Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/15 maq. 25-27
  • Ho Noa—Na U na le Maikutlo a Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Noa—Na U na le Maikutlo a Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Noa ka ho Tlōlisa
  • Tšebeliso e Khabane e Etsoa ka Eng?
  • Ho Tela Lino ka Linako tse Ling?
  • Na ho Noa Lino Tse Tahang ho Fosahetse?
    Tsoha!—2006
  • Joala—Pono ea Bokreste ka Bona ke Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/15 maq. 25-27

Ho Noa—Na U na le Maikutlo a Bibele?

E NE e le Mokreste ea kolobelitsoeng. Ha a botsoa ke baholo ba phutheho ea habo, ba neng ba amehile ke ho noa ha hae, a lumela hore o ile a noa birinyana le “whiskey” e seng kae. Empa a latola hore o ne a tahiloe.

Mohlankana enoa o ne a ikutloa hore hafeela a sa tahoe, ha ho tsotellehe hore na motho o noa hakae. Na u lumellana le eena? Le hoja ho le bohloko ho ho bolela, litlaleho li bontša hore monahano o joalo o teng har’a ba bang ba batho ba Molimo. Empa na o lumellana le Mangolo? Hantle-ntle Bibele e re’ng ka ho noa?

Lino tse tahang ka sebele ke e ’ngoe ea limpho tse ngata tseo re li fumaneng ho ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Kahoo, Bibele e bolela hore Molimo o fana ka veine “e thabisang pelo ea motho”; hore veine ‘e thabisa Molimo le batho’; le hore ‘e thabisa pelo.’ (Pesaleme ea 104:15; Baahloli 9:13; Esthere 1:10) Veine e tšoantšetsoang ka “morara” ka Mangolong e sebelisetsoa ho bolela nala le tšireletseho.—Mikea 4:4; Zakaria 3:10.

Leha ho le joalo, mpho e ka ’na ea sebelisoa hantle kapa hampe. Bibele e na le litemoso tse ngata ka tšebeliso e mpe ea tahi.

Ho Noa ka ho Tlōlisa

Ho thoe’ng ka maikutlo a reng, “Hafeela u sa tahoe, ha ho tsotellehe hore na u noa hakae’? Bibele e hlile e nyatsa botahoa, e bolela hore matahoa a ke ke a “rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Empa na re lemosoa feela ka botahoa? Ho thoe’ng ka hore motho a noe haholo empa a sa tahoe?

Ho 1 Timothea 3:2, 3 re bala hore molebeli ha a lokela ho qoba ‘ho hapjoa ke veine’ feela empa hape a “be le phalimeho.” Hoo ho bolela phalimeho linthong tsohle. Empa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “phalimeho” (ne.phaʹli.on) le bolela “ho hlaphoheloa, ho leka-lekana; ho itima veine ho hang kapa tšebeliso e tlotseng moeli ea eona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament.

Ha a qapollisa litšoaneleho tsa bahlanka ba sebeletsang, kapa badiakone, Pauluse a boela a re ba lokela “ba se ke ba hlanyetsa veine,” “ba be le boitšoaro hore na ba noa veine e kae” (The Jerusalem Bible).—1 Timothea 3:8.

E, ho buelloa kapa ho tsoela pele u sebeletsa u le molebeli kapa mohlanka ea sebeletsang, Mokreste o lokela ho ba mohlala oa ea tloaetseng tekanyo e nepahetseng ea lino tse tahang. Lilemong tsa ho feta, naheng ea Latin-Amerika, mokete oa lenyalo oa tsoela pele ho fihlela ha meso e roalella, ho nooa bosiu bohle. Hoo ha fella ka ho tlosoa ha sehlopha sohle sa baholo le bahlanka ba sebeletsang sa phutheho e ’ngoe.

Empa na bao ho hlokahalang hore ba lekanyetse hore na ba noa hakae ke balebeli le bahlanka ba sebeletsang feela? Che, hobane Tite 2:2 e eletsa banna ba hōlileng hore ba “be le kelello.” Basali ba ka phuthehong ba neoa keletso e joalo ea ho ‘ba le bokhabane, e se be baetselletsi, ba be le phalimeho, le ho tšepeha nthong tsohle.’ (1 Timothea 3:11) ’Me basali ba hōlileng ba bolelloa hore ba be le ’motsamao o motle o lokelang khalalelo, e se ke ea e-ba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata.”—Tite 2:3.

Ka ho hlakileng, Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba qoba botahoa feela—e leng tholoana ea ho noa ho tlōla—empa hape le tšebeliso efe kapa efe e tlōtseng moeli ea tahi.

Tšebeliso e Khabane e Etsoa ka Eng?

Batho ba ke ke ba beeloa moeli kaofela hobane mabaka a botho a motho ka mong a kang bophelo ba motho le hore na o motenya hakae, a ka lekanyetsa phello ea tahi ’meleng oa hae. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li hopola ha u lekanyetsa hore na ho itekanela ho theoa ka eng.

Ea pele, hlokomela hore u se ke ua ikemela! Ho bonolo haholo ho fihlela qeto ea hore keletso e seng monate e sebetsa ho ba bang e seng uena. Empa haeba bohle re ka nahana ka tsela eo ha ho eo keletso e neng e tla sebetsa ho eena!

Ea bobeli, nahana hore na ’mele oa hao o ka khona ho jara tahi e kae ka bokhabane. Motho ea moholo ka ho lekaneng (70 kg) a ka sila tahi ea 13 ml ka hora (hoo e ka bang 30 ml ea lino tse thata kapa 100 ml ea veine e nooang le lijo). Ha ho ka tlōlisoa tekanyo ena, tahi e maling ho uena e-ea phahama. Hangata ho hlokahala feela ho noa habeli ka mokhoa o tloaelehilenga ka metsotso e seng mekae hore motho ea ’mele o itekanetseng a be le tahi e fihlang ho 0,05 lekholong maling a hae, e leng e sitisang ho qhoba koloi ho batho ba bangata.

Ea boraro e ka nahaneloang ke maikutlo a Bakreste ba heno. Ho Ba-Roma 14:21 rea bala: “Ho hotle hore ho se ke ha jeoa nama, ho se ke ha nooa veine, ho se ke ha etsoa letho, leha le le leng, le ka khopisang ngoane’no.” Ka hona ha u lekanyetsa hore na ho noa ha hao ho khabane kapa che, ipotse: Na ke atisa ho noa ho feta ba bang? Na ba bang—litho tsa lelapa kapa baena kapa bo-khaitseli ba Bakreste—ba amehile ke hore na ke noa hakae? Na ke na le botumo ba hore ke “setlhotlelo,” ho bolelang hore ke noa haholo? Leha u ka re, ‘Empa ha ke tahoe habonolo,’ na mantsoe a Pauluse ha a bontše hore re lokela ho ameha ka maikutlo a baena ba rōna? Hopola mantsoe a Jesu ho Luka 17:1, a reng: “Ha e le hore likhopiso li se hlahe, ho ke ke ha etsoa, empa ho malimabe eo li hlahang ka eena.”

Koana, ho ke ho hlokomeloe hore ha ho lea mong ho rōna ea nang le tokelo ea ho imetsa ba bang ka letsoalo la hae. Re qobe ho lekanyetsa ntle ho mabaka hore na ba bang ba noa hakae. Joalokaha moapostola Pauluse a re: “Uena, u ahlolela’ng ngoan’eno, kapa uena, u nyelisetsa’ng ngoan’eno? Athe bohle re tla emisoa pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.”—Ba-Roma 14:10.

Lebaka le leng le ka beoang sekaleng ke lena: Ke noa ka lebaka lefe? Na ke ho ikhatholla feela, ho nyorolla kapa ho khothalletsa monate oa lijo? Kapa ke ho tlosa metouto, lipelaelo, tsieleho, ho fumana sebete kapa thuso ea ho balehela linnete? Ka hona hamorao, ngaka ea mafu a kelello Dr. Stanley Gitlow o itse: “Re phela tsamaisong eo ha lintho li thatafala, U noang; ha u sa ikutloe hamonate, u noa motsoako o mong oa mohlolo. Ha ho ea reng, ‘Ho molemo u mamelle boima ’me u ithute ho loana le bona.’” Ke eng e ka thusang Mokreste ho loana ka katleho le lipelaelo tsa bophelo? “Motsoako o mong oa mohlolo” kapa kamano ea hae le Molimo?—Pesaleme ea 4:8.

Ho Tela Lino ka Linako tse Ling?

E! Bakeng sa lekhoba la tahi, ke habohlokoa hore le tele ho hang e se re mohlomong takatso ea ho noa haholo ea le hlōla. Hona ho re hopotsa mantsoe a Jesu ho Mareka 9:43: “Letsoho la hao ha le u lihela, u le khaole; ho ka bang molemo ho uena ke ha u kena bophelong u le tsohane, e seng ho ea liheleng, mollong o sa timeng [o bolelang timelo], u e-na le matsoho a mabeli.” Haeba ho noa ho u baketse mathata, ke eng ha u sa ho tlohele? Ha e le hantle, ‘ho ka ba molemo ho uena ha u kena bophelong.’ Joalokaha moholo e mong oa Mokreste, motsamaisi oa lenaneo la ho tlohelisa bokhoba ba tahi mokhatlong o mong, a re: “Ka ho tela motho a ke ke a re o lahlehetsoe haholo ho reka bophelo Taolong e Ncha ea Molimo.”

Empa ha hoa lokela hore ho tele makhoba a tahi feela. Ho na le linako tseo ka tsona e leng hantle ha re tela kaofela. Iseraeleng ea boholo-holo baprista le Balevi ba neng ba le tšebeletsong ea tabernakele kapa tempele ba ne ba haneloa ho noa lino tse tahang tsa mofuta ofe kapa ofe, kotlo ea hona e le lefu. (Levitike 10:8, 9; Ezekiele 44:21) Marena le oona, a ne a eletsoa hore a se ke a noa veine kapa seno se tahang ha a le mosebetsing. Hobane’ng? “E se re ka mohlomong ba lebala molao, ’me ba fosisa nyeoe ea motšoenyehi e mong le e mong.”—Liproverbia 31:4, 5.

Kajeno teng? Na u ka ikutloa u phuthulohile ha u tseba hore moqhobi oa sefofane seo u etang ka sona o noele? Le hanyenyane! Bophelo boa ameha. Ka hona, Mokreste o lokela a be hlokolosi ka ho noa pele a khanna koloi. Empa ke ho sa lokelang ho hang hore Mokreste a noe lino tse tahang pele kapa ha ntse a le mesebetsing e halalelang ea tšebeletso ea tšimo. A le libokeng kapa ha a fana ka keletso ea Bibele le tataiso ho ba bang. Ke hobane’ng ha ho sa lokela? Mona, ho ameha bophelo bo sa feleng!

Na kahoo u na le maikutlo a Bibele ka lino? U na le oona kapa ha u na oona. Bophelo ba hao bo kotsing, hammoho le ba ba bang ba ka ’nang ba khopisoa ke mekhoa ea hao e sa nahaneleng ea ho noa. Ho feta moo, re batla ha bophelo ba rōna bo khahlisa Molimo oa rōna, Jehova. E, lino tse tahang ke neo e tsoang ho Molimo—ha li sebelisoa ka bokhabane! Empa haeba ho le molemo ho uena hore u li tele ho hang, etsa joalo ka mekhoa eohle. Hopola, ‘ho molemo ho uena ha u ka kena bophelong’!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Seno se le seng se lekanyetsoa ka hoo e ka bang 11⁄2 oz. ea 80 linong tse thata, 4 oz. ea veine e noang le lijo le 12 oz. ea biri.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ka boraro ba tsona li na le tahi e lekanang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela