Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 3-4
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Na li Bakoa ke Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Na li Bakoa ke Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšisinyeho tsa Lefatše Mehleng ea Bibele
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše na ke Pontšo ea Bofelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše, Boprofeta ba Bibele le Uena
    Tsoha!—2002
  • Litšisinyeho tsa Lefatše—Tlokotsi e Ntseng e Hloellana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 3-4

Litšisinyeho Tsa Lefatše Na li Bakoa ke Molimo?

“Tlas’a maoto a hao lefatše le tiileng le tetebela joaloka seretse. Ha u nka mehato e meraro kapa e mene ho ea pele u akheloa morao joalokaha eka u-ua tsokotsoa. Ha u oela fatše u thatafalloa ke ho ema hobane u tsokotsehela koana le koana. Lifate li tsokotseha ka matla, lihlohlolo tsa tsona li otlana fatše—li otla ka lehlakore lena joale li otlane ka le leng—tse ling li petsoha kotoana tse peli. U re u leka ho balehela tseleng; tsela eona e meneka joaloka noha ka pel’a mahlo a hao. Fatše—kae le kae—u bona lefatše le ahlama le bile le kopetsa hape. U tšoaroa ke ho tšoha. Ha ho moo u ka balehelang teng. Ha u inahana: ‘Ke bofelo ba lefatše!’”—Sarah Burn Plunkett, lehlatsipa la tšisinyeho ea lefatše ea Alaska ea 1964.

NA U Kile ua ba moo lefatše le hlokolehang ke tšisinyeho ea lefatše? Le haeba ha u e-so ho be boemong bo joalo, litšisinyeho tsa lefatše li ama bophelo ba hao. Joang? Ka litsela tse peli bonyane. Ea pele, ho sa tsotellehe hore na u phela hokae, li bontša hore lefatše leo u tsamaeang holim’a lona lea sisinyeha nako le nako. Ea bobeli, ebile e le ea bohlokoa haholo, litšisinyeho tsa lefatše tsa kajeno ke lipontšo tsa “bofelo” ba ‘tsamaiso ena ea lintho’ ea lefatše lohle. Ntlheng ena, boprofeta bo tsebisahalang bo re: “Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:9-11; Mattheu 24:3-8) Bibele e boletse pele ho nako hore litšisinyeho tsa lefatše tsa sebele e ne e tla ba karolo ea “pontšo” e supang nakong ea ha ’Muso oa Molimo oa leholimo o ne o tla felisa bobe le ho thea Paradeise ea khotso lefatšeng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Mattheu 6:10) Hona ho ka ’na ha susumelletsa ba bang hore ba botse: “Na e be Molimo ke oona o ikarabellang bakeng sa litšisinyeho tseo tsa lefatše?”

Litšisinyeho tsa Lefatše Mehleng ea Bibele

Na ke litšisinyeho tsohle tsa lefatše tse bakoang ke Molimo? Che! Litšisinyeho tsa lefatše ke ntho e tlang ka tlhaho joaloka moea kapa pula. Litšisinyeho tsa lefatše li ’nile tsa e-ba teng ka mengoaha e mengata. Ka karolelano, lefatše le thothomela ka lekhetlo le le leng ka metsotsoana e meng le e meng e 30.

Mabakeng a seng makae litšisinyeho tsa lefatše li ne li etsoa ke Jehova Molimo. Ka lebaka lefe? Litšisinyeho tsena tsa lefatše li ne li etsoa ka morero o itseng ’me tšenyo ea tsona e sa akaretse—ho se mohla e bang ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Nahana ka mehlala ena:

Lilemong tse fetileng tse makholo a mashome a mararo a metso e mene, ha Molimo o ne o tlabola selekane se seng sa oona, batho ba Iseraele ba khobokana mosikong oa Thaba ea Sinai “’me thaba kaofela ea reketla haholo.” E le pontšo e ’ngoe ea matla a hae ao ho seng a kang oona, ka tsela eo Jehova a sebelisa tšisinyeho ea lefatše ho hatisa botebo ba selekane. Ho reketla ha thaba le hona ha sebeletsa e le khopotso ea ka mehla ho Baiseraele. Ho ne ho se bonolo hore ba lebale boikano ba bona, hobane Jehova o ile a amahanya tumellano ena ea bohlokoa le liketsahalo tse tšosang tse neng li akarelletsa tšisinyeho ea lefatše.—Exoda 19:7-19.

Ha etsahala tšisinyeho e ’ngoe ea lefatše nakoana kamorao ho moo. Malapa a Dathane, Abirame le Kore a keneloa ke ho fetohela moeta-pele eo Jehova a mo khethileng. Hoba ba eletsoe ka matla ’me ba hlokomolohe keletso, Jehova a sebelisa tšisinyeho ea lefatše ho felisa marabele ana har’a batho ba hae. “Lefatše le neng le le ka tlas’a bona la phatloha. Lefatše la ahlamisa molomo oa lona, la ba metsa, bona, le matlo a bona, le batho kaofela bao e leng ba Kore, le lintho tsa bona kaofela.”—Numere 16:31, 32.

Leha ho le joalo, litšisinyeho tsa lefatše tsa kajeno ha li bakoe ke Molimo. Ke hobane’ng, he, ha Bibele e li akarelletsa e le karolo ea pontšo ea “bofelo”? Hona na re hlile re phela ‘ho feleng ha lefatše’?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela