Ho Nyarela ka Litabeng
Mebuso E-ea Thekesela
Alf Landon ea lilemo li 95 ea bileng lipolotiking tsa America ka lilemo tse 70 o bolela hore, “lilemong tsohle tsa ka, ha kea s’o bone lefatše le le mofere-fereng o mokana. Ha ho sechaba lefatšeng se hlileng se nang le ’muso o tsitsitseng kajeno.”
Ntlheng e tšoanang, Horace Busby, moeletsi lipolotiking le eo e kileng ea e-ba letsoho “White House,” o ngola tjena tokollong ea haufi tjena ea Public Affairs Review: “Ho tloha ka bo-1960, mebuso hohle, Bophirima le Bochabela, e qalile ho se sebetse . . . [E] ipaka e sitoa ho thea kapa ho tšoarella bonngoe ba setšehetso har’a ba busoang.” Kapa, ka mantsoe a The Washington Post a mongoli oa eona Haynes Johnson, “E hatisa maikutlo a hore liketsahalo ha li laolehe.”
Ke hobane’ng ha mebuso e oa? Moprofeta Jeremia o itse: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) ‘Lefatše le mofere-fereng hakana,’ ke tholoana e soabisang ea ho sitoa ha motho ho ipusa. Ho Moeklesia 8:9 Bibele e re, ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.
Ha mebuso e thekesela, ba lipelo li tšepahalang ba ka sheba hokae bakeng sa tšepo? “Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, o leng teng, o nong o le teng, o tla ’ne o be teng, hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena.” E, ’Muso oa Molimo o tla tla pholosa motho. “O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Tšenolo 11:17; Daniele 2:44.
Bibele e sa Ntsane e Hlokahala
“Ke libuka life tse hlano tseo motho e mong le e mong ea rutehileng a tlamehang e be o li balile?” Sehlopha sa litsebi se neng se akha mesuoe, bangoli, liprofesara le bangoli ba lipale ba tsebisahalang, se sa tsoa botsoa potso eo ke makasine ea Time, eo kamorao ho moo e ileng ea hatisa likhothalletso.
Joalokaha ho ka lebelloa, ho bile le tumellano e fokolang ka hore na ke libuka life tse theang palo ea bohlokoa. Har’a tse fetang 50 tse ileng tsa buelloa, ke tse tharo feela tse ileng tsa boleloa ka ho toba ka lebitso ho feta ka lekhetlo le le leng. E ’ngoe e ikhethang e ne e le Bibele e Halalelang. E ile ea khethoa har’a libuka tse ling tsohle ka mokhoa o phahameng ke boholo ba litsebi.
Ho theosa le lilemo, tsebo ea Bibele e ’nile ea nkuoa e le karolo ea bohlokoa ea thuto e tsltsitseng hantle, ’me ho sa le joalo le kajeno, joalokaha ho pakoa ke phuputso ea Time. Le hoja batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore Bibele e fetiloe ke linako, monahano oa mofuta ona o senola pono e lekanyelitsoeng feela bophelong. “Motho ea rutehileng o lokela ho ba le khopolo eitseng ka botebo ba lintho tsa tlhaho. Ke hore, hore na ke eng se teng lefatšeng le hore na meeli ea sona ke efe?” kamoo ho boletseng e mong oa bao ho neng ho buisanoa le bona, profesara ea Harvard.
Bibele ha e balloe nako, e seng feela hobane e tseba ho “hlalefisa sethoto,” joalokaha mopesaleme a bolela, empa hape hobane ke eona buka fela e fanang ka seo batho ba ’nileng ba se batla ho theosa le lilemo—’nete. Jesu Kreste thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo o itse: “Lentsoe la hao ke ’nete.’’ Tsebo ea ’nete e ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, e tlisa bophelo bo sa feleng.—Pesaleme ea 19:7; Johanne 17:3, 17.
Boko bo Phahame Haholo
Kamorao ho tsoelo pele ea lilemo tse 37, computer e fetotse tsebo ea mahlale, khoebo le mesebetsi e meholo. Joale ho habiloe “bohlaleng ba maiketsetso.” Bafuputsi ba lebelletse nako eo ka eona li-computer tse tsoetseng pele haholo tse nang le mehala e baloang ka likete kapa mohlomong limillione karolong e le ’ngoe, li tla “qala ho lekisa karoloana ea boko e ’meleng oa motho,” kamoo ho bolelang Tom Alexander ho makasine ea Fortune letotong le reng “Mechine e Nahanang.”
Leha ho le joalo, pele mang kapa mang a ka fihlela qeto ea hore boko ba motho bo tloha bo felloa ke mosebetsi, Alexander o supa hore, boko bo na le lisele tsa liphatsa tsa boko tse ka bang limillione tse 100 000, e ’ngoe le e ’ngoe e phahametse karolo e le ’ngoe e phahameng haholo e kentseng mehala ea computer, e e-na le hona ho sebetsa le ho bokella litaba tse ngata haholo. Ha ho kotsi ea hore boko bo ka nkeloa sebaka ka li-computer haufinyane.
Tlotla ea kaheho e phahameng ea boko, ha e le hantle, e tloha ho moetsi oa boko le moqapi, Jehova Molimo, ea re entseng ka “mohlolo.”—Pesaleme ea 139:14.