Litšisinyeho Tsa Lefatše na ke Pontšo ea Bofelo?
BANNA ba bane ba neng ba lutse le Jesu thabeng e telele, e pota-potiloeng ke lifate tsa mohloare tse matsutla-tsutla, ’me ba shebetse motse oa Jerusalema tlase; ba ne ba hloletsoe. Pelenyana hona mohlang oo, ba ne ba utloile ha Jesu Kreste, Moeta-pele oa bona, a profeta hore Jerusalema le tempele ea eona li tla senngoa ‘ho se lejoe le salang holim’a lejoe le leng.’ Ke ho makala, ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng?” Karabelo ea hae ea ba khahla haholo. Empa karabelo ea hae e lokela ho khahla haholo kajeno.—Mattheu 24:1-3, NW.
Baapostola ba ne ba hlile ba amehile haholo ka ho timetsoa ho tlelang Jerusalema. Empa takatso ea bona ea ho rua tsebo ha e ka ea fella feela ka potso eo e le ’ngoe, hobane hape ba ne ba batla ho tseba hore na Jesu o tla ba teng neng hape khanyeng ea ’Muso le hore na ba ka lebella bofelo ba tsamaiso e khopo neng. Ba botsa: “Pontšo ea hore u teng le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Karabelo eo Jesu a ileng a fana ka eona e ile ea khotsofatsa balateli ba hae ba lekholo la pele la lilemo. Le balateli ba hae ba kajeno ba ka khotsofatsoa ke karabelo ea hae ka “pontšo” hobane ba laba-labela ho bona bokhopo bo fela, kaha phethahatso ea pontšo e mehleng ea rōna.
Pontšo eo Jesu a faneng ka eona e na le litšobotsi tse hlokomelehang habonolo hohle. Ha lia siroa ke letho kapa ho sitisoa ke letho. Hlokomela karolo ea karabelo ea Jesu ho Mattheu 24:7: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata.” Ha lintoa li qhoma, lichaba lia ho tseba. Ha batho ba lapile—ba tšoeroe ke tlala ea sekoboto—baa ho tseba. ’Me ha tšisinyeho ea lefatše e reketlisa lefatše leo u emeng holim’a lona, u-ua ho tseba, hobane tšisinyeho ea lefatše ke e ’ngoe ea liketsahalo tse tšosang ka ho fetisisa tsa tlhaho tseo ho ka fetoang ho tsona. Litšobotsi tsena le tse ling tse bonahalang ka ho hlakileng kaofela li hlasetse batho molokong o le mong, li etsa “pontšo.” (Mattheu 24:3, 34) Re ke re hlahlobeng karolo e le ’ngoe feela ea “pontšo” ena—litšisinyeho tsa lefatše.
Litšisinyeho tsa Lefatše—Jesu o ne a Bolela’ng?
Jesu Kreste e ne e se setsebi sa litšisinyeho tsa lefatše. E ne e le ’moleli le moruti, hape e le moprofeta. Jesu ha “a tletse moea o halalelang” a bile a le tlas’a tsamaiso ea matla ana a sebetsang a sa bonahaleng a tsoang ho Jehova, a profeta ka litšisinyeho tsa lefatše le litšobotsi tse ling tsa “pontšo.”—Luka 4:1; Johanne 8:28.
Na mantsoe a Jesu a kile a phethahala lekholong la pele la lilemo? E. Pale ea Bibele le ea lefatše li tlaleha litšisinyeho tsa lefatše tse ngata pakeng tsa selemo seo Jesu a profetileng ka sona, 33 C.E. le ho senngoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Lefatše le ile la reketla ka makhetlo a mabeli matsatsing ao Jesu a profetileng ka oona. (Mattheu 27:51; 28:2) Lilemo tse leshome le metso e supileng hamorao lefatše la sisinyeha motseng oa Filippi, joalokaha ho hlokomela mongoli oa Bibele Luka. (Liketso 16:26) Ho phaella moo, bangoli ba histori bao e seng ba Bibele ba supa bonyane litšisinyeho tse khōlō tse tšeletseng karolong eo ea lefatše nakong eona eo. (Bona Chate 1.)
Ke eng e neng e hlile e ikhetha ka litšisinyeho tsa lefatše lekholong la pele la lilemo? Hona na tlaleho ea tšisinyeho ea lefatše e ne e le litaba tse sa tloaelehang ho Bakreste ba lekholo la pele la lilemo? Ho arabela lipotso tseo ho ka re thusa ho utloisisa se boleloang ke litšisinyeho tsa lefatše mehleng ea rōna.
Ho reketla ha lefatše e ne e ke ke ea e-ba mohlolo ho baahi ba lekholo la pele la lilemo ba sebaka se potolohileng Mediterraneane hammoho le Jerusalema kaha ke sebaka seo lehoho la sona la lefatše le sa tieang, ’me kahoo e le sebaka se neng se tla reketla nako le nako ka lebaka la ho ba tseleng ea litšisinyeho tsa lefatše. Ka mohlala, sebaka sa Great Rift Valley sa Nōka ea Jordane le Leoatle le Shoeleng le letsoatlare la Lehoatata la Esdraelone (Jezriele) pakeng tsa Galilea le Samaria se ne se amana le litšisinyeho tsa lefatše le pele ho lekholo la pele la lilemo.—Amose 1:1; Zakaria 14:5.
Litšisinyeho tsa lefatše ka botsona li ne li ke ke tsa re letho ka boprofeta ba Jesu ba “pontšo” ea timetso e tlang ea Jerusalema, joalokaha feberu e matla e ke ke ea fana ka pontšo ea ho kula ho itseng ha ho se na matšoao a mang. Ka baka leo, ho ileng ha eketsa matla boprofeteng ba Jesu ka litšisinyeho tsa lefatše ke hore li ne li etsahala hammoho le litšobotsi tse ling tsohle tsa “pontšo.” ’Me e ne e le “pontšo” e makala-kala ea liketsahalo tse hlileng tsa boleloa tseo Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba li boneng le tseo ba ileng ba nka bohato ka tsona.
Litšisinyeho tsa Lefatše Kajeno
Na boprofeta ba Jesu ka litšisinyeho tsa lefatše boa phethahala lekholong la bo20 la lilemo? Ka mantsoe a mang, na ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse bontšang hore re phela ‘ho feleng ha tsamaiso ea lintho’? Lietsahala li bontša hore lekholo lena la lilemo le hlasetsoe ke litšisinyeho tsa lefatše. Lefatše le feta ho tse fetang 1 000 000 ka selemo, ’me tse 1 000 li etsa tšenyo e sisimosang.
Litsebi tsa litšisinyeho tsa lefatše tse ling li lumela hore hona joale lefatše le nakong ea tšisinyeho ea lefatše e matla haholo. Ka mohlala, Moprofesa Keiiti Aki oa Lekala la Lefatše la Mahlale a Linaleli Sekolong sa Massachusetts sa mahlale a sebelisoang o bua ka “ho lubeha ho bonahalang, ho matla le ho etsahalang hangata ha litšisinyeho tse khōlo tsa lefatše lilemong tse fetileng tse lekholo,” le hoja a bolela hore nako ea ho tloha ka 1500 ho ea ho 1700 e ne e le matla.
Koranteng ea Setaliana ea II Piccolo, ea la 8 Mphalane, 1978, Geo Malagoli o hlokometse:
“Moloko oa rōna o phela nakong e kotsi ea ha lefatše le sisinyeha ka matla, kamoo ho bontšang lipalo-palo. Ha e le hantle, nakong ea lilemo tse 1 059 (ho tloha ka 856 ho ea ho 1914) mehloli e tšepahalang e thathamisa feela litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō tse 24 tse ileng tsa bolaea ba 1 973 000. Leha ho le Joalo, likoluoeng tsa morao tjena, re fumana hore ho shoele batho ba 1 600 000 ka lilemo tse 63 feela, ka lebaka la litšisinyeho tsa lefatše tse 43 tse etsahetseng ho tloha ka 1915 ho ea ho 1978. Keketseho ena e tsotehang e boetse e hatisa ’nete e ’ngoe e amohelehang—hore moloko oa rōna ke o malimabe ka litsela tse ngata.”
Jesu o profetile hore ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho’ ho tla tšoauoa ka “litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata,” ’me ka Luka e le “litšisinyeho tse kholo tsa lefatše.” (Mattheu 24:3, 7; Luka 21:11) Na moloko o neng o phela ka 1914 oo mahlatsipa a oona a sa ntsaneng a le mangata, o bone lintho tsee? Linnete li re, E! (Bona Chate II.) ’Me litšisinyeho tsa lefatše ha li bonoe feela ke masala a moloko oo empa le ke batho ba bangata paleng. (Mattheu 24:34) Hape batho ba hlokomela ho etsahala ha litšisinyeho tsa lefatše lefatšeng lohle le phello ea tsona ho feta batho leha e le bafe lekholong le fetileng la lilemo.
Ke eng e neng e tla etsa hore tšisinyeho ea lefatše e be “kholo”? Matla a eona, kapa boholo ba eona, ha e methoa ka sekala sa Mercalli kapa Richter? Kapa, ho e-na le hoo, na e ke ke ea e-ba ka ho tuma ha eona le hore na e sentse hakae? Kamoo Chate III e teng mona e bontšang, batho ba bangata ba shoele ka lebaka la litšisinyeho tsa lefatše ho tloha ka 1914. ’Me tse ling tse khōlō haholo li etsahetse ka bolibeng ba maoatle, ’me li tsejoa ke ba seng ba kae feela, le phello ea tsona ebile e fokolang haholo, haeba e bile teng thepeng ea batho kapa bophelong. Ha re metha phethahatso ea boprofeta ba Jesu kajeno, ha rea lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna feela boholong ba tšisinyeho ea lefatše kamoo e boleloang ke sekala sa Richter kapa leha e le sefe se seng empa ka hore na e sentse thepa hakae le hore na ho shoele batho ba bakae.
Ho Hlakile ke Karolo ea “Pontšo”
Makasine e bitsoang Europe ea Phupu-Phato 1980 e re: “Lekholong lena la lilemo litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba ka bang 1 600 000, ba 120 000 palong ena e le ba Europe feela.” Ka hona ha re talima ponahalo ea lefatše ’me re e bapisa le mantsoe a Jesu rea lumela hore “litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata” le “litšisinyeho tse kholo tsa lefatše” lia etsahala. Na ho na le moloko leha e le o le mong oa nakong e e fetileng o kileng oa feta har’a tšenyo e kaale e etsoang ke litšisinyeho tsa lefatše tse kang tse tlakileng batho ho tloha ka 1914? Ha ho o bontšoang ke lipalo-palo.
Leha ho le joalo, ba bang ba tla re: “Lebaka ke hobane batho ba bangata haholo lefatšeng.” Ke ’nete, batho ba atile, empa hona ha ho fetole boprofeta ba Jesu lefeela. Ho e-na le hoo, ho bo fa matla a eketsehileng, ho re nea bohle lebaka la hore re hlokomele mantsoe a hae. Hobane’ng? Hobane batho ba 2 000 000 000, bao e ka bang halofo ea baahi ba lefatše, ba phela libakeng tse tšosoang ke litšisinyeho tsa lefatše. Ho phaella moo, puisano e potlakileng le mekhoa e tsoetseng pele ea ho tseba ka litšisinyeho tsa lefatše e ’nile ea tsebisa batho ka litšisinyeho tsa lefatše ho feta leha e le neng pele, le bona bao ho seng mohla ba kileng ba feta tšisinyehong ea lefatše. Kahoo, litšisinyeho tsa lefatše li ama batho ba eketsehileng ’me li totobetse ho batho ba bangata ho feta leha e le neng pele. ’Me ha ba bona litšobotsi tse ling tsa “pontšo” li phethahala molokong o le mong, ho lokela ho ba susumelletsa ketsong. Ka tsela ena, ke bo-mang ba ka tšoareloang ka hore ha ba ele hloko ‘pontšo ea ho ba teng ha Jesu le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho’?
Na u hlokometse hore matla a litšisinyeho tsa lefatše bophelong ba batho a eketsehile ho tloha ka 1914 C.E.? Holim’a moo hape, na u hlokometse litšobotsi tse ling tsa “pontšo,” tse kang ntoa, tlala le keketseho ea tlōlo ea molao? Haeba ho joalo, ho hang u lakatsa ho fumana ho hongata ka seo Jesu a se profetileng bakeng sa nako e tlang e haufi. Lipaki tsa Jehova li thabela ho u thusa ho hlahloba litaba tsena tsa bohlokoa.
[Chate e leqepheng la 6]
Chate I
Litšisinyeho tse ling tsa Lefatše Pakeng tsa 33-70 C.E.
SELEMO SEBAKA
33 Jerusalema
33 Jerusalema
c. 46 Kreta
c. 50 Filipi
51 Roma
53 Apam æa
60 Laodicea
63 Pompeii
c. 67 Jerusalema
[Chate e leqepheng la 7]
Chate II
Litšisinyeho tse ling tse khōlō tsa Lefatše Pakeng tsa 1914 le 1982
(Lethathamo ha lea fella)
SELEMO SEBAKA BAFU
1915 Avezzano, Italy 29 970
1920 Kansu, China 200 000
1923 Kanto, Japan 142 800
1932 Kansu, China 70 000
1934 Bihar-Nepal, India 10 700
1935 Quetta, Pakistan 60 000
1939 Chillan, Chile 30 000
1939 Erzincan, Turkey 30 000
1959 Assam, India 20 000
1960 Agadir, Morocco 12 000
1962 Northwestern Iran 12 230
1968 Northeastern Iran 11 500
1970 Northern Peru 66 700
1972 Managua, Nicaragua 10 000
1976 Guatemala City, Guatemala 23 000
1976 Tangshan, China 800 000
1978 Northeastern Iran 25 000
Ha tlalehoa litšisinyeho tse ling tse kholo libakeng tse ka bang 33
[Chate e leqepheng la 7]
Chate III
Mafu a Litšisinyeho tsa Lefatše
(Khakanyetso e theiloeng lilemong tse 1 222)
Ho fihlela 1914—1 800 ka selemo
Ho tloha 1914—25 300 ka selemo
[’Mapa o leqepheng la 5]
(Ha u batla boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mecha ea lefatše ea litšisinyeho tsa lefatše
AFRICA
EUROPE
ASIA
NORTH AMERICA
SOUTH AMERICA
AUSTRALIA