Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/1 leq. 15
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Moprista o Etsoa ke Liaparo?
  • Thuto ea Darwin: E ea Lumela
  • Matla a Kelello—Na a Futsoa kapa a Etsoa ke Tikoloho?
  • Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lekhotleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/1 leq. 15

Ho Nyarela ka Litabeng

Na Moprista o Etsoa ke Liaparo?

Mopapa John Paul II o nahana hore batho ba emelang Kereke ea hae ba lokela ho bonahala ha ba le har’a batho. “Lengolong la hae le buang ka Liaparo tsa Baruti” o lemositse baprista ba Roma, le baitlami hore ba lokela ho apara seaparo sa bolumeli hore ba khethollehe ho ‘batho ba sebaka seo ba phelang ho sona.’ “Joalo ka manqosa a Kreste a rometsoeng ho bolela evangeli,” a tsoela pele, “re na le molaetsa oo re lokelang ho o phatlalatsa, molaetsa o boleloang ka mantsoe le ka ponahalo e ka ntle.”

Mokadinale Ugo Poletti, motlatsi-kakaretso oa Mobishopo oa Roma, o ile a phaella tabeng ena ka lengolo le maqephe a mararo le ngoletsoeng bohle ba amehang, a bolela hore “ke tlamo hore baruti ba apare sutu ea bolumeli litšebeletsong tsa bolumeli, ha ho etsoa sakramente, leha ba bua ba le pel’a phutheho (’me) ho buelloa ka matla ho e sebelisa sebakeng sohle seo ba bolelang ho sona.”

Empa rea botsa: Na liaparo tsa bolumeli kapa moaparo leha e le ofe oa hlokahala ‘ha ho boleloa molaetsa oa evangeli’? Kamoo ho bonahalang Kreste le baapostola ba hae ba ne ba bolela molaetsa oa Bokreste ba sa shebahale ba fapane le baena ba bona. Ha e le hantle, Jesu o boletse hore meaparo eo e ne e le tse ling tsa liphoso tsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho; hobane ba roala meqhaka ea lifilaktera tse liphara, ’me ba lelefatsa lipoli likobong tsa bona.” Ho e-na le hore ba bonahale ba fapane le batho ba bang, Jesu o ile a hatella hore Bakreste ba na “le moruti a le mong, e leng Kreste, ’me lona bohle le bana ba motho a le mong.” Na ho ka boleloa hore ho bonahatsoa moea oa ’nete oa boena ha ba bang ba ikhetha har’a ba bang ka liaparo tse khethehileng?—Mattheu 23:3-12.

Thuto ea Darwin: E ea Lumela

Bukeng ea bona e ncha Evolution From Space, bafofa-sebakeng ba Brithane ba tsebahalang Monghali Fred Hoyle le Chandra Wickramsinghe ba bolela hore taba ea hore bophelo bo ka tsoa molubalubeng oa lichemikale tsa boholo-holo “e fokola haholo” joalo ka ha e ne e tla ba bothoto “hore bokahohle bohle bo entsoe ka lintho tse fokolang.” Ba ngola hore “thuto ea Darwin ea ho iphetohela ha lintho e ke ke ea pakela letoto la bohlokoa la ho hlaha ha bophelo, ho se ho sa boleloe letho ka likaroloana tse likete tseo lisele tse phelang li itšetlehileng ka tsona bakeng sa ho phela. Taba ena e tsebahala haholo har’a liithuti tse ithutang ka bophelo ba batho empa leha ho le joalo, ha ho ea ikutloang ho hlaba mokhosi o khaolang khang tabeng ena.”

Ke ka baka la’ng ha bahlalefi ba tsebang taba ena ba hloleha ho “hlaba mokhosi”? “Haeba thuto ea Darwin e ne e sa thabeloe ke batho . . . ’nete ke hore taba Ii ne Ii tla fapana,” ha arabela buka. Ha batho bohle ba “bea tšepo ea bona eohle kutloisisong e itseng, ho tsoela pele o ithuta ho etsa hore ho be thata ho fapoha tsela,” buka eo ea eketsa. “U tšoanetse ho lumela kutloisiso eo kapa ho seng joalo u mokhelohi.” Ba lumelang thuto ea ho iphetohela ha lintho ba tšaba hore ho tlohela thuto eo ho ka “bulela sekhohola” se bontšang bothoto ba thuto eo. Ka mantsoe a mang, hoo ho tla bula monyako o isang ’neteng e le ’ngoe feela—pōpo ka setsebi se phahameng—hoo ho tla ba qobella hore ba tobane le mathata ’ohle ao qeto e joalo e tla a hlahisa.

Matla a Kelello—Na a Futsoa kapa a Etsoa ke Tikoloho?

Ho ea ka patlisiso e tsoa etsoa ke litho tsa Mokhatlo oa Patlisiso ea Fora oa Sechaba le Bophelo bo botle le Meriana o bontšitse hore lefutso ha se eona taba ea bohlokoa ea ho lekanya matla a kelello ho ngoana. Bana ba holiselitsoeng malapeng a sa fumanehang ba ile ba bapisoa le lithaka tsa bona tse holisitsoeng ke batsoali ba futsanehileng. Bana bana kaofela ba ile ba tlosoa ho batsoali ba bona pele ba e-ba Iikhoeli tse tšeletseng.

Ha ba hlalosa ka liphello tsa liteko tsa matla a kelello lihlopheng tse peli tsa bana bana ba holisitsoeng ke batsoali ba tšoanang empa ba holetse tikolohong e sa tšoaneng, makasine Scientific American o bolela hore “phapang e fihletsoeng pakeng tsa bana ba holiselitsoeng malapeng a sa fumanehang le ba holisitsoeng ke batsoali ba bona e ne e makatsa.” Karolelano ea liteko tsa matla a kelello ho bana ba holiselitsoeng malapeng a ruileng e ne e feta ea lithaka tsa bona tse holisitseng ke batsoali ba fumanehileng ka lintlha tse 15.

Patlisiso ena e entsoeng ke ma-Fora e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore, ha batho ba phela tikolohong e tšoanang, ba ba le bohlale bo tšoanang, joalokaha Bibele e bontša ha e bolela hore Molimo “o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang.”—Liketso 17:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela