Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/15 maq. 8-13
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Ka E Fumana?
  • Litokelo tse Thabisang Tseo ho Seng tse Kang Tsona
  • Tokoloho ea ’Nete le Leseli la Moea
  • Thabo ea ho Thusa ba Bang
  • Le Oona Mahloriso a Tlisa Thabo
  • Mabaka a Mang a Thabo
  • Tsoela Pele ho ‘Sebeletsa Jehova ka Nyakallo’
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Re ka ‘Thaba ka Matsatsi ’Ohle a Rōna’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/15 maq. 8-13

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng

“Sebeletsang Jehova ka nyakallo. Le itlhahise pel’a sefahleho sa hae ka lipina.”—Pesaleme ea 100:2.

1, 2. Mona ho boletsoe pono life tse fapaneng ka bophelo?

“KE SENTSE bophelo ba ka, ’me ha ho sa le nako ea hore ke bo fetole . . . Ha ke tsamaea ke le mong, ke hopola ka bophelo ba ka nakong e fetileng, ho hang ha ke thabele tsela eo ke phetseng ka eona.” Ea neng a bua joalo ke mosali-moholo ea neng a tumile ka lipapali tsa sethalla ’me ho bonahala a ne a e-na le lebaka le letle la ho thaba. Empa ho totobetse hore mantsoe ao a ne a sa tsoe pelong e thabileng kannete.

2 Ha ho bapisoa, nahana ka monna e mong ea loanneng le ho shoa litho ka lilemo tse fetang mashome a mararo a metso e supileng. Kamoo ho bonahalang kateng, motho ea joalo ha a na lebaka le lekaalo la ho thaba. Empa leha ho le joalo o bua ka thabo ’me o bolela hore o fumana ntho e ’ngoe “e etsang hore bophelo e be bo putsang le bo nang le morero ka ’nete.”

3. (a) Ke liphihlelo life tsa botho tse ka re etsang hore re ipotse hore na motho ofe kapa ofe a ka thaba kannete? (b) Thabo e ka hlalosoa joang?

3 Ba bangata har’a rōna ha rea tlameha ho mamella kholofalo ea nako e telele le bohloko. Leha e le hore re kile ra tuma lefatšeng ka ho bapala ka pel’a batho. Ho bonolo hore e be re batho feela ba tlamehang ho thulana le lipelaelo tsa letsatsi le letsatsi le mathata a bophelo. Liphihlelo tsa rōna li paka hore “Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi,” ’me ntle ho pelaelo rea lumela hore “tse bopiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho.” (Jobo 14:1; Ba-Roma 8:22) Ka baka leo, ke hantle ha re ipotsa hore na e be lefatšeng ho na le motho ea thabileng kannete—ea nang ‘le boikutlo bane ba nyakallo e matla kapa boitumelo bo bakoang ke ntho e ’ngoe e monate kapa e khotsofatsang.’ U nahana joang? Na ruri thabo e ka fumanoa?

Na U Ka E Fumana?

4. Ke bo-mang ba balelloang har’a ba limillione ba thabileng kannete?

4 Ba baloang ka limillione ba thabile. Mangeloi a lokileng a leholimo a ‘phetha lentsoe la hae ka thabo.’ (Pesaleme ea 103:20) A ’nile a sebeletsa Jehova Molimo ka thabo ea ’nete ka mehla. E, ha ho theoa lefatše, ‘linaleli tsa meso tsa hooa ka thabo’! (Jobo 38:4-7) Ka sebele lengeloi le tšepahalang le ileng la bolela ho tsoaloa ha Jesu le ne le rōmiloe se monate, hobane le ne le bolela “thabo e kholo, e monate.”—Luka 2:8-14.

5. Ka thabo, phihlelo ea Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ke efe?

5 Empa ho thoe’ng ka “Mor’a ea tsoetsoeng a ’notši [oa Molimo]”? (Johanne 3:18) Pele a e-tla ho ba motho oa nama Jesu Kreste e ne e le “motlatsi” oa Jehova leholimong. Na tšebeletso eo e ne e thabisa? E ne e thabisa haholo hobane rea bolelloa: “Ke thabile ka matsatsitsatsi, ke nyakaletse pel’a sefahleho sa [Jehova] ka mehla.” (Liproverbia 8:22-31) Ha a ntse a le lefatšeng e le motho oa nama Jesu o ne a khahlisoa ke ho etsa thato ea Molimo. (Pesaleme ea 40:6-8; Ba-Heberu 10:5-10) Ho feta moo, ‘o mameletse sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa ka a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo.’ (Ba-Heberu 12:2) Hona joale ‘e le ea lehlohonolo’ eo haufinyane a tla etsa hore likahlolo tsa Molimo li utloahale lefatšeng, ruri Jesu Kreste o sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng.—1 Timothea 6:13-16; 2 Ba-Thessalonika 1:6-10.

6. Thabo u ka e fumana hokae kajeno?

6 Na joale u ka fumana thabo kajeno? E, ’me monna ea mahlomoleng ea boletsoeng pelenyana o bontša hore na joang ha a re: “Ke fumane hore thabo ea ’nete e ho sebeletseng Molimo. Hona ho etsa hore bophelo e be bo putsang le bo nang le morero kannete. Ho shoa litho ha hoa nkamoha litokelo le mahlohonolo a ho sebeletsa ’Mōpi.” Thabo ea ’nete e fumanoa har’a ba ineetseng ka pelo eohle ho Jehova Molimo. Hona e le ka lebaka lefe? Ba bolela “evangeli” e tsoang ho ‘Molimo o thabileng’—molaetsa o khothatsang o buang ka bophelo bo sa feleng har’a mahlohonolo a maholo tlas’a puso ea “’muso oa maholimo.” (Mattheu 24:14; 1 Timothea 1:11; Mattheu 5:3) Kahoo ba na le lebaka la ho “sebeletsa Jehova ka nyakallo,” ho ‘itlhahisa pel’a sefahleho sa hae ka lipina.’—Pesaleme ea 100:2.

7, 8. (a) Ho sa tsotellehe thabo ea bona, ke hobane’ng ha batho ba ineetseng ho Jehova ba sa bebofalloe ka mehla? (b) Ke hobane’ng ha mathata a lefatše a sa imela batho ba Jehova hakaalo?

7 Hona ha ho bolele hore motho ea ineetseng ho Molimo o tla bebofalloa ka mehla. Mokhatlong oa batho ba sa phethahalang, batho ba Jehova ba hlile ba latsoa masoabi a itseng ka linako tse ling. (Ba-Roma 5:12) Ka mohlala, ha Esau a nyala basali ba Bahethe, “e bile bohloko pelong tsa [batsoali ba hae ba tšabang Molimo] Isaaka le Rebeka.” (Genese 26:34, 35) Ho feta moo, ka mahloriso a bohloko le ka “lihlōhō tsohle,” Satane Diabolose o leka ho senya kamano ea bohlokoa ea Mokreste le Jehova. (Ba-Efese 6:11) Kahoo, ba ratang Molimo ba ka lebella mathata tseleng ea bophelo. Leha ho le joalo, mathata ana ha a hlōle batho ba Jehova. Ba “tšelisoa ke Mangolo” ’me ka tšepo ba rapella moea oa Molimo le thuso ea ho hlaolela tholoana ea oona ea thabo. (Ba-Roma 15:4; Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Ho sa tsotellehe liteko bophelong, Bakreste ba na le “thabo ea Moea o Halalelang.” (1 Ba-Thessalonika 1:6) Ho tlatsetsang haholo thabong eo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.

8 Ruri lehlohonolo la Jehova lea entša. (Liproverbia 10:22) Empa, haeba u Mokreste, na u kile ua bala mahlohonolo ao u nang le oona? Ruri a lokela ho u etsa hore u ‘ithabise ka Jehova.’ (Pesaleme ea 32:11) Nahana ka a seng makae ho mahlohonolo ao u nang le oona ’me u tla fumana hore u na le mabaka a mangata a ho sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng.

Litokelo tse Thabisang Tseo ho Seng tse Kang Tsona

9. Ho tseba Jehova ho bolela eng, ’me hona ho na le matla afe thabong?

9 Ho tseba le ho sebeletsa Jehova ke mahlohonolo ao ho seng a kang oona. Ka moprofeta Jeremia, Molimo o itse: “Empa ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng.” (Jeremia 9:24) Ka tlhaho, ho ba le tsebo ka lebitso la Molimo ha hoa lekana. Ho tseba Jehova ho bolela ho elelloa litšoaneleho tsa hae, litšebelisano, boikutlo le merero. Ho bolela ho mo mamela, ho hlokomela le ho ikokobeletsa boholo ba hae. (1 Johanne 5:3) Boithuto bo tiileng ba Mangolo le ho nahanisisa ka mantsoe le liketso tsa Mora oa Molimo, ea lumellanang ka ho feletseng le Ntate oa hae, ho nolofatsa ho ba le kamano e haufi ea botho le Molimo. (Johanne 1:18; 14:9-11) Ba tsebang Jehova joalo ba fela ba thabile kannete. Ha e le hantle, “motho eo o mo ratang, [Jehova o ee a] mo nee bohlale le tsebo le thabo.”—Moeklesia 2:26.

10. Tsela ea bohlokoa haholo le e khotsofatsang haholo eo bophelo ba batho bo ka sebelisoang ho eona ke efe?

10 Tokelo e ’ngoe e ke keng ea lekanngoa ea ho sebeletsa ‘tšebeletsong e halalelang’ ho Molimo oa ’nete ke lehlohonolo le leng le thabeloang ke Lipaki tsa Jehova. Ha ho motho ea ka sebelisang bophelo ka mokhoa oa bohlokoa kapa o khotsofatsang ho feta moo. Ka sebele, Zakaria (eo e neng e le ntate oa Johanne Mokolobetsi) o hlalositse litaba hantle ha a roka Jehova ka ho nea sechaba sa Hae tokelo ‘ea ho mo sebeletsa ba sa tšabe letho, khalalelong le ho lokeng, pontšeng ho eena, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha bona.’—Luka 1:67-79; bapisa Ba-Roma 12.1; Tšenolo 7:9, 13-15.

11. Ke tokelo efe e thabisang e amanang le ho neela ‘tšebeletso e halalelang’ ho Molimo?

11 Tokelo ea ho jara lebitso la Jehova re le lipaki tsa hae e amana le ho etsetsa Molimo ‘tšebeletso e halalelang.’ (Esaia 43:10-12) Hoo ruri ho lokela ho hōlisa thabo, joalokaha Jeremia a itse: “Mantsoe a hao ho ’na e bile thabo le nyakallo pelong ea ka, hobane ho rapetsoe lebitso la hao holim’a ka, Jehova, Molimo oa makhotla.”—Jeremia 15:16.

12. Ha re nyahame, re tla hlasimolloa ke ho nahana ka eng?

12 Haeba u sebeletsa Molimo empa ka nako e ’ngoe u nyahama, ho busa menahano ka ho bapisa lintho ho ka ’na ha u hlasimolla. Ka mohlala, ha re nahana hore mangeloi a khopo a “litlamong tse sa feleng le lefifing” a emetse kahlolo e iphetetsang ea Molimo, kabelo ea mangeloi a lokileng a tšebeletsong ea Jehova e sala e thabisa haholo. (Juda 6) Hona ke phapang e kaakang pakeng tsa boemo bo thabisang ba Jesu le ba Satane Diabolose, ea talimaneng le ho timetsoa ka ho sa feleng! (Tšenolo 20:10, 14) Joale, hape, tlhokomelo e nang le kutloelo bohloko ea Jehova le tlhohonolofatso ruri li nolofatsa ho bona “kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng.” (Malakia 3:17, 18) Leha ho le joalo, nahana ka mahlohonolo a mang a fanang ka mabaka a utloahalang a ho sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng.

Tokoloho ea ’Nete le Leseli la Moea

13, 14. Ha re bua ka bolumeli, ke bolokolohi bofe ba ’nete le leseli la moea tse thabeloang ke bahlanka ba Jehova?

13 Ho lokoloha “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ruri ke lehlohonolo le leng le hōlisang thabo. Bakreste ba ’nete ba thabela hore ba ke ke ba “kenella libe tsa hae, ’me ba oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:2, 4) Ho phaella moo, bahlanka ba Jehova ba thabela bolokolohi tšabong le litšōmong tse tšosang tsa bolumeli ba bohata. Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Bolokolohi boo ba ’nete bo bonahala e le ba bohlokoa haholo ha re nahana ka bokhoba ba ba lefifing la moea.

14 Ka mohlala, ho fapana le ba bangata hakana ba khomaretseng bolumeling ba bohata, ba rapelang Jehova ha ba khumame le ho rapela ka pel’a litšoantšo tse sa bueng, tse sa boneng, tse sa utloeng, tse sa fofoneleng, tse sa phopholetseng kapa hona ho tsamaea. (Pesaleme ea 115:4-8) Leha e le hore Bakreste ba leseling moeeng ba lokolohileng ba tšaba bafu, joaloka baahi ba bangata hakana ba lefatše. Thuto ea bohata ea bolumeli ea hore motho o na le moea o sa shoeng e kenya tšabo ena ea hore bafu ba ka ’na ba khutla ho tla hlorisa le ho hlasela ba phelang. Empa leseli la moea le tsoang ho Molimo le lelekile tšabo e joalo, hobane Bakreste ba ’nete ba tseba hore bafu “ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5, 10) Ke ho hahang hakaakang ho hlokomela hore baratuoa ba shoeleng ba khopolong ea Molimo ba tla tsosoa! (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ka sebele, lipaki tse ineetseng tsa Jehova li ka thabela hore Ntate oa leholimo eo li mo sebeletsang ka lentsoe le le leng o li senoletse ka moea o halalelang oa oona “tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:10) E, o neile batho ba hae thabo e hlahisang leseli la moea le ’nete.—Pesaleme ea 43:3.

Thabo ea ho Thusa ba Bang

15, 16. (a) Ho ile ha etsahala joang ha barutuoa ba pele ba Jesu ba etsa hore ‘leseli la bona le khanye’? (b) Bakreste kajeno ba latsoa eng ho etseng barutuoa?

15 Ho fetisa khanya ea moea le hona ke lehlohonolo le leng. Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14-16) Ho ile ha etsahala joang ha barutuoa bao ba pele ba ‘etsa hore leseli la bona le khanye’ ka polelo le ka ketso? Ba bang ba rua molemo, empa ketso e joalo ea boetse ea thabisa balateli ba Kreste ka bobona. (Luka 10:1, 17-20; Liketso 8:4-8) Ka sebele, bao ba neng ba etsa barutuoa ba ne ba sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng.—Mattheu 28:19, 20.

16 Bakreste ba latsoa thabo e joalo kajeno mosebetsing oa ho bolela molaetsa oa ’muso. Hona ke ’nete haholo mabapi le batho bao ba ba thusang ho rua tsebo ka ’nete ea Molimo. Moapostola Pauluse o ile a thaba joalo, hobane o boletse hore Ba-Filippi bao a ba thusitseng ke ‘thabo ea hae le moqhaka.’ (Ba-Filippi 4:1) Ka bao a neng a ba thusitse Thessalonika, moapostola o ngolile: “Tšepo ea rōna ke mang, kapa thabo ea rōna, kapa moqhaka oo re ithorisang ka oona ke’ng? Na hase lōna le tla ba oona pel’a Morena Jesu Kreste ho tleng ha hae.” (1 Ba-Thessalonika 2:19, 20) E, Pauluse—joaloka Bakreste kajeno—o ne a thabisoa ke bao a ba thusitseng moeeng. Na u etsa ka matla tšebeletsong ea Jehova ’me u utloa thabo e joalo?

17. Ke hobane’ng, ho sa tsotellehe liphello tse nyenyane libakeng tse ling, Lipaki tsa Jehova li thabisoang ke mosebetsi oa tsona oa ho etsa barutuoa?

17 Ho sa tsotellehe liphello tse nyenyane ha ho pakoa libakeng tse ling kajeno, Lipaki tsa Jehova li thabisoa ke ho tseba hore li khahlisa le ho rorisa Molimo oa tsona. Hoo ke ’nete leha beng ba matlo a mang ba sa thabele ho bona Lipaki tsa Jehova menyakong ea bona. Bahlanka ba Jehova ha ba nyahamisoe ke sena, hobane ba hlokomela hore ho sebeletsa Molimo ke tokelo e ntle ka ho fetisisa eo mang kapa mang a ka e thabelang lefatšeng.

Le Oona Mahloriso a Tlisa Thabo

18. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka thaba le hoja ba hlorisoa?

18 Bakreste ba sebeletsa Jehova ka lipelo tse thabileng leha hangata ba oela mahlorisong. Jesu o itse ba thabileng ke ba hlorisoang ka baka la hae, ’me moapostola Petrose o itse: “Ereka ha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla khanya ea hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang. Ha le nyefoleloa lebitso la Kreste, le lehlohonolo.” Hobane’ng? Petrose o re: “Hobane Moea oa khanya, Moea oa Molimo, o lutse holim’a lona.” (1 Petrose 4:13, 14; Mattheu 5:11, 12) Ho hlorisetsoa ho ba Mokreste ho ka ’na ha bonahala e se lehlohonolo ho hang. Empa ha u mamelletse mahlomola a joalo u na le bopaki ba moea oa Molimo le kamohelo ea oona—’me, ka sebele, hoo hoa thabisa.

19. Phofu e ’ngoe ea mahloriso a Manazi e ile ea itlhalosa joang?

19 Ka baka la ho ba le moea o halalelang oa Molimo le matla a fanoang ke Jehova, Bakreste ba hlorisoang ba ka boloka thabo ea bona tlas’a maemo a feteletseng. (Ba-Filippi 4:13) Lilemong tse fetileng, kampong ea mahloriso ea Manazi, Paki e nyenyane eo ka bokhopo e neng e ahloletsoe lefu e ile ea ngolla batsoali ba eona: “Ho se ho fetile bosiu bo boholo. Ke sa na le nako ea ho fetola maikutlo a ka. Empa na nka thaba hape lefatšeng lee kamor’a hore ke latole Morena oa rōna? Le hanyenyane ka sebele! Empa joale le tiisetsoa hore ke sia lefatše lena ka thabo le khotso.” E, Bakreste ba hlorisoang ba sebeletsa Jehova ka lipelo tse thabileng.

Mabaka a Mang a Thabo

20. Thabo e angoa joang ke ho kopana le balumeli ba bang?

20 Ho sa tsotellehe mahloriso a mamelloang ke Lipaki tsa Jehova, li utloa thabo ea ’nete ha li kopane le balumeli hammoho. Ke lehlohonolo le lekaakang! Lefatšeng le tletseng ho se tšepahale, mashano le liphoso, ke ho hotle hakaakang ho ba le metsoalle e tšepahalang, e nang le ’nete, le e khabane e ‘apereng botho bo bocha’! (Ba-Kolosse 3:8-11) Joale, hape, ho tla ho khotsofala ho tebileng ka ho tseba hore boitšoaro ba motho ka boeena bo nyakallisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

21. Tse ling tsa litsela tsa ho hōlisa likhahleho tsa borapeli ba ’nete ka thabo ke life?

21 Hape ke lehlohonolo ho hōlisa lithahasello tsa borapeli ba ’nete ka thabo, mohlomong ka ho kopanela ho haheng, ho hlokomeleng le ho tšehetseng libaka tsa liboka tsa Bokreste. (Exoda 36:1-7; 2 Marena 12:4-15) Ka sebele, boiteko bo joalo bo thabisa pelo ea motho. Hona motho a ka lekanyetsa ka botlalo joang mahlohonolo le menyaka ea ho kopana ka mehla le batho ba Jehova, hammoho le ho sebelisana le bona mosebetsing oa bopaki o fanoeng ke Molimo?—Pesaleme ea 122:1; 1 Ba-Korinthe 3:5-9.

