Na ’Mino—O Ka Ba Kotsi?
U KA ’na ua ipotsa hore na, ‘’Mino o ka ba kotsi joang? ’Mino empa e le molumo feela.’ Ke ’nete, empa melumo e meng e ka re susumetsa ka matla. Ke mang ea sa nkeng bohato ha a utloa seboko har’a bosiu? Litšeho tse tšoaetsanoang tsona? Ha motho e mong har’a batho ba bang a ka tšeha haholo, sehlopha kaofela se atisa ho tšeha ntle ho boithibo.
’Mino o Matla
Joale melumo ena u e fetole mino. Ho itšetlehile ka hore na ’mino ke oa mofuta ofe kapa eona pina, kapele maoto a tla tapa-tapa, ’mele e sisinyehe, menoana e letsoe, ho utloahale ho binela ka marameng. Ho ka ameha bohle ba teng! Ba angoa ke eng? Ke molumo oa ’mino.
Ho etsa mohlala: Ka nako e ’ngoe Davida, ea boletsoeng pelenyana, o ne a sebeletsa e le sebini lebaleng la Morena Saule. Mohlankana o na a “tseba ho letsa” harepa. ’Me ’mino oa hae o ne o thusa ho khatholla Saule ea matšoenyehong.—1 Samuele 16:18-23.
’Mino o tsosa maikutlo. Bongata bo ka ’na ba qala ho ema ka maoto ha sehlopha sa “jazz” se qala ho letsa pina e tloaelehileng. Barati ba ’mino oa “classic” ba ka ’na ba tsoha maikutlong ha ba mamela 1812 Overture ea Tchaikovsky. Ka ntoa e hlanakoa, likanono li luma ’me ho lla litšepe tsa tlhōlo, ba se ba inahana eka ba moo. E, ’mino o na le matla.
Ka makholo a lilemo, mapolotiki le babusi ba sebelisitse matla ao ho sotha lipelo tsa batho. Ka tsela efe? Ka lipina tsa sechaba le lipina tsa ho rata naha. Ke kamoo Hitler le mokha oa Nazi ba ileng ba sebelisa pina ea sechaba Deutschland, Deutschland über alles (Jeremane, Jeremane pele ho tsohle) ho hulela matšoele tseleng e isang lefung le timelong! Mohlolo, pina ena ea sechaba e ne e theiloe ’minong oa “classic” o qapiloeng ke Haydn. Ha a arabela, Manyesemane ka matla a bina “Molimo Boloka Morena.” Hitler, ka boeena, o ne a boetse a thabisoa haholo ke ’mino oa Wagner.
Matla a susumetsang a ’mino a ne a boetse a bonahala mehleng ea Bibele. Tlaleho e ho Exoda e re tsebisa hore ha Moshe a sa le Thabeng ea Horebe a amohela matlapa a Molao a tsoang ho Jehova, Baiseraele ba ile ba hloka mamello ’me ba laela ngoan’abo Moshe Aarone hore a ba etsetse molimo o mong—namane ea gauda e tšolotsoeng. Eaba ba etsetsa setšoantšo sena mahlabelo moketeng oa bolumeli. Eaba ho latela eng? “Sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa, sa ntoo ema sa hobela.”—Exoda 32:1-6.
Ha Moshe le Joshua ba theoha thabeng, ba utloa litlatse liahelong tsa Iseraele. Joshua a nahana hore ke molumo oa ntoa. Empa Moshe a toloka molumo hantle. E ne e le ’mino, e seng ka ho hlōla ntoeng e matla. E ne e le “mantsoe a lumelanang a lipina.” Moshe o ne a ka bolela ka molumo o sa tloaelehang hore ’mino o na le bobe ka hare ho oona. Bofe? Batho ba ne ba bina le ho hobela ba potile namane ea gauda. Ba ne ba nkile karolo borapeling bo se nang boitšoaro ba litšoantšo hammoho le pineng le mohobelong. ’Mino o ne o phahame borapeling ba bona ba bohata le ba boitšoaro bo bobe.—Exoda 32:7-25.
Ketsahalo eo ke thuto bakeng sa Bakreste kajeno. Taba ke hore, ’mino o ka u ama. Lefatše la hona joale le sekametse ’minong haholo. Empa na ’mino o mahoashe le ’mino o mong o ratehang, o nang le molumo o khothalletsang boitšoaro bo hlephileng, o ka sebelisoa meketeng ea Lipaki tsa Jehova? Ho se be joalo! Lilemong tsa morao tjena, leha ho le joalo, ho bile ho khothalletsoa ke baholo ba bang le batsoali, ho bile le mokhoa oa ho lokoloha haholo ntlheng ena. O mong ’minong ona o phahamisitse boitšoaro bo bobe, lithethefatsi, borabele le kopano le meea.
Na hona ka bohona ho bolela hore ’mino o hlile o na le tšusumetso e mpe kahohle? Che. Joalokaha ho boletsoe, ’mino o ne o sebelisoa borapeling bo halalelang ba Jehova. ’Me Jesu, setšoantšong sa hae sa ho khutla ha ngoana ea lehlasoa, o buile ka ntate a entse mokete ka “lipina le mehobelo.”—Luka 15:25.
Na ’Mino o ka Fetisa Maikutlo?
Mehleng ea rōna ea kajeno ’mino o phetha karolo e matla haholo bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ka lilemo tse seng kae tse fetileng tse mashome, ho kubohile tšebetso e khōlō, e etsang liplata le li-cassette tse limillione selemo le selemo. Ha lilemong tse fetileng tse lekholo ho mamela batho ba binang kapa ho hla u bina ka bouena e ne e le mokhoa feela oa ho fumana ’mino, me ho sa tle hangata, ho mamela ’mino kajeno ke taba ea letsatsi le letsatsi. Potso ke e tšoanelehang—na ’mino o ka fetisa maikutlo? Na ’mino o ka susumetsa monahano oa motho le mokhoa oo a phelang ka oona?
Leseli la kapele le fumanoa liphatlalatsong tsa seea-le-moea le thelevishene. Liphatlalatso tse ngata tsa khoebo li na le ’mino. Kahoo, ka thuso ea ’mino, lebitso la thepa le ngoloa mehopolong—le ea bana hammoho le masea.
Iseraeleng ea boholo-holo, ’mino o ne o sebelisoa ka tsela e joalo empa e le ka morero o khabane haholoanyane. Lithoko li ne li binoa e le lipina, tseo ntle ho pelaelo e neng e le thuso ho batho hore ba hopole litemana. Ka mohlala, tlaleho ea Bibele e re bolella hore, ha ho ne ho khakoloa tempele ea Salomone, libini tsa Balevi li ile tsa bokana ’me le ba bang “ba tšoere licymbala, le liviole, le liharepa, ba e-na le baprista ba lekholo le mashome a mabeli ba letsang literompeta; ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantsoe joale ka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, ’me ba phahamisa mantsoe.” Mona ’mino o ne o susumetsa o bile o haha. O sebeletsa ho rorisa Jehova.—2 Likronike 5:12, 13.
Ho ka etsahala, e be ka lekhetlo leo ba ne ba bina le ho letsa Pesaleme ea 136, ’me ntle ho pelaelo ’mino o ne o tla ba thusa ho hopola mantsoe. Hona ho hlakisa taba ea hore ’mino o ka fetisa molaetsa. Hape e ka ba mocha o fetisang thepa kapa maikutlo, kapa ho buella mokhoa oa bophelo, le haeba ’mino o e-na le mantsoe kapa che. Hona ke ’nete kajeno leha re bua ka ’mino oa “classic” kapa mantsoe a hona joale a ’mino.
Ka mohlala, Encyclopædia Britannica, moo e buang ka Ludwig van Beethoven, “eo hohle a nkuoang e le moqapi ea fetang bohle ba kileng ba phela,” e re: “o senotse ka ho hlakileng haholo ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho eena matla a ’mino a ho fetisa maikutlo a bophelo ntle ho mantsoe.” Pastoral Symphony ea hae e tsebisahalang hohle ke mohlala oa sena. E fana ka ho hlakileng ka lerato la Beethoven la tlhaho. E, ’mino o ka re susumetsa le ho ama maikutlo a rōna.
U nke mohlala e le lipina tsa moqapi oa Austria Gustav Mahler, ea ratehang haholo ho barati ba ’mino oa “classic.” Setsebi se seng sa ’mino se bua ka “ho tšoenyeha ka lefu” ha seqapi sena ’me se hlalosa “lenyora le sa timeng la ho sibolla hore na bophelo bo seng le neng le tla laola bophelo le ’mino oa Mahler.” Ha se bua ka Symphony No. 1 ea hae, sengoli se hlalosa se fuperoeng ke pina, se re: “Thabo ea bophelo e khurumetsoa ke ho tšoenyeha ka lefu.” Hape o re: “Symphony No. 2 e qala ka ho tšoenyeha ka lefu . . . ’me e qetella ka tumelo ea Bokreste ea ho se shoe ha moea. . . . Motsoako oa bolumeli lipineng tsena ke oa bohlokoa haholo.” Joale potso ke ena, Na pherekano ea Mahler ea bolumeli, ho tšoenngoa ke lefu le phello ea ho ameha kelello li ka ama momameli?
Taba e ’ngoe ke The Rite of Spring ea Stravinsky. ’Mino ona oa “ballet” o emela tokelo ea bohetene eo ho eona moroetsana a hobelang hore a shoe ho khotsofatsa molimo oa selemo. Tokelo ena, kamoo ho ileng ha ngola mohlalosi e mong, “mona e bontšoa ka ’mino oo tšobotsi ea oona e bonahalang ka potlako e leng morethetho oa oona o matla—matla a nkang kelello le a tlamang a mehlala ea ’mino.” Phello ke e makatsang ’me mohlomong le e hlokisang khotso. Ha e le hantle, “ho hakantsoe hore e ile ea liha botsitso ba Europe mekhoeng ea ’mino.”
Kahoo, le oona ’mino oa “classic” o lokela ho u etsa hore u eme ’me u ipotse, Na ho phetlehela ’mino oa mofuta o itseng ho tlōla ho tla ntepeletsa kapa ho nthabise ho tlōla meeli? Na maikutlo a seqapi a tla ’nanarela ’me mohlomong a ame monahano oa ka hampe? Koana, haeba ’mino oa sona o sa theole tumelo ho ’Mōpi le mesebetsi ea Hae e meholo ea Pōpo, tšusumetso ea seqapi e ka ’na ea e-ba e sa nkeng lehlakore kapa e bileng e leng molemo haholo. Joale hape, ho bonolo ho mamela ’mino u sa tsebe hore na seqapi se ne se hopotse eng. Tabeng e joalo, hore na se boleloang ke eng, haeba se le teng, se itšetlehile ho hang ka monahano oa ea mametseng.
Na joale matšoao aa a ka beoa ’minong oa kajeno? Na ’mino oa kajeno ke o hahang kapa o theolang? Na o iphetola kotsi boitšoarong ba Mokreste le moeeng? Sehlooho sa rona se latelang se tla lokolisa sena le likhang tse ling.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
’Mino o ka ’na oa sebelisetsoa liphello tsa bobe
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Na ’Mino oa Bona Ke o Hahang Kaofela?
MAHLER
WAGNER
STRAVINSKY