U Rata ’Mino oa Mofuta Ofe?
MAELE a khale a Spanishe a re: ‘’Minong le litlhareng e mong le e mong o tseba ho hongnyana.’ Ke ’nete, e mong le e mong a ka binela ka marameng, a bina kapa a letsa mololi. E, ’mino le kananelo ea oona li har’a lineo tsa batho tsa tlhaho. Moroki Longfellow o bile a teba hoo a reng: “’Mino ke puo ea lefatše lohle ea batho.”
E, motho o phetlehetse ’mino ho tloha qalehong ea matsatsi a hae. Ke mang ea s’o utloe pina e thabisang ea nonyana? Re ka ’na ra makala hantle ke linoto tse sa tšoaneng tse tsoang qoqothong e nyenyane ea “canary.” Kapa ra thabisoa ke ’mino o sa tšoaneng oa mockingbird, sello se bonolo sa cuckoo kapa meloli e meng e monate ea libini tse mapheo.
Le bana ba arabela ka kananelo pineng eo ba e ratang e ba koeeetsang. Ka sebele, ho sa tsoa bontšoa hore bana ba batho ba ka popelong ba sisinyeha ke ’mino. Ka ho thala ha bona ba bontša hore ba phuthulohile kapa ha baa phuthuloha ka seo ba se utloang.
Liletsa Tsa ’Mino li Qalile Neng?
Ponong ea lefatše ha ho bonolo ho arabela potso. Encyclopædia Britannica e re: “Ho tsoela pele ha liletsa tsa ’mino tsoelo peleng e phahameng ea boholoholo ho bonahala boholo e bile Asia le Afrika Leboea. . . . Harepa e ne e sebelisoa ho tloha mehleng ea pele Mesopotamia [le] Egepeta.”
Leha ho le Joalo, Bibele e qaqile ha e re Jubale, se seng sa litloholo tsa pele tsa monna oa pele, Adama, “eena e bile ntat’a bohle ba letsang harepa le phala.” (Genese 4:21) Mohlomong o ile a qapa khole ea pele le liletsa tse bululoang kapa o ile a thea tšebeletso e ileng ea phahamisa tsoelo pele ea ’mino, hona kaofela lilemong tse fetileng tse ka bang 5 000!
’Mino e ne e le karolo e amohelehang ea bophelo ba lihlooho tsa malapa kamorao ho Moroallo oa mehleng ea Noe. Ka mohlala, Labane o ile a ipelaetsa ho mokhoenyana oa hae Jakobo hore: “U balehile ka sephiring ka baka la’ng . . . Athe nka be ke u khutlisitse ka thabo, le ka lipina, le ka meropa le ka thomo?”—Genese 31:27.
Lilemo tse makholo hamorao, bakeng sa ho sebeletsa Molimo tempeleng, “[Balevi] ba kete tse ’ne e be ba tla rorisa Jehova ka liletsa tsee ke li entseng hore a rorisoe ka tsona.” (1 Likronike 23:5) Morena Davida oa Iseraele ka boeena e ne e le kheleke ’minong oa harepa ea likhole tse 10, ’me mohlomong o ile a qapa liletsa tse ncha tsa ’mino.—Pesaleme ea 144:9; 2 Likronike 7:6; 29:26, 27; Amose 6:5.
’Mino oa Kajeno
Ho bonahala kajeno ’mino o tloaelehile hohle ho feta leha e le neng pele. O phahamisoa ka sea-le-moea, thelevishene, liplata le li-cassette. ’Me o fapana hakaakang! Ho na le oa “folk, choral, classical, operatic, jazz, rhythm, blues, disco,” oa linaha ka ho fapana le mefuta ea “rock”—letoto le bonahala le sa khaotse ’me le ntse le fetoha ka mehla. Hang feela ha mokhoa o mong o ratehang o felloa ke nako, o mong o nka sebaka sa oona.
Joale, uena, u rata ’mino oa mofuta ofe? Na ho na le phapang hore na u khetha eng? Na ho ka ama pono ea hao—le bokamoso ba hao?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Liletsa tsa ’mino—kamoo Ii ’nileng tsa tsoela pele