Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ke hobane’ng, lilemong tsa morao, Molula-Qooa oa Senyesemane o sa hlole o sebelisa phetolelo ea moruti oa nako e fetileng oa Khatholike, Johannes Greber?

Phetolelo ena e ne e sebelisoa seoelo ho tšehetsa se boleloang ho Mattheu 27:52, 53 le Johanne 1:1, joalo ka ha se hlaha ho New World Translation le liphetolelong tse ling tse kholo tsa Bibele. Empa joalo ka ha ho bontšitsoe selelekeleng sa khatiso ea 1980 sa The New Testament ea Johannes Greber, mofetoleli enoa o ne a tšepile “Moea oa Molimo oa Lefatše la Moea” ho mo hlakisetsa hore ke joang a ka fetolelang litemana tse thata. Ho boleloa hore: “Mosali oa hae, senohe sa Moea oa Molimo oa Lefatše oa Moea o ne a atisa ho thusa Moruti Greber ka melaetsa e nepahetseng e tsoang ho Baromuoa ba Molimo.” Molula-Qhooa oa Senyesemane o bone ho sa lokela ho sebelisa phetolelo e nang le kamano e haufi hakaalo le bothuela. (Deuteronoma 18:10-12) Patlisiso ea barutehi e entseng motheo oa ho ngola litemana tse qotsitsoeng ka holimo ho New World Translation o-oa utloahala ’me ka lebaka leo ha oa itšetleha phetolelong ea Greber. Ka baka leo, ha ho letho le lahlehang, ka ho khaotsa ho sebelisa Testamente e Ncha ea hae.

■ Ke eng seo Ba-Heberu 1:7 e se bolelang ha e re Molimo o “etsa mangeloi a oona meea e fokang, le bahlanka ba oona malakabe a mollo?

Moapostola Pauluse, ha a bapisa mangeloi le Mora oa Molimo, o buile mantsoe ana ho Ba-Heberu 1:7. O ne a qotsa ho Pesaleme ea 104:4.

Kaha mangeloi ’ohle ke libopuoa tsa moea tse se nang ’mele ea nama, ho bonahala hore ha mangolo a re Molimo o “etsa mangeloi a oona meea” ha ho boleloe motsoako oo mangeloi a entsoeng ka oona. Ho e-na le hoo, kutloisiso e kopanyeletsa se boleloang ke “spirit,” ka Senyesemane. Mantsoe a pele a ngotsoeng e le “moea” (spirit) [se-Heberu, ruahh; se-Gerlke, pneuma] ana le khopolo ea motho ea “ho phefumoloha kapa ho bulula.” Ho itšetlehile ka taba, a ka ngoloa e le “moea” kapa “matla a sebetsang.” Ka hona, ntlha e boleloang ho Ba-Heberu 1:7 le Pesaleme 104:4 ka ho utloahalang ke hore Molimo o etsa mangeloi a hae a sa bonahaleng ho ba matla a moea kapa matla a matla haholo tšebeletsong ea hae. Hape a ka a sebelisa joaloka “lelakabe la mollo,” kapa “mollo o timeletsang,” ha a sebelisa ho ntšetsa pele likahlolo tsa bohale ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela