Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/1 maq. 3-4
  • Pere e Ntšo ea Tlala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pere e Ntšo ea Tlala
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tlala e Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/1 maq. 3-4

Pere e Ntšo ea Tlala

“EABA kea talima, ka bona pere e ntšo, ʼme ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ʼMe ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ʼne, le re: Khala e le ʼngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine.”—Tšenolo 6:5, 6.

Ka mantsoe ana a sa faneng ka tšepo moapostola Johanne a hlalosa mokalli oa pere ea boraro ho tse ʼne tse leng ho Tšenolo, e leng, mokalli oa pere e ntšo ea tlala.a Na u kile ua ipotsa hore ho kalla ho joalo ho tšosang ho etsahetse neng? U lokela ebe u ipotsitse. Ho boletse phetoho e khōlō eo lefatše le kileng la e bona.

Ba bang ba nahana hore ke khale pere ea mokalli enoa e kholopa har’a batho. ʼMe ke ʼnete hore pale e tletse ka litlaleho tsa tlala ho tloha ka Abrahama le Josefa ho fihla ka 1878-1879 ha tlala ea bojalikata e oela Chaena. (Genese 12:10; 41:54) Lipalo li bontša hore ho ile ha shoa ma-Chaena a ka bang limillione tse 9 ho ea ho tse 13 tlaleng eo.

Leha ho le joalo, pere e ntšo le mokalli oa eona ha e amane le likhaello tsohle tsa lijo tse teng paleng. Hobane’ng ha ho se joalo? Kahobane ponong Johanne o ile a bona pere e ntšo e etelletsoe pele ke pere e khunong ea ntoa hammoho le pere e tšoeu eo mokalli oa eona a neng a roetse moqhaka. Mokalli enoa ke Jesu Kreste, Morena ea neng a sa tsoa hlongoa ʼme a tloha e le “ea hlōlang le ea tla hlōla.” (Tšenolo 6:1, 2) Ka baka leo, ho kholopa ha pere e ntšo le mokalli oa eona ho tšoantšetsa tlala e neng e tla oela lefatše ho tloha ho khethoeng ha Jesu e le Morena oa ʼMuso oa Molimo.

Pono ea banna ba lipere tsa Tšenolo e tsamaisana hantle le boprofeta bo boletsoeng ke Jesu ka boeena. Ka lekhetlo le leng o boletse lintlha tse qaqileng mabapi le maemo a lefatše a neng a tla tšoaea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng e le Morena oa leholimo. Karolo ea boprofeta boo e re: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ʼmuso o mong o loantše ʼmuso mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata.”—Mattheu 24:3, 7.

Pontšo ena e phethahatsoa neng? Ke ne’ng haholo-holo pere ea tlala e haolang le lefatše? Ka lilemo tse ngata Lipaki tsa Jehova li ʼnile tsa bolela hore moloko o boneng selemo sa 1914 o bone ka mahlo liphello tsa mokalli oa pere eo. Na kutloisiso ea tsona e nepahetse?

Mohlomong ba bang ba ka re, ‘Che, ha ea nepahala. Hobane lefatše le hlahisa lijo tse ngata ho feta leha e le neng pele, ʼme re leboha mokhoa o mocha oa temo haholo. Ho na le mekhatlo e menyenyane e sebelisanang le Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o mong oa eona ke FAO (Mokhatlo oa Lijo le Temo), mokhatlo ona o leka ka hohle ho tiisa hore e mong le e mong o fumana lijo tse lekaneng. Ho feta moo, batho ba bangata linaheng tse sa tšoaneng ba se ba phela hantle haholo. Lichaba tse kang Engelane, moo tlala e neng e atile, ke seoelo ho nang le likhaello tsa lijo. Linaha tse ngata kajeno li thabela boemo bo phahameng ba bophelo. Re ka bolela joang hore moloko ona, ho feta e meng, o hlokofalitsoe ke liphello tsa pere e ntšo ea tlala?’

Potso eo e thahasellisa haholo. Ke ʼnete hore ho theosa le pale batho ba ʼnile ba mamella likhaello tse sa tšoaneng tsa lijo. Moapostola Johanne le Jesu Kreste ba ne ba tseba sena. Empa leha ho le joalo ba ile ba profeta ka nako eo tlala e neng e tla ama lefatše ka tsela e totobetseng. Likhaello tse joalo tsa lijo e ne e tla ba tse totobetseng ka tsela efe? ʼMe, leseling la katleho ea moruo ea lefatše la kajeno, na ho na le lebaka la ho lumela hore moloko o phelang hona joale o bone likhaello tsa lijo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho bala ka bakalli ba lipere tse ʼne le hlaloso ea boprofeta, re kopa hore u bone tokollo ea Molula-Qhooa oa November 1, 1983.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela