Na U Thetsitsoe?
Kaha Jesu o na le lebitso, na Ntate oa hae eena ha a na lona?
BATHO ba bangata lefatšeng lohle kajeno ha ba rate bolumeli. Mohlomong ba ka makala ho tseba hore malumeli a mangata ha a khahlise Molimo. Le leng la mabaka a bakang hoo ke hore malumeli a ipolelang hore ke a Bokreste a boletse leshano le leholo ka ho fetisisa paleng eohle. Thetso ena e maloka le tšenolo ea motheo—ho tseba Molimo.
Batho ba bangata likerekeng tsa Bojakane ba tseba ’Mopi e le “Molimo,” “Morena,” “Ea Matla ’ohle” kapa ka hlaloso e ’ngoe e itseng. Empa na ea Holimo-limo o hloka lebitso? Pele a ntša Baiseraele bokhobeng Egepeta, Molimo ona o matla ’ohle o ile oa etsa hore ho tsejoe hore o rerile hore “lebitso la [hae] le tume lefatšeng lohle.” (Exoda 9:16) Ka sebele o na le lebitso. ’Me ka ’nete e ne e se Molimo o se nang lebitso oo ho ba teng ha oona ho ileng ha hlahisa ponahalo e tšosang Thabeng ea Sinai (e bontšitsoeng sekoahelong sa rona), o ileng oa etsa hore thaba e reketle, ha ho ne ho fanoa ka Melao e leshome ka moprofeta Moshe. Baiseraele ba ile ba bolelloa: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.” (Exoda 19:16–20:18) Na taelo e joalo e ne e ka hlaha ho Molimo o se nang lebitso?
Batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba lokela ho tseba Lebitso leo la Molimo. Ba sebelisa lebitso la Mora oa Molimo. Empa ke ka seoelo, ba bolelang lebitso la Ntat’ae. Leha ho le joalo, ha Jesu a le lefatšeng o ile a bolela mantsoe ana thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo: “Ke tsebisitse [balateli ba ka] lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona.”—Johanne 17:26.
Ho hlakile ho ea ka se boletsoeng ka holimo le ho ea ka Thapelo ea Jesu ea Mohlala hore ka ’nete Molimo o na le lebitso. Jesu o ile a ba a ruta balateli ba hae ho rapela hore lebitso la Ntate oa leholimo le “khethoe,” kapa le halaletsoe! (Mattheu 6:9) Ke hobane’ng he, ha le sa sebelisoe likerekeng tsa Bojakane? ’Me ke hobane’ng ha lebitso leo le le sieo liphetolelong tse ngata tsa kajeno tsa Bibele?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
MORENA
EA HOLIMO-LIMO
EA MATLA ’OHLE
MOLIMO
NTATE