Exoda—Ho Tsoa Tubehong ho ea Pusong ea Leholimo
JEHOVA a utloa mehoo ea bona ha e le ‘bahlanka ba tlatlapiloeng.’ E ne e le nako ea ho nka bohato, ’me a nka bohato e le Molopolli oa bona ea Matla ’Ohle. Nakoana kamorao ho moo, Molimo oa thea batho ba oona ba khethiloeng hammoho le ho ba hlophisa e le puso ea leholimo.
Hona, ha e le hantle, ke eona tlaleho e thabisang eo u tla e fumana bukeng ea Bibele ea Exoda. E ngotsoe ke moprofeta oa Moheberu Moshe, e bolela ka se ileng sa etsahalla Baiseraele ho tloha ka 1657 ho ea ho 1512 B.C.E. Mehlolo e meholo le ho etsoa ha molao o phahameng haholo ke tse ling tsa litšobotsi tsa buka ena.
Empa na Exoda ke ea bohlokoa ba sebele lekholong la lilemo la bo20? E Joalo ruri, joalokaha tlhahlobo ea rōna e khutšoanyane e tla bontša.
Khutsofatso ea Exoda
Joaloka baahi Egepeta, bana ba Jakobo ba ata ka potlako hoo morena a ntšang taelo ea hore ba hlomolisoe joaloka ‘makhoba a tujoang.’ Faro o bile o laela hore ho bolaoe masea ’ohle a bashemane a Baiseraele. Ngoana ea pholohang bofelo bo joalo ke eo ’m’ae a mo beang ka sethoto ka Nōkeng ea Nile. Morali oa Faro o fumana ngoana ’me o inkela eena, a mo rea lebitso la Moshe, le bolelang ‘ea pholositsoeng metsing.’ Le hoja a hōlisetsoa ka ntlong ea borena, ha a le lilemo li 40 Moshe o nka lehlakore le batho bahabo ba hateletsoeng, a bolaea Moegepeta. A tlameha hore a balehe, o ea Midiane, moo a nyalang ’me a phela e le molisana. Khabareng Faro o-oa shoa, empa Faro e mong o tuba Baiseraele. Ka nako ea teng Molimo o utloa mehoo ea bona ea thuso.—Exoda 1:1–2:25.
Ka letsatsi le leng Moshe o hlokomela sehlahla se tukang, empa ka mohlolo se sa che. Mono Jehova o mo rōma ka lengeloi hore a khutlele Egepeta le ho ntša Baiseraele bohlankeng bo nyefolang. Molimo o khetha Aarone moholoane oa hae hore e be ’muelli oa hae.—Exoda 3:1–4:31.
Moshe le Aarone ba hlaha ka pel’a Faro, ba kōpa hore Baiseraele ba lumelloe ho ea etsetsa Jehova mahlabelo feelleng. Morena oa Egepeta o hana ka ho nyelisa, empa joale Jehova o nka bohato ho iketsetsa lebitso. Faro oa moikakasi le lingaka tsa hae ho hang hase letho ha ba bapisoa le Moshe, eo Jehova a mo sebelisang ho tlisa likotlo tse matla. Leha ho le joalo, le kamorao ho likotlo tse robong, motubi oa Egepeta o ntse a le manganga!—Exoda 5:1–10:29.
Ha lokisetsa kotlo ea leshome, Jehova o laela hore Baiseraele ba keteke “paseka.” Ka la 10 Nisane, ba nka konyana kapa potsanyana bakeng sa ntlo ka ’ngoe. Phoofolo e bolaoa ka la 14 Nisane ’me mali a eona a fafatsoa likoseneng le mosehlelong o holim’a monyako matlong a bona. Ba e bese le ho e ja hoba letsatsi le likele, ba e jelella ka meroho le ka bohobe bo sa lomosoang. Ha malapa ana kaofela a le ka matlong, hoo e ka bang bosiu bo boholo lengeloi la Jehova le haola le naha empa le feta ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ea Moiseraele. Ho otla kotlo ea leshome. Lefu le oela matsibolo ’ohle a Egepeta, ho akarelletsa mora oa letsibolo oa Faro. Ka lebaka la sena o lokolla Baiseraele hore ba ikele.—Exoda 11:1–12:36.
Kapele, leha ho le joalo, mohatelli oa Egepeta le makhotla a hae a sesole ba lelekisa Baiseraele ka bohale. Empa Jehova o lopolla ka ho arola metsi a Leoatle le Lefubelu a fana ka tsela ea ho pholoha. Joale, ha Baiseraele ba sireletsehile ba le ka lehlakoreng le leng, Molimo o etsa hore leoatle le koahele Faro le makhotla a hae a lelekisang, ba khangoa ke metsi kaofela ha bona. Ke tsela e kaakang ea ho tseba Jehova le matla a hae a tšabisang!—Exoda 12:37–15:21.
Ho tloha moo ho ea Thabeng ea Sinai Arabia, Baiseraele ba ntse ba ithuta haholoanyane ka Jehova, ha a natefisa metsi a letsoai, a fana ka likoekoe tse ngata le ho ba nea lijo tse hlabosang tse bitsoang manna. Ka khoeli ea boraro ba lopolotsoe bohlankeng Egepeta, ba emisa liahelo mosikong oa Thaba ea Sinai. Ke moo ba amohelang melao ea Molimo, e akarelletsang “Melao e Shome” (“Mantsoe a Leshome”) ’me ba kena selekaneng le Jehova, Molopolli ea Matla ’Ohle oa bona.—Exoda 15:22–24:18; Deuteronoma 4:13.
Moshe o qeta matsatsi a 40 thabeng a ntse a amohela litaelo tse mabapi le borapeli ba ’nete le ho hahuoa ha tabernakele ea Jehova, tempele e nkoang ka matsoho. Ho sa le joalo, Baiseraele ba etsa namane ea gauda ba bile baa e rapela. Ha a theoha thabeng, Moshe o bona sena ’me o halefa haholo hoo a choatlang matlapa a mabeli ao ho ngotsoeng Mantsoe a Leshome ka mohlolo. Hoba barapeli ba fositseng ba litšoantšo ba otloe kamoo ho loketseng, o boetse o nyolohela thabeng ’me moo o fumana matlapa a mang hape a mabeli. Moshe o bontšoa pono ea khanya ea Molimo ’me o utloa Jehova a bolela hore O mohau, empa hape ha a cheche moo kotlo e tšoanelang.—Exoda 25:1–34:7.
Hoba Moshe a khutle thabeng ka lekhetlo lena la bobeli, ho qaloa mohaho oa tabernakele, ho lateloa mokhoa o fanoeng ke Jehova. Ho isa qetellong ea selemo sa pele sa Iseraele e lokolohile, tente ena ea mohlolo le thepa eohle ea eona lia phethoa. Tabernakele e-ea emisoa ’me thepa ea eona e felletse, moo joale Jehova a e tlatsang ka khanya ea hae.—Exoda 34:8–40:38.
Mohlomong u ile ua susumetsoa ka matla ke tlhahlobo ena ea liketsahalo tsena tse thabisang. Empa motho a ka ’na a ba le lipotso tse itseng ka ho bala Exoda, tseo tse ling tsa tsona li ka ’nang tsa arabeloa ha re nahana ka litšobotsi tse tharo tse khōlō tsa buka ka lipotso le likarabo.
‘Makhoba a Tujoang’
• 3:1—Jethro, mohoehali oa Moshe, e ne e le moprista oa mofuta Ofe?
Ho hlakile hore Jethro e ne e le hlooho ea leloko la Bamediane ’me a ikarabella bakeng sa ho ruta le ho etella pele litabeng tsa sechaba le tsa bolumeli. Kaha Bamediane e ne e le bana ba Abrahama ka Ketura, ba ne ba e-na le leseli la borapeli ba Jehova boo Abrahama a neng a bo ruta lelapa la hae kamehla. Ha re tsebisise hore na borapeli bo ne bo hloekile hakae mehleng ea Moshe. Empa Jethro a bontša kananelo e tebileng bakeng sa Jehova le hoja a sa ka a mo khetha ka ho khethehileng.—Exoda 18:1-24.
• 4:11—Na Jehova o ikarabella ka likholofalo tse kang bofofu?
Che, Jehova ha a ikarabelle ka taba e ’ngoe le e ’ngoe e kang kholofalo ea ’mele ea bofofu kapa ho thibana litsebe. Tsena li hlahile haholo-holo hobane Molimo o ’nile oa lumella moloko oa batho oa baetsalibe hore o be teng, baetsalibe Adama le Eva ba lahlehetsoe ke phetheho ea bona ’me, ka baka leo, matla a bona a hore ba be le bana ba phethahetseng. (Jobo 14:4; Ba-Roma 5:12) Joalokaha bana ba bona ba bile le bana, ho se phethahale ho ngatafalang, ho akarelletsang kholofalo ea ’mele, hoa bonahala. Ka ho lumella boemo bona hore bo hole, Molimo o ne o ka ipolela e le oona o “etsang” limumu, ba thibaneng litsebe le lifofu. Ka merero e tobileng, empa e le ka linako tse itseng feela, Jehova o ile a etsa hore batho ba foufale le ho sitoa ho bua. (2 Marena 6:18; Luka 1:20-22; 62-64; Liketso 13:8-11) Haeba batho ba ikhethela hore ba thibane litsebe le hore ba se ke ba bona moeeng, o ba lumella hore ba tsoele pele ho hlokeng tumelo ha bona le ho hana molaetsa oa hae, kahoo a ba ‘etsa’ ba thibaneng litsebe le lifofu ka kutloisiso ea moea. (Esaia 6:9, 10) Empa Jehova o fana ka kutlo ea moea le mahlo ho ba batlang ho mo khahlisa. Ho feta moo, ka ’Muso oa hae ka Jesu Kreste, Jehova, Molimo o lerato, o tla lokolla batho bofofung ba nama le likhoreletso tse ling kaofela.—Esaia 61:1, 2; 1 Johanne 4:8; Tšenolo 21:1-4.
• 4:24-26—Ke bophelo ba mang bo neng bo le kotsing, hona ha etsahala joang?
Kaha serapa sena se siretse, re na le maikutlo a hore: Mora oa Moshe ke eena ea neng a le kotsing ea lefu ka ho se phethe selekane sa pele sa lebollo. (Genese 17:9-14) Hoba ho tlosoe nama ea lipele tsa ngoana, Sefora a etsa hore bopaki bona ba hore ho phethiloe selekane bo ame maoto a lengeloi le iphetotseng motho, kahoo a bontša hore ha ho sa na lebaka la hore mora oa hae a shoe. Haeba a ne a bua ka Jehova ea romileng lengeloi e le “mohatsa ea mali,” ho ne ho tšoana leha a amohela boemo ba bosali selekaneng sa lebollo, ka Molimo e le monna.
• 6:3—Kaha Abrahama, Isaaka le Jakobo ba ne ba sebelisa lebitso la Jehova, ke ka kutloisiso efe Molimo o neng o sa ba senolela lona?
Lebitso Jehova le hlile le bolela “O Etsa Hore ho be,” ke hore, ho ea ka morero oa Molimo. Abrahama, Isaaka le Jakobo ba ne ba sebelisa lebitso le halalelang ’me ba fumana litšepiso tse tsoang ho Jehova. Empa leha ho le joalo ba ne ba sa tsebe kapa hona ho latsoa Jehova e le Ea etsang hore litšepiso tsena li phethahale ka ho feletseng. (Genese 12:1, 2; 15:7, 13-16; 26:24; 28:10-15) Leha ho le joalo, lebitso la Jehova le ne le tla tloha le bolela ho holoanyane bakeng sa bana ba bona, Baiseraele. Ba ne ba tla tsebisisa seo le hlileng le se bolelang ha Jehova a phethahatsa morero oa hae ho Iseraele ka ho ba lopolla botubong ’me joale a ba nea Lefatše la Pallo phethahatsong ea selekane sa hae le bo-ntat’a bona moholo.
• 7:22—Baprista ba Baegepeta ba ile ba fumana metsi ao e seng mali hokae?
Ba ne ba ka ’na ba sebelisa a mang a metsi a nkiloeng Nōkeng ea Nile pele ho kotlo ena. Leha ho le joalo, metsi a sa ameheng a ne a ka ’na a fumanoa ka ho fata liliba mobung o mongobo oa Nile. (Exoda 7:24) Mohlomong baprista ba ile ba sebelisa metsi a joalo e le hore ba ka etsa malepa a bona.
• 12:29—Na ba batona le ba batšehali ba ne ba nkoa e le matsibolo?
Matsibolo a ne a akarelletsa ba batona feela. Hona ho totobala ntlheng ea hore hamorao, ha ho ne ho etsoa phapanyetsano ka ho nea Jehova Balevi, ke ba batona feela ba ileng ba khethoa. (Numere 3:40-51) Faro ka boeena e ne e le letsibolo, empa ha a ka a bolaoa kaha o ne a e-na le lelapa ’me hase hlooho empa ke mora oa letsibolo oa lelapa ea ileng a shoa bosiung boo ba Paseka.—Exoda 12:12.
Ho Lopolloa ke Jehova
• 15:8—Kaha metsi a Leoatle le Lefubelu a ne a ‘tiile,’ na a ne a le leqhoa?
Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘tiile’ mona le bolela ho honyela kapa ho ipōpa. Ho Jobo 10:10 lentsoe le sebelisoa mabapi le ho tiea ha lebese. Kahoo ha se hlile hase ho bolela hore marako a metsi a ile a hoama hore e be leqhoa. Kaha ha ho letho le bonahalang le neng le tšoere metsi, a ne a ka ’na a bonahala a tiile, a sataletse kapa a ipōpile e le hore a eme joalo. Haeba moea o boletsoeng pelenyana o ne o bata ka ho lekaneng hore o ka etsa metsi leqhoa, ntle ho pelaelo ho ka be ho boletsoe hore na ho ile ha bata hakae.—Exoda 14:21.
Ho Hlophisoa e le ba Puso ea Leholimo
• 20:5—Na hona ho bolela hore ba tšepahalang ba ne ba tla otloa?
Che, hobane motho ka mong, hoba a fihle lilemong tsa ho ikarabella, o ahloloa ka boitšoaro le boikutlo ba hae. (Bapisa Ezekiele 18:20.) Leha ho le joalo, ha hamorao sechaba sa Iseraele se fetohela borapeling ba litšoantšo, se ile sa hlomolisoa ke liphello tse mpe tsa hona melokong e latelang. Ba tšepahalang ha baa ka ba otloa ka lebaka la sebe sa sechaba, le hoja ba ile ba utloa liphello tse ling tsa hona. Ho ne ho le thata hore bana ba tšepahalang ba hanane le moea oa botlokotsebe ba bolumeli ba sechaba, empa ka ho etsa joalo ba thabela mosa o lerato oa Jehova.
• 23:20-23—Lengeloi le ileng la boleloa mona ke lefe, ’me ke joang lebitso la Jehova le neng “Le le ho lona”?
Mangeloi a mang ntle ho Jesu Kreste pele e e-ba motho a ’nile a sebelisoa ho fetisetsa molao oa Molimo ho Moshe. (Johanne 1:1-3, 14; Ba-Heberu 2:2, 3) Empa hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore lengeloi leo Jehova a ileng a re ‘lebitso la hae le ho lona’ e ne e le Jesu pele e e-ba motho oa nama. O ile a sebelisetsoa ho etella pele Baiseraele tseleng e eang Lefatšeng la Pallo. (1 Ba-Korinthe 10:1-4) Jesu, eo lebitso la hae le bolelang “Poloko ea Jehova,” ke eena ea ka sehloohong ho phahamisa le ho tumisa lebitso la Ntate oa hae.
• 32:25—Ke hobane’ng ha Aarone a sa ka a otloa ka ho etsa namane ea gauda?
Hona Aarone o ho entse ka ho kōpuoa ke sechaba, e seng hobane ho tloha pelong ea hae a ne a rata borapeli ba litšoantšo. Hamorao, ho bonahala a ile a ikopanya le Balevi ba bang ho emela Jehova le ho tsoa ba neng ba hanyetsa Moshe ka lekhetlo lena. Hoo e ka bang batho ba 3 000 (mohlomong baeta-pele) ba bolaoa, empa ba bang hape ba ne ba le molato hobane kamor’a ho fela ha ba 3 000 Moshe o ile a hopotsa sechaba hore se sitiloe haholo. Kahoo ke batho ba bangata ho feta Aarone ba ileng ba amohela mohau oa Jehova ka nako eo.—Exoda 32:1-6, 26-35.
• 34:26—Molemo oa taelo ee ea hore namane e se ke ea phehoa ka lebeseng la ’m’a eona e ne e le ofe?
Ho phehoa ha namane, kapa potsanyane, ka lebeseng la ’m’a eona ho tlalehoa hore e ne e le tokelo ea bohetene ea ho rapella pula. Kahoo mohlomong Baiseraele ba ile ba neoa molao ona ho ba suthisa ho hang mekhoeng e joalo. Leha ho le joalo, molao ona, hammoho le e meng, ho bonahala e hatisa ’nete ea hore ho na le mokhoa o loketseng le o tšoanelehang litabeng tsohle. Jehova o ne a lokiselitse lebese la ’me hore le fepe ngoana oa hae. Empa ho belisa ngoana oa hae ka ho lona ho ne ho tla fella ka kotsi le lefu, ho fapaneng le se neng se reriloe ka lebese. Molao ona le oona ho bonahala o ruta ho hong ho bontšang batho ba Jehova ba selekaneng hore ha baa lokela ho etsa ka tsela e seng mohau empa ba qenehele.
Se Hlileng se Boleloang ho ba Tšepahalang
Exoda ke tlaleho e susumetsang ea bokhoba tubehong, topollo ea Molimo le ho hlophisoa ha mokhatlo oa puso ea leholimo. Empa Lipaki tsa Jehova tsa lekholong la bo20 la lilemo li ka ithuta eng bukeng ee?
Jehova o boloka batho ba hae. Hona o ho entse ka ho tšehetsa le ho hlohonolofatsa Baiseraele ha ba ne ba le ‘bohlankeng ba tubeho.’ (Exoda 1:7, 14) Ka ho tšoanang, Jehova o boloka lipaki tsa hae tsa kajeno, le har’a mahloriso a boima.
Jehova ke Molopolli eo ho seng ea kang eena. Hoo ho ile ha totobala hakaakang Leoatleng le Lefubelu! Kahoo, lipaki tsa hae tsa kajeno li ka tšepa hore le tsona, li tla pholosoa e le sehlopha “mahlomoleng a maholo” a tlang tlas’a letsoho le matla ’ohle la Molopolli enoa e Moholo.—Mattheu 24.20-22; Tšenolo 7:9, 14.
Jehova ke Molimo oa mokhatlo oa puso ea leholimo. Melao ea hae, ha e mameloa, e ne e nolofaletsa Baiseraele ho mo rapela ka mokhoa o laolehileng, o sireletsehileng, o thabileng o neng o hlonepha lebitso la hae. Ha ho bapisoa, Jehova o hlophisitse lipaki tsa hae tsa kajeno e le boena bo laolehileng, bo sireletsehileng le bo thabileng. Hore re sireletsehe le ho thaba, re tlameha ho sebeletsa Molimo ka botšepehi re le karolo ea mokhatlo oa ona oa puso ea leholimo e tlotlisang lebitso la oona le halalelang.—Pesaleme ea 100:1-5; 1 Petrose 2:17.
Ena ke e meng ea melemo e mengata e ka fumanoang bukeng ea Exoda. E se eka tumelo ea rōna e ka tiisoa ha re nahana ka tlaleho ena e thabisang ea topollo ea bomolimo tubehong ho ea taolong ea puso ea leholimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Thabeng ea Sinai Jehova a hlophisa Baiseraele hore e be ba busoang ke Molimo