Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/1 maq. 11-15
  • Tšebeliso e Ntle le e Mpe ea Lithuso Tsa Sechaba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeliso e Ntle le e Mpe ea Lithuso Tsa Sechaba
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tataiso e Tsoang Bibeleng
  • Qeto e Bohlale
  • Liteko tsa Thuso ea ʼMuso
  • Ho Itšetleha ka Thuso e Tsoang ʼMusong Feela
  • ‘Ho Lokisetsa Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Litho Tsa Lelapa la Motho’—Ho Thulana le Phephetso Linaheng Tse Hōlang Moruong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Hlomphang ba Hōlileng ba Har’a Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Bosoha Linakong Tse Thata Moruong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/1 maq. 11-15

Tšebeliso e Ntle le e Mpe ea Lithuso Tsa Sechaba

NAHANA ka naha eo banna, basali le bana ba bangata-ngata ba shoang ka baka la tlala; moo matšoele-tšoele a batho a sollang ho tloha tulong e ʼngoe ho ea ho e ʼngoe ba hloka matlo kapa mosebetsi; moo batho ba makholo-kholo ba phelang litakaneng, ba lula “matlung” a entsoeng ka mabokose kapa likoloi tsa khale tse rusitseng; moo mekopa-kopa e phelang ka ho utsoa kapa ho batla se ka jeoang likotikoting tsa matlakala.

Che, mona ha ho boleloe naha e futsanehileng ea Asia kapa Afrika. Ho boleloa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, lilemo tse 50 tse fetileng nakong ea Ho oa ha Moruo oa Lefatše. Nakong eo limillione tsa batho ba Europa le ba United States ba ne ba futsanehile haholo, ba feletsoe ke tšepo ea ho ntlafatsa boemo bona. E ne e le ho thibela hore bofuma bo joalo bo se ke ba khutla ha mebuso e mengata e tla thea letlole la thuso ea sechaba.

Kajeno, batho ba sebetsang linaheng tse ngata tse tsoetseng pele ba fumana thusonyana ea chelete ka baka la tokisetso ea ʼmuso ea ho thusa ka chelete. Libakeng tse ling ba fumana lithuso, joaloka ea chelete e neoang ngoana e mong le e mong. Ba ka lefa makhetho a tla lumella ho fumana chelete ha ba feletsoe ke mesebetsi, chelete ea ho lefa ngaka kapa lipenshene ha ba tsofala. Linaheng tsena, ha baahi ba hlaheloa ke bothata, thuso ea sechaba e teng ho ba thusa hore ba phele.

Mananeo a joalo a bontša mohau. Leha ho le joalo, a ile a isa mathateng. Batho ba bang ba halefa hobane ba belaela hore lichelete tsa bona tsa makhetho li sebelisetsoa ho thusa batho ba botsoa ba ka khonang ho itšebeletsa ha ba rata. Ba bang ba ikutloa ba hloka seriti ha ba amohela limpho joalokaha eka ke mekopa-kopa. Mokreste o lokela ho talima thuso e tsoang ʼmusong joang? Na ho loketse ho e amohela? Na ho teng likotsi?

Tataiso e Tsoang Bibeleng

Lilemo tse 3 000 tse fetileng bahlolohali ba babeli ba bitsoang Naomi le Ruthe ba ile ba fihla toropong ea Bethlehema naheng ea Judea. Ba ne ba hloka, empa ha ba ka ba bolaoa ke tlala. Ke hobane’ng? Hobane molao oa naha eo o ne o entse tokisetso e khethehileng ea ho thusa ba futsanehileng, haholo bahlolohali le likhutsana.—Deutoronoma 26:12, 13.

Mehleng ea baapostola ba Bakreste, ba futsanehileng ba ne ba atisa ho thusoa ke phutheho ea Bokreste. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngolla moholo Timothea lengolo le neng le e-na le litaelo tsa ho thusa bahlolohali ba hōlileng ba neng ba se na batho ba ka ba hlokomelang.—1 Timothea 5:3-16.

Kajeno, Molao oo oa Iseraele ea boholo-holo le lengolo leo moapostola Pauluse a le ngoletseng Timothea ke karolo ea Bibele e Halalelang. Ka baka leo, Bibele e bua ka motheo oa ho thusa ba hlokang. Ha e le hantle, Bakreste ba nang le hona ho ka etsa joalo ba tlamehile ho thusa baena ba bona ba futsanehileng.—1 Joh. 3:17.

Ho thoe’ng joale, haeba ʼmuso o na le tokisetso ea ho thusa baahi ba oona ka lichelete? Mokreste o lokela ho tšehetsa tokisetso ena. Bakreste bohle ba tšoanetse ho nea “ea tšoaneloang ke lekhetho, lekhetho; ea tšoaneloang ke seabo, le mo nee seabo.” (Ba-Roma 13:7) Sena se tla kopanyeletsa makhetho ʼohle a beeloang ho thusa sechaba.

Ka baka leo, ho loketse ho amohela lithuso tsena tse lumelletsoeng ke molao ka baka la maemo a mehleng ena. Moapostola Pauluse o boletse hore mebuso ke “mohlanka oa Molimo ho o isa botleng.” (Ba-Roma 13:4) Ka hona thuso leha e le efe, thuso ea penshene kapa tšireletso ea meriana, kapa thuso ea sechaba ka baka la bofuma, Mokreste a ka amohela lithuso tsena ka letsoalo le letle. Leha ho le joalo, mathata a ka ʼna a hlaha.

Qeto e Bohlale

A re nke boemo ba mohlankana ea ikhethetseng ho ba ʼmoleli oa nako e tletseng. Kaha mosebetsi ona ha o lefe, ke mosebetsi oa boithatelo, o sebetsa ka nakoana hore a iphelise. Ho ka ʼna ha etsahala hore hobane mosebetsi oa nakoana o leng teng o mo lefa chelete e nyenyane, o tšoaneleha ho amohela chelete e tsoang ʼmusong. Na a ka kopa thuso e joalo?

Hase hore o tšaba ho sebetsa. O etsa boiteko ba ho iphelisa ka tsela e loketseng. Ha feela ʼmuso o utloisisa hantle boemo ba hae ʼme o lumela hore o-oa tšoaneleha, ha ho lebaka la hore a hane ho amohela thuso e fumanehang. Ha ho lihlong ho amohela thuso e joalo. United States, ekasitana le ba bang ba sebetsang sesoleng ba amohela thuso e joalo. Leha ho le joalo, thuso ena e tsoang ʼmusong e khopisa batho libakeng tse ling. Libakeng tse joalo boemo bo kang bona bo ka khopisa sechaba. Ka hona, Mokreste o tla lakatsa ho nahanisisa taba ena hantle.

Hopola moapostola Pauluse. Ha a le Korinthe leha a le Thessalonika, o ile a hana thuso ea chelete e tsoang liphuthehong, le hoja a ne a e-na le tokelo ea ho e kopa. Ke hobane’ng? Hore a qobe ho bakela Bakreste ‘moho le eena mathata. (2 Ba-Kor. 11:9; 2 Ba-Thess. 3:8, 9) Empa leha ho le joalo, libakeng tse ling ho bonahala o ne a amohela thuso e joalo.—1 Ba-Kor. 9:6, 9.

Litaba tse ling tse ileng tsa halefisa batho ba bang ke ea basali ba se nang banna ba ba thusang ho hōlisa bana ba bona. Na ba lokela ho ea mosebetsing kapa ba batle thuso ea ʼmuso?

Ka sebele, basali bao ke bona ba lokelang ho iketsetsa qeto. Hobane ha e le hantle, ke bana ba bona ba amehang. Ka lehlakoreng le leng, ʼmè a ka ikutloa a e-na le tokelo ea ho sebelisa thuso ea lichelete e tsoang ʼmusong e mo thusang ho lula le bana ba hae ba banyenyane ka nako tsohle. ʼMè e mong, ea nang le bana ba banyenyane, a ka ikutloa hore ha ho bohlale hore tsatsi le leng le le leng ha bana ba fihla lapeng ba tsoa sekolong ba fumane a le sieo.

Ka lehlakoreng le leng, ʼmè e mong a ka ikutloa a lokolohile ho ea sebetsa ʼme a siee bana ba hae le e mong. Maemo ha a tšoane, ʼme ha ho ea lokelang ho tšoaea e mong phoso ka tsela eo a e khethang. Ho hlokomela lelapa le ho holisa bana ke mesebetsi e boima ʼme e ja nako, haholo-holo ho mosali ea se nang monna. Malapa a joalo a motsoali a le mong a ne a nkoa a hloka thuso e khethehileng mehleng ea ba-Iseraele. Kajeno, mosali e mong le e mong o lokela ho hlahloba boemo ba hae ba lichelete le maemo a mang ʼme a bone hore o tla tsoa le hokae.—Deuteronoma 24:19-21; Jakobo 1:27.

Empa ka linako tse ling batho ba etsa liqeto tse fosahetseng.

Liteko tsa Thuso ea ʼMuso

Ka mohlala, linaheng tse ling, ha monna a lahleheloa ke mosebetsi, chelete eo a e fumanang ka baka la ho se sebetse e ka ʼna ea phahama ho fihlela ho 80 lekholong ea chelete eo a neng a e fumana ha a sebetsa. Monna ea amohelang lithuso tse joalo a ka ʼna a ipotsa, Ho thusa’ng ho batla mosebetsi o mong? Mokreste a ka ba a bona le molemo oa ho se batle mosebetsi o mong. Hobane a ke ke a hlola a utloa puo e litšila ʼme o tla qoba le metsoalle e mebe e bakang mathata mosebetsing.

Na monahano o joalo o nepahetse? Che. Tabeng ea pele, motho o iphapanya ʼnete ea hore thuso e neoang batho ba sa sebetseng e ntšoa hobane motho a sa ntsane a batlana le mosebetsi. Haeba motho a sa batle mosebetsi e tla ba o-oa qhekella. Hape, lichelete tse joalo tsa thuso li ntšitsoe makhethong a batho ba bang. Ka mantsoe a mang, o hlokomela lelapa la hae ka chelete e sebetsoang ke batho ba bang. Na bona ke boemo boo Mokreste ea phetseng hantle a ka bo thabelang?—Mattheu 7:12.

Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Thessalonika, o ile a bua ka ba bang ba neng ba sa sebetse a re: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” (2 Ba-Thess. 3:10) Keletso ena e ne e le bohlale. Motho o fumana khotsofalo ka mosebetsi. (Moek. 2:24) Ho hloleha ho ipoloka a tšoarehile mosebetsing o beang ho ka ba le liphello tse mpe ho eena. Ho ka etsa hore a ferekane le ho senya. “Ea tšoarang mosebetsi oa hae ka monyebe, ke ngoan’abo lehlasoa.”—Liprov. 18:9.

Ke ʼnete, ka linako tse ling ha mosebetsi o sa fumanehe monna a ka tlameha ho itšetleha ka thuso e tsoang ʼmusong. Empa ha mosebetsi o fumaneha motho eo o tšoanetse ho o amohela, keletso ea Pauluse ke ʼnete: “’Me le tiise matla ho lula ka khotso; le itšebeletse tsa lona, ʼme le sebetse ka matsoho a lona, joale ka ha re le laetse; le tle le etse ka mokhoa o tšoanelang ka nqeng ea ba ka ntle, ʼme le se la hloka letho.”—1 Ba-Thessalonika 4:11, 12.

Empa na ha se bohlale hore Mokreste ea fumanang thuso e tsoang ʼmusong ho e-na le hore a tšoarehe mosebetsing oa nako e tletseng oa boipheliso a kopanele mosebetsing o moholo oa Bokreste? Mohlomong. Empa taba ee e tla ama ba bang joang? Pauluse o bapisitse ho sebetsa ka “matsoho a lona” le “mokhoa o tšoanelang ka nqeng ea ba ka ntle.” Batho ba tšabang ho sebetsa ha ba hlomphehe. Botumo ba bona bo bobe bo pupetsa botle leha e le bofe boo ba lekang ho bo etsa ka litsela tse ling.—1 Tim. 3:7.

Teko ea ho fumaneha ha thuso e tsoang ʼmusong e ka isa mathateng a mang. E seng khale haholo monna e mong o ile a fallela naheng e fanang ka lithuso tse joalo ʼme a kopa thuso e neoang batho ba sa sebetseng. Kopong ea hae a pata taba ea hore o na le thepa naheng ea habo—ntho e neng e ka etsa hore a se tšoanelehe ho amohela lithuso tse joalo. Ka baka leo, o fumane chelete ʼmusong ka ho pata ʼnete.

Thetso e ka ʼna etsoa ka litsela tse ngata. Hore a fumane thuso ea chelete ʼmusong mosali a ka ʼna a re monna oa hae o mo tlohetse. Empa monna a ntse a lula le eena. Balekane ba bang ba ka hlalana—empa ba ntse ba lula ʼmoho—e le hore ba fumane melemo e eketsehileng. Ho a tsebahala hore basali ba sa nyaloang ba ee ba be le bana ka bonyatsi hore ba ekeletsoe lithuso. Kapa ho ka etsahala hore motho oa tšoaneleha ho amohela lithuso tse itseng, empa boemo bo ka fetoha. Ka mohlala, a ka fumana mosebetsi. Empa hobane a sa bolele hore o fumane mosebetsi, o tsoela pele a ntse a fumana thuso e tsoang ʼmusong.

Ena ke mekhoa e sa lokelang ea ho sebelisa thuso e tsoang ʼmusong. Ka ho pata linnete, ka ho bua mashano ka boomo kapa ka mokhoa o mong o itseng ho tloloa metheo ea Bokreste, ho ka etsahala hore ka linako tse ling motho a thetse ʼmuso hore a fumane chelete e eketsehileng. Empa Bibele ea eletsa: “Ho Jehova motho ea khopo ke manyala, empa ea lokileng o na le lekunutu la hae.” Hape e re: “Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosaoana le maraba a lefu.” (Liprov. 3:32; 21:6) Ha ho Mokreste ea batlang ho ba manyala mahlong a Jehova, hore feela a fumane chelete.

Empa ho teng kotsi e ʼngoe tabeng ena eo re lokelang ho e ntšetsa mahlo.

Ho Itšetleha ka Thuso e Tsoang ʼMusong Feela

Batho ba tsebang hore ho na le thuso e tsoang ʼmusong ba ka ba botsoa. Ba ka itšetleha ka hore ʼmuso o jare boikarabelo boo Bibele e reng ke ba bona. Mabakeng a mang ba holetse sebakeng seo monahano o joalo o sebelisoang. Mohlomong ba bang ba itseng ba holisitsoe ka chelete eo, ʼme ho thata ho bona ho nahana ka tsela e ʼngoe ea ho iphelisa.

Leha ho le joalo, litokisetso tsa ʼmuso tsa ho fana ka thuso ea chelete ha li jarolle Mokreste boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo. Pauluse o itse: “Ekare ha e mong a sa baballe ba . . . ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ʼme o fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Tim. 5:8) Haeba, linaheng tse ling, ʼmuso o thusa hloho ea lelapa ka thuso e nyenyane hore a hlokomele lelapa la hae—mohlomong ka penshene ea maqheku, lithuso tsa malapa le litokisetso tse kang tseo—a ka thabela tokisetso e joalo. Empa ho hlokomela lelapa e ntse e le boikarabelo ba hae.

Ka ho tšoanang, moapostola Johanne o boletse hore ke boikarabelo ba Mokreste ho thusa baena ba hae ba futsanehileng. (1 Joh. 3:17) Ke ʼnete, linaheng tse ling ʼmuso o ka thusa ba futsanehileng ka lintho tse bonahalang. Empa Mokreste o ntse a lokela ho ithusa. Mokreste o lokela ho tsoela pele a le seli ho fana ka thuso ea lintho tse bonahalang le ea moea ho ba hlokang.

E, litokisetso tse joalo tsa chelete tseo ʼmuso o fanang ka tsona ke tokisetso e mosa ea “Cesare.” Ha lithuso tse joalo, li ne li le sieo, mohlomong liphutheho tsa Bokreste li ne li tla etsa mosebetsi o moholoanyana tabeng ena ho feta kamoo li etsang hona joale. Leha ho le joalo, Mokreste ha lokela ho sebelisa lithuso tsena hampe. Ha a lokela ho bua leshano, a pate ʼnete kapa ka tsela e ʼngoe e itseng a tlole melao ea Bokreste. ʼMe ha a lokela ho itšetleha ka hore ʼmuso o jare boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo.

Lengolong la hae le eang ho Ba-Heberu, moapostola Pauluse o itse: “Ketso tsa lona li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane [Jehova] ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heb. 13:5) A boela a khothatsa Bakorinthe ho etsa “tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”—1 Ba-Kor. 10:31.

Ho hatelloa metheo e molemo hakaakang lengolong leo! Qoba lerato la chelete. Itšetlehe ka Jehova linthong tsohle, re ntse re amohela lithuso ʼmusong tseo re lokelang ho li fumana ho ea ka molao. Ntho efe le efe eo re e etsang, re nahane ka liphello tseo e tla li tlisetsa lebitso la Molimo. Haeba re boloka metheo ena e meraro likelellong tsa rona, re tla thusoa ho ba le pono e nepahetseng ka thuso e tsoang ʼmusong.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho thibela hore ketso e joalo ka ena e se etsoe hape, ho ile ha theoa tokisetso ea thuso e tsoang sechabeng

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

ʼNete ea hore naha e entse tokisetso ea ho thusa ka chelete ha e jarolle monna boikarabelo ba hae ba ho hlokomela lelapa la hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela