Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/15 maq. 4-7
  • Na li Silafatsa Pelo ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na li Silafatsa Pelo ea Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipelo li Ekoa ka Sephiring
  • Ho Silafatsoa Likelello le Lipelo
  • Ho ka Nkang Sebaka
  • Lipale Tse Tsoelang Pele—Kamoo li ka U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihlooho Lipontšong Tsa TV—Babali Baa Arabela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Khutlisetsa Pelo ea Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/15 maq. 4-7

Na li Silafatsa Pelo ea Hao?

BAO u ba khethang hore e be “metsoalle” ea hao ba ka ama pelo ea hao. Liproverbia khaolo ea bosupa e hlalosa mohlankana ea ileng a teana le mosali oa seotsoa. Maikutlo a hae a tsosoa ke ho mamela “molomo o qekisang oa hae.” A feba le eena. Empa ke eng e ileng ea khannela ketsong e joalo? Pr 7 Temana ea 25 e lemosa ba bang: “Pelo ea hao e se ke ea khelohela tseleng ea eo, u se ke ua lahleha ’mileng oa hae.”

Ke batšoantšisi ba mofuta ofe ba ’nileng ba tšoantšisa lipaleng tse tsoelang pele? Letona le qhekellang mosali oa lona; motho ea betang; seotsoa; ’mè ea sa nyaloang ea ileng a thunya mohlankana oa hae hobane a robala le ’m’ae; le tse joalo. Bofebe ke ntho e tloaelehileng, joalokaha ho le joalo ka ho ntšoa ha limpa le kemaro ea batho ba sa nyaloang.

Na ke lona “letoto la metsoalle” eo u ratang ha e susumetsa pelo ea hao? Haeba u ne u ahisane le batho ba tjena, na u ne u tla ba memela ka lapeng ha hao e be ka nyakallo u mamela ha ba pheta bolotsana ba bona?

Jehova a botsa ba neng ba ipolela hore ke batho ba hae: “U etsa’ng, ha u bolela melao ea ka? . . . Ha u bona lesholu, u titimela ho lona, u tloaelane le bafebi.” (Pesaleme ea 50:16, 18) U se ke ua iphoqa. “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33; Liproverbia 13:20.

Mosali e mong oa lelapa oa Mokreste o ile a tlaleha hore: “Empa hase batšoantšisi bohle ba babe bo totobetseng. Ke ile ka ikhethela e mong eo e neng e hlile e le motho e motle. O ne a le seo ke ratang ho ba sona. Ka etsisa botho ba hae.” Ho iketsetsa “mehlala” ka batšoantšisi ba lipale tse tsoelang pele ho tloaelehile. Empa na Mokreste a ka etsa joalo?

Ho e-na le ho khothalletsa Bakreste ho etsisa batho bao “mehopolo ea bona e leng lefifing” le ba silafetseng boitšoarong, moapostola Pauluse o boleletse balumeli hammoho le eena hore: “Ha lea ka la ithuta Kreste joalo; ha le fela le mo mametse, ’me le rutiloe ho eena kamoo ’nete e leng ho Jesu kateng.” (Ba-Efese 4:17-21) Mokreste ea ineetseng o lokela ho bea maikutlo le ho rutoa ke mohlala oa Jesu, kapa oa ba latelang haufi mohlala oo joaloka bahlanka ba amohelehang ba Molimo. Mehlala e meng e ipakile e le lefifi.—1 Ba-Korinthe 11:1; Ba-Heberu 11:1−12:2; 1 Petrose 2:21.

Lipelo li Ekoa ka Sephiring

Monna ea tšepahalang Jobo o ile a lumela kamoo pelo ea hae e neng e ka thetsoa habonolo ka seo a se shebellang. Jobo a ipolela hore, “ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le khanya, kapa khoeli ha e tsamaea ka khanya ea eona, pelo ea ka ea ba ea thetsoa sephiring, . . . le teng e be e tla ba sebe se tšoanetseng ho otloa ke baahloli.”a Ho talima maholimo a tletseng linaleli, ka khoeli e khanyang, ho ama maikutlo. Empa bao Jobo a neng a ahisane le bona ba ne ba rapela khoeli e le letšoao la kemolo. Litšebeletso tse hohelang tsa botona le botšehali hangata e ne e le karolo ea borapeli ba khoeli. Haeba Jobo a ne a ka nahana ka lintho tsena nako le nako ‘melomo ea hae e ne e ka aka letsoho la hae’ ketsong ea borapeli. Pelo ea hae e ne e tla ahlama haholo le ho sekisetsa, ho isa moo borapeli ba litšoantšo bo neng bo tla bonahala bo se bo se bobe hakaalo. Empa a itšoara.—Jobo 31:26-28.

Lipale tse tsoelang pele tsa thelevishene le tsona li bolotsana hakaalo. Ha motho a batla lerato ho lokafatsoa boitšoaro ba mofuta ofe kapa ofe. Ka mohlala, ngoanana e mong oa moimana o re ho motsoalle oa hae: “Empa ke rata Victor. Ha ke tsotelle. Ke qala leshano, kea qhekella ke be ke utsoe e le hore feela ke be le eena. Ho mo loketse. Victor o lokeloa ke eng kapa eng. Ho ba le ngoana oa hae ke sohle ho ’na!” Joale pina e llelang tlase ea pale e pata bobe ba tsela ea hae. Le uena u se u rata Victor. U qenehela ngoanana. U-ua “utloisisa.” Moshebelli e mong eo hamorao a ileng a hlaphoheloa o re: “Hoa makatsa kamoo u qalang ho bea mabaka. Rea tseba hore boitšoaro bo bobe bo bobe . . . Empa ka hlokomela hore ke kopanela ka kelello.”

Leha ho le joalo, ba bang ba ikutloa hore ‘seo u se bontšoang ha ho moo se fetanang le seo u se bonang letsatsi le leng le le leng bophelong.’ Empa na see ke sona seo Mokreste a ka se khethang hore a ithabise? Moapostola Pauluse o ngolile: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli.” (Ba-Efese 5:3) Na Pauluse o ne a sa utloisise? Che, taba eo a neng a e hlakisa ke hore Bakreste ba se ke ba thabisoa ke ho bua ka liketso tse mpe joalo. Hona ho sebetsa hape le ho “bahalaleli” ba ’nete kajeno.

Ho Silafatsoa Likelello le Lipelo

Ba bang phuthehong ea lekholo la pele la lilemo ea Korinthe ba ne ba silafetse, ba sa silafatsoa ke thelevishene, empa ke baapostola ba bohata. Ho latela se boleloang ke ea neng a ipolela hore ke Mokreste oa lekholong la bobeli la lilemo Irenaeus, bakoenehi bana ba ne ba bolela hore: “Le eona gauda ha e lahle botle ba eona ka baka la ho tsoakana le litšila . . . kahoo ba tiisa hore ba ke ke ba senyeha ka tsela efe kapa efe, kapa ba lahleheloa ke boemo ba bona ba moea, ho sa tsotellehe liketso tsa nama tseo ba ka ’nang ba ameha ho tsona.” Kahoo bana ba ne ba tloaelana le ba sa lumelang, ba ba teng lipapaling tse sehlōhō tsa ho bolaeana ba bile ba etsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.

Moapostola Pauluse o ile a tseka hore Bakreste ba Korinthe ba “mamella” baruti ba bohata, ’me Pauluse o ne a tšohile hore, “joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona,” likelello tsa Bakorinthe le tsona ‘li ka senyeha’ ka bolotsana ‘tsa timelloa ke ’nete e ho Kreste.’ Litšila tsena tse bolotsana tsa thuto li ne li isa ho silafaleng boitšoarong.—2 Ba-Korinthe 11:4, 3.

