Na u Monyenyane Hoo U Seng Letho?
NA KA linako tse ling u ee u utloe hore ha ho motho ea u tsotellang? Na u ee u ikutloe u hlorile empa u ntse u le har’a batho? Ke hobane’ng ha u hlaseloa ke maikutlo a joalo? Hobane kajeno, ke ka litsela tse ngata haholo motho ka mong e seng e se letho.
Linaheng tse ngata puso e sebetsoa ka ho bokella boitsebiso ka litlhoko tsa batho empa ho se mohla bo sebelisoang hore ho hle ho khotsofatsoe seo batho ba se hlokang. Batho ba fetotsoe lipalo, ntho feela eo ho nahanoang ka eona makaleng a puso a sa boneng hore a amehe ka bona. Na ka nako e ’ngoe u ee u be le boikutlo boo?
Kapa mohlomong u sebeletsa feme e khōlō e nang le basebetsi ba makholo-kholo kapa ba likete-kete. Mohlomong ka lebaka leo u ikutloa hore u fokola le ho feta khole e le ’ngoe ho tse etsang lesela. Le ba phelang metseng e meholo ba ka ikutloa ba hlorile ho hang. Hoo ho tsoaloa ke eng? Hobane hangata ha ba tsebane ho hang le bao ba ahisaneng le bona, ke ba bang feela ba eketsang lenane la bao ba ahisaneng le bona.
E, ho bonolo haholo hore motho a lumele hore o monyenyane hoo e seng letho, o fokola hoo a ke keng a hlokomeleha bophelong bo jahileng ba mehla ea kajeno. Ho joalo ka ho khethehileng mokhatlong oa kajeno, oo tšusumetso ea tlhōlisano e hlahisitseng batho ba bangata hakana ba sa nahanelaneng. Tlhompheho ea botho e-ea hatikeloa ’me “Suthela koana!” ho nkoa hore ke eona karabelo e ntle.
Empa na ho joalo ka Molimo? Na eena, Morena ea Phahameng oa bokahohle, ke ea phahametseng batho hoo kaofela ha rōna re fokolang hoo re sa reng letho ho eena? Bibele e bontša hore ka lekhetlo le leng Jehova Molimo o ne a e-na le mangeloi a “limillione tsa limillione” a emeng ka pel’a hae. (Daniele 7:10) Hape ke Mohloli oa linaleli tse se nang palo tse bokahohleng. Na mohlomong o se a lahlehetsoe ke mohlala oa pōpo ee eohle e sa bonahaleng le e bonahalang? Bibele e-ea arabela: “O lekanya palo ea linaleli, o li rea mabitso kaofela.” (Pesaleme ea 147:4) Ka sebele, lihloliloeng tsena tse khanyang lia laoleha. Ha e le ka mangeloi a lokileng, ntle ho pelaelo le oona Jehova o a bitsa ka mabitso, le hoja batho ba senoletsoe mabitso a mabeli feela ho oona, Mikaele le Gabriele.—Daniele 12:1; Luka 1:26.
Joale batho bona ho thoe’ng ka bona? Na Molimo o-oa ba tsotella? Mopesaleme Davida o ngolile: “Jehova u ntsebise bofello ba bophelo ba ka, le bokae ba litšiu tsa ka, ke tle ke tsebe hoba ke feta kapele hakakang! Bona, u lekanyelitse litšiu tsa ka li be joale ka boahlamo ba seatla; litšiu tsa ho phela ha ka li joale ka ntho e leng sieo pel’a hao; ruri, motho e mong le e mong . . . ke mofehelo feela.” (Pesaleme ea 39:4, 5) Haeba motho a feta kapele joaloka lefeela, e be joale re ka tiisa joang hore ha a monyenyane hape hase oa nakoana hoo a sa reng letho hore Molimo o ka mo hlokomela? Ponong ea Molimo, na ruri batho ke letho? Na ruri u letho?