Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/1 maq. 8-11
  • Lihleke-hleke Tsa Canary li Bina Lithoriso Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihleke-hleke Tsa Canary li Bina Lithoriso Tsa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lanzarote Sehlekehleke se Leng Sepaka-pakeng?
  • Fuerteventura, Sehlekehleke sa Sahara
  • Grand Canary, Kontinente e Nyenyane
  • Tenerife, Sehlekehleke sa Paradeise
  • La Gomera, La Palma le Hierro—Sehlekehleke sa Moeli oa ʼNete
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/1 maq. 8-11

Lihleke-hleke Tsa Canary li Bina Lithoriso Tsa Jehova

NA U ka nahana ka lihlekehleke tse sehlotšoana tse bontšang setšoantšong sa polanete ea Mars, paradeise le Lehoatata la Sahara ka nako e le ’ngoe? Tseo ke lihlekehleke tsa Spanish Canary tse leng ka pelʼa lebopo la leoatle la Morocco ka leboea-bophirima ho Afrika.

Lipaki tsa Jehova li bile moo ho tloha ka 1958, ’me nakong eo seboka sa pele sa thuto ea Bibele sa tšoaroa motseng o moholo oa Las Palmas ho e-na le batho ba 6. Metsi a ’nete a ile a phalla ka bolokolohi ka lilemo tse 24 tse fetileng, ’me liphutheho li ile tsa hlaha libakeng tsohle. Ka April 8, 1982, palo ea ba bileng Sehopotsong lihlekehlekeng tsena e bile 4 357.

E re re u tsamaise ka potlako leetong lena la leoatle le tletseng lihlekehleke ʼme u bone litholoana tseo Jehova a faneng ka tsona.—1 Ba-Korinthe 3:6, 7.

Lanzarote Sehlekehleke se Leng Sepaka-pakeng?

Ha sefofane sa rona se tsamaea haufi le sehlekehleke re bona lintho tse hlollang. Ra bona bokaholimo ba thaba e tsoang seretse le mekoti e meholo e bakiloeng ke ho qhoma ha thaba. ʼMala o mofubelu le o motšo e bonahala haholo moo. Ra qala ho ipotsa hore na sefofane sa rona se tla emisa holim’a lefatše kapa polanete ea Mars.

Ha sefofane se se se theohile, ra khahloa ke lintho tse peli—ho hlokahala ha lifate le hore naha ke lehoatata. Pula e na seoelo, ka hona metsi a manyenyane. Balemi ba sebakeng seo ba leka ho fumana bophelo seretseng se hlatsitsoeng ke thaba ka ho cheka mekoti e mengata-ngata ho sireletsa morara o le mong. Mokhoa ona oa hlahisa peō e ntle ea merara.

Lipaki tsa Jehova tse leng sehlekehlekeng seo li bontšitse khothalo e tšoanang ho hlahisa litholoana tsa thoriso ho Molimo. Mohlala o mong o joalo ke Juan Cabrera Medina le mosali oa hae, Benedicta. Ba qalile ho kopana le Lipaki tsa Jehova mathoasong a bo-1970. Juan o-oa re phetela:

“Ke ne ke ea Kerekeng e Khatholike ka mehla, hoo moruti oa rona a neng a tloaetse lelepa la rona haholo. Ka tsatsi le leng motsoalle oa ka a nkopa ho mo thusa ho hanyetsa Lipaki tsa Jehova tse neng li mo etetse. Ka nahana hore hoo ho tla ba bonolo, empa puisano ea pele ea mpontša hore ke ne ke fositse. A tšoere Bibele ea hae ka letsoho, Manuel Sosa, ʼmoleli oa pula-maliboho ea khethehileng, ka bohlale a senola ho hloka tsebo ha ka. Ke ne ke sa tsebe le lebitso la Molimo. Phello e bile hore ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki.

“Matsatsinyana kamor’a moo ‘motsoalle’ e leng moruti a fihla ha ka. O ile a nchakela masiu a robeli a latellanang ka sepheo sa ho leka ho etsa hore ke se ithute Bibele. Ha a se a hlolehile ho etsa joalo a leka ho baka likhathatso mosebetsing oa ka. Ke ile ka tšosoa ka hore ke tla lahleheloa ke mosebetsi, empa hoo ha hoa ka ha sebetsa. Ka ema ke tiile.”

Ka baka la boemo ba Juan bo matla ʼneteng, litho tse hlano tsa lelapa la hae ke Lipaki. Ba kopanela le Phutheho ea Arrecife e neng e e-na le batho ba 111 ka 1982 Sehopotsong. Ho sehlekehleke se nang le batho ba 50 000, seo se bontša litholoana tse ntle.

Fuerteventura, Sehlekehleke sa Sahara

Haeba sehlekehleke sa Lanzarote se ile sa re hopotsa polanete e ʼngoe, sehlekehleke sa Fuerteventura se re hopotsa kontinente e ʼngoe—Afrika le Lehoatata la Sahara.

Lilemo tse fetileng tse tšeletseng Vicente Bueno, ea tsoang Zaragoza, Spain, le mosali oa hae ea tsoang Puerto Rico, Abigaile, ba ne ba ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng sehlekehleng sena. Vicente o hlalosa ketsahalo e khethehileng tšimong ea bona ea boromuoa:

“Tšimo ea rona e kopanyeletsa likete tsa masole a ma-Spain. Morao ka 1977 ra kopana le Máximo López, motsamaisi oa lipina tsa Sesole. A re kopa Bibele le buka ea ho ithuta Bibele ʼNete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Mosali oa hae o ne a sa thabele hakaalo, ʼme ra lebella hore leetong le latelang o tla re bakela mathata. Ra makala ha a re memela ka tlung ʼme ra kena moqoqong oa Bibele ho fihlela ka hora ea bone hoseng.

“Ka baka la thuto ea Bibele eo re e tšoarang beke le beke le bona, ba rera hore ba lakatsa ho kolobetsoa Kopanong ea Lichaba tsohle Barcelona ka Phato 1978. Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntse ho le teng bothata. Le hoja a ne a kopile ho lokolloa mosebetsing oa sesole tumello e ne e-so ho tle. Leha ho le joalo, ba mpotsa lipotso tsa ba eang kolobetsong hore mohlomong tumello e ka fihla ka nako. Ea fihla letsatsi pele kopano e qala! Ba ile ba khona ho ea Barcelona ho ea kolobetsoa.

“Hona joale re na le phutheho e nyenyane ea bahoeletsi ba 19 ba litaba tse molemo. Ebile thabo ho kopanela Sehopotso le batho ba 69. Sehlekehlekeng sena se kang lehoatata re na le seliba se tiileng sa moea lehoatateng.”

Grand Canary, Kontinente e Nyenyane

Ha u le ka sefofaneng sehlekehleke sa Grand Canary se bonahala se khaohantsoe likoto tse peli tse khethehileng—sekoto se ka leboea se nonneng se se tala, se tletseng masimo a libanana le lifate tse telele, le sebataola se ka boroa se iketsetsang mochato ha se kena lehoatateng la Maspalmas. Ha ho makatse ha sehlekehleke sena se atisa ho bitsoa kontinente e nyenyane.

Mosebetsi oa boboleli mona o na le monko oa Bochabela bo Hare, haholo mapolasing moo batho ba bontšang moea oa ho amohela basele. Ba ka ʼna ba se amohele bolumeli ba hao, empa ka mosa ba tla u phomosetsa ka tse pholileng.

Ka tsatsi le leng ka 1978, Yajaira Arais, khaitseli ea tsoang Venezuela, a etela ntlo e ʼngoe ʼme a khahlanyetsoa ke moroetsana, Julia Rosa. Julia o ne a tsoa ferekanngoa ke moruti oa bona ea hlōlehileng ho araba lipotso tsa hae. Ketelo ea Yajaira ea bonahala joaloka karabo ea thapelo ea hae. Hoba a arabeloe lipotso tsa hae ka Bibele, Julia a emela leeto le latelang ka hlolohelo e kholo hore a ithute ho eketsehileng. O bolela mantsoe ana ka ketelo eo:

“Ke ile ka hlolloa haholo ha Yajaira a ntumelisa ka ho bososela, hobane ke ne ke hloka motsoalle oa sebele. Hoseng hona hoo ka ithuta lebitso la Molimo, Jehova, ka khetlo la pele. Eo e bile tšenolo e kaakang ho ʼna ka mor’a hore ke rapele ka makhetlo a mangata ‘lebitso la hao a le ke le khethehe’! Ho tloha mohlang oo ka ithuta Bibele ka thuso ea ho ithuta Bibele ʼNete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka Motšeanong 1979 ka kolobetsoa ka tšoantšetso ea boineelo ba ka ho Jehova. Ho batla ha ka Molimo oa ʼnete ha putsa.”

Ka 1970, ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o lumelloa ke molao mane Spain, ho ne ho na le Lipaki tse 175 tse bolelang evangeli Grand Canary. Joale li eketsehile ho fihla ho 839, liphuthehong tse 14.

Tenerife, Sehlekehleke sa Paradeise

Ha re theohela boema-fofaneng ba Reina Sofia mahlo a rona a tšoasoa ke Thaba e telele ea Teide, hloho ea eona e tšoeu e hlatsang seretse e hlahile ka hara maru. E le bolelele ba limitara tse 3 717 ke thaba e telele ka ho fetisisa ea Spain.

Lebopong la leoatle le ka leboea ho Tenerife, ka nqane ho tšimo ea libanana ea Orotava, ho na le toropo ea Icod de los Vinos. José Ramírez le mosali oa hae, Antonia, ebile baboleli sebakeng sena ka lilemo tse ngata. O bolela mantsoe a latelang ka mokhoa oo baahi ba sehlekehleke sena ba amohelang boboleli ba Lipaki:

“Le hoja baahi ba sebaka sena e le batho ba mosa le ba tletseng khotso, ha baruti ba jala lehloeo re ee re fumane bothata. Ka mohlala, lilemong tse ʼmaloa tse fetileng, ha re ntse re bolela ka ntlo le ntlo sebakeng sa San Pedro Daute, ra kopana le Ester Alonso, ea bontšitseng khahleho Bibeleng. Qetellong monna oa hae le eena a qala ho ithuta Bibele. Sena sa tsosa khanyetso e matla e tsoang lelapeng la bona le ho metsoalle. Baahelani ba neng ba ba fa metsi ba hana ho ba fa hape. Sena sa bolela hore joale Ester o lokela ho ea selibeng sa motse ho ea hlatsoa liaparo.

“Ka tsatsi le leng o ile a lokela ho siea liaparo tsa hae li sa hlatsuoa ho se ea li lebeletseng. Ha a khutla a fumana hore motho e mong ka boomo o li tlatsitse litšila. Ke’ng ha batho ba tletse moea oa ho hloka Bokreste? Hobane moruti oa sebaka seo o hasantse libukana tse hanyetsang Lipaki ʼme o ba tšoaea liphoso lipolelong tsa hae.

“Ester ha a ka a hlōloa habobebe ʼme ka khothalo o ile a tsoela-pele a loanela borapeli ba hae ba ʼnete. Joale ho hlahile batho ba bahlano ba kolobelitsoeng sebakeng seo se se nyenyane ʼme beng ka eena le bona ba ithuta Bibele.”

Motse moholo oa Santa Cruz hona joale ho na le liphutheho tse ʼne. Sehlekehleke se koahetsoe ke Lipaki tse 774 tse mafolo-folo, liphuthehong tse 15.

La Gomera, La Palma le Hierro—Sehlekehleke sa Moeli oa ʼNete

Columbus o sebelisitse La Gomera joalo ka sebaka sa hae sa ho qetela sa ho nka mofaho pele a tsoela pele ka leeto la hae la ho tšela leoatle la Atlantic ho ea mabopong a sa tsejoeng. Lekhetlo la pele leo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa fihla sehlekehlekeng sena sa lithaba e bile ka 1972, ha Gary Nelson a fihla ho tsoa United States le Hasse Stenberg a tsoa Sweden. Ka potlako ba batla tulo ea ho lula e sa lefelloeng ha boima, ba itlhalosa ho beng ba matlo hore ke baromuoa.

“Le baromuoa ba mofuta ofe?” ba botsoa.

“Lipaki tsa Jehova.”

Ka karabo eo, e mong oa barali ba moo a kena ka tlung ʼme a khutla a tšoere libuka tse ngata tsa Watch Tower. “Re na le libuka tsena, empa ha re li utloisise. Na le ka re thusa?” Gary le Hasse ha ba ka ba hloka memo ea bobeli! Qetellong Gary o ile a nyala morali eo ʼme bobeli ba bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng Tenerife.

La Palma, la isla bonita, sehlekehleke se setle, se na le metsi a mangata. Ponahalo ea eona ke ea paradeise e tletseng lithaba e nonneng e tala. Ho na le liphutheho tse peli tsa Lipaki, e ʼngoe ka lebopong la leoatle le ka bophirima ba Los Llanos de Aridane e ʼngoe ka bochabela ho Santa Cruz de la Palma. Baahi ba libaka tseo ka bobeli ba 66 000. Sehopotsong lemong sena ho ne ho e-na le batho ba 113.

Sehlekehleke sa ho qetela seo re se etelang ke Hierro, sehlekehleke se ka bophirima bo hole. Ka makholo a lilemo basesisi ba ile ba nka sehlekehleke sena joaloka pheletso ea lefatše. Se hlasetsoe ke khaello ea metsi, se fepa batho ba hasaneng ba 7 000, ba leng hole le mathata a tsoelo-pele ea mehleng ena. Morao ka 1973 Gary le Hasse ba boletsoeng pelenyana e bile bona Lipaki tsa pele ho hata sebakeng seo. Kajeno mosebetsi oa boboleli o hlokometsoe ke Trinidad Vidal ea lilemo li 70, ea falletseng sebakeng seo ho tsoa Malaga, Spain, lilemo tse ʼne tse fetileng.

Haeba mohlomong u ka makala—lihlekehleke tsa Canary ha li ea reelloa ka litsoere tse hlaha empa ka lintja tse hlaha tse ileng tsa fumanoa moo lilemo tse 2 000 tse fetileng. Ka baka leo Pliny the Elder o ngotse “Canary [ho tsoa Selatineng canis, ntja], e bitsoa joalo ka baka la lintja tse ngata tse kholo.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lintja kapa linonyana, lithoriso tsa Jehova li binoa hohle sehlekehlekeng sa Canary ke Lipaki tsa Jehova tseo ka potlako li bolelang ʼMuso oa Molimo ka Kreste.—Mattheu 6:9; 24:14.

[Limmapa tse leqepheng la 8]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Spain

Africa

ATLANTIC OCEAN

[’Mapa]

Canary Islands

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela