Moapostola Petrose o Bua le Uena
HA HO bonolo ho ba Mokreste Kajeno. Likhatello li ngata. Linaheng tse ngata ’Muso o leka hore hatella ho etsa lintho tse khahlanong le letsoalo la Bokreste. Basali ba bangata ba Bakreste ba na le banna ba sa lumelang. Bacha ba khahloa ke ho benya le “bohlale” ba lefatše. ’Me, ba bang kamor’a lilemo tse ngata ba letile, ba ipotsa: ‘Na Harmagedone e tla ke e tle?’
Haeba u thulana le mathata a kang ana ke Mokreste ofe ea sa thulaneng le oona?—mangolo a mabeli a Bibele a ngotsoeng ke moapostola Petrose a bua le uena ka ho toba. Petrose o ngoletse liphutheho tsa mehleng ea hae mohlomong lilemo tse fetang 30 kamor’a lefu la Jesu. Empa mathata ao Bakreste ba thulanang le oona ha a fetoha lilemong tse makholo-kholo tse fetileng. Keletso eo Petrose a fanang ka eona ke ea bohlokoa mehleng ena joale ka ha e ne e le bohlokoa mehleng e fetileng. ’Me Petrose o ne a tšoaneleha hantle ho fana ka keletso e joalo.
Molisa ea Tšoanelehang
Ha re bala litlaleho tsa Evangeli le buka ea Liketso, re ithuta ho hongata ka motšoasi oa lihlapi ea tsoang Galilea ea ileng a fetoha moapostola Petrose. E ne e le motho ea bonolo. Ho tšepahala ha hae ho Jesu ho ne ho sa belaetse, empa e ne e le motho ea mafolo-folo ’me ka linako tse ling o ne a etsa liphoso. Mohlomong re hopola tse ling tsa liphoso tseo Petrose a ileng a li etsa.
Ka mohlala, hopola boikutlo ba Petrose ha a bona Jesu a tsamaea holim’a metsi. Ka ho nkeha maikutlong le eena a lakatsa ho tsamaea holim’a metsi. Empa ha a elelloa hore o hokae o ile a tšoha ’me ha lokela hore a pholosoe. Hopola, hape, nakong eo ka manganga Petrose a neng a bolela hore a ke ke a khopjoa. Empa lihoranyana kamor’a moo a latola Jesu ka makhetlo a mararo.—Mattheu 14:23-34; 26:33, 34, 69-75.
Leha ho le joalo, mongoli oa mangolo ana a mabeli a fetoha hoba a utloe mantsoe a matla a Jesu: “Tloha ho ’na, Satane, u khopiso ho ’na.” (Mattheu 16:23) Enoa ke moapostola ea ileng a fumana taelo ea Jesu: “Alosa linku tsa ka.” (Johanne 21:17) Mangolong a Petrose re kopana le monna ea bileng le phihlelo ea lilemo tse 30 a ‘alosa linku.’
Ka hona ha re bala keletso ea hae, “Le rataneng ka ho tiea ka pelo e hloekileng,” re hopole hore enoa ke moapostola ea ileng a botsa Jesu: ‘Ke tla tšoarela ngoan’eso hakae na? E tla ba hasupa na?’ Nakong ena, Petrose o ne a tseba hore lerato leo Bakreste ba lokelang ho le bontša ho ba bang ha le na moeli. (1 Petrose 1:22; Mattheu 18:21) ’Me haa khothaletsa Bakreste ’moho le eena hore ba lule ba ‘falimehile hore ba tle ba tsebe ho rapela,’ re hlokomela hore o ile a ithuta thuto e matla liketsahalong tsa bosiu bane bo tšosang Gethsemane ha Jesu a tlohela baapostola ho ea rapela ’me ha a khutla a ba fumana ba robetse.—1 Petrose 4:7; Luka 22:39-46.
E, motšoasi oa lihlapi ea tsoang Galilea o ile a fetoha molisa ea tšoanelehang. ’Me, a susumetsoa ke moea o halalelang, bolisa ba hae bo bohlokoa mehleng ea rona joaloka ha bo ne bo le bohlokoa mehleng ea hae. Hlokomela tse ling tsa likeletso tsa hae.
Ananela Tumelo
Lekholong la pele la lilemo lefatše la mehleng eo le ne le khanya ’me le le matla. Ho ne ho le bohlokoa hore Bakreste ba se thetsoe ke botle ba lefatše kapa ba khelosoe ke likhatello tsa lona. Ka hona Petrose a qala ho khothatsa babali ba hae ho ‘itlama matheka a likelello tsa bona, ba phele ka boitšoaro.’ (1 Petrose 1:13) Joang? Ka hore ba be le kananelo e phelang ka litokelo tsa bona.
Petrose o ile a ba hopotsa hore baprofeta ba boholo-holo haesita le mangeloi ba ne ba khahlehela haholo-holo lintho tseo Molimo o li senoletseng Bakreste. O bontšitse hore ba ne ba hlohonolofalitsoe: ba ne ba rekiloe ka mali a Kreste Jesu, ba tsoetsoe ka peō e sa boleng ea Lentsoe la Molimo le sa feleng ’me ba entsoe “moloko o khethehileng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng.” (1 Petrose 2:9) Ba ne ba lokela ho hopola hore ke bo-mang: basele lefatšeng le khopo—batho ba thabelang mohau o moholo oa Jehova Molimo.
Kajeno, lefatše leo la boholo-holo le fetile. Empa re sa ntse re phela lefatšeng le khopo le re hohelang ka liteko tsa lona le re sitisang ka likhatello tsa lona. Keletso ea Petrose e sa ntsane e sebetsa. Re se lahleheloe ke pono ea seo re nang le sona. Hore re qobe ho sithabetsoa ke ho hloka lerato le lithuto tsa bolumeli ba lefatše la kajeno, ‘le lapele haholo, joaloka bana ba tsoang ho tsoaloa, lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le holele polokong ke lona.’—1 Petrose 2:2
Ho Thaba ho sa Tsotellehe Mathata
Ho phela ha rona lefatšeng le khopo hangata ho hlahisa mathata, ho tšoana le mehleng ea Petrose. Lintho tse tharo tseo a li boletseng ke (1) Boikarabelo ba Mokreste ’Musong, (2) Kamano ea bahlanka ba Bakreste le benghali ba bona le (3) Mosali oa Mokreste eo ka boikokobetso a thusang monna ea sa lumelang.
Morao koo, litaba tse joalo e ne e le litaba tsa bophelo le lefu. Babusi ba ne ba e-na le tokelo ea ho hlokofatsa kapa ho bolaea baahi bao e neng e se Baroma. Makhoba a ne a se na matla a ho itšireletsa haeba a tujoa ke benghali ba oona. Basali e ne e le thepa ea banna ba bona, ’me ba ne ba e-na le litokelo li se kae tsa molao.
Kajeno, Bakreste ba sa ntse ba e-na le mathata ha ba sebelisana le “Cesare” kapa benghali ba bona, le hoja boemo bo sa tšoane hantle le kamano ea lekhoba le monghali oa lona. ’Me basali ba bangata ba Bakreste ba nang le banna ba sa lumelang ba tobane le mathata a maholo. Ka baka leo keletso ea moapostola Petrose e bohlokoa. O re’ng?
Ka bokhutšoanyane, o re eletsa ho hopola lintho tse tharo. Ea pele, re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka boikokobetso—bohle ba lokela ho ikokobeletsa ’muso, bahlanka ba ikokobeletse benghali ba bona ’me basali ba lokela ho hlompha le ho utloa banna ba bona. ’Me, tsela eo re itšoarang ka eona e lokela ho bontša batho ba sa lumelang hore Bokreste ke tsela e molemo haholo ea bophelo. (1 Petrose 3:1; 4:15) Ea ho qetela, re lokela ho ba le letsoalo le letle pel’a Jehova Molimo, ka mehla re ikemiselitse ho hlalosa ka bonolo liketso tsa rona.— 1 Petrose 3:15, 16.
Na ho etsa lintho tsena ho tla lokisa mathata a rona kaofela? Petrose o ne a tseba hore ho ke ke ha a lokisa. Ka linako tse ling lefatše le hloka lintho tseo Mokreste a ke keng a li etsa. Ka baka leo, re hlorisetsoa ho loka. Empa, Petrose o itse: “Hobane ke ntho e lebohuoang, ha motho, ka baka la ho utloa letsoalo pel’a Molimo, a mamella mahlomola, a ntse a utloa bohloko a se na molato.”—1 Petrose 2:19.
Ha e le hantle, ho hlorisetsoa ho loka, haeba ho talinngoa hantle, ho tlisa thabo. Petrose o bile le phihlelo ea sena. Lilemo tse ngata tse fetileng o ile a shapuoa ka baka la tumelo ea hae. Kamor’a moo, eena hammoho le bao a neng a hlorisoa le bona “ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” (Liketso 5:41) Ka baka leo, o ile a ngolla Bakreste ba hlorisoang: “Empa ereka ha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang.”—1 Petrose 4:12, 13.
Petrose o boleletse baena hore, haele hantle, Jehova oa ba koetlisa. O itse ho bona: “Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla a Molimo.” A ba bolella hore ba ratane, le hore baholo ba lokela ho alosa liphutheho ka boikutlo bo nepahetseng. ’Me a tšepisa hore kapele-pele, “Molimo oa mehauhelo eohle, . . . o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Petrose 5:1-3, 6, 10.
Na keletso ee ha e sebetse mehleng ena joale kaha e ne e sebetsa nakong e fetileng? Na ha ho joalo ka ha eka Petrose o ne a bua le uena ka ho toba? Inahanele feela kamoo keletso ena e ileng ea matlafatsa Bakreste morao koana mehleng ea Petrose. Empa kapele moapostola ea tsofetseng a ngola lengolo la bobeli ho lemosa baena ba hae ka tšokelo e ’ngoe e sa lokang.
Ho Thulana le Tšokelo e sa Lokang
Lengolong lena la bobeli Petrose o re lebaka la hore a eletse Bakreste ’moho le eena le potlakile haholo hobane litšiu tsa hae li se li ile. O thathamisa litšoaneleho tseo Bakreste ba lokelang ho ba le tsona hore ba lule ba le matla ’me a bua ka litšusumetso tse tla hlaha ka har’a phutheho tse tla ba fokolisa.—2 Petrose 1:5-8, 14, 16.
“Le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng,” a eletsa. (2 Petrose 2:1, 2) Baruti bana ba bohata ba ne ba tla tlisa boitšoaro bo litšila ’me ba be bohlale ho sebelisa “lipolelo tsa mano.” Empa ba ne ba lebala ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa: “Morena o tseba ho loela barapeli molekong, le ho bolokela bakhopo hlokofatso ea letsatsi la kahlolo.” (2 Petrose 2:3, 9) Ba ka atleha ka nakoana, empa kahlolo e ne e tla ba hlahela.
Ba bang ba ne ba tla soma ba re: “E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.” Bana le bona, ba ne ba lebala ka boomo hore nako ea Jehova ha e tšoane le nako ea rona. ’Me Jehova oa mamella. Empa joalokaha bofelo ba mehleng ea Noe bo ile ba fela ba tla, ka ho tšoanang bofelo ba tsamaiso ena bo tla tla.—2 Petrose 3:4-10.
Qetellong, esita le mehleng ea Petrose ba bang ka har’a phutheho ‘ba ne ba khopamisa mangolo.’ Empa ho etsa joalo ho ne ho tla ba tlisetsa timetso.—2 Petrose 3:16.
Ho ea ka litšokelo tsena, Petrose o ne a batla ho ‘tsosa maikutlo a hloekileng’ a baena. (2 Petrose 3:1) Ha ba lokela ho lebala bopaki ba nako e fetileng ba hore Jehova o na le matla a ho felisa ba khopo le ho boloka ba lokileng, ba lule ba ‘ntse ba lebeletse ’me ba akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo.’ (2 Petrose 3:12) Letsatsi leo ke la sebele. Le a tla. Ho tla ha lona ho lokela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang kapa eo ba e rerang.—2 Petrose 1:19-21.
Kaha re phela haufi le letsatsi leo, likhothatso tsa Petrose li matla haholo: “Itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le e-na le khotso, le se na letheba le sekoli.” (2 Petrose 3:14) Ka sebele, mantsoe ao a sebetsa ho rona. Moapostola Petrose o bua le e mong le e mong eo tšepo ea hae e itšetlehileng ka tšepiso ea Jehova ea ‘maholimo a macha le lefatše le lecha.’ Ka hoo khothatso ea hae ea ho qetela e tla utloahala ho theosa le makholo a lilemo ka matla a hae a boapostola: “Itebeleng, le se tšohe le hulanngoa le ba bang ke thetso ea ba manyala bao, ’me la timelloa ke ho tiea ha lona.—Le mpe le hole mohaung le tsebong ea Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rona.”—2 Petrose 3:13, 17, 18