Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/1 leq. 32
  • A Bososela ke Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A Bososela ke Eona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/1 leq. 32

A Bososela ke Eona

Lengolong le tsoang Belgium, mongoli o hlalosa ka moeletsi oa molao eo a neng a sebetsa le eena: “Neng le neng ha ho ne ho ka etsahala, batho ba ne ba mo qoba ka lebaka la botumo ba hore o rata ho thothomelloa. Ho feta moo, o ne a sa lumele hore Molimo o teng ’me ho bua feela ka lentsoe ‘Molimo’ ho ne ho lekane ho mo halefisa. Pele a phomola mosebetsing, monna enoa a etela Iseraele. Ka ipha monyetla oa ho mo nea buka e bitsoang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, eo a ileng a ’makatsa ka hore a e amohele.

“Hona ha mpha monyetla oa hore ka bohlale ke bue le eena ka Bibele. A fetoha hoo basebetsi ba bang ba neng ba bolela hore ho thata ho mo hlokomela hobane o ne a sa atamelehe. Ofisi ea fetoha sebaka sa khotso. Bohle ba hloletsoe ke ho mo bona a bososela, a itšoere hantle.”

Buka e ileng ea thusa phetohong ena ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Buka ena e maqephe a 256, e nang le litšoantšo tse ntle e nea ’mali maikutlo a batsi ka seo Bibele e buang ka sona. U ka iphumanela ea hao. Tlatsa feela ’me u rōmele setlankane sena hammoho le moneelo oa R3.

Ka kōpo nthomelleng. poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, eo ke kentseng R3 bakeng sa eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela