Litekanyetso Tsa Jehova Lia re Thusa
“A ke a u fe se ratoang ke pelo ea hao, a phethise tseo u li rerileng!”—PESALEME EA 20:4.
1. Ke litekanyetso life tse tloaelehileng? (Deuteronoma 25:15)
KA 1266 Morena Henry III oa England a laela hore peni e be tekanyetso eo ka eona ho rekoang boima ba lithollo tsa koro tse 32. Ka tsela eo a bea tekanyetso. Ka tsela e joalo re potiloe ke lintho tse ngata tse amang litekanyetso. Re bea sea-le-moea sa rōna kapa thelevishene ntlheng eitseng tekanyetsong eitseng bakeng sa phatlalatso. Litekanyetso tse ling li bontša tsoelopele, matla a seithuti a ho bala a ka ’na a lekanyetsoa ka tlhahlobo ea tekanyetso eitseng.
2. Ke litekanyetso tsa mofuta ofe hape tse rothelang, hona hobane’ng?
2 Leha ho le joalo, litekanyetso tsa bohlokoa haholo ke tse malebana le boitšoaro. Ha litekanyetso tsena li le sieo mofuta oa pele ha o na molemo oa letho. Ka mohlala, lekhotla le amanang le thuto e phahameng le ile la fumana hore ho liithuti tse 25 000 hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ho tsona e bolela hore bao ba balang le bona ba feta lihlopha ka baka la bolotsana e seng ka lebaka la ho ithuta. Ho thoe’ng ka litekanyetso tsa batho ba litulong tse sebeletsang sechaba? Na bacha ba kajeno ba ka ithuta litekanyetso tsa boitšoaro ho baeta-pele ba bangata? Mongoli oa histori Barbara Tuchman o ile a hlalosa: “Ho lahluoa boeta-pele ba boitšoaro ka tsela ea hore ka mokhoa o akaretseng ho se ke ha ithaopeloa ho bolela litekanyetso.”
3. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore Jehova a be le litekanyetso tsa boitšoaro?
3 Leha ho le joalo, Jehova Molimo eena ho thoe’ng ka eena? O na le litekanyetso, joalokaha ntate oa motho a ka ba le melao le litlhokahalo ka boitšoaro lapeng leha ho sebelisanoa le ba bang. Jehova, Moahloli oa bokahohle, Monehimolao le Morena, o fana ka melao, litaelo kapa metheo e boletsoeng ka ho hlaka ka Bibeleng e bontšang litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro le seo a se lebelletseng ho batho—mela ea tataiso ea kamoo re lokelang ho tsamaea.—Pesaleme ea 25:4, 5; 86:10, 11; Esaia 33:22.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella mabaka a ho amohela litekanyetso tsa Molimo?
4 Ke mang har’a rōna ea ka latolang molemo oa litekanyetso tsa Jehova? Empa leha ho le joalo re ka ’na ra li khopehela ha li loantšana le takatso e ’ngoe ea botho. Re ka ’na ra li nyenyefatsa kapa ra beela litekanyetso tsa hae mabaka, re ikutloa hore boemo ba rōna ke bo khethehileng kapa bo batla hore melao e ke e tenyetsehe. Kahoo, a re ke re hlahlobeng mabaka a mang ao ka oona re lokelang ho amohela litekanyetso tsa boitšoaro tsa Molimo le hore na re ka rua molemo joang ka tsona.
Litekanyetso tsa Molimo ha li Bapisoa le tsa Motho
5, 6. Re ka ithuta eng ka se finyelletsoeng ke Jehova ka matsatsi a pele a tšeletseng a pōpo?
5 Hoba ho fete matsatsi a pōpo a tšeletseng, Molimo oa bua tjena ka mosebetsi oa oona, “[o] molemo haholo.” (Genese 1:31) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bopiloe hantle ka tatelano, ho se letho le phoso. Limela le liphoofolo tsa tlatsa tšebetso ea tsona, li ikatisa ka mefuta ea tsona, ho sa hlokahale hore li fetohe ho ba mofuta o mong o mocha. (Genese 1:25) Ipotse, Jehova o ile a tlameha ho buisana le mang hore a mo tataise le ho mo tsamaisa mosebetsing ona oa pōpo? Ho hlakile hore ka ho eena ho ne ho e-na le tsebo le bohlale ba ho etsa sena sohle. E seng feela hore a ho etse empa hore a ho etse ka mokhoa o phethahetseng, ka tsela e beang litekanyetso tse bonahalang. (Esaia 40:12-14) Ka lebaka la litekanyetso tsa Molimo re ka hlopha le ho hlokomela mefuta e mengata haholo ea limela, lihlapi, linonyana le liphoofolo tse phelang moo ho omileng.
6 Ka lekhetlo le leng Jehova o kile a botsa lipotso tse ka re thusang ho bapisa tsebo, matla le litekanyetso tsa hae le tsa motho. Molimo oa botsa Jobo: “U no u le kae, mohla ke theang lefatse? Bolela, ha u e-na le tsebo.” Bahlalefi ba ka fana feela ka khakanyo ea hore na bokahohleng bo na le nako e kae. Ho hlakile, batho ba ne ba se teng hore ba tsebe hore na Molimo o bōpile lefatše neng kapa joang. Molimo oa botsa, “Ha e sa le u phela, na u se u kile ua laela meso ho hlaha, kapa u laetse mafube moo a tlang ho hlaha teng.” Bahlalefi ba ithuta ho potoloha ha lefatše, ba leka ho etsisa matla ao letsatsi la rōna le hlahisang matla a phelisang ka oona, ‘me ba loana ntoa le ho etsa melao e hlalosang sebopeho sa ntho e tloaelehileng joaloka khanya. Seo ba se finyelletseng se ema joang ha se bapisoa le sa Molimo? Jehova a tsoela pele: “Na u tseba melao ea maholimo le tšebetso ea eona lefatšeng na? Na u ka hoeletsa ho maru ka lentsoe la hao, hore a be a phakise a u apese ka pula e kholo na? Na u ka roma mahalima, a ke a halime?” Qetellong Jobo a lumela: “Bona, ke motho feela, nka re’ng ho uena na?” “Kea tseba hobane ha u sitoe ke letho.” Na le uena u ikutloa ka eona tsela eo?—Jobo 38:4, 12, 33-35; 40:4; 42:2.
7, 8. Uena joaloka sebopuoa sa motho u ka fana ka bopaki ba seo Molimo o se finyelletseng joang?
7 Moqhaka oa pōpo ea Molimo ea lefatšeng e bile motho. K’hamera e tsoetseng pele ka ho fetisisa ea kajeno ke tšoantšiso e fokolang haholo ea tekanyetso e phahameng, leihlo la hao. Mokhoa oo ’mele oa hao o silang lijo ka oona le ho ikaha o feta bohlale bofe kapa bofe bo kileng ba etsoa ke batsoaki kapa ba ithutileng ka ’mele ea lintho tse phelang. Le hoja re fapane haholo, ’mele ea rōna e metle e fana ka bopaki ba litekanyetso tsa bohlokoa. Haeba ho ne ho hlokahala hore ngaka e u buoe lelana, na u ne u tla tšoenyeha ka hore e tla fumana litemetoana tsa hao kapa boko ka mpeng ea hao? Che, ho lekanyetsa (pōpong ea Molimo) ho nolofaletsa ngaka e buoang ho ithuta ’mele oa motho e le hore e ka buoa moo ho hlokahalang.
8 Ka lehateng la hao, e seng ka mpeng ea hao, u na le “computer” e phahameng haholo ka lintho tseo e li sebetsang le ka matla a eona ha e bapisoa le mechine ea “computer’ e tsoetseng pele ka ho fetisisa. Boko ba hao bo u lumella ho ipotsa le ho hlolloa ke pōpo ea Molimo, ho akarelletsa matsatsi a libillione a lihlopheng tsa linaleli tse limillione tse maholimong. Molimo oa etsa melao ea hore lintho tse maholimong li tsamaee ka molao le ka ho nepahetseng e le hore re ka lekanyetsa ka tsona ha re bala nako, bakeng sa motšehare le bosiu, le bakeng sa linako tsa selemo.—Genese 1:14; Pesaleme ea 8:3, 4.
9. Ka ho bapisa se finyelletsoeng ke Molimo le litekanyetso tsa motho, re ka fihlela qeto efe?
9 Bapisa seo Molimo o se finyelletseng ka se entsoeng ke motho. Ho sa tsotellehe hore mebuso e entse melao ea litekanyetso ka mefuta-futa, batho ba silafalitse metsi le moea, ba felisa mefuta e meng ea libatana tsa naha, ba arola batho ka lipolotiki, bolumeli le merabe, le ho sia batho ba le matšoenyehong ka hore na e be ntoa, tšilafalo kapa tlala li ka ’na tsa felisa bophelo ba moloko oa motho ho hang lefatšeng. Ka ho hlakileng, Molimo o ne o sa feteletse litaba ha o re ho motho: “Joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.” (Esaia 55:9) Na e be hase toka, he, hore ho e-na le ho itšetleha ka maikutlo a batho hore na ho ka lateloa litekanyetso life, re thahaselle tataiso kapa litekanyetso tsa Jehova?—Liproverbia 16:25; Esaia 30:21.
10. Pōpo e teng e bontša eng ka ho sheba ho Molimo bakeng sa litekanyetso tsa boitšoaro?
10 Pōpo e bonahalang e tiisa hore Molimo o ‘phethehile mesebetsing ea oona eohle. Leha ho le joalo, Deuteronoma 32:4 e tsoela pele ho bolela lintle tse ling tsa boleng ba Jehova. Ha re talima seo o se finyelletseng, re bona le litekanyetso tsa oona bakeng sa lintho tse teng—linaleli le liphatsa tsa liathomo, joale re fetela likokoanyaneng tse nyenyane hoo li sa bonahaleng ’me re qetella ka ’mele ea rōna ea batho, na re ke ke ra sheba ho oona ka tšepo bakeng sa litekanyetso tsa boitšoaro? ’Nete e salang ke ea hore o fane ka litekanyetso tse babatsehang haholo tsa boitšoaro tseo re ka tataisang ka tsona likamano tsa rōna le eena le batho ba bang.—Mikea 6:6-8.
11. Ke libakeng life moo litekanyetso tsa Molimo li ka u ruisang molemo?
11 Jehova ha a lekanyetse keletso ea hae lintlheng tse nyenyane tsa bophelo ba rōna, tse kang lithuto tsa litumelo tse itseng kapa litokelo tsa litšebeletso. Litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro li koahela litšobotsi tsohle tsa bophelo, ho akarelletsa litaba tsa lelapa, litšebelisano tsa khoebo, pono le boitšoaro mabapi le batho ba batona kapa ba batšehali, boikutlo ka Bakreste ba bang le ho kopanela borapeling. (Esaia 48:17; Jakobo 1:25) Ho Esaia 55:11 Jehova o itse ‘lentsoe le tsoileng molomong oa hae le tla phetha seo a le rometseng sona.’ Ho joalo feela, ha re leka ka matla ho sebelisa litekanyetso tsa hae, re tla atleha haholoanyane, re finyelle botle haholoanyane le ho thaba haholoanyane.
Thuso e Tsoang Litataisong tse Sireletsang le tse Tiileng tsa Molimo
12, 13. Phetoho ea hona joale ea bophelo e paka Joang litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro ba botona kapa botšehali?
12 Re ka fumana thuso e tsoang litekanyetsong tsa Molimo ka litsela tse ngata tse tobileng le tse bonahalang. Ka mohlala, The New York Times Magazine (la 6 Tlhakola, 1983) e ile ea tlaleha ka boloetse bo bocha boo ‘mafokisi a bongaka a bo bitsang seoa se manganga ka ho fetisisa sa lekholong lena la lilemo. Bo bitsoa AIDS (e le khutsufatso ea lebitso, “Acquired Immune Deficiency Syndrome.) Boloetse bona bo fokolisa matla a motho a ho itšireletsa maloetseng, a phetlehela ho hlaseloa ke kankere e hlahang seoelo (Kaposi’s sarcoma), letsoejana le maloetse a mang a sa tloaelehang. AIDS e kotsi hakae? Ba shoang nakong ea lilemo tse peli ho hakanyetsoa hore ke karolo e fetang 65 lekholong.
13 Bahlalefi ba lumela hore AIDS ke boloetse bo jaloang ka maro a tsoang ’meleng (haholo-holo a banna) le mali. Ho tla fihlela joale bo tšoere haholo basodoma ka lebaka la boitšoaro ba bona bo bobe ba bootsoa, le hoja bo fetetse le ho ba bang le likamano tsa botona le botšehali le motho enoa le eane. “Mosodoma” e mong o ile a ipolela: “Ho tšoana leha motho a le ntoeng. Ha re tsebe hore na seqhomane se tla qhoma neng. Ke na le metsoalle e 18 e shoeleng likhoeling tse fetileng tse leshome le metso e robeli e bolaoa ka AIDS. Ba bang ba 12 ba kulela lefu.” Sehlooho sa taba sa re: “Ha ba le makhatheng a lefu, bakuli ba bangata ba AIDS ba qala ho nahana ka bophelo ba bona, ka linako tse ling ba ikutloa hore ba otloa ka lebaka la tsela ea bona ea ho se tsotelle le ea ho phelela menate.” Ntle ho pelaelo, litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro, tse kang tse boleloang ho 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, lia re thusa. Lia re sireletsa!
14. Ke ka litsela life tse ling bothata ba AIDS bo hatisang litekanyetso tsa Molimo? (Deuteronoma 12:23-25)
14 Ho sa na le ho hoholoanyane. AIDS e fumanoe ho batho ba bangata ba tsoang Caribbean. Dr. Sheldon Landesman o hlalositse hore: ‘Rea tseba hore hangata bakuli ba rōna ba tšoarehile litšebeletsong tsa boloi le bonohe.’ Ho bonahala ba neheletsana AIDS litšebeletsong tsa bona. Boloetse bo amanngoa le litšelo tsa mali le lintho tse entsoeng ka mali. “AIDS e fetohile sesosa sa bobeli sa lefu se etellang pele—kamor’a hore motho eo mali a hae a hlapolohileng a tsoe mali haholo, ’me hangata, morao tjena, le bakuli ba ’maloa ba ileng ba tšeloa mali kamor’a ho buuoa, ba tšoeroe ke AIDS ’me ho kenyetsa bashebelli ba bang tšabo ka mehloli eo sechaba se fumanang mali ho eona.” Ho bonahala boloetse bo qala ho bonahala ho tloha ka morao ho likhoeli tse tšeletseng ho isa lilemong tse peli bo bile teng ’meleng. Kahoo ka nako eo ba bang ba lemohang hore ba na le AIDS “mohlomong ka ho se tsebe ba se ba tšoaelitse batho ba bangata ba makholo—ka likamano tsa botona kapa botšehali, ka limpho tsa mali, kapa ka mecha e meng e e-song ho tsejoe.” Litekanyetso tsa Molimo mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali, ho qoba bonohe le ‘ho tela mali’ li re thusa ho lokoloha boloetseng bona le a mang.—Deuteronoma 18:10-12; Liproverbia 5:18-23; Liketso 15:29; 21:25.
15. Litekanyetso tsa Jehova ka tahi li ipaka li thusa joang?
15 E le bopaki bo bong ba litekanyetso tse thusang tsa Jehova, hopola hore o nyatsa botahoa. O bile o hanela ha ‘motho a hlanyetsa veine.’ (1 Timothea 3:3, 8; Ba-Roma 13:13) Ba bangata ba hlokomolohang tekanyetso ea Molimo ba tšoaroa ke maloetse a bakoang kapa a feteletsoang ke ho noa ka ho tlōlisa. Bakreste ba bang ka ho hlokomoloha keletso ea Pauluse ea ho sebelisa “veinenyana,” ba kene mokhoeng oa ho noa ka ho tlōlisa ho ‘ikhatholla.’ (1 Timothea 5:23) Butle-butle pherekano e tloaelehileng ea bokhoba ba tahi (ka litšobotsi tsa eona ’meleng, maikutlong le boitšoarong) e tsoela pele. Liphello tse hlahang li ngata, ho akarelletsa ho felloa ke hlompho, maima ka lapeng (haeba e se ho qhalana), chelete e senngoang le ho senyeheloa ke mosebetsi. Na litekanyetso tsa Molimo ka tšebeliso ea tahi hase tšireletso sebakeng see?
16. Litekanyetso tsa Molimo li fane ka thuso efe ea lichelete bakeng sa Lipaki tsa Jehova?
16 Le litabeng tsa lichelete, litekanyetso tsa Molimo li ipakile li sebetsa. O phehella Bakreste hore ba tšepahale le hore ba sebetse ka thata. (Ba-Efese 4:28; Ba-Kolosse 3:23; bapisa Luka 16:10-21.) Litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša hore ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba sala mesebetsing ha ba bang ba lelekoa, kapa ba phahamisoa ka lebaka la ho tšepahala le ho ba masene. Na u tseba mehlala ea see? Koana, ha motho a sebetsa o na le mathata a tlasenyana nakong ea ha ho le thata. Melemo ea lichelete e boetse e tlela motho ea qobang mekhoa le bokhoba ba lintho tseo e seng tsa Mangolo. Boitsebiso bo eketsehileng ho sena bo fumanoa khaolong e reng “Money Problems—What Help?” ea buka Happiness—How to Find It.a Ha ho pelaelo ea hore u ka nahana ka mehlala e meng ea hore litekanyetso tsa Molimo lia sebetsa licheleteng.
17. Molimo o fana ka taelo efe ka ho khaola, ’me ke hobane’ng ha e le bohlale?
17 Litekanyetso tsa Jehova mabapi le phutheho ea Bokreste le tsona li ipaka li le bohlale li bile li thusa. Ka mohlala, Molimo o laela hore Mokreste ea itloaelitseng sebe ’me a sa bake a lelekoe ka phuthehong. Ba bang baa laeloa: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.” (1 Ba-Korinthe 5:11, 6) Tlhaloso ea Dr. A. L. McGinnis, mongoli oa The Friendship Factor, e bontša bohlale ba seo Molimo o se buang ka ho se je le batho ba khaotsoeng:
“E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa ea ho tebisa setsoalle ke ka ho ja hammoho. Ho teng ntho e batlang e halalela ka ho ngoatha bohobe hammoho. Ka mohlala, na u kile ua hlokomela kamoo ho leng thata ho lula lijong le sera eaba le ntse le e-ba lira?”
18. Tekanyetso ea Molimo e ka ipaka e le molemo joang mabapi le bakoenehi?
18 Ho tšoarella tekanyetso ea Molimo ho boetse ho thusa ho thibela ho jala lithuto le likhopolo tsa bohata. Lekholong la pele la lilemo, Hymenea le Filete ba koeneha ’me ba leka ho senya tumelo ea ba bang. Tekanyetso ea Molimo e ne e le hore: “U hane mesoaso ea lipolelo tsa lefeela.” (2 Timothea 2:16-19) Bakreste ba tšoarelletseng tekanyetsong ena ba ne ba ke ke ba thahasella ho mamela bakoenehi, kapa hona ho fumana libuka leha e le life tse chefu tseo bana ba ka ’nang ba li aba ‘ho ipokellela maruo.’ Ke hobane’ng ha u ka tšehetsa bokhopo ba bona ka lichelete ka ho reka libuka tsa bona? (Tite 1:11) Re ke re tšoarelleng litekanyetsong tsa Molimo re le Bakreste ba tšepahalang, re fepa likelello tsa rōna ka seo e leng sa ’nete le se lokileng, ’me re itšoarelletse ka kananelo le ka botšepehi mocheng oo re ithutileng Bibele ka oona ka lekhetlo la pele.—Bapisa 1 Timothea 4:16.
19. Ke lintlheng life tse ling moo litekanyetso tsa Jehova li ka ipakang li thusa?
19 Litekanyetso tsa Jehova li thusa Lipaki tsa Jehova ka litsela tse ling tse ngata haholo. Ka nako eo boitšoaro bo khoehlileng le ho batla bolokolohi li phahamisitseng tlhalano, li khothalletsa lerato, hlompho le bonngoe lenyalong. Litekanyetso tsa Jehova li thusa bana ba Bakreste ho amohela tataiso ea batsoali, ho se potlakele borabele joaloka tabeng ea ba bangata bao ba kenang likolo le bona. Ho e-na le ho hlonamela molao oa batsoali le ho tloha lapeng pele ho nako, bana ba ananelang litekanyetso tsa Molimo ba khahloa ke ho rua molemo keletsong le thusong e theiloeng Bibeleng eo batsoali ba Bakreste ba fanang ka eona.—Ba-Kolosse 3:18-21.
Amohela Litekanyetso tsa Jehova ka Kutlo
20-22. Ho hlokahala u hopole eng mabapi le litekanyetso tsa Molimo?
20 Re ka ’na ra bua ka litsela tse ling tse ngata tseo ka tsona litekanyetso tsa Molimo li ka re thusang. Mohlomong u ka ’na ua hopola lintlha tse ling tse tobileng tsa hore na ke joang li u thusitseng ka bouena. Ke hantle! Tseo ke lintho tse ntle le tse khothatsang tse ka akarelletsoang moqoqong oa hao le Bakreste ba bang.
21 Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re tlameha ho hopola hore ho bonolo haholo ho furallisoa litekanyetso tsa Jehova. Empa hopola seo Jehova a ileng a se bolella Baiseraele Thabeng ea Sinai: “ ’Me joale ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela.” Ba arabela ka thabo: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” Empa tsela eo ba ileng ba e nka lilemong tse latelang moo ebile e fapaneng hakaakang!—Exoda 19:5, 8; Numere 14:1-4, 10.
22 Ka baka leo re ke re amohele le ho tšoarella litekanyetsong tsa Jehova! Hobane ruri tsela ea bohlale le thabo ke ho khomarela litekanyetsong tseo ho seng tse kang tsona tsa Jehova tseo a fanang ka tsona ho re thusa ho tataisa bophelo ba rōna.—Pesaleme ea 19:7-11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U sa Hopola?
◻ Pōpo e bonahalang e fana ka bopaki bofe ba Jehova e le mohloli oa litekanyetso?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho talima ho Jehova bakeng sa litekanyetso tsa boitšoaro?
◻ Ke mehlala efe eo u ka fanang ka eona ho bontša kamoo litekanyetso tsa Jehova Ii ka u thusang?
◻ U ikutloa joang ka ho sebelisa litekanyetso tsa Molimo?
[Lebokose le leqepheng la 17]
AIDS—Seoa sa bo-1980
“Hoo e ka bang likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa batho ba ileng ba tšoaroa ke boloetse bona ba shoele. Bafuputsi ba bang ba lumela hore ha ho ea bo pholohang.” Boloetse bona ke ho senyeheloa ke matla a ’mele a ho itšireletsa mafung (Acquired Immune Deficiency Syndrome, kapa AIDS).—Science 83, Tlhakubele.
Ngaka e ’ngoe e hlokomela hore: “Bo tšoana le mochine. Hang ha bo qalile, u-ua tseba hore ha ho mokhoa oa ho bo thiba. U ka shebella ha mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa maloetseng o fela. Ha u qeta ka lefu le leng le tšoaetsanoang, u bona ha ho hlaha le leng. Mokuli o tla tšoaroa ke letsoejana, joale ho latele liso, joale hlobo ka bokong, joale le kokoanahloko e hlaselang mokokotlo.” E mong oa bakuli ba hae e ne e le sebapali sa litebele le sa thenese hape a bile a phahamisa litšepe tse boima. Monna enoa “o ne a e-na le moroetsana eo ba neng ba tsoella hantle le eena ’me a bile le likamano le monna e mong tsa bosodoma likhoeling tse fetileng tse tšeletseng pele a tšoaroa ke boloetse bona.” Ho ile ha etsahala joang ka eena? “Monna enoa a shoa libeke tse tšeletseng hoba ho fumanehe hore o na le boloetse bona, a bolaoa ke lela le hlahlathehileng, a le lilemo li 30.”
Ho etsoa eng ka ho ithuta mang, eng, neng le hokae ea AIDS? Setsi sa Taolo ea Maloetse (CDC) se Atlanta, Georgia. Ka la 13 Tlhakola, 1983, pampiri e khōlō ea litaba ea Atlanta e ile ea tlaleha: “Ha ho mohla CDC e kileng ea abela basebetsi ba bangata hakana, ba ka bang 100 ho tla fihlela joale, ho batla ka nako e telele hakana bothata ba bophelo. Mosebetsi oa sehlopha ke o mong o tšehelitsoeng le o matla oa liphuputso tsa bongaka historing ea bongaka . . . Ka kutloisiso ea hore ba batla kokoana-hloko—’me le teng ho sa nepisisoe—bahlalefi ba CDC ba leka ho hōlisa kokoana-hloko liphoofolong kapa lichubung tsa bona tsa liteko.” Empa kaha AIDS e ka ’na ea nka nako ea likhoeli tse tšeletseng ho isa ho lilemo tse peli hore e bonahale, liteko tse etsoang hona joale li ka ’na tsa se sibolle letho pele ho 1985. Hona joale, liithuti tsa likokoana hloko tsa CDC “li ikutloa hore li sa le hole le ho sibolla mokhoa [o bakang AIDS) ho feta ha li qala patlisiso ea tsona nakong e fetileng e fetang selemo.”
Ka Pherekhong CDC e bile le seboka se neng se buisana ka AIDS. Joalokaha ho tlalehiloe ho Journal of the American Medical Association, Dr. D. Armstrong oa Setsi sa Kankere sa Sloan-Kettering a boleletse seboka: “Ha ke na pelaelo ea hore AIDS e fetisetsanoa ka likamano tsa botona kapa botšehali le litlhahisoa tsa mali.” Science 83 ea hlalosa maikutlo a akaretsang: “Bahlalefi ba nahana hore e fetisetsanoa ka ‘kamano e haufi’—linale tsa ente tsa lithethefatsi tse kopaneloang, ka mohlala, kapa ka likamano tsa botona le botšehali. E leng ho supang ntho e ’ngoe ea hore e tsamaisoa ka mali. E leng ho tšoenyang baholo ba bangata ba tsa bophelo ka batho ba limillione ba fanang le ba amohelang mali.”
Hona joale ha ho liteko tse ka bontšang batho ba nang le AIDS, kahoo libanka tsa mali li ke ke tsa lekanyetsa hore na ke mofani ofe ea nang le boloetse. Ho entsoe tlhahiso ea hore ho se ke ha amoheloa mali ho lihlopha tse kotsi haholo, haholo basodoma. Empa “basodoma” ba bokolla ka hore baa khetholloa le ho amohuoa litokelo. (Ke mang ea tšoenyehang ka litokelo tsa batho ba neoang mali a joalo?) Ho feta moo, moemeli oa Lebotho la Sechaba la Basodoma o ile a bolella seboka sa CDC hore: “Basodoma ba bangata ha ba itlhahise e le ba joalo ’me ba ke ke ba arabela lipotso tse joalo.” Lipelaelo tse joalo li utloahetse Afrika Boroa ha ho etsoa qeto ea hore ho patoe lefu la litho tse peli tsa banna ba tsamaeang le lifofane tsa Afrika Boroa.
Bopaki bo hlahang morao tjena ka hore basali ba bang le likamano le banna ba nang le AIDS ba ka tšoaroa ke boloetse. Liphofu tse ling tse ncha ke bana. Masea a mang ho totobetse hore a hlaseloa kamor’a hore a fuoe mali le likarolo tsa oona ho phekola likhathatso tsa mali kamor’a hore ngoana a hlahe. Masea a mang mohlomong a e Fumane ka popelong kapa a e fumane ka ho amana haufi le motsoali kapa ba bang ba nang le AIDS.
Kaha palo ea ba tlalehoang ba na le eona e ntse e menahana habeli ka khoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng, ruri re tla utloa ho hongata haholo ka seoa sena se tšabehang sa bo-1980.—Ba-Galata 6:7, 8.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Popo, ho qala ka e nyenyane haholo ho fella ka e khōlō haholo, e tiisa matla a Jehova a ho fana ka litekanyetso