Na U Moetsisi oa Kreste Kapa u Mokreste-’mōtoana?
—Molaetsa oa Pauluse ho Ba-Thessalonika
MOAPOSTOLA Pauluse e ne e le Mokreste ea beang mohlala. Kaha o ile a latela ka cheseho mohlala oa Jesu o ne a ka khothalletsa balumeli hammoho le eena tumelong sena: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.” (1 Ba-Korinthe 11:1) Tsela eo Pauluse a neng a phela ka eona le thuto ea hae li ile tsa thusa ba bangata ho lithaka tsa hae hore ba fumane le ho phela ka “Tsela” ea Bokreste ba ’nete.—Liketso 9:2.
Pauluse o ne a ameha ka lerato ka ba bang. Ka ho nepahetseng haholo, ha Molimo o laela Pauluse le Silase hore ba tlohe sebakeng sa Asia ho ea etsa mosebetsi oa boromuoa Macedonia, Oa nea Pauluse pono ea monna oa moo ea etsang thapeli ho eena ’me a re: “Tšelela Macedonia, u re thuse.” Ka tumelo le ka ho nahanela ba bang, Pauluse le Silase ka boithatelo ba mamela, ba tloha Troase ka sekepe.—Liketso 16:6-10.
Hoba ba theohe sekepe Neapolise, Pauluse le metsoalle ea hae ba qala ka ho etela Filippi. Ho tloha moo ba tsamaea ka tsela e khōlō ea Via Egnatia ba haola ka la Amfipolise le Apollonia ho leba Thessalonika, kakaretso ea 121 km. (Liketso 16:11, 12; 17:1) Thessalonika Pauluse a sebelisa hamolemo pokano ea letsatsi la Sabbatha ea Bajode tlung ea thapelo ea moo ho bolela “evangeli.” Ka baka leo, Bajode “ba bang” hammoho le “bongata bo boholo ba ba-Gerike,” ba lumela.—Liketso 17:2-4.
Ba le mōna ke katleho ea Pauluse, Bajode ba sa lumelang ba iketsa mokhopi ’me ba baka morusu motseng oa Thessalonika, hoo baena ba ileng ba romela Pauluse le Silase Berea. Molaetsa oa ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste o ne o ipakile hore ke lejoe le khopang Bajode. Ba bang ba nqosa Pauluse le Silase le Bathessalonika ba neng ba ikopantse le bona, ba re: “Ba etsa tse loantšanang le litaelo tsa Cesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.”—Liketso 17:5-10.
Kameho ea Pauluse ka Bakreste ba Thessalonika
Hoba a fihle Korinthe, Pauluse a khutlisetsa teng mosebetsi hammoho le eena e monyenyane Timothea ho kopana le phutheho e theiloeng bocha Thessalonika. Ha Timothea a khutlela ho Pauluse, a tla le litaba tse monate tsa hore Bakreste bao ba kolobelitsoeng bocha ba tiile tumelong ’me ba tsoela pele, ho sa tsotellehe mahloriso a tsoelang pele. Ba ne ba fetohile baetsisi ba Bakreste ba bang ba tšepahalang ka ho mamella hloriso. (1 Ba-Thessalonika 2:14-16; 3:6, 7) Pauluse o ne a chesehela hore Bathessalonika ba tsebe hore na o ikutloa joang ka bona le ho ba khothatsa le ho ba eletsa haholoanyane. Eaba o ngolla phutheho mangolo a mabeli. Ho bonahala eka ana ke mangolo a pele a etsang karolo ea Bibele a Pauluse, a ngotsoeng lilemong tsa 50 le 51 C.E. A hlalosa hantle sa amehang Bokresteng ba ’nete.
Leha ho le joalo, na tlaleho ea Luka ho Liketso 17:11, 12 ha e hlahise hampe ba Thessalonika (bao), e le ba sa kang ba amohela lentsoe ka cheseho e kang ea Baberea? Che, hobane mona Luka o bua ka Bajode, e seng Bakreste. Ha ho bapisoa litholoana tse fokolang tsa ho bolela ha Pauluse le Silase har’a Bajode Thessalonika, “ba bangata” ba ileng ba ea tlung ea thapelo ea Bajode ea Berea ba lumela.
Bakreste ba sokolohileng bocha ba Thessalonika ba ithuta le ho itšoarella ka Lentsoe la Molimo. Lengolong la hae la pele Pauluse a ba babatsa ka hore ba mo etsise le Morena motheong oa ho amohela ha bona “lentsoe, har’a matšoenyeho a maholo, ka thabo ea moea o halalelang.” (1 Ba-Thessalonika 1:6) Ba ne ba amohetse “evangeli” e le “lentsoe la Molimo,” ’me joale le ne le “sebetsa,” ke hore, le bea tholoana ea Bokreste ho ba lumetseng. (1 Ba-Thessalonika 2:3-5, 13) Ho hang e ne e se Bakreste-’mōtoana.
Pauluse ka boeena e ne e le moetsisi ea sebetsang ka thata oa Kreste. Le hoja leeto la hae la pele Thessalonika le bile lekhutšoanyane, litho tsa phutheho ea moo li bile le mohlala oa boitelo ba hae o hatisitsoe ka ho sa hlakoheng mehopolong ea bona. Ba ne ba tetse borapeli ba bona ba litšoantšo “ho sebeletsa Molimo o phelang, oa ’nete” ’me le bona ba se ba fetohile mohlala oa tumelo ho balumeli bohle ba Macedonia le Akaia. (1 Ba-Thessalonika 1:7, 9) Har’a bona ho ne ho le teng balebeli ba “sebetsang” ka thata ho hlokomela se hlokoang ke mohlape, joalokaha ho lokela hore ho be joalo liphuthehong tsohle tsa Bakreste ba ’nete.—1 Ba-Thessalonika 5:12; 1 Petrose 5:2, 3.
E, Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba teletse Bathessalonika sohle, ba sebetsa bosiu le motšehare, ba tsebahatsa ’nete ba sa tšabe ba bile ba fepa phutheho ka bonolo “joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.” (1 Ba-Thessalonika 2:3-11; 2 Ba-Thessalonika 3:7, 8) Ho hopotsoe ka morero ofe? Hore baena bana ba bacha tumelong ba ka ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo’ le hore “ho tle ho se ke ha e-ba ea sisinngoang ke lihloriso.” Pauluse o ne a batla ho ba susumetsa ho ‘falimeha’ moeeng, ho ba ‘tiisa lipolelong tsohle le mesebetsing eohle e molemo.’ O ne a batla hore ba ‘mamelle ho Kreste,’ e le hore ba se hlole ba “khathala ho etsa hantle.”—1 Ba-Thessalonika 2:12; 3:3; 5:6; 2 Ba-Thessalonika 2:17; 3:5, 13.
Kameho e tebileng ea Pauluse bakeng sa Bathessalonika bao e tlalehiloe ho re khothatsa le rōna kajeno, hore re ka tsoela pele ho tsamaea le Molimo le ho o khahlisa. (Amose 3:3) Ho ea ipitsang Mokreste hore a etse eng kapa eng e ’ngoe ho tla itšoanela feela le ho ba Mokreste ’mōtoana ea se nang molemo oa letho.—1 Ba-Thessalonika 4:1.
Kotsi e Hlahang Kahare
Bajode ba sa lumelang ba ne ba hlahiselitse phutheho e nyenyane mahloriso le ka ntle, empa joale kotsi e khōlō e ne e sokela le ka hare! Ho totobetse hore ba bang ba ne ba jala maikutlo a sothehileng ka letsatsi la Jehova e le le haufi. Pauluse a potlakela ho lokisa lintho, a bua tjena mabapi le “letsatsi” leo: “Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane e ka khona ho etsahale koeneho pele, ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho.”—2 Ba-Thessalonika 2:3.
Ha Pauluse, lengolong la hae la bobeli le eang ho Bathessalonika, a lemosa phutheho ka ho tla ha ‘motho enoa oa sebe,’ lintlha tse hlalosang tsela ea motho eo oa sebe e ne e ntse e le “sephiri,” kapa lekunutu la bolumeli. Leha ho le joalo, moapostola o bolela hore leha a sa ntsane a e-na le bona ‘o ne a ba boleletse’ ka bokoenehi bona bo tlang le hore na ‘bo thibetsoe’ ke eng.—2 Ba-Thessalonika 2:5-7.
Haeba ha re le ntlheng ena re ka phetla Libibele tsa rona ho 2 Ba-Thessalonika 2:3-12 le ho hlahloba se potolohileng mantsoe a Pauluse, le rōna, re ka lemoha seo Pauluse a neng a se hopotse. “Koeneho” e tlang e ne e tla mela ho felloeng ke ‘lerato la ’nete.’ E ne e tla hlahisoa ke ho ‘lumela leshano’ le ho ‘thabela bokhopo.’ E ne e tla hlahella ka sebete kamora ho tlosoa ha ‘thibelo’ eo Pauluse a neng a bua ka eona. E ne e tla tsoela pele ho theosa ho fihlela ‘ponahalong’ ea Jesu Kreste, e leng nakong eo ka eona Kreste a neng a tla pepesa le ho felisa ‘motho eo oa sebe,’ a mo etsa lefeela.—Bapisa 2 Ba-Thessalonika 2:8 le Esaia 11:4 le Tšenolo 19:11, 14, 15.
Ho Tseba ‘Motho oa Sebe’
Ha re ahlola ka bolelele ‘motho oa sebe,’ ho tloha mehleng ea Pauluse ho theosa ho tla fihlela ho beng teng ha Kreste, o ne a tlameha ho ba sehlopha sa batho, e seng motho a le mong. Kaha motho enoa oa sebe o ‘iphahamisa holim’a hohle ho bitsoang Molimo, leha e le ho khumameloang,’ tšebeliso ea mantsoe e toba baeta-pele ba bokoenehi. Ba tla amahana le ‘tšebetso e matla’ e etsoang ka lebitso la Kreste. (Bapisa 2 Ba-Thessalonika 2:9 le Mattheu 7:22, 23.) Matšoele a tla ikopanya le bona e le tsela e bonolo ea bolumeli, e thobang letsoalo empa e se moroalo tseleng ea bophelo ea boikhabi, ea bolefatše le ea boitšoaro bo bobe. Mekha e joalo ea Bokreste ’mōtoana e ne e se ntse e sebetsa har’a ba ipolelang hore ke Bakreste mehleng ea Pauluse.—1 Ba-Thessalonika 4:3-8; 5:6-9, 14, 15, 19-22; 2 Ba-Thessalonika 3:6-15; bapisa Mattheu 25:41-46.
Pauluse le baapostola ba bang le baholo ba phutheho ea Bokreste ba ne ba sebeletsa e le ‘thibelo’ makhotleng a joalo, ba alosa mohlape ka mohlala oa Kreste. Ka lebaka la tšokelo ea bokoenehi, Pauluse a eletsa Bathessalonika ka mantsoe ana: “Ka baka leo, banab’eso, le eme le tiile, ’me le tiise lipolelo tseo le li rutiloeng.” Kamorao ho lefu la Pauluse le la baapostola ba bang, banna ba ipatlang ba qhelela ’nete ka thōko, ba iphahamisa e le baeta-pele ’me ba khelosa mohlape. Ke feela ba ileng ba nka bohato ka keletso ea Pauluse ba ileng ba ‘tiisoa lipolelong tsohle le mesebetsing eohle e molemo.’ ‘Motho oa sebe’ a tsejoa e le baruti ba Bokreste-’mōtoana.—2 Ba-Thessalonika 2:15-17; bapisa Mattheu 13:24-30, 37-43.a
Ho Emela Letsatsi la Jehova
Pauluse a tlameha ho lemosa Bakreste ba Thessalonika ka kotsi e ’ngoe hape: Ke taba ea ho ikhotsofalla kapa ho otsela moeeng mabapi le letsatsi la Jehova. Bangoli ba bang ba bolumeli ba mehleng ea rōna ba ’nile ba leka ho theola bohlokoa le ho potlaka ha molaetsa oa Mangolo ka ‘ho ba teng ha Jesu le ho fela ha lefatše’ ka ho supa mantsoe a Pauluse a morao: “Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lōna, leha e le ho tšoha ke moea, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo . . . le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.”—Mattheu 24:3, 2 Ba-Thessalonika 2:1, 2.
Na kannete e ne e ka ba takatso ea Pauluse hore Bakreste ba tiileng ba amehe hanyenyane ka boteng ba Morena oa bona le letsatsi la Jehova? Kapa, na hoo a neng a hlile a ho batla e ne e le hore ba tsitse likelellong tabeng, ba ‘tsohe kelellong’ ka ho ‘tiisa tsohle’? Kahoo, ba ne ba ke ke ba lahlisoa botsitso ke melaetsa e se nang motheo ka letsatsi la Jehova hore le haufi kapa hore e ne e tla ba ba sa itokisang, ba sa tsotelleng ba sa reng letho ho ba bang ka lona.—1 Ba-Thessalonika 5:8, 21; 2 Petrose 3:3, 10-12 le 1 Johanne 4:1.
Mona re lokela ho hopola hore Bathessalonika bao ba ne ba hlokometse ka ho feletseng hore letsatsi la Jehova le ‘tla joaloka lesholu la bosiu.’ Hoo ho hang e ne e se lebaka la ho se tsotelle, hona ho bolela hore ba lokela ho ‘lula ba falimehile,’ joaloka batho ba sa abeloang ‘bohale empa e le polokeho.’ Ha bokoenehi bo se bo bonahetse ka ho feletseng, letsatsi la Jehova le ne le tla tla. Hona ho ne ho tla etsahala nakong eo ka eona ba hanyetsang ’Muso oa Jehova—ho akarelletsa le ‘motho oa sebe’—ba neng ba tla be ba re: “Ho khotso, ho iketliloe!” Hoo e tla ba pontšo ea timelo ea bona ea hang, le e potlakileng. (1 Ba-Thessalonika 5:1-11) Letsatsing leo la ha ho phethahatsoa kahlolo ea ho loka, ho tla thaba ba ‘tsebang Molimo, le ba utloang Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’—2 Ba-Thessalonika 1:8.b
Baetsisi kapa Baiketsisi?
Mangolo a Pauluse a kameho e lerato ho phutheho ea Bokreste e Thessalonika a thathamisa seo balateli ba ’nete ba Kreste Jesu kajeno ba lokelang ho ba sona, le seo ba lokelang ho se lumela le ho se etsa. Empa ho thoe’ng ka lihlopha tsa bolumeli tse ipolelang hore ke tsa Bokreste empa leha ho le joalo li sa etsise Kreste, Pauluse le Bathessalonika ba tšepahalang? Bana ba senoleha e le Bakreste ba baiketsisi! (2 Ba-Thessalonika 3:6, 7; 2 Petrose 2:1-3) Pauluse o hatisitse hore ke feela ba ‘utloang Evangeli’ ba tla nkoa ba ‘tšoaneloa ke ’muso oa Molimo.’ Jesu o itlhalositse ka mokhoa o tšoanang mabapi le “linku” tse lokileng tse ruang sebaka sa lefatšeng sa ’Muso.—2 Ba-Thessalonika 1:4-10; bapisa Mattheu 7:21 le 25:31-34.
Evangeli, joalokaha Pauluse a e tsebahalitse mangolong a hae a eang ho Ba-Thessalonika, e lokela ho re susumetsa ho ea mosebetsing o etsoang ka thata tšebeletsong ea Molimo, ho ea melaong e phahameng ea boitšoaro ea bophelo, e, ho mamella ho phela bophelo ba Bokreste bo thabileng, ba thapelo, ba kananelo, ba moea, bo se nang sekoli bo tla re buella ho ba bang ka ntle le ka hare ho phutheho ea batho ba Jehova. (1 Ba-Thessalonika 5:16-23) E se eka puo e tšehetsoang ka mabaka ea Pauluse ea mohlala oa hae le mangolo le tumelo ea Bakreste ba Thessalonika e ka ipaka e le molemo ho uena, e le hore “ka botlalo” u ka etsisa mohlala oa Kreste. E se eka hona, ho ka u lopolla ‘bohaleng bo tlang’ le ho u isa polokehong e isang bophelong bo sa feleng tlas’a puso e khanyang ea ’Muso oa Molimo.—1 Ba-Thessalonika 1:10; 4:1; Ba-Heberu 12:2, 3; Tšenolo 21:13, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano e qaqileng ka ‘motho oa sebe,’ bona buka ea rōna God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, maqephe 364-397.
b Boitsebiso bo bongatanyana ka liketsahalo tse isang ‘letsatsing la Jehova’ bo ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa 1, 1982, maqephe 16-28.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Pauluse o ngola ka ho hlaha ha ‘motho oa sebe’ oa baruti