22. Ho tšepahala ho etseng liketso tsa borapeli ho fella ka eng?

22 Ho tšepahala ho etseng mesebetsi ea borapeli le hona ho fella ka tlhohonolofatso e enneng—tebello ea ho pholoha le bokamoso bo thabisang tsamaisong e ncha ea Molimo eo o e tšepisitseng. (2 Petrose 3:11-13) Ke phapang e kaakang pakeng tsa bahlanka ba tletseng tšepo ba Jehova le batho ‘ba se nang tšepo le ba se nang Molimo lefatšeng.’ (Ba-Efese 2:11, 12) Ka sebele, batho ba Jehova ba ka bua tjena ho Molimo joaloka Davida: “Ke tšepile mohau oa hao. Toelo ea hao a e ke e thabise pelo ea ka.” (Pesaleme ea 13:5) Ka sebele, ha Bakreste ba lokolisa mahlohonolo a bona, ba fumana mabaka a mangata a ho sebeletsa Jehova ka lipelo tse thabileng.

Tsoela Pele ho ‘Sebeletsa Jehova ka Nyakallo’

23. Ho e-na le ho lumella likhatello tse ntseng li phahama li laole monahano oa rōna, re lokela ho etsa joang?

23 Le hoja hona joale Lipaki tsa Jehova li thabela mahlohonolo a mangata, ba ke ke ba balehela likhatello tse eketsehang tse tsoang tsamaisong ena ea khale ea lintho. Tsena ho lokela hore ho thulanoe le tsona ka sebete mosebetsing, sekolong le kae le kae, ’me mabaka a joalo aa nyahamisa. Empa, ho e-na le ho lumella lintho tsena tse nyatsehang li laole monahano oa rōna le ho re tšoenya kamehla, re tla be re le bohlale ha re fetolela menahano ea rōna litabeng tse nang le tšepo le tse hahang. E, ho e-na le ho nyahama kapa ho sareloa, re ‘chesehele mesebetsi e metle’ ’me re nahane ka mahlohonolo ao re nang le oona joaloka bahlanka ba Jehova. (Tite 2:14) Joale re tla hlasimoloha, joalokaha eka re moketeng o sa feleng. Joalokaha Liproverbia 15:15 e re: “Ho motho ea hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tšoeu ke mokete oa ka mehla.”

24. (a) Bophelo ba hao bo ka ba le morero o putsang joang? (b) Ho botsoa potso efe ka nepo?

24 Ho ke ke ha latoloa, batho ba bangata ha ba thabele seo ba leng sona bophelong. Empa haeba u rata Molimo u bile u o mamela, ka cheseho u mamella tšebeletsong ea oona, bophelo ba hao bo na le morero o putsang. Ho feta moo, ka thuso ea Jehova, mathata a bophelo le likhatello li ka mamelloa ka katleho. Kahoo betefala ’me u ’ne u nke mahlohonolo ao Molimo a u apesitseng oona ha u ntse u sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng e le a bohlokoa. (Pesaleme ea 100:2) Empa ho hlokahala eng hore motho a ’ne a thabe borapeling ba Jehova?

Na u sa hopola lintlha tsee?

◻ Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba sa imeloa ke mathata a bophelo hakaalo?

◻ Ho tseba Jehova ho bolela eng, hona ho ama ho thaba joang?

◻ Ho etsa barutuoa ho amana kaele thabo?

◻ Re ka ntšetsa pele borapeli ba ’nete ka thabo joang?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 11]

Ba thabelang leseli la moea le tsoang ho Jehova ha ba tšabe bafu. Ho e-na le hoo, ba lebelletse tsoho ea batho ba khopolong ea Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela