,’ eo sechaba sohle se ileng sa ameha ka botebo, ka thepa eohle ea bophelo ba batho ba sa loaneng e fetoha karolo e setsing ea boikitlaetso ba ntoa.

“Ke ntoa ea pele eo ho eona tsebo e ileng ea sebelisoa ka mokhoa oa bohlokoa hakaalo. Ha ho ntoa e ’ngoe e ileng ea bona ho kenngoa ha lihlomo tse ngata tse ncha joalo li sebelisoa tekanyong e khōlō: Mochine-kane, tanka, sefofane, sekepe se tsamaeang ka tlase ho metsi, moea o chefu, thepa e tsamaisoang ka makoloi, lifono-fono, le lintho tse ling, le lithunya tse ileng tsa sebelisoa ka tekanyo e khōlō haholo. Ka bokhutšoanyane, ebile ea pele ho lintoa tsa rōna tsa kajeno.”

Moqolotsi oa litaba Chapman a bolela hape hore “ntoa ha e-ea fetola litaba feela litabeng tsa ntoa le bohlaleng ba lintho tse sebelisoang. Ebile phetohelo tulisanong le tsoelo peleng ’me mokhoa oa khale oo ho neng ho pheloa ka oona oa senngoa ho hang.” Hoba a hopole ka “lefatše la pele ho 1914” le liphetoho tse qalileng ka nako eo, a bua tjena ka matla a Ntoa ea I ea Lefatše holim’a batho:

“Le eona Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, eo Manazi a ileng a eketsa mofuta o mocha oa lihlōhō, le lipolao tse entsoeng ka liqhomane tsa athomiki ha ho bonahale li bile le phello e joaloka ea Ntoa ea Pele ea Lefatše holim’a rōna.

“Ka mokhoa o mong o itseng, re ne re se re tloaelane le khopolo ea ntoa e feletseng le ho bolaoa boikutlo ke se etsahetseng, ’me le Hiroshima kapa Dresden ha lia ba le phello e tšabehang joalo ea polao ea Makhotla a Bophirima.

“Mohlomong ke ka lebaka leo masole a khohlano ea pele a bonahetseng a fapane, a sitoa ho tloaelana le lefatše le lecha ho feta a 1945. Ha ho letho bophelong ba oona le neng le a tloaelitse ho phela literencheng ’me ha ho letho ho tloha ka nako eo le kileng la tšoana le phihlelo ea oona.”

Joale, ha a hlalosa ho hloka molato ha batho ba ileng ba ea ntoeng ka 1914, Chapman a hlalosa:

“Hohle e bile ntho e kang papali empa kutloisiso e ne e tla tla haufinyane ’me bona le lefatše la bona ba ne ba ke ke ba hlola ba khutlela malulong hape. Ka sebele, ka kutloisiso e batsi, lefatše la bona la fela lilemong tse fetileng tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano; ho re nkile bohle nako hore re boele re utloisise.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona likhaolo 12-14 tsa buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela