Na ho na le Tsela ea ho Tsoa Tlhorehong?
BATHO ba ee ba itoantše hakaakang! Ho ka etsahala ka tšohanyetso, feela ka lebaka la se builoeng ke motho e mong kapa a se entseng kapa ka baka la phihlelo e sa thabiseng. Ka linako tse joalo ho thata ho nahana ka eng kapa eng. ’Me re fumana hore, ha re sa bone moo re tsoang le teng bothateng ba rōna, kamano ea rōna le Molimo e ba bothateng. Re ka ’na ra nahana ka ho tela ntoeng ea tumelo. (Juda 3) Thabo ea rōna e-ea fifala ’me re potoa ke moea oa ho tepella. (Liproverbia 18:14) Ka tieo re lakatsa ho lula ‘tseleng ea bophelo,’ empa ho bonahala eka tsela e thatafala haholoanyane bakeng sa rōna.—Pesaleme ea 16:11.
Ho ka etsoa joang ha maemo a rōna a tepeletsa hakaalo? Na re ka mpa ra tsoela pele ho loana re sa thaba? Kapa na ho na le tsela ea ho tsoa tlhorehong?
Ho Icheba
Batho ba fapana haholo tseleng eo ba amehang ka mathata. Kahoo ha re talimane le mathata, ho hotle ho italima ka botšepehi. Ho ka ’na ha e-ba le ho hong ho rōna ho hlokang ho lokisoa.—Pesaleme ea 139:23, 24.
Batho ba bang ba ka ba mahlomoleng a maholo ba a thōletse, ’me ho bonahala ba bang ba feta mathateng a bona kapele ho feta ba bang. Hona ho ka ’na ha tsoaloa ke khōliso, botho kapa boemo ba bophelo. Ka mohlala, haeba motho a ile a haelloa ke lerato le thuto e ntle bonyenyaneng, a ka ’na a thatafalloa haholo hamorao bophelong.
Ba ileng ba haelloa ke lerato bonyenyaneng hangata ba potlakela ho nahana hore batho ha ba ba rate ’me kahoo ba ba tšoara hampe. Ka lehlakoreng le leng, ba ileng ba senngoa ka tlhokomelo e tlōtseng moeli hangata ba lebella hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e likolohe ho bona bophelong, ’me ka lebaka leo botsoalle ba bona e ka ba ba nakoana. Ho ba kulang, tlatlapo efe kapa efe le tlontlollo ekaba moleko o moholo. Hangata ba na le boikutlo ba hore ba sitoa ho mamella eng kapa e fetang moo. Haeba re khopeha feela, ho hotle ho nahana ka mabaka ana, haholo ha re ikutloa hore re oetse mophuleng oa mathata a sa khonoeng.
Ha re touta ka ho hong, na re tloaetse ho ikhula ho ba haufi le rōna? Bona ke bohato ba tlhaho, empa ha boa lokela ho lumelloa ho tsoela pele halelele. Ho seng joalo, ho na le kotsi ea hore kaha re tšoarehile haholo hakaalo mathateng a rōna, re tla qala ho fumana bohle ba re potolohileng ba le likhathatso. Mohlomong ka booatla re ka ’na ra ikhetha har’a batho, ’me, kamoo ho leng kateng, ntlo ea rōna ea tlala liipone tseo nako le nako re li shebang ho bona hore na re nakong e thata hakaakang.—Liproverbia 18:1.
Ha moea oa rōna o tepeletse ho bonolo haholo hore re tšoaee ba re potolohileng phoso. Haeba hape re ka etsa phoso ea ho ba nahanela bobe, hona ho ka baka ho imeloa ho hoholo kelellong. Ho molemo hakaakang ho se belaelle ntle ho mabaka!—Bapisa 1 Timothea 6:4.
Na mohlomong re ameha feela ke liphoso tsa bao re tloaelaneng le bona? Bophelo bo ne bo tla ba monate haholoanyane haeba re ka bontša sebete le kutloisiso. Hopola hore Jesu Kreste o itse: “Ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna.” Ho e-na le ho “topola” ka lebaka la tsela eo batho ba re tšoereng ka eona, re lokela ho rapela Jehova, re kōpa hore a thuse ba re soetsitseng. Ha e le hantle, na ha ba iketsetse kotsi e fetang eo ba re etsetsang eona? E, “hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Mattheu 6:14; Ba-Galata 6:7.
Ha re le bothateng, mohlomong re rapela Jehova ka tsela e batlang e le ea bongoana, re mo kōpa hore a re thabise hape. Hona re ka ’na ra ho etsa, ha ho khanyetso. Empa na re ka lebella hore o tla phakisa a tlose masoabi a rōna a mohopolo le maikutlo a tepeletsang? Ho na le lintho tse etsahetseng, empa matla a maholo a thabo a hokae? Na ke ka ho hopola se etsahetseng kapa ho itšoareng ha rōna ka phoso ho hona? Na hase ka ho khopeha ha rōna, bohale ba rōna le ho iqenehela ha rōna ho re amohang thabo le moea oa botsitso haholo?
Ka baka leo, re tla be re hlalefile ha re leleka boikutlo bo khathatsang joalo hang feela ha bo bela ka ho rōna. Ho seng joalo, mohlomong re ka phahamisa boikutlo ba rōna hoo re tla kena boemong bo se nang tšepo ho hang. Haeba joale re ipiletsa ho Jehova, o tla re thusa. Empa re ke ke ra lebella mehlolo, hobane re ka ’na ra lokela ho khutla le mehlala tseleng e mpe eo re e nkileng. Kahoo, lokisa litaba qalehong, haeba ho hlokahala. Ho tsamaea ka letsoalo le lebe le moea o sa thabang ho tepeletsa ho feta ho lumela liphoso. Re ke re “batlisiseng metsamao ea rōna” ’me, ka matla a macha, re ikemisetse hore re tla sebetsa ka matla a Molimo ho ntlafatsa.—Lillo 3:40-42.
Ho Laola Mehopolo ea Rōna
Ha e le hantle, hore na re thabile kannete kapa che ho itšetlehile ka rōna haholo. Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re laole mehopolo ea rōna. Ho seng joalo, ho hopola lintho tse mpe, ho rata lintho tse se nang kelello kapa litšusumetso tsa bobe ho tla tloha ho re laola. Haeba re iphumana monahano oa rōna o sa thaba, ke hantle ha re botsa: Ke ne ke ntse ke nahana ka eng pelenyana ke ikutloa ke se ke nyahame pelo? E, re ka ’na ra tima lenaneo le lebe la thelevishene, empa mehopolo e mebe, ha e le teng, ha ho bonolo hakaalo ho e leleka. Leha ho le joalo, ke lehlohonolo le lekaakang hore re ka rapella thuso ea Molimo! Ka thuso ea moea oa oona o halalelang, kapa matla a sebetsang, Jehova ka thabo o tla re thusa hore re laole mehopolo ea rōna. Mopesaleme Davida o kile a re: “Pelo ea ka ha e tletse lipelaelo, matšeliso a hao [Jehova] a hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:19.
Haeba re qela thuso ho Jehova, ka lebaka lefe kapa lefe, re tlameha ho mo mamela ha a bua le rōna. Bohlale ba hae bo sa haelloeng le lerato li bonahatsoa ka Mangolong, ’me keletso ka boemo bofe kapa bofe bo re ka ’nang ra thulana le bona e beiloe ka ho hlaka ka Bibeleng. Kahoo, thabo ea rōna e ka khutlisoa kapa ea tiisoa haeba re sebelisa keletso ea Jehova bophelong. Jesu o itse: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW) ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.”—Luka 11:28.
Re ka itataisa hamolemo menahanong ea rōna ka ho hopola ka temana e khethehileng ea Bibele ka lihora tse seng kae kapa letsatsi lohle. Neng le neng ha re kopana le mantsoe a tšelisang kapa a matlafatsang ka ho khethehileng ha re ithuta Bibele, re ka a tsitsisa mohopolong. Joale nako le nako, ha re ikutloa re hloka, re ka pheta likarolo tsena tsa Lentsoe la Jehova. Ka tsela ena “Molimo oa matšeliso ’ohle” o tla re thusa, ’me “khotso ea Molimo” e tla ‘boloka lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna.’ Joale, ho sa tsotellehe mathata a rōna, re tla ba le hona ho mamella tšebeletsong ea oona ka thabo. E, ha rea lokela ho ithuta feela hore na Molimo o nahana joang ka litaba empa re lokela hore hape re etse seo a reng re se etse.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4; Ba-Filippi 4:6, 7.
Ho Thabela Seo Molimo o Re Fang Sona
Ruri re lokela ho mamela Molimo, hobane o re bontša lerato ’me o re nea “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle.” (Jakobo 1:17) Nakong ea ho imeloa maikutlong le ho nyahama, re ka ’na ra lebala hore ho na le ho hongata ho ka thabeloang. Ho feta moo, Ntate oa rōna oa leholimo o lakatsa hore re iphumantše lintho tsohle tse molemo tseo a fanang ka tsona ka bolokolohi. ’Me o batla hore re thabe, joalokaha ’mokelli a bontšitse ha a re: “Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oo motho a ikhathatsang ka oona . . . hobane a ke ke a hopola bokhutšoanyane ba tšiu tsa ho phela ha hae haholo, etsoe Molimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.” (Moeklesia 5:18-20; 9:7-10) Bohle re utloa masoabi a itseng, empa ha re tonne mahlo, re tla ’ne re bone ‘khanya ea letsatsi,’ le hoja e le har’a ‘maru.’
Har’a limpho tse ntle haholo tse tsoang ho Molimo ke metsoalle ea rōna ea Bakreste. Re e hloloheloa hakaakang ha re feta har’a mathata! Ke ka nako eo moo re hlokang motho ea utloisisang ho re mamela ka kutloisiso. Hangata re tseba seo re lokelang ho se etsa, empa ho hang re sitoa ho rafa ho sona ka lipelo tsa rōna tse maqeba. Ho hana eng hore re kōpe motsoalle ea ratoang ka phuthehong ea Bokreste hore a ke re ele hloko ka lerato? Baholo ba nang le tsebo ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ba tla thabela ho re thusa ka litsela tse sebetsang ’me haholo ka ho re nea thuso e theiloeng Lentsoeng la Molimo.—Jakobo 5:13-16.
Kae le kae moo re phelang teng lefatšeng re boetse re na le ‘metsoalle e menyenyane’ e mengata e re potolohileng. Ho hlokahala feela re hape tšepo ea eona, le liphoofolo tse sa tšoaneng le linonyana ruri lia re batla haeba re li ngoathela. Ke ho monate hakaakang ha li thapa hoo li jang letsohong la rōna!
Ho thoe’ng ka bana ba motseng? Ba tla thabela ho re etela haeba re le mosa ka ho lekaneng kapa re fana kapa re ba lumella ho re thusa ka mosebetsinyana o itseng. Che, ha ho hlokahale hore re hlore kapa re sareloe haeba feela re nahana ka mahlohonolo a rōna le lintho tse thabisang tseo Jehova a re neileng tsona.
Hoa khatholla le ho thusa ho ba le maikutlo a hahang haeba re tsoela ntle. Boko bo haelloang ke moea o hloekileng ho hang ha bo khothalletse moea o khatholohileng. Batho ba bangata ba ile ba hlasimoloha moeeng hoba ba tsamaele ntle. ’Me ha re feta lirapa kapa merung, re leke ho utloisisa seo re se bonang. Hangata haholo re tsamaea le ho lula sebakeng se feela re hobotse mahlo feela ka pel’a rōna ’me re hlasetsoe ke menahano ea mefuta eohle e lefifi. Empa sefate se seng le se seng, semela se seng le se seng, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe le lona leholimo li ka re bolella ho hong ka ’Mōpi, haeba feela re ka lumella botle ba pōpo, bokhabane ba mebala le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e sibollang li re ame. Ha re sheba leholimo le tletseng linaleli mantsiboea ha ho elile, mantsoe a kang ana a mopesaleme a ka phahama ka ho rōna: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” (Pesaleme ea 19:1) Ka metsotso e joalo mesebetsi eohle ea motho e-ea fifala, ’me re utloa ho hong ka boholo ba Molimo. Joale re ke ke ra thatafalloa ke ho leleka seo re amehileng ka sona ’me re ntše mantsoe a teboho le thoriso a eang ho ’Mōpi oa rōna e Moholo.
Boroko ba rōna ke e ’ngoe ea lineo tsa Molimo. Qetellong ea letsatsi le tšoarehileng re ka ’na ra phomola, ka ho feletseng re tšepile ho sireletsoa ke Molimo. Hona ho re thusa ho qalisa letsatsi le latelang ka matla a macha. Empa haeba re robala hampe, re ka etsa joang? Re ka rapela Ntate oa rōna oa leholimo, hape re hopola balumeli hammoho le rōna liqelong tse joalo. Re ka nahana ka Lentsoe la hae le litšepiso tse khōlō. (Pesaleme ea 77:6; Ba-Efese 6:17-20) Ho molemo hakaakang ho feta feela ho hopola ka mathata ’ohle a rōna! Ho hlokahala hore re tlatse mehopolo ea rōna ka lintho tse ngata tse molemo tsa moea. Joale re ka ipolella habonolo feela, ‘Robala hantle.’
Ha Re Bang
Koana, hase rōna feela batho ba nang le mathata. Ha re ne re ka botsa ba bang ka mathata a bona, mohlomong re ne re tla nahana: ho molemo ke mpe ke itholele. Ha e le hantle, mohlomong re ka ikhethela mathata a rōna ho e-na le a tlakileng ba bang ba bangata.
Joaloka Bakreste ba inehetseng, re ke ke ra lokoloha mathateng ’ohle ka nako ena, hobane Jesu o itse balateli ba hae ba tla hlorisoa. (Johanne 15:20) Ha re bang tlas’a seo sera sa rōna se seholo, Satane Diabolose, a ka re tlisetsang sona, hobane “lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo [rōna] ba lefatšeng.” Habohlokoa haholo, leha ho le joalo, rōna le Bakreste bahabo rōna ba mahlomoleng re na le thuso ea Molimo. Kahoo re ke re tšepe “Molimo oa matšeliso ’Ohle,” o nang le rōna. ’Me e se eka re ka lebella ka tšepo letsatsi le haufi hakana la ha mahlomola a rōna a tla fela.—1 Petrose 5:6-11; 2 Ba-Thessalonika 1:6-10.
Nako e thata eo Bakreste bohle ba talimaneng le eona hona joale e tloha e feta, hobane ka potlako re atamela mehla e mecha le e thabileng. Re monyakong oa “leholimo le lecha le lefatše le lecha. ” (Tšenolo 21:1-4) Ke lebaka le lekaakang la thabo!
Jesu Kreste o rutile balateli ba hae ho kōpa Molimo ka thapelo: “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:10) Kahoo re ke re hle re talimeng ’Musong oo ka tšepo ’me re lebelle nako e tlang ka thabo. Jesu o tsebile ho mamella bohloko le tlhokofatso ea sefate sa tlhokofatso hobane, mahlomoleng ’ohle a hae, o ile a hopola “thabo eo a e beetsoeng. ” (Ba-Heberu 12:1-3) O ne a tla tloha a bona Ntate oa hae oa leholimo hape fahleho li talimane ’me a potoe ke metsoalle eohle ea hae e thabileng ea leholimo.
Ho theosa le makholo a lilemo, balateli ba Kreste ba mamelletse liteko tse ngata, ba bile ba talimana le libatana mabaleng a lipapali a Baroma le matsoalo a likampo tsa mahloriso. Ba fetile ho sena sohle hobane ba batla ho khahlisa Jehova ’me ba beile mahlo a bona moputsong oa bophelo bo sa feleng. Jehova Molimo a ke ke a ba lebala. Leha e le hore o tla re lebala haeba re tšepahala joaloka barapeli ba hae ’me re hlola ‘tseleng ea bophelo.’ Kahoo, ka tšepo e babatsehang ea rōna e tšoelima, re ka hooa ka thabo: “[Molimo oa rōna Jehova] u fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.”—Pesaleme ea 145:16.