Phutheho ea Korinthe e ne e bile e mamella likamano tsa lenyalo tsa batho bao ho sa lumelleheng hore ba ka nyalana har’a litho tse ling tsa eona. Mohlomong monna enoa ea boitšoaro bo bobe e ne e le e mong ea neng a ratoa ke ba ka phuthehong. Lipelo tsa bona tsa “utloisisa.” O ne a fumane “lerato la sebele”! Ba bang ka phuthehong ba ne ba susumelitsoe ke phoso ea hae mohlomong ’me le bona ba etsa litšila, bohlola, ba bile ba etsa boitšoaro bo hlephileng ka sebete.—1 Ba-Korinthe 5:1, 2, 6; 2 Ba-Korinthe 12:21.

Na u rata ha pelo ea hao e ka silafala ka tsela e joalo? Na u mamella bafebi, lihlola, babolai le ba bang habonolo ka hore tsatsi le leng le le leng u hapehe bophelong ba bona? Ho sa tsotellehe hore na re tiile hakae tseleng ea ’nete, lipelo tsa rōna ka bolotsana li tla ameha butle-butle ke lijo tse tlang li iketlile joalo tse lokafatsang boitšoaro bo bobe.

Mosali e mong oa Mokreste ea neng a shebella lipale tse tsoelang pele ka mehla ka lilemo o re: “U nahana hore ha li u kene. Empa botebong ba pelo ea hao u lumela hore li fosahetse. U bona lintho tseo u batlang ho li bona. ’Me haeba monna oa hao a sa ratehe joaloka bao u ba bonang lipaleng tse tsoelang pele, u ikutloa hore ho na le ho haellang.”

Mosali enoa oa Mokreste ea neng a hlaoletse takatso bakeng sa lipale tse tsoelang pele tsa TV a tlohela ho alosa boitšoaro ba hae ho isa moo a ileng a oela boitšoarong bo bobe. Ka potlako a soaba ho fihla botebong ba pelo ’me qetellong a tšoareloa ke monna oa hae le phutheho. Empa ke letheba le lekaakang maikutlong! A lumela hore: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokile ho fihlela ha maemo a mpha monyetla oa ho kena ho seo ke neng ke se bokelletse pelong ea ka. Satane a chea leraba ’me ka kena hantle ka ho lona. U se ke ua phoqeha, lipale tse tsoelang pele li ka u ama. Ke ee ke utloe ba bang ba re ba tiile hoo ba ke keng ba ameha. Nako eona e tla bolela.” Le kamorao ho koluoa ena a fumana ho le thata ho khaotsa ho li shebella. O qeta ka hore: “Ho ne ho le thata le ho feta ho tlohela ho tsuba.”

Bonneteng, bashebelli ba bangata ha ba amehe boitšoarong bo bobe feela ka lebaka la ho shebella lipontšo tsena. Leha ho le joalo, na joale u ka qalisa ho tšoantša molekane oa hao le batšoantšisi ba pontšo? Na hona ho tla tiisa lerato kapa ho kenye lipelaelo? Haeba u se lenyalong, na ho tla eketsa takatso ea hao bakeng sa ho fumana molekane, mohlomong ho bile ho u isa lenyalong la booatla kapa boitšoarong bo bobe? Na e be ho tla u etsa ea feto-fetohang nako e khōlō le e nyenyane?

Moapostola Pauluse o ngolile: “Ho ’na tsohle li lumelehile, empa nke ke ka lumela hore ke busoe ke e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona.” (1 Ba-Korinthe 6:12) Bokhoba bo bakoang ke lipale tse tsoelang pele bo na le bopaki bo bongata. Bakreste ba bang ba hlokomolohile liboka tsa phutheho le tšebeletso ea bona, ba potlakela mesebetsi ea lelapa, ba fosa sekolo, ba hlokomoloha boithuto ba botho le ba lelapa ba Bibele—feela hore ba se ke ba fosa pale. Na batho baa ha ba lokela ho sheba ka botšepehi nako eo ba e senyang ba shebelletse se joalo?

Bonneteng, hona ke ’nete ho sa tsotellehe hore na motho o shebella eng, empa kotsi e ikhethang ea lipale tse tsoelang pele ke hore li hapa pelo ea hao hoo u tlamehang ho bona ketsahalo ea tsatsi le leng le le leng. Dr. Hendrie Weisinger, setsebi sa kelello seo ho ileng ha qotsoa taba ea sona makasineng ea barati ba lipale tse tsoelang pele, o lumetse hore: “Liphuputso li paka hore thelevishene e hlile e ama boitšoaro ba rōna le ho susumetsa monahano oa rōna. . . . Motho ea hlolang lapeng ’me a shebella lipontšo ka mehla a ka ’na a ikamahanya ka matla le batšoantšisi. Ba lumella lipale tse tsoelang pele e be karolo ea bophelo ba bona, ’me ba ka kula kelello ke hore ba se fose ketsahalo e ’ngoe.”

Ho ka Nkang Sebaka

Mosali e mong oa Mokreste ea ileng a oela mokhoeng o mobe oa ho shebella ka mehla o ile a tepella. A bua sena ho Paki e ’ngoe e ileng ea mo khothalletsa hore boholo ba nako a be tšebeletsong ea Bokreste a thusa ba bang. Mosali eo a tlaleha hore: “Ho sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo ha fetoha thabo. Ha nka ka tepella hobane ke ne ke sa tlameha ho tšoenyeha ke mathata a batho ba bang. Ke ne ke qalile ho tlatsa bophelo ba ka ka ntho e ’ngoe e khotsofatsang. Lipale tse tsoelang pele e ne e se e se tsa bohlokoa. Ka fetoha ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng.” Ba bangata ba fumane hore tšebeletso e tsoetseng pele joalo e halalelang ke karabelo.—Bapisa Tšenolo 7:15.

Ba bang ba rarollotse bothata ka ho ameha haholo ka ho hlokomela mesebetsi ea lelapa, ba hlokomela haholoanyane boiketlo ba bana ba bona ba moea le ba ’mele. Kaha kaofela re rata ho tsoakana le batho ba bang, ba bang ba ile ba abelana limpho tsa moea le tsa nama le ba bang. Ha ho hlokahale hore u be morui. Hangata ho phehela motho e mong ntho e ’ngoe e monate ho ka putsa haholo.—Liproverbia 31:10-31.

E mong eo e neng e le lekhoba la lipale tse tsoelang pele o ile a ipolela hore: “Joale ke tseba ho neng ho nkhaella. Boithuto ba botho le thapelo. Ba-Filippi 4:6-9 e buang ka thapelo le ho nahana ka lintho tse hloekileng e ile ea nthusa ka sebele. Hona joale ke qalisa letsatsi ka temana ea letsatsi le libuka tse ling tsa Bibele. Jehova o lokiselitse litšoantšiso tsa bophelo ba sebele tse ngata ka Bibeleng, tse kang litlaleho tsa Jesu, Jobo, Davida le ba bang. Kapa ke nahana ka liphihlelo tsa Lipaki tsa kajeno. Le hoja ho le teng karolo e nyenyane ka ho ’na e ntseng e shoela ho tseba hore na ‘ho etsahala joang’ lipaleng tse tsoelang pele, takatso ea ka ea ho mamela Jehova e-ea nthibela.”

E, ho ama takatso ea rōna e matla ea ho khalisa Jehova ho tloha lipelong tsa rōna. Hona ha se ho bolela hore mananeo ’ohle a TV a silafatsa. Leha ho le joalo, Mokreste o tlameha ho khetha, hobane ho fumanehile hore mananeo a lokafatsang hore ho tlōloe melao ea Bibele a silafatsa pelo ea Mokreste.

“Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe.” (Pesaleme ea 97:10) Ha ho bonolo kamehla ho mamela taelo ena. Lipelo tsa rōna li lokela ho sireletsoa ka hloko. E se eka bohle re ka ikutloa joaloka Morena Davida. “Ke tla tsamaea ka tlung ea ka ka pelo e lokileng. Nke ke ka bea letho le lebe pel’a mahlo a ka; ke ntse hloile mesebetsi ea batlōli, e ke ke ea nkhomarela [joalo ka tloaelo ea letsatsi le letsatsi]. Mahlo a ka a tla talima batšepuoa ba lefatse.”—Pesaleme ea 101:2, 3, 6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “thetsoa” haholo-holo le bolela “ho buleha, ho atoloha.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela