Ho Hlahlobisisa Tšenolo
HAEBA ho ne ho ka thoe u thathamise lintho tse ka u thabisang, na u ne u ka kopanyelletsa buka ea Bibele ea Tšenolo lethathameng leo?
Batho ba bangata ba ke ke ba etsa joalo. Empa motho e mong le e mong ea utloisisang Tšenolo o tla lumellana le mantsoe a moapostola Johanne a bulang buka ena: “Ho lehlohonolo ea balang, le ba utloang litaba tsa boprofeta bona, le ba bolokang tse ngoliloeng teng.”—Tšenolo 1:3.
‘Empa,’ u ka ’na ua re, ‘ho thata ho utloisisa seo ke se balang ho Tšenolo.’ Lebaka le leng le bakelang hoo ke hobane boholo ba buka ena bo ngotsoe ka puo ea tšoantšetso. Hore re e utloisise, re lokela ho tseba Bibele eohle hammoho le litšebelisano tsa Molimo le batho ba oona lilemong tse fetileng.
Mohlomong u fumane bothata bo bong ka ho utloisisa Tšenolo. Kaha e jere lipono tse ngata tse sa tšoaneng le litšoantšo tse hlalosang, batho ba bangata ba lahleheloa ke molemo oa eona. Ka tšoantšetso, ba sheba sefate se le seng ’me ba hlōleha ho checha ho se hokae hore ba bone sebaka sohle se moru o tetetsaneng. Re hopotse hona, a re akheleng mahlo a rōna bukeng ea Tšenolo hore re bone kamoo likarolo tse sa tšoaneng le lipono li amanang. Hore bea leseling, hlokomela tatelano e le ’ngoe, e kang ea litiiso tse supileng, e re isang hape letotong le leng, literompeta tse supileng. Setšoantšo se leng leqepheng la 30 se tla u thusa. Ha re ntse re hlahlobisisa buka ena, re tla kenyelletsa mantsoe a se makae a hlalosang, boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa libukeng tse ngotsoeng mona tlase.a
Tšenolo e ea Qalisa
Buka ea Tšenolo e ngotsoe ka mokhoa oa lengolo, e ngotsoe hoo e ka bang ka 96 C.E., ke moapostola Johanne a ngolla “likereke tse supileng” tsa Asia Minor, tse emelang liphutheho tsohle tsa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea. (1:4) Kenyelletso (1:1-3) E senola Molimo e le mohloli oa boitsebiso ’me Jesu e le mocha oa Tšenolo. E bolela ka thabo e hlahelang ba utloang le ba bolokang mantsoe a boprofeta.
Kamor’a hore moapostola a bolele ka Jehova le Jesu, a itsebahatsa ’me a bontša hore mantsoe a latelang a bua haholo-holo ka “letsatsi la Morena” (ho tloha ka 1914). O bona pono e khanyang ea Jesu ea tsositsoeng, eo ka eena buka e neiloeng Johanne. Liphutheho tse supileng li ngolloa mangolo. (1:4–3:22) Kaha Jesu o tseba boemo ba moea ba Bakreste ba moo, o-oa ba babatsa, o ba nea keletso le temoso. Sena se lokela ho re kholisa hore Molimo o ’nile oa koetlisa ba tla ba leholimong e le marena holim’a lefatše.
Ha Johanne a se a bone eo e tla ba mocha oa Tšenolo, o bona Mongoli oa eona. (4:1-11) Molimo o-oa khanya ’me o-oa tsoteha, o hloka hlompho le borapeli ba rōna. Ho potoloha terone ea Molimo ho na le libopuoa tse phelang tse bontšang litšoaneleho tsa hae. Baholo ba 24 (Bakreste ba busang leholimong) le bona ba rapela ’Mopi ’me ba lumela hore libopuoa tsohle li lokela ho etsa joalo. Jehova o na le buka e manehiloeng, empa ke mang ea ka e manollang?—5:1-4.
Johanne o bona Konyana, Jesu, a nka buka. Khaolo 5 e hlalosa hore Kreste o tšoaneloa ke hlompho. Ka baka leo re lokela ho mo nea hlompho ’me re thabele molaetsa oa buka e buang ka morero oa Molimo o amang leholimo le lefatše mehleng ea rōna. Ho e-na le hore a bale buka feela, Johanne o e bona e sebetsa. Kreste o qala ho manolla litiiso tse supileng.
Tiiso ea pele e senola Jesu e le morena ea busang le ea hlōlang. Ea bobeli e senola lipere tse ’ne tse tšoantšetsang ntoa, tlala le lefu (tse kang tseo re li boneng ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše) tse isang batho ba bangata Hades, lebitleng. Ha ho manolloa tiiso ea bohlano, ho tiisoa hore Molimo o tla sireletsa Bakreste ba hlorisoang le ba shoelang tumelo. Seo Johanne a se bonang ha ho manolloa tiiso ea botšelela se bontša hore ho tla ba le liphetoho leholimong le lefatšeng le hore batho ba tla leka ho ipatela bohale bo tlang ba Molimo.—6:1-17.
Pele ho manolloa tiiso ea bosupa, Johanne o bona mosebetsi o lokelang ho etsoa pele Molimo o lumella sekhohola se timetsang sa mahlomola. (7:1-17) Ho phethoa mosebetsi oa ho khethoa ba 144 000. (Hamorao, [14:1-3], ho bontšoa mosebetsi o seng o entsoe.) Mangeloi a thibetseng mahlomola a timetsang a lumella “bongata bo boholo” ho fumana mohau oa Molimo le ho mo rapela hammoho le ba 144 000. Joale tiiso ea bosupa e-ea manolloa ’me ha khutsa ho emetsoe se tla hlaha.—8:1-6.
Literompeta tse Supang
Mangeloi a supileng a lokela ho letsa literompeta tse supileng. (Bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba qala ho tsebahatsa melaetsa ea kahlolo likopanong tsa bona ka 1922-1928). Ka baka leo, mantsoeng a bulang a letoto la likotsi tse supileng, ea ho qetela e fetoha pono ea lintho tse ling tse supileng, literompeta. Melaetsa e mehlano e kang literompeta e buang ka metheo ea phutheho ea Satane e-ea tsebahatsoa. Ea bohlano e kopanyeletsa kotsi ea baboleli ba kang litsie; ebile ho thoe ke ea ho qala ho likotsi tse tharo. Ha ho letsoa terompeta ea botšelela, ho boleloa ka ho lokolloa ha ba tlanngoeng Eufrate, moo Babylona ea boholo-holo e neng e le teng. (Mehleng ea kajeno Bakreste ba bang ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše.) Pono e bontša lekhotla la bahlabani ba 200 000 000 le hlorisoa.—8:7–9:21.
Joale ho kenella terompeta ea botšelela; Johanne o bona lengeloi le tšoere bukana e jeoang. (10:1-11) Moapostola o ithuta hore ha ho letsoa terompeta ea bosupa sephiri sa Molimo se tla phethahatsoa. O ja bukana ’me o bolelloa ka mosebetsi o eketsehileng oa boprofeta o tla etsoa. Hape o lokela ho lekanya tempele (ea moea). Johanne o bolelloa hore lipaki tse profetileng nako ea (1914-1918) li ne li tla bolaoa ke libatana ’me qetellong li tsosoe. Hlokomela hore ho boleloa ka sebatana empa ha se e-s’o hlalosoe. Ho tsosoa ha lipaki ho lateloa ke tšenyeho ea bokoenehi Jerusalema, e felisang terompeta ea botšelela le kotsi ea bobeli.—11:1-14.
Ha ho letsoa terompeta ea bosupa ho etsoa tsebiso ka ho hlonngoa ha ’muso (“kotsi ea boraro” ho lira tsa Molimo). Sena se fella ka hloriso e bohloko e tsoang lichabeng. (11:15-19) Khaolo e latelang e hlalosa ka botlalo se etsahetseng. Johanne o bona mosali ea khanyang (phutheho ea leholimo ea Molimo) e tsoala mora (’Muso) ho sa tsotellehe khanyetso ea Diabolose. Kamor’a ntoa leholimong, Satane o lahleloa lefatšeng, moo a hlorisang masala a Bakreste ka baka la botšepehi ba bona. (12:1-17) ’Me sena se re lemosa ka sera se seholo, Satane. Empa lira tse ling le tsona lia hlahella. Sera se seng ke sebata (phutheho ea Diabolose ea bopolotiki ea bobatana) se nyoloha leoatleng. Se loana le Bakreste, ba lokelang ho ba le mamello le tumelo. (13:1-10) Sebata se seng, se nang le linaka tse peli, se khothalletsang ho rapela setšoantšo sa sebata sa leoatle, se tšoantšetsa hantle ’muso o kopaneng oa Manyesemane le ma-Amerika oa bopolotiki o busang boemo ba lefatše mehleng ena.—13:11-18.
Na lira tsena li tla emisa ho khethoa ha ba 144 000? Che! Johanne o bona ba 144 000 ka thabo ba bina Thabeng ea Sione. (Bana kaofela ba oela tlas’a terompeta ea bosupa.) ’Me mangeloi a mararo ka ho khethehileng a lemosa ka kotsi e larileng ka pel’a lira. Lengeloi le leng le bolela hore Molimo o tla tlisa kahlolo. ’Me la laela: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona.” ’Me la bobeli le bolela hore Babylona e Moholo o oele. La boraro le bolela ka ho hlokofatsoa ha barapeli ba sebata le setšoantšo. Mangeloi a mang a bolela e sa le pele ka ho kotuloa le ntoa ea Harmagedone.—14:1-20
Linkho tse Supileng le Babylona e Moholo
Kamor’a likahlolo tsena le litsebiso, Johanne o bona mangeloi a supileng le likotsi tse supileng. (Tsena le tsona li oela tlas’a terompeta ea bosupa; ka baka leo, ho latela letoto le leng.) Ho sa tsotellehe hloriso, ba bangata baa hlōla ’me ba bina lithoko. Mangeloi a supileng a tla tšolla linkho tse supileng tsa bohale, tse senolang boikutlo ba Molimo ka maemo a sa tšoaneng a lefatše le liphello tsa likahlolo tsa hae. Ho tšoana le terompeta ea botšelela, nkho ea botšelela e kopanyelletsa Eufrate (Babylona). Hape ho boleloa ka ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ (Harmagedone), empa ha ho fanoe ka makolopetso ’ohle. Ha e le ka nkho ea bosupa ho hlaha lentsoe le reng, “Ho entsoe!” ’me Babylona e moholo o aroloa likoto ’me oa heleha.—15:1–16:21.
Hamorao Tšenolo e hlalosa ka timetso ea Babylona ea mehleng ena, e re hopotsang Babylona oa boholo-holo setsi sa bolumeli ba bohata. Babylona eo ho boleloang ka eona ho Tšenolo e tšoantšoa le seotsoa se kaletseng sebata se ’mala oa sekarelata se nang le lihlooho tse supileng tse emelang marena—le morena oa borobeli ea latelang oa bosupa. (Ka bokhutšoanyane sena se tšoantšetsa Selekane sa Lichaba, seo hamorao se ileng sa nkeloa sebaka ke UN—mekhatlo ena ka bobeli e entsoe ka lichaba tse ngata.) ’Me lengeloi le re ha nako e ntse e tsamaea manaka a loanang a sebata a tla loantša Konyana. Empa pele manaka a leshome a tla felisa seotsoa. (17:1-18) Batho ba khothalletsoa ho tsoa ho Babylona e Moholo oa bolumeli pele hoo ho etsahala. Hoba a timetsoe, marena le bahoebi ba mo llela, empa leholimo le thabela ho felisoa ha hae. (18:1-24) Molimo o lokela ho rorisoa ka ho tlisa kahlolo. Haholo-holo ho thaba monyali oa Konyana “bahalaleli,” hobane o hlōtse seotsa.—19:1-10.
Joale ntoa ea Molimo e tsoela pele ho ba loantšang Konyana ’me e-ea eketseha. Mekhatlo e hanyetsang le batho ba felisoa. (19:11-21) Ho thoe’ng ka meea e mebe? Satane o lahleloa sekoting ka lilemo tse sekete. Nakong eo Kreste le ba 144 000 e ba marena le baprista ka mokhoa o khethehileng. Bofelong ba lilemo tse sekete Satane o felisoa ka ho sa feleng, pono e bontša ho hlōloa ha Satane le bokoenehi ba batho ba bang. Kaofela ba liheloa letšeng le tukang mollo. (20:1-10) Ha e khutlela morao ho hlalosa liketsahalo nakong ea lilemo tse sekete, pono e bontša batho ba shoeleng le ba tsositsoeng ba ahloloa e le ba tšoaneloang ke bophelo bo sa feleng kapa timetso.—20:11-15.
Kaha maholimo a khale le lefatše la khale li tlositsoe, Johanne o bona leholimo le lecha le lefatše le lecha, hammoho le mahlohonolo a tla tlisetsoa batho. Hape o bona motse, e seng Babylona, empa Monyali oa Kreste. Oa halalela, o phethehile, hammoho le noka e phallang ho oona. Ho entsoe litokisetso tse ngata mabapi le bophelo ba batho. Letoto la lipono tsa Tšenolo le fihla bofelong ba lona ka setšoantšo se khanyang sa phutheho e busang ea tsamaiso e ncha ea lintho.—21:11–22:7.
Johanne o ikutloa a hlolloa, ’me o batla ho rapela moemeli ea hlahisitseng pono; empa o-oa khalemeloa. Boprofeta ha bo e-so ho koaholloe. Ba bo utloang ba lokela ho memela ba bang ho nka “metsi a bophelo.” Ha ho ea lokelang ho eketsa kapa ho fokotsa tsa buka. Hape Jesu o hopotsa babali hore o tla ka pele. Johanne oa arabela ’me o phetha ka litakalatso tse molemo ho bahalaleli.—22:8-21.
Ha u sheba chateng ena, na u ka bolela hore u utloisisa hamolemo seo Tšenolo e se jereng le kamoo metheo e kahar’a eona e amanang? Leha ho le joalo, ho hlokahala ho hongata. Re lokela ho ithuta le ho ananela ka botlalo seo lipono tsa tšoantšetso li se bolelang bukeng ena e bululetsoeng ’me re sebelise molaetsa oa eona bophelong ba rōna. Ka ho etsa joalo re tla ba le mahlohonolo, ho kopanyelletsa le thabo eo Johanne a boletseng ka eona litemaneng tse bulang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li fumana thuso e khōlō lithusong tse peli tsa ho ithuta Bibele tse hlalosang Tšenolo temana ka temana, “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules! (1963) le “Then Is Finished the Mystery of God” (1969), libuka tsena ka bobeli li fumaneha ho bahatisi ba makasine ona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Ho manolloa ha tiiso tse supileng ho ile ha etsa hore ho letsoe literompeta tse supileng
Ha ho letsoa literompeta tse tharo tsa ho qetela, likotsi tsa hlaha. Kotsi ea boraro ea e lebisa letotong la linkho tse supileng
Mangeloi a supileng a tšolla linkho tsa bohale ba Molimo, lefatše la oeloa ke likotsi tse supileng