Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/1 maq. 16-17
  • Pakane ea Hao ke Efe Bophelong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pakane ea Hao ke Efe Bophelong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Tumelo ea Moshe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Moshe—O ne a E-na le Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/1 maq. 16-17

Lentsoe la Molimo lea Phela

Pakane ea Hao ke Efe Bophelong?

U BATLA ho finyella eng bophelong? Thuto e tsoetseng pele ea lefatše? boemo bo botle lefatšeng? chelete? botumo? tšireletseho? Tsena ke lipakane tse tloaelehileng. Empa na ho li finyella ho tla hle ho u nee seo u se batlang bophelong?

Ho u thusa ho arabela lipotso tse joalo, nahana ka bophelo ba Moshe, joalokaha bo bontšoa litšoantšong tsena. O hōlisitsoe e le “mora oa morali oa Faro”—morena oa lefatše. Kahoo, e le karolo ea ntlo ea borena ea Faro, Moshe o ne a e-na le monyetla o feletseng oa ho kopanela ‘menate ea sebe.’ Hape, o ne a kena habonolo ‘matlotlong a Egepeta.’—Ba-Heberu 11:24-26.

Ho feta moo, Bibele e re, “Moshe a rutoa bohlale bohle joa ba-Egepeta.” (Liketso 7:22) Kahoo, ka lebaka la boemo ba hae bo botle, Moshe o ne a e-na le sohle seo batho ba bangata ba batlang ho se fumana kajeno. Empa na lintho tsee li ile tsa mo khotsofatsa le ho mo thabisa kannete?

Le hanyenyane. Le hoja a ne a e-na le sohle nameng, Moshe o ne a tseba hore lintho tsena ke tsa nakoana. Na u hlokomela ntlha ee ea bohlokoa? Ho joalokaha Jesu Kreste ka boeena a itse: “Leha motho a ka rua lefatše lohle, ha a timeletsoe ke moea oa hae, ekaba o ruile’ng ka lona na?” (Mattheu 16:26) Sohle seo re nang le sona ha se na molemo haeba re lahleheloa ke bophelo ba rōna. Na ha ho joalo?

Ka lebaka leo, Bibele e bua tjena ka Moshe: “O na a talimile moputso.” E, Moshe o ne a shebile seo Molimo o fanang ka sona. A hlokomela hore neo ea Molimo ea bophelo bo sa feleng ke ea bohlokoa haholo ho feta eng kapa eng. Eaba Moshe o “tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:26, 27) Jehova e ne e le oa sebele ho Moshe, ’me ho le joalo le ka litšepiso tsa Hae tsa bophelo bo sa feleng.

Na hoo ke ’nete ho uena? Ha u bala ka litšepiso tsa Molimo tsa ho fana ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise, na litšepiso tsee ke tsa sebele ho uena? Na u inka u le karolo ea Paradeise eo ’me u thabela mahlohonolo a Molimo ao o a boloketseng batho ba oona? (Pesaleme ea 37:9-11, 29; 46:8, 9; 72:7, 8, 16; Esaia 9:6, 7; 11:6-9; 35:5, 6; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Ha u etsa joalo, u tla tšoana le Moshe ’me sepheo se seholo seo u tla iketsetsa sona bophelong e tla ba ho sebeletsa Jehova Molimo le ho hapa ho amoheloa ke eena.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Pakane ea Moshe bophelong e ne e le efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na pakane ea hao bophelong ke ho thabela seo Molimo o se neang bahlanka ba oona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela