Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/1 maq. 8-12
  • Genese e Kenya Tumelo, Tšepo le Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Genese e Kenya Tumelo, Tšepo le Sebete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ka Bokhutšoanyane
  • Lefatše la Pele ho Morallo
  • Batho ba Kena Mehleng e Mecha
  • Bapatriareka ba Tumelo e Tiileng
  • Motheo oa Tumelo, Tšepo le Sebete
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Genese—II
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 1—Genese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Genese—I
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Kakaretso ea Genese
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/1 maq. 8-12

Genese e Kenya Tumelo, Tšepo le Sebete

JEHOVA o khahlisoa feela ke ba bontšang hore ba lumela ho hang ho eena. ’Me ruri ba na le lebaka la ho mo tšepa, hobane ke “Molimo ea re fang tšepo” ’me litšepiso tsa hae tse khōlō ha ho mohla li hlōlehang. Ke ’nete, ho ka ’na ha thulanoa le mathata le liteko ha ho emetsoe hore li phethahale. Empa bohle ba ’emelang Jehova ba ka tšehetsoa ke sebete se sa shoeng hobane ka mehla o sireletsa ba mo sebeletsang ka botšepehi.—Ba-Roma 15:13, Testamente e Ncha le Lipesalema; Pesaleme ea 31:23, 24; Ba-Heberu 11:6.

Hona hohle ho bontšoa hantle bukeng ea Bibele ea Genese. E ngotsoeng ke Moshe lefeelleng la Sinai ka 1513 B.C.E., karolo ena ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo e kenya tumelo, tšepo le sebete.

Buka ka Bokhutšoanyane

E lata litaba morao ka libillione tsa lilemo, Genese e qala ka mantsoe: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše,” lintho tse holimo le tse lefatšeng. Lefatše le lokisetsoa hore batho ba lule ho lona, ’me qetellong batho ba ema ba phethahetse ka pel’a ’Mōpi. Le hoja joale Paradeise e lahleha ka lebaka la sebe, Jehova o fana ka tšepo ka ho bolela e sa le pele ka “peo” e neng e tla khoba hlooho ea noha. Ka tumelo, Abele ea lokileng o fana ka sehlabelo se amohelehang ho Molimo empa o bolaoa ke ngoan’abo e le eena paki ea pele ea Jehova e shoelang tumelo.—Genese 1:1–4:26.

Henoke ‘o tsamaea le Molimo,’ a sebetsa tumellanong le thato ea Molimo. Empa maemo a senyeha ha ‘bara ba Molimo’ ba mangeloi ba sa mameleng ba nka basali ho phela le bona ’me ba tsoala linatla. Leha ho le joalo, ka tumelo, tšepo le sebete, Noe o haha areka, o hlokomelisa ka Moroallo ’me qetellong o pholoha tšenyo ea oona le lelapa la hae. Ha lefatše la pele ho Moroallo le ile, batho ba kena mehleng e mecha. Empa kamorao ho nako bahahi ba tora ea Babele ba batla ho iketsetsa mabitso, hore feela ba sitisoe ha Jehova a ferekanya puo ea bona ’me a ba qhalanya le lefatše lohle.—Genese 5:1–11:9.

A etsa ka tumelo joalokaha Molimo o laetse, Abrame o tloha Ure oa Bakalde ’me o qala ho lula litenteng naheng eo Jehova a tšepisang hore o tla e nea eena le litloholo tsa hae. Molimo o nka bohato ka baahi ba khopo ba Sodoma le metse e mathōko a eona. Ka nako ea teng ho phethahatsoa tšepiso ea Molimo ka ho tsoaloa ha Isaaka. Leha ho le joalo, lilemo hamorao Abrahama o lekoa ka matla ha Jehova a mo laela hore a nyehele mora enoa e le sehlabelo. Lengeloi joale le thibela mopatriareka ea hōlileng ho phethahatsa ketso ena. Empa joale ha ho pelaelo ea hore ke motho oa tumelo ’me o tiisetsoa hore ka peō ea hae lichaba tsohle li tla itlhohonolofatsa. Ho shoa ha mosali ea ratoang oa Abrahama Sara ho tlisa masoabi, empa a ka lebella ka tšepo e tiileng tsoho.—Genese 11:10–23:20; Ba-Heberu 11:8-19.

Ka mohlanka oa hae, Abrahama o lokisetsa ho nyalana ha Isaaka le Rebeka, mosali ea lumelang ho Jehova. Ka nako ea teng o beleha mafahla Esau le Jakobo. Esau o nyelisa tokelo ea boholoane ’me o e rekisetsa Jakobo, eo hamorao a amohelang tlhohonolofatso ea ntat’ae. Jakobo o balehela Paddane-Arame, moo a nyalang Lea le Ragele ’me a alosa mehlape ea ntat’a bona, Labane, ka lilemo tse ka bang 20 pele a tloha le lelapa la hae. Hamorao, Jakobo o betana le lengeloi, o-oa hlohonolofatsoa ’me lebitso la hae le fetoleloa ho Iseraele. Joaloka motho oa tumelo ea tiiselitsoeng tšepo, Iseraele o jaka Kanana, Lefatše la Pallo.—Genese 24:1–37:1.

Mōna o khannela bara ba Jakobo hore ba rekise ngoan’abo bona Josefa bokhobeng. Egepeta, ho tšoarella ha Josefa litekanyetsong tse phahameng tsa Molimo tsa boitšoaro ka botšepehi le ka sebete ho fella ka ho kenngoa litlamong ha hae. Empa kamorao ho nako o latoa chankaneng, ’me ka thuso ea Jehova ho hlalosoa toro ea Faro e neng e profeta ka nala ea lilemo tse supileng e neng e tla lateloa ke tlala ea lilemo tse supileng. O etsoa molaoli oa lijo oa Egepeta. Banab’abo Josefa ba batla lijo Egepeta empa ha ba mo tsebe. O ba leka pele, joale qetellong o itšenolela bona. Jakobo ea tšepahalang o kopanngoa le mora oa hae eo e leng khale a lahlehile, ’me lelapa la mopatriareka le aha mobung o nonneng oa Goshene. Ha a le liphateng tsa lefu, Jakobo o hlohonolofatsa bara ba hae ’me o susumeletsoa ho bolela pele ho nako hore molamu oa borena le lere la bolaoli li ke ke tsa tloha ho Juda Shilo a be a fihle—boprofeta bo fanang ka tšepo e tiileng ea mahlohonolo a maholo a lilemo tse makholo-kholo tse tlang. Setopo sa Jakobo se isoa Kanana ho ea patoa teng, ’me ha Josefa a shoa a le lilemo li 110 setopo sa hae sea omeletsoa, ka letsatsi le leng se tla isoa Lefatšeng la Pallo.—Genese 37:2–50:26; Exoda 13:19.

Ka ho bala Genese ka hloko u tla fumana molemo o moholo ka tlaleho ena e susumetsang tumelo, tšepo le sebete. Ka ho etsa sena, leha ho le joalo, mohlomong u ka ’na ua ba le lipotso. Tse ling tsa lipotso tsena mohlomong li tla arabeloa ha re nyakurela buka ea pele ea Bibele.

Lefatše la Pele ho Morallo

● 1:26—Ke joang motho a entsoeng ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona?

Sebopeho sa Molimo ha se tsejoe ke motho. (Deuteronoma 4:15-20) Empa motho o ile a etsoa ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona ka hore o bōpiloe ka litšoaneleho tsa Molimo tse kang toka, bohlale, matla le lerato. (Deuteronoma 32:4; Jobo 12:13; Esaia 40:26; 1 Johanne 4:8) Kaha Mora oa Molimo, Lentsoe, le eena o na le litšoaneleho tsena, Jehova ka nepo o itse ho eena: ‘A re etse motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna.’—Johanne 1:1-3, 14.

● 4:17—Kaine o fumane mosali oa hae hokae?

Adama “a tsoala bara le barali” (Genese 5:4) Kahoo Kaine o nyetse e mong oa likhaitseli tsa hae. Hamorao, Molao oa Molimo ho Baiseraele ha o-oa ka oa lumella hore motho a nyalane le khaitseli ea hae.—Levitike 18:9.

● 6:6—Ke ka kutloisiso efe Jehova a ileng a “belaela” ke hore o entse batho?

Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “belaela” le amana le ho fetola boikutlo kapa boikemisetso. Jehova o phethahetse ’me ka baka leo ha a ka a fosa ha a bōpa motho. Empa o ile a ba le boikutlo bo fetohileng mabapi le moloko o khopo oa pele ho Moroallo. Jehova a fetoha boikutlong ba ho ba ’Mōpi oa batho ho ea ho ba mosenyi oa batho ka lebaka la ho se khahlisoe ke bokhopo ba bona. Jehova a utloa bohloko ke hore bokhopo ba batho bo ile ba biletsa hore ho bolaoe batho ba bangata, empa o ne a tlameha ho nka bohato hore a phahamise litekanyetso tsa hae tsa ho loka. ’Nete ea hore o ile a pholosa batho ba bang e bontša hore pelaelo ea hae e ne e fella feela ka ba lipolelo le liketso li mpe.—2 Petrose 2:5, 9.

Batho ba Kena Mehleng e Mecha

● 8:11—Haeba lifate li ile tsa senngoa ke moroallo, leeba le ile la fumana lehlaku la mohloare hokae?

Ha ho pelaelo hore metsi a moroallo a ile a senya lifate tse ngata. Leha ho le joalo, mohlalefi oa Mogerike Theophrastus le ea ithutileng lintho tsa tlhaho oa Moroma Pliny e Moholo ba tlalehile hore mohloare o ile oa hōla ka tlas’a metsi Leoatleng le Lefubelu, o bile o ntse o bolokile botala ba oona hona moo. Kahoo mohlomong sefate sa mohloare se ’nile sa phela ka tlas’a metsi ka likhoeli tse itseng nakong ea Moroallo. Ha metsi a Moroallo a kokobela, sefate sa mohloare se neng se koahetsoe se ne se tla boela se be mobung o omileng ’me se ka hlahisa mahlaku, ao le leng la oona le neng le ka fumanoa habonolo ke leeba.

● 9:24, 25—Ke hobane’ng ha Noe a rohakile Kanana ha mokhopisi e ne e le Kama?

Ho bonolo hore Kanana o ne a le molato oa bobe bo itseng kapa ho fetella mabapi le boleng ba ntat’ae moholo Noe, eaba Kama o bona hona a sa re letho. Ho e-na le hoo, mora oa Noe Kama ho bonahala a ile a jala taba, ha Sema le Jafeta ba ile ba nka bohato ho koahela ntat’a bona. Ka baka leo, ba hlohonolofatsoa, eo ho bonahalang e bile mohlohlelletsi, Kanana, a rohakoa, ’me moshebelli le mojali oa taba Kama a ba masoabing ka lebaka la lihlong tse tletseng bana ba hae. Le hoja Mangolo a sa qaqise lintlha kaofela, ntlha ea bohlokoa ke hore Jehova o ile a etsa hore Noe a profete ’me Molimo oa phethahatsa sena ha Bakanana ba sa kang ba timetsoa ke Baiseraele ba kenngoa bohlankeng ba bana ba Sema.—Joshua 9:23; 1 Marena 9:21.

● 10:25—Lefatše le ile la “arohanngoa” joang mehleng ea Pelege?

Pelege o phetse ho tloha ka 2269 ho ea ho 2030 B.C.E. Lebitso la hae le ne le bolela “karohano,” ’me haeba a ile a reoa lebitso leo ha a tsoaloa, le ne le profeta karohano e khōlō e etsahetseng mehleng ea hae. Ke ka nako eo moo ‘lefatše [kapa, ‘baahi ba lefatše’] le ’nileng la arohanngoa.’ Tlaleho ea Bibele e bontša hore ke “mehleng ea hae” moo Jehova a ileng a baka karohano e khōlō ka ho ferekanya puo ea baahi ba Babele ’me ‘a ba qhalanyetsa lefatšeng lohle.’—Genese 11:9; bona hape 10:1, 6, 8-10; 11:10-17.

Bapatriareka ba Tumelo e Tiileng

● 15:13—Lilemo tse 400 tsa ho tujoa ha bana ba Abrame li ile tsa phethahala joang?

Nako ena ea ho tujoa e qalile ka 1913 ho ea ho 1513 B.C.E. Ha mora oa Abrahama Isaaka a khoesoa ha a le lilemo tse ka bang 5 ka 1913 B.C.E., moholoane oa hae ka malapa Ishmaele (a ka ba lilemo li 19 ka nako eo) “a tšeha” Isaaka. Botebo ba ho songoa hona ha mojalefa oa Abrahama bo hlakisoa ke bohato ba Sara le hore Jehova a lumele ha a phehella hore Agare a lelekoe le mora oa hae Ishmaele. (Genese 21:8-14; Ba-Galata 4:29) Nako ena ea ho tujoa ka lilemo tse 400 ea felella ka ho lopolloa ha Baiseraele botlamuoeng ba Egepeta ka 1513 B.C.E.

● 19:30-38—Na Jehova o ile a emela ho tahoa ha Lota le hore e be ntate oa bara ba barali ba hae ba babeli?

Jehova ha a emele manyalo a batho ba tsoalanang kapa bona botahoa. (Levitike 18:6, 7, 29; 1 Likronike 6:9, 10) Ho feta moo, mochana oa Abrahama Lota o ne a hloile “mesebetsi e mebe” ea baahi ba Sodoma ’me ho totobetse hore o ile a utloa bohloko ke boitsoaro bo fosahetseng boo eena ka boeena a ileng a kena ho bona, hobane Ea hlahlobang lipelo o mo fumane ‘a lokile.’ (2 Petrose 2:8) Eona ’nete ea hore barali ba Lota ba ile ba mo tahisa e fana ka maikutlo a hore ba ne ba hlokomela hore a ke ke a lumela ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bona ha a hlaphohetsoe. Empa Joaloka basele naheng eo, barali ba hae ba ikutloa hore ena ke eona tsela feela ea ho thibela ho nyamela ha lelapa la Lota. Tlaleho ha e ka Bibeleng ho tsosa mehopolo e fosahetseng empa ho senola kamano ea Bamoabe le Baamone le bana ba Abrahama, Baiseraele.

● 28:12, 13—Tlhaloso ea toro ea Jakobo e amang “lere” ke efe?

“Lere” ena (eo mohlomong e neng e bonahala Joaloka majoe a palamaneng ho ea holimo) e ne e bontša hore puisano e teng pakeng tsa lefatše le leholimo. E ne e bontša hore mangeloi a sebeletsa pakeng tsa Jehova le batho ba amohelehang ho eena.—Bapisa Johanne 1:51.

● 31:19—Literafime tseo Ragele a ileng a li utsoa ho Labane e ne e le eng?

Literafime e ne e le melimo kapa litšoantšo tsa lelapa. Se fumanoeng ke baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo Mesopotamia se bontša hore ho ba le litšoantšo tse joalo ho ne ho amana le hore na ke mang ea tla ja lefa la lelapa. Mohlomong Ragele o ne a hopotse sena ha a nka literafime ka baka la hore ntat’ae Labane a sebetsane ka bolotsana le monna oa hae Jakobo. (Genese 31:14-16) Empa ha ho pontšo ea hore Jakobo o kile a leka ho sebelisa terafime ho fumana lefa la lelapa. Qetellong, litšoantšo tseo tsa senngoa ha Jakobo a epela melimo eohle esele eo a e neiloeng ke ba ntlo ea hae.—Genese 35:1-4.

● 44:5—Na Josefa o ne a hlile a sebelisa senoelo ho noha?

Josefa o ne a ikemiselitse ho leka banab’abo, ba neng ba sa mo tsebe. Eaba o laela bahlanka ba hae ho tlatsa mekotla ea bona ka lijo, ba kenye chelete ea e mong le e mong molomong oa mokotlana oa hae ’me ba kenye senoelo sa silevera sa Josefa molomong oa mokotlana oa Benjamine. Ho sena, sohle, Josefa o ne a ikentse moemeli oa naha ea bohetene. Kahoo, senoelo le sohle se boletsoeng ka sona ho totobetse hore e ne e le karolo ea malepa feela. Joaloka morapeli oa Jehova ea tšepahalang, Josefa ho hang o ne a sa nohe ka senoelo, joalokaha Benjamine a ne a hlile a sa utsoa senoelo.

● 49:10—Na ho na le phapang pakeng tsa molamu oa borena le lere la bolaoli?

E. Molamu oa borena ke thupa eo morena a e nkang e le pontšo ea matla a borena. Lere la bolaoli ke thupa e telele e sebeletsang e le bopaki ba matla a ho laola. Ho bua ha Jakobo ka tsona ka bobeli ka ho totobetseng ho bontša hore matla a bohlokoa le borena li ne li tla lula lelokong la Juda ho be ho fihle Shilo. Setloholo sena sa Juda ke Jesu Kreste, eo holim’a hae Jehova a beileng borena ba leholimo. Kreste o na le matla a borena ’me o na le matla a ho laola.—Pesaleme ea 2:8, 9; Esaia 55:4; Daniele 7:13, 14.

Motheo oa Tumelo, Tšepo le Sebete

Ka ho hlakileng Genese e re nea motheo oa tumelo, tšepo le sebete. E susumelletsa tumelo ho Jehova le tšepo ‘peong’ e tšepisitsoeng ea tlhohonolofatso. (Genese 3:15; 22:18) Buka ena e boetse e re thusa ho talimana le nako e tlang ka sebete, joalokaha ho entse lipaki tsa pele tsa Jehova.

Bahlanka bao ba Molimo ‘ba ne ba batla lehae le molemo, la leholimo,’ ’me Jehova “o ba lokiselitse motse.’’ (Ba-Heberu 11:15, 16) Joalokaha ba ile ba lebella tokisetso ea ’Muso, e se eka le rōna re ka bea tšepo ea rōna ho eona. ’Me joaleka lipaki tseo tsa Jehova, e se eka re ka ba le tumelo, tšepo le sebete tsa ’nete.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Jakobo le Esau

Josefa

Abrahama le Isaaka

Kaine le Abele

Noe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela