Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/15 maq. 9-11
  • Boikokobetso ke Mokhabo o Motle ho ba Bacha le ba Baholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikokobetso ke Mokhabo o Motle ho ba Bacha le ba Baholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bapisa Mehlala
  • Bohlokoa ba Phihlelo
  • Lithuso tse Hlalefisang
  • Ho Hlaolela Boinyenyefatso ba Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Boinyenyefatso ba Bokreste—Bopaki ba Tlhalefo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/15 maq. 9-11

Boikokobetso ke Mokhabo o Motle ho ba Bacha le ba Baholo

BOIKOKOBETSO ke tšobotsi e hapang. Bo ka etsa hore ea nang le bona a ratehe. Hona ke mang ea sa ananeleng ho ratoa? Ka lebaka le letle, he, ho ka boleloa hore boikokobetso ke mokhabo o motle ho ba bacha le ba baholo.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka bacha ke bona ba thatafalloang haholo ho leka-lekana tabeng ea boikokobetso. Ka lehlakoreng le leng, ho na le bacha ba bang bao ho bonahalang ba ikokobelitse ho tlōla. Ba boi ho amohela boikarabelo, ba seli haholo hore ba haelloa ke tsebo le phihlelo. Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bangata ba itšepa haholo, ho bonahala ba sa hlokomele hore ho na le moo ba haelloang teng ka lebaka la ho hloka phihlelo. Bibele e fana ka mehlala ea bacha ba mefuta ena e ’meli.

Ho Bapisa Mehlala

Hore ho haelloa ke boikokobetso ho ba le liphello tse kotsi ho bontšoa tabeng ea mora oa Morena Salomone Rehoboame. O ne a le monyenyane ha a hlahlama ntat’ae teroneng ea ’muso oa meloko e 12 ea Iseraele. Ha sechaba se ipiletsa ho Rehoboame hore a fokotse joko ea sona, a nka tsela efe? Le hoja baeletsi ba baholo ba ile ba mo phehella hore a bontše qenehelo, a hana keletso ea bona e bohlale. Ho e-na le hoo, Rehoboame a amohela keletso ea banna ba bacha, ba ileng ba mo eletsa hore a tlatlape sechaba. Eaba o re ho sona: “Ntate o le jarisitse joko e boima, ’na ke tla le ekeletsa joale; ntate eena o le otlile ka liphafa, ’na ke tla le otla ka liphepheng.” Hoja Rehoboame e ne e le monna ea mocha ea ikokobelitseng, a ka be a ile a mamela keletso ea ba baholo ’me a theola joko ea sechaba. Ka hona ha a hana, a lahleheloa ke meloko e 10 ho e 12.—1 Marena 12:3-24.

Ea neng a fapane ho hang le Rehoboame ke Elihu. O behetse bahlankana bohle ba kajeno mohlala, a sa thōla ka ho fetelletseng kapa hona ho itšepa ho tlola. Le hoja Elihu a ne a e-na le likarabelo tsohle, kamoo re ka bolelang, ka matsatsi-tsatsi a mamela ka sebete Jobo le batšelisi ba hae ba bohata ba baikaketsi. Ke feela ‘ha lipolelo tsa Jobo li felella’ moo Elihu, ka boikokobetso bo loketseng, a ileng a bua. A re, “Ke monyenyane ka lilemo, ’me lōna le hōlile, ka itšoara ke hona, ka tšaba ho le tsebisa mohopolo oa ka.”—Jobo 31:40; 32:4-7.

Mantsoe a Elihu a bile matla haholoanyane hakaakang le ho sebetsa hobane o ile a emela banna bao ba hōlileng hore ba bue pele! Ho bonahala Elihu a ne a e-na le senotlolo sa taba, ha bona ba entse hore ho bonahale hore ha ba utloisise se amehang. Hona ho ne ho ameha eng? Khang ea tokelo ea borena ba Jehova Molimo le hore na O tla ba le batho lefatšeng ba tla ipaka ba le khabane ho Eena ho sa tsotellehe seo ba hlomolisoang ke sona.—Jobo 1:7−2:10.

Hape nahana ka Jeremia. Ha Jehova Molimo a mo rōma e le moprofeta, a itela hore o sitoa ka lebaka la bonyenyane ba hae. Leha ho le Joalo, Molimo oa arabela: “U se ke ua re: Ke sa le ngoana, u mpe u ee ho bohle bao ke tla u romela ho bona, u bolele tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.” (Jeremia 1:7, 8) Ka thuso ea moea oa Molimo, Jeremia a tlosa boi ba hae ’me a bua molaetsa oa Molimo a sa tšabe letho. Leha ho le joalo, moprofeta ha a ka a fetella hore joale a hloke hlompho. Ha a le ka pel’a marena le baholo ba bang, kamehla o ne a bua ka hlompho e tebileng e tšoanelang moikokobetsi.

Tlalehong e bululetsoeng re na le maikutlo a hore Timothea e ne e le mocha e mong oa moikokobetsi ea lihlong le ea thōtseng. Le hoja Bibele e sa bolele letho ka kotloloho, re ka ’na ra fihlela qeto e joalo ka seo e se buang. Hlokomela hore Timothea o ile a bolelloa ke motsoalle oa hae e moholo moapostola Pauluse hore: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao.” Hoja e be Timothea o ne a itšepile haholo, ntle ho pelaelo ho ne ho ke ke ha hlokahala hore Pauluse a mo bolele joalo. Mohlomong e ne e le ka lebaka la boikokobetso ba hae le ho thōla ha hae Timothea, Pauluse a ileng a boetse a ho fumana ho hlokahala hore a eletse phutheho ea Korinthe: “Ekare ha Timothea a e-tla, le bone hore a lule har’a lōna a sa tšabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi oa Morena joale ka ’na. A se ke a nyatsuoa ke motho.”—1 Timothea 4:12, 1 Ba-Korinthe 16:10, 11.

Ho totobetse hore Bakreste ba bacha le ba banyenyane ba batla ho qoba tsela ea booatla le e se nang boikokobetso ea Rehoboame. Empa ke bohlale ha ba etsisa mokhoa o hlomphang le o ikokobelitseng oa Elihu. ’Me ka Jeremia le Timothea ho bonolo hore Bakreste ba bacha lilemong ba ithute hore ka boikokobetso empa e le ka sebete ba ka ea tšebeletsong ea Jehova, le hoja ba ka ba lihlong ka tsela eitseng kapa e le ba thotseng. Ha ba mamella, kamorao ho nako ba tla rua ho hong ho tla khothalletsa tšebeletso ea bona ho Jehova haholo.

Bohlokoa ba Phihlelo

Bacha ba na le ho hongata hoo ba ka ho lebohang. Ka litokelo tsa bona, Morena Salomone ea bohlale o itse: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao le ka chalimo ea mahlo a hao.”—Moeklesia 11:9.

Leha ho le joalo, ka ho phela hantle ’meleng le ka matla a mangata, ’me hangata le ka hlooho e tletseng lithuto tsa libuka, hangata bacha ba sekamela ho tšepeng bohlale ba bona ho tlōla. Kahoo ba lumela hore ba ka rarolla mathata a hlasetseng batho ba baholo ho theosa le meloko. Empa ka boithuto bohle ba bona, cheseho le matla a ’mele, ’nete e salang ke hore bacha ba haelloa ke phihlelo. Kahoo, ke ka baka leo motšoantšisi oa Moroma Plautus a ileng a hlokomela hore “boikokobetso ke mohlankana.” Phihlelo hangata e khathatsana le cheseho, sehlahlo le boitšepi tsa motho. Ke kahoo ho eeng ho boleloe hore ngaka e ncha e qalisa bophelo e e-na le lipheko tse makholo bakeng sa boloetse bo bong le bo bong, empa ha e ntse e rua tsebo e senola hore ho na le maloetse a lekholo bakeng sa pheko e ’ngoe le e ’ngoe!

E, phihlelo—ke eona e etsang phapang! Bibele e bile e bolela hore Jesu Kreste o ile a etsoa ea phethahetseng bakeng sa setulo sa hae e le Morena le Moprista e Moholo ka liketsahalo, ka lintho tseo a li utloileng tse bohloko. (Ba-Heberu 4:15; 5:8, 9) Ho ’nile ha boleloa hore ho tseba ntho ka ho feta ho eona ke thuto e bohloko, empa ha ho tsela e ’ngoe eo lithoto li ithutang ka eona. Koana, lefatšeng ho tletse batho ba haelloang ke boikokobetso ba ho ithuta ka tse ba hlahelang. Empa phihlelo ruri e ka thusa ho hlalefisa motho.

Lithuso tse Hlalefisang

Bakreste ba banyenyane le ba baholo ba ka ’na ba lemoha hore boikokobetso ke mokhabo o motle. Empa tšoaneleho ee e lakatsehang e ka hōlisoa joang? Har’a lithuso tsa ho hlaolela boikokobetso ke ho bala Bibele, Lentsoe la Molimo, letsatsi le leng le le leng. Hona ho re thusa ho bona lintho ka nepo le ho re thusa hore re se ke ra inahana ho tlōla tekanyo. Ho bala Bibele ho boetse ho re thusa ho bona lintho ka tsela ea Molimo. Ka mohlala, Mangolo a bontša hore batho ho Molimo ba tšoana le litsie ’me lichaba kaofela li joale ka marotholi a lutlang nkhong ea metsi. (Esaia 40:15, 22) Bibele, ha e le hantle, e re eletsa hore re ikokobetse ha e re: “U tsebisitsoe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.” ’Me hore na ho ba moikokobetsi ke eng ho bontšoa ke moapostola Pauluse ha a re: “Ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikhopole ka se mo lekaneng.” Hoa hlokahala hore re inahane ka ho bong, empa moikokobetsi o hlokomela hore a se ke a itekanya ka se mo fetisang.—Mikea 6:8; Ba-Roma 12:3.

Hlokomela hore keletso e sa tsoa boleloa ha e-ea tobisoa ho bacha feela empa ho bohle, ba baholo le ba banyenyane. Leha ho le joalo, Bibele e hlile e bontša hore boikokobetso bo haella bacha haholo. Ho feta moo, ho tloha mehleng ea Moshe ho fihlela mehleng ea baapostola ba Jesu, Mangolo a bontša hore boikarabelo ba phutheho bo lokela ho jaroa ke “baholo,” banna ba hōlileng. (Exoda 3:16; 1 Petrose 5:1-3) Hape, Bibele e re: “Lōna [banna] ba bacha, ipeeng ka tlase ho ba baholo.” Hona ho bolela hore banna ba bacha ha baa lokela ho ikhohomosa kapa ho iphahamisa. Empa na keletso e joalo e sebetsa feela ho banna ba bacha? Che, hobane moapostola Petrose o tsoela pele a re: “’Me le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong ka tlase ho e mong; hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.” Boikokobetso le bonolo ke metsoalle e haufi, kamoo re ka bolelang.—1 Petrose 5:5.

Bohle re tla thusoa ho ikokobetsa haeba re hopola hore ho sebetsa ka boikokobetso ke tsela ea bohlale bakeng sa ba bacha le ba baholo ka ho tšoanang. Boikokobetso bo tla re ntša likhathatsong tse ngata, hobane bo tla re thibela ho nahana ho hongata le ho tšepisa ho fetang kamoo re ka khonang ho fana. Bo tla re thibela ho tsosa moea oa tlhōlisano ka ho ba bang, kapa bora, ’me bo tla re etsa batho ba ratehang haholoanyane. Boikokobetso hape bo hōlisa khotso ea kelello le khotsofalo, litšoaneleho tsa motheo tse isang thabong. Kahoo, hase feela Morena Salomone ea bohlale a itseng: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang.”—Liproverbia 11:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Elihu e monyenyane a ema ka boikokobetso hore a bue ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela