Na u Hlile u ho Hong ho Molimo?
BOSIU, na u kile ua re khefu hore u ke u lelalle holimo? Na u ke u ipotse hore na u hlile u bone hole hakae sebakeng, kapa hore na ke linaleli tse kae tseo u li bonang ka leihlo le feela? Joale, u hloletsoe ke bokhabane bo boholo ba maholimo, na u kile ua ipotsa, Na motho ea fokolang e hlile ke ho hong ho Molimo? Na Molimo o hlile o amehile ka ’na ke le motho ka mong? Lilemong tse fetileng tse likete tse tharo morena le moroki Davida oa Juda o ile a bontša hore o maketse ka mantsoe ana: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” (Pesaleme ea 8:3, 4) E, le hoja Davida a ne a sa ho hlokomele, ka leihlo la hae le feela o ne a bona bokahohleng hole ka lilemo tsa leselia tse 600 000. O ile a hlolloa hore ’Mōpi oa sebaka seo se seholo a ka boetse a hlokomela le motho.
Davida o boletse monahano o joalo ho Pesaleme ea 144, moo re balang: “Jehova, motho ke’ng, ha u tla mo tseba, le ngoan’a motho, ha u tla mo hlokomela? Motho o tšoana le pululo, ’me matsatsi a hae a ka lesoiti le fetang.” (Ps 144 Litemana 3, 4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bonyenyane le ho ba lefeela ha motho ha ho bapisoa, Davida o ne a tseba hore motho ke ho hong ho Molimo. Hoo o ne a ka ho tiisa joang? Hobane eena ka boeena o ne a hlaoletse kamano ea botho le Jehova.
Ke Kamano ea Mofuta Ofe e ka Fumanehang?
Re tseba joang hore Davida o ne a e-na le kamano ea botho le Molimo? Ho sheba ka potlako pesaleme efe kapa efe ea Davida kapa lipina tsa hae tsa thoko, ho lokela ho ba le bopaki bo lekaneng ho re kholisa ka seo. Ka mohlala, re nke Pesaleme ea 23 ’me, ka mantsoe a eona a bonolo, re leke ho bona tšepo e matla eo Davida a neng a e-na le eona ho Molisa oa hae, Jehova Molimo.
“Jehova ke molisa oa ka,
nke ke ka hloka letho.
O mphomotsa makhulong a matala, o
ntsamaisa pel’a metsi a khutsitseng.
O hlabolla moea oa ka;
o ntsamaisa mehlaleng ea ho loka, ka baka la lebitso la hae.
Leha nka tsamaea khohlong ea moriti oa lefu, nke ke ka tšoha
bobe leha bo le bong,
Hobane u na le ’na; lere la hao
le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntšelisang.”—Ps 23 Litemana 1-4.
Mona, botebo ba kamano ea Davida le Molimo bo khanya ka ho hlakileng. Pesaleme eo e u ama joang? Na u hlokomela borokho ba tšepo pakeng tsa “nku” e se nang boitšireletso Davida le Molisa oa eona ea sireletsang, Jehova? Ha ho pelaelo ka hore le hoja Davida a ne a bona ’nete ea hore motho ke “lefeela,” eena ka boeena e ne e le ho hong ho Molimo le Molisa oa hae. Ka baka leo, Davida o ne a ka bua tjena ka kholiseho: “Jehova ke Molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.” Joale, motho a ka finyella tšepo le kholiseho e joalo joang?
Ha re qalisa, ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa eo re ke keng ra e hlokomoloha. Hase feela taba ea molisa ea thahasellang linku tsa hae. Linku le tsona li lokela ho latela molisa oa tsona le ho mamela lentsoe la hae. Ka mantsoe a mang, haeba re batla ho ba ho hong ho Molimo, le rōna re tlameha ho nka Molimo e le ho hong ho rōna ka bōrōna. Haeba linku li baleha lesaka ’me li lahla molisa, tšireletso le eona e-ea lahleha. Kamano e senngoa ke bohlasoa ba ka boomo ba linku. Ho sa tsotelehe pale ea motho ntlheng ena, Molimo o bontšitse ho ameha ka batho, e seng batho e le sehlopha feela empa hape batho ka bomong. Re na le bopaki bofe ba ho bua tjee?
Ke Ho Tloha Neng Motho e Bileng Letho ho Molimo?
Ho tloha qalehong ea pale ea motho, Jehova o bontšitse hore o ameha ka batho le bokamoso ba bona. Ha bofetoheli ba boithati bo qhoma Edeneng, Molimo ha o ka oa lahla lelapa la motho le ho le tlohela le se na tšepo. Oa tšepisa “peo” e neng e tla tla e neng e tla nka bohato ka sera se seholo sa motho le ho lopolla ka ho khoba hlooho ea Satane. (Genese 3:15; Ba-Roma 16:20) Kamorao ho moo Jehova a tsoela pele ho sebelisana le batho, ka linako tse ling le batho ka bomong ’me ka linako tse ling le lichaba.
Mohlala o hlakileng oa kameho ea Jehova ka batho ka bomong Iseraeleng ea boholo-holo ke molao o neng o entse tokisetso bakeng sa likhutsana le basali ba bahlolohali, mekopa-kopa ea sechaba. Ka mohlala, o ne o totobatsa hore ba lokela ho kopanela kotulong le hoja ba se na masimo. Ba ne ba neoa tokelo ea ho khoahlapisa masimong a kotutsoeng. Hoo ho ne ho phahametse litokisetso tse ngata haholo tsa lithuso tse teng lichabeng tsa kajeno hakaakang! Hobane’ng? Hobane Iseraeleng motho o ne a ipoloka a hlompheha ho sa tsotellehe bofuma ba hae. Hobane’ng? O ne a sa lokela ho qela kapa ho emela ho khaketsoa ke ’muso. Ka matsoho a hae o ne a khoahlapisetsa seo a se hlokang. O ne a etsa mosebetsi oa bohlokoa ’me a ikutloa a leboha Molimo oa hae o fanang haholo, Jehova.—Levitike 19:9, 10; Ruthe, khaolo ea 2.
Na Kreste o Ile a Phahamisa Tlhokomelo ea Ntat’ae?
Lievangeli tse ’nè li hlakisa hore Jesu Kreste o ile a hlokomela batho. ’Me kaha o ne a bonahatsa hantle litšobotsi tsa Ntat’ae, kameho ea hae e ne e le bopaki bo hlakileng ba hore motho ke ho hong ho Molimo. (Johanne 14:9) Thuto ea Kreste e ne e e-na le tataiso e lerato le e sebetsang bakeng sa ho phela ka ho nahanela ba bang. Hoo ho ile ha bontšoa ka ho hlaka hakaakang ha barutuoa ba hae ba khutla ba khathetse letšolong la boboleli! O ile a itšoara joang? A ba qenehela, a ba nahanela. Jesu a utloisisa hore na ba ikutloa joang, hore hoa hlokahala hore ba phomole. “A ba bolella, a re: Tlong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba e-tla, ba bang ba e-ea, ’me baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.” Eaba kaofela ba tloha ka seketsoana ho ea moo ho khutsitseng hore ba ke ba khe moea.
Empa bongata ba ba sala morao. Joale Jesu a etsa joang? Na o ile a teneha a ba a halefa? “Jesu ha a e-tsoa [seketsoaneng], a bona bongata bo boholo, ’me a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.”—Mareka 6:30-34.
Kreste o ile a bontša kameho ea Ntate oa hae ka batho hakaakang! A boela a phahamisa sena ha a re: “Lirobele tse hlano hleka ha li rekoe ka peni tse peli na? Leha ho le joalo, Molimo ha o lebale le se seng sa tsona. Esita le qoba tsa moriri oa lihloho tsa lona li baliloe kaofela. Se tšabeng ke hona; le fetisa lirobele tse ngata.”—Luka 12:6, 7.
Ka sebele, mahlong a Molimo motho ea batlang ho latela Jesu Kreste ha a nyamele feela har’a bongata. Empa ntlha ea bohlokoa ke hore, Na ka mafolo-folo u batla ho latela Jesu Kreste? Na u falimehetse seo u se hlokang moeeng ntlheng eo? (Mattheu 5:3) Hopola, nakoana pele a tšoaroa ’me kamorao ho teng a bolaoa, Jesu o ile a rapela Ntat’ae: “Ha ke rapelle bona feela [baapostola ba 11 ba tšepahalang ba ileng ba ba le eena selallong sa hae sa ho qetela], empa ke rapella le [barutuoa ba bang] ba tlang ho lumela ho ’na ka polelo ea bona.” (Johanne 17:20) Jesu o ne a tseba hore hase baapostola ba hae feela bao e tlang ho ba ho hong ho Molimo empa le ba neng ba tla lumela hamorao motheong oa ho bolela ha bona. Hoo ho bontša hore Molisa e Moholo, Jehova Molimo, bohle ba nang le boikokobetso bo kang ba nku ba ka fihla ho eena.—Pesaleme ea 23:1.
Na Motho ke Ho Hong ho Molimo Kajeno?
Empa joale u ka ’na ua botsa, ‘Haeba motho e hlile e le ho hong ho Molimo, hoo ho bonahala joang kajeno? Hona nka rua molemo joang kamehong ea Molimo ka batho?’
Kajeno Jehova, Molisa e Moholo, o lokiselitse batho ba kang linku lefatšeng lohle hore ba utloe lentsoe la hae. Hona o ho entse joang? Jesu o-oa arabela: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” Kahoo, Jehova o hulela ho eena batho ba lipelo li ikokobelitseng ka “molisa ea molemo” oa hae eo a mo khethileng, Jesu Kreste.—Johanne 6:44; 10:11, 14-16.
Ho huloa hoo ho etsoa joang? Ka mosebetsi oa boboleli oa balateli ba tšepahalang ba Kreste bao e leng lipaki tsa Molimo oa ’nete, Jehova, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu. E, lipaki tsa Bakreste tsa Jehova li paka kae le kae moo batho ba fumanehang. Ntle ho tefiso, li hlokomela motho ka mong ea batlang ho tseba Molimo. Haeba ha u s’o etse joalo, na u utloisisa hore u tla nka bohato ba pele bo isang kamanong ea botho le Molisa e Moholo, Jehova? Na u utloisisa hore u tla batla Molimo ka Jesu Kreste? Hopola keletso e lerato ea Jesu: “Batlang, ’me le tla fumana; kokotang, ’me le tla buleloa.” Ka ho romela Mora oa hae lefatšeng, Molisa e Moholo o se a nkile bohato ba pele bo sebetsang ho uena. Ha u bo arabela, u tla tloha u sibolla hore motho ke ho hong ho Molimo.—Mattheu 7:7; 1 Johanne 4:7-10.
Na Molimo o Nka Bokamoso ba Motho e le ho Hong?
’Nete ea hore boteng ba motho bo tšoantšoa le lefeela, ho kang ha motho a phefumoloha, ho bontša kamoo bophelo ba motho bo leng bokhutšoanyane kateng. Leha ho le joalo, takatso ea hao ke hore u hle u phele nako e kae haeba u ka thabela bophelo bo phethahetseng le bo thabileng? Na u itse: “ka ho sa feleng”? Ke sona seo Jehova a se tšepisitseng—bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Kahoo, lengolong la Pauluse le eang ho Tite, re bala ka “bophelo bo sa feleng, boo Molimo o sa thetseng o bo baletseng batho lefatše ha le ne le e-so ho be teng.” (Tite 1:2) Motheong oa tšepiso eona eo, Pauluse a eletsa ba bang hore “ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:17-19.
Na Bafu ke ho Hong ho Molimo?
‘Empa,’ u ka ’na ua botsa, ‘bafu bona ho thoe’ng ka bona? Na ke ho hong ho Molisa e Moholo? Ruri ke ho hong! Ke ka lebaka leo moaposotla Pauluse a ’neng a bolela Jesu le tsoho ea bafu.’ (Liketso 17:18) Ka sebele, tsoho ke mohlala o totobetseng oa kameho ea Jehova ka motho ka mong. Hobane’ng? Hobane e bontša hore O bolokile tlaleho e qaqileng ka ho fetisisa ea boleng ba ba tla khutlisetsoa bophelong. Molaoli e Moholo oa bokahohle, ka lihlopha tsa bona tse limillione tsa linaleli, ha a sitoe ke ho hopola botho boo bohle le ho bo kenya hape bokong le pelong tse bōpiloeng bocha. Ke kahoo e seng mohlolo hore e be Jesu o ile a bolela ka kholiseho hore: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29.
Haeba u lakatsa hore Molisa e Moholo, Jehova a u nke u le motho oa letho, ka Mora oa hae, Jesu Kreste, se tsila-tsile ho kōpa Lipaki tsa Jehova hore li u thuse. Boikhutsong ba lelapa la hao u ka botsa lipotso life kapa life tsa Bibele tseo u ratang ho li botsa ’me tiiso ke hore u tla fumana likarabelo tse khotsofatsang. Kapa u ka ngolla bahatisi ba makasine ena ba tla u thusa ho paka ka mokhoa o khaolang khang hore ka sebele u ka ba ho hong ho Molimo hona joale le kamoso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Selemo sa leseli ka sebaka seo khanya e se tsamaeang ka selemo ka lebelo la 299 338 km ka motsotsoana. Hona ke 9 460 000 000 000 km, sebaka seo khanya e se tsamaeang ka selemo. Koana, bokahohleng bo boholo ho feta pono e feela ea leihlo la motho.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Na Molimo o amehile ka uena?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Molisa e Moholo o hlokomela ka lerato “linku” tsohle tsa hae