Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/15 leq. 27
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Kotula seo ba se Jetseng
  • “Tlatlapo e Halalelang”
  • Ha ho Phetoho
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
  • Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/15 leq. 27

Ho Nyarela ka Litabeng

Ba Kotula seo ba se Jetseng

Tlaleho ea Makasine oa “New York Times” e bolela hore “ba etsang bosodoma ba ba le mafu a mangata: mokaola, qhoshola, mafu a fumanoang lithong tsa botona le botšehali, lefu la sebete, lefu la amiba (lefu le atileng haholo basodomeng) le mafu a tšoaetsang.” Hore na ke hobane’ng ha “mafu ana a tšoaetsang a hlasela basodoma” ho ile ha makatsa lingaka ka mehla. Lefu le leng leo haufinyane le sa tsoa kenngoa lethathameng, ke AIDS (lefu le etsang hore ’mele o se loantše mafu a tšoaetsang)—le tlohelang ’mele o se na matla a ho loantša kankere le mafu a mang a tšoaetsang. “AIDS e-ea bolaea,” ho tlalehile joalo makasine oa “Times.” “Banna ba basodoma ba 75 lekholong ba tšoaroa ke lefu lena, ’me lefu la AIDS le fumanoa ho motho e mong le e mong eo e leng mosodoma.” “Ho fetola boitšoaro ke eona feela keletso e bohlale eo lingaka li fanang ka eona.”

“Ke eletsa ka matla hore bakuli ba ka ba be bohlale le masene likamanong tsa bona tsa botona le botšehali nakong e tlang,” ha bolela Dr. Dan Williams, eo bakuli ba hae ba bangata e leng basodoma. “Ke bolella bakuli ba ka seo bahlalefi ba ithutileng mafu a seoa ba se tsebang—e leng taba e bonolo. Re batla re kholoa hore re sebetsana le peō e tšoaetsang likamanong tsa botona le botšehali.”

Ho eketseha ho tšosang ha mafu ana a tšoaetsang a likamano tsa botona le botšehali a hlakisa hantle motheo oa Bibele oa hore “seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” Ho utloisa bohloko hore batho ba tlole molao oa Molimo oa likamano tsa botona le botšehali ’me liphello e be hore “ba amohele ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.”—Ba-Galata 6:7, 8; Ba-Roma 1:26, 27.

“Tlatlapo e Halalelang”

“Ho bonahala hore metheo oa ’nete ea Bokreste e khelloa tlase ka baka la makhetho a tlolang meeli a batloang ke baruti ba kajeno bakeng sa litšebeletso tse tloaelehileng tseo nakong e fetileng li neng li etsoa mahala,” ho boletse joalo “Echo,” tlatsetso ea koranta ea “The Natal Witness” ea Afrika Boroa. Baprista ka Lesotho ba ‘rekisa’ “selallo” ha esita le ho lefisa chelete e ngata “bakeng sa lerotholi la metsi le sebelisetsoang kolobetso,” ha tlaleha koranta eo, ’me e bolela hore Bishopo oa Kereke ea Chache o khathatsoa ke “tlatlapo e halalelang” empa o hlōleha ho felisa mokhoa oo.

Koranta eo e bolela hape ka mohlala oa “moeta-pele ea tsebahalang oa kereke e kholo e ipusang” ea neng a lefisa batho R10 hore feela ba mo lumelise ka letsoho, le mora oa hae eo hona joale a lefisang batho chelete “e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho R5 ho ea holimo ka hore feela a ngole letšoao la sefapano phatleng ea molateli ka “Vaseline Blue Seal.”

Ke ka baka la’ng ha balateli ba tšehetsa merero e joalo ea ho etsa chelete? “Lebaka le leholo la ho ‘lefa chelete kerekeng’ ke hore ha motho a fana ka chelete e ngata Kerekeng o tla fumana tšebeletso ea lepato e hlomphehang,” ho boletse joalo koranta “Echo.” Leha ho le joalo, Kreste ea beetseng ba mo emelang ‘mehlala, ba tle ba hate moo a hatileng teng,’ ha a ka a kopa chelete bakeng sa litšebeletso tsa hae le mehlolo eo a e entseng. (1 Petrose 2:21) Hape, ha a laela barutuoa ba hae mosebetsing oa bona oa boboleli joaloka baemeli ba hae, o ile a ba laela: “Le neiloe feela, neang feela.”—Mattheu 10:8.

Ha ho Phetoho

“Haeba Kreste a ka khutla hape,” ha botsa mongoli oa likoranta Sydney J. Harris, “na a ke ke a boela hape a thakhisoa la bobeli?” A tsoela pele: “Empa lekhetlong lena, a ke ke a thakhisoa ke Baroma kapa Bajode, empa ke bao ka boikhohomoso ba ipolelang hore ke Bakreste?”

Joale a hlalosa hore ka ntle ho pelaelo Jesu o tla ‘loantšoa, a hlaseloe, a lahloe, a tloheloe, a nyenyefatsoe, a nyelisoe, a tšehuoe ke’ moloko o sa tšoaneng oa batho ba baithati. Hape o itse: “Kea makala hore rōna kajeno re tla nka le ho tšoara joang monna enoa ka thuto ea hae e makatsang le e sa tloaelehang e ‘thata ho e sebelisa’ ea boitšoaro ba motho le likamano tsa hae le ba bang. Na re tla lumela ’me re latele, joaloka bongata ba batho matsatsing a hae ba ileng ba lumela ’me ba latela?”

Lipotso tse joalo ka tsena li thusa motho hore a utloisise hore ke joang “mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae” a lokelang ho tla “iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—2 Ba-Thessalonika 1:7-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela