Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/1 maq. 20-26
  • U se ‘Khutlele Linthong Tse Fokolang le Tse Fumanehileng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ‘Khutlele Linthong Tse Fokolang le Tse Fumanehileng’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Bohle ba Hlolang Leseling
  • Lintho tse Fokolang le tse Fumanehileng Kajeno
  • Batla Maruo a Moea
  • U Batla ho Tsejoa ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • ‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Leseli la Molimo le Leleka Lefifi!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/1 maq. 20-26

U se ‘Khutlele Linthong Tse Fokolang le Tse Fumanehileng’

“Empa joale, ha le tsebile Molimo, . . . ana le khutlela joang litabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng.”—BA-GALATA 4:9.

1, 2. (a) Lehalima le bile le phello efe ho monna ea neng a foufetse? (b) Ke phetoho efe e molemo haholo e etsahetseng bophelong ba hao? (Liketso 26:18)

KA PHUPTJANE 1980 likoranta li ile tsa bolela ka ketsahalo e makatsang e amang Edwin Robinson, ea lilemo li 62, eo lilemo tse robong pele ho moo a neng a ile a foufala kotsing ea koloi. Likoranta tsa bolela hore o ile a balehela sefefo tlas’a sefate. Eaba sefate se otloa ke lehalima, le ileng la mo ilibanya. Eare ha a hlaphoheloa a be a bona. Nahana hore na o ile a ikutloa joang kamor’a ho ba sefofu ka lilemo tse telele joalo! Ruri o ne a sa batle ho khutlela lefifing.

2 Haeba u paki ea ’nete ea Jehova, ho etsahetse phetoho e khōlō bophelong ba hao. Moapostola Petrose o ile a ngola hore “bakhethoa” ba Bakreste ba ‘bitsitsoe lefifing ho kenngoa leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 1:1; 2:9) Mohlomong hore u tle u be paki ea Jehova u ile ua tlohela mekhoa e litšila e sa amoheleheng e neng e amana le lefifi. (Ba-Roma 13:12, 13; Jobo 24:14-16) Hobane’ng? Hobane u ne u batla ho phela leseling la ’nete u be u amoheloe ke Molimo.

3. Ho ba paki ea Jehova ho tlisitse phetoho efe morerong oa hao bophelong? (Ba-Efese 2:12)

3 Pele u e-ba Mokreste oa ’nete, na u ne u e-na le morero o mong o motle bophelong ba hao? (1 Petrose 4:15, 16) Ha motho e mong a ka u botsa hore na lipheo tsa hao e ne e le life, na u tla mo arabela ka hore e ne e le hore na u tla phela joang, ho ba le lelapa, ho fumana boithabiso kapa ho lokisetsa “mariha” a botsofali? Ho hang lintho tsena ha li phoso. Empa bophelo bo joalo bo ne bo tla fapana joang le ba mosha, serobele kapa phoofolo e ’ngoe e tsoaloang, e hōle, e je, e robale, e kopanele likamano tsa botona kapa botšehali ebe qetellong e-ea shoa? (Moeklesia 3:18-20: Jakobo 4:14; Juda 10) Leha ho le joalo, hoba u be Mokreste oa ’nete, bophelo ba hao bo bolela ho hongata; lipakane tsa hao li likoloha ho sebeletseng ’Mōpi.—Moeklesia 12:13.

4. Tsebo ea Bibele e bile le phello efe ho uena? (Pesaleme ea 36:9; Liproverbia 6:23)

4 Phapang pakeng tsa ha u ne u le lefifing ka nako e fetileng leha u le leseling e bonahala haholo tsebong le kutloisisong tsa hao. Pele u ne u sa tsebe hore na ke hobane’ng ha bokhopo bo le teng, hore na ke hobane’ng ha lintho tse re potileng li ntse li senyeha ho ea pele, hore na boemo ba bafu ke bofe kapa hore na nako e tlang haufinyane e tla le life. Hona joale kutloisiso ea hao ea litaba e theiloe Bibeleng. Mantsoe a moapostola Pauluse ke ’nete hakaakang. ‘[Jehova] o bonesitse lipelo tsa rōna, ho hlahisa leseli la tsebo ea khanya ea Molimo’!—2 Ba-Korinthe 4:6.

Hase Bohle ba Hlolang Leseling

5. Ke bopaki bofe bo teng ba hore hase bohle ba hlolang leseling?

5 Hase bohle bao e bileng barapeli ba ’nete ba Jehova ba ntseng ba tsoela pele. Sebopuoa se matla sa moea sa furalla ’me sa fetoha Satane. Adama le Eva ba tlohela leseli. Ha ho talingoa liketso tse joalo tsa libopuoa tse phethahetseng, ha ho maketse hore batho ba bang ba sa phethahalang, joaloka rōna, le bona ba ka khutlela morao. Baiseraele ba tsoile bohlankeng Egepeta, empa pele ba fihla Lefatšeng la Pallo ba qala ho korotla ka ho hopola tse morao, “re sa hopotse lihlapi tsee re neng re li ja Egepeta re sa li reke, le likomkomere, le mahapu, le sholoto, le lieie, le sefotha-fotha.” (Numere 11:5) Le hoja ba ne ba thabela leseli le tokoloho, ba hopola lefifi la Egepeta le sefotha-fotha.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka batho ba furallang leseli?

6 Le bona Bakreste ba kotsing ea ho furalla leseli. Pauluse o ile a hlokomelisa hore ka phuthehong ho tla hlaha banna ba tla ikhulela barutuoa. (Liketso 20:29, 30) Hona ho etsahetse a sa le teng lefatšeng. (Ba-Filippi 3:18; 2 Timothea 2:16-18) Ha re toba taba haholo, na u tseba ba bang mehleng ea rōna bao ka tsela eitseng ba khutletseng morao? Na hoo ho ka re etsahalla?

7. Pauluse o elelitse Ba-Galata joang ntlheng ee?

7 Ke Bakreste ba ’maloa kajeno ba ka utloisisang ho khetha lefifi ho e-na le leseli. E be joale ke lintho life tse ka thetsang moena kapa khaitseli (mang kapa mang ho rōna) hore a khutlele morao? Re fumana leselinyana ho seo Pauluse a ileng a se ngola ho Ba-Galata 4:9; “Empa joale, ha le tsebiloe ke Molimo, ana le khutlela joang litabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangoa ke tsona?”

8. Ke hobane’ng ha keletso eo e ne e hlokahala, ’me e ne e sebetsa joang molaong?

8 Ho totobetse hore Bakreste ba bang ba Bajode ba ne ba buella hore ba khutlele ho bolokeng Molao oa Moshe, kapa bonyane karolo feela ea oona. Leha ho le joalo, Pauluse a ngola hore barapeli ba ’nete ba lokolotsoe Molaong. (Ba-Galata 5:1-6) Kaha molao o ne o sitoa ho hlahisa ho loka, o ne o fokola ka kutloisiso eitseng, o tla nkeloa sebaka ka “tšepo e fetisang” kapa tokisetso. (Ba-Heberu 7:18, 19) Ke kahoo ho neng ho ka boleloa hore ba khutlelang ho bolokeng Molao ba ne ba ‘khutlela linthong tse fokolang’ ‘ba boela ba li sebeletsa.’

9, 10. Temoso ka ‘lintho tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona’ e ne e ka sebetsa joang ho (a) lithuto tsa Segerike? (b) Molao oa Moshe?

9 Hape e ne e le ho loketseng ho hlokomelisa ka ho furalla ‘lintho tse fumanehileng.’ Polelo ea Segerike e amehang mona e na le maikutlo a litlhaku tsa alfabeta tse beiloeng ka tlhahlamano, e leng ho fanang ka maikutlo a hore na taba e latellana joang. Ruri lithuto tsa bohetene tse neng li le teng ka nako eo e ne e le ‘lintho tseo ho qaloang ka tsona tse fumanehileng.’ Le hoja Bagerike ba ne ba ikhantša ka bohlale ba bona, bo ne bo theiloe maikutlong a batho, menahanong le litšomong. Empa le ho khutlela Molaong oa Moshe e ne e tla ba ho ‘khutlela linthong tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona.’ Joang?

10 Le hoja Molao o ne o qapiloe ke Molimo, boholo ba oona bo ne bo sebetsana le lintho tse amang batho, tse kang tabernakele le ‘mekhoa ea molao e hlokoang ke nama.’ Leha ho le joalo, borapeli ba Bakreste bo ne bo likoloha linthong tsa moea tse neng li tšoantsetsoa ka “lintho tse tšoantšang tse leholimong.” (Ba-Heberu 9:6-10, 23) Kahoo ke hobane’ng ha Bakreste ba ka khutlela linthong tseo ho qaloang ka tsona tse se nang molemo? Haeba u ne u ithutile lipalo ho fihlela moo u leng setsebi sa “algebra” kapa “calculus” na u ne u tla khutlela ho baleng ka menoana ea matsoho le ea maoto?—Bapisa 2 Petrose 2:20-22.

Lintho tse Fokolang le tse Fumanehileng Kajeno

11. Ba-Galata 4:9 e ka sebelisoa kotsing efe kajeno?

11 Mohlomong, ke ba ’maloa feela ho rōna ba kotsing ea ho khutlela ‘linthong tse fokolang le tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona’ tsa bohlale ba Bagerike kapa Molao. Leha ho le Joalo keletso eo e beiloe ka Bibeleng le molemong oa rōna. Ka mohlala, ho teng monyetla oa ho khutlela ho seo 1 Johanne 2:16 e se bitsang “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.”

12. Bontša kamoo Bakreste ba bang ba ka ’nang ba ineela kotsing e amanang le 1 Johanne 2:16.

12 Ba bang ba nahana hore “boikhantšo joa bophelo” ke ho itlhahisa ka liaparo tsa mabitso kapa mabenyane a theko e boima, joaloka ho kenya masale a menoana a mane kapa a mahlano ka nako e le ’ngoe. (Jakobo 2:2, 3) ’Me ho ka ’na ha e-ba joalo, hobane Bibele e eletsa ka ho se nahane haholo ka moaparo o kang “likhabiso tsa gauda.” (1 Petrose 3:3) Empa “boikhantšo joa bophelo” bo ka etsoa ka litsela tse ling. Mokreste a ka ’na a honohela mokhoa oo batho ba se nang tšepo, ba phelelang lintho tse bonahalang ba phelang ka oona. Linaheng tse ling batho ba loanela ho fumana le ho bonahatsa lintho tseo e leng menono sebakeng seo, tse kang thelevishene e bontšang lintho ka mebala kapa koloi e nyenyane. Libakeng tse ling batho ba ikhantša kapa ba batla ho hapa mahlo a ba bang ka sebapala-li-cassette sa thelevishene kapa ka koloi e ntle haholo. Na Mokreste ea ‘tlohetseng tsohle ’me a latela’ Kreste, a ka hlaolela thahasello ea ho ikhantša ka lintho tse joalo? Re ka ipotsa: Na lintho tse bonahalang li ja boholo ba nako ea ka le mohopolo ho feta ha ke ne ke ‘utloa lentsoe ’me ke le amohela ka thabo’ le ho le sebelisa bophelong ba ka?—Mattheu 19:16-27; 13:20-22.

13. (a) Keletso ea Pauluse e ne e ka sebetsa joang le tabeng ea matlo? (b) Mokreste o lokela ho ba hlokolosi ka eng ka ho fallela ntlong e kholoanyane? (Bala Luka 12:16-21.)

13 Kapa Mokreste a ka ’na a khutlela linthong tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona litabeng tsa ntlo. Libakeng tse ling ho ba le ntlo eo e leng ea hao ho boima haholo. Kahoo, batho ba bangata ba lefatše ba reka ntlo ka baka la bophahamo boo e ba neang bona, le haeba e tla ba boima bo fetisisang ba lichelete ho bona. Kapa batho ba ratang lintho tse bonahalang ba se nang lelapa le leholo ba ka ’na ba fallela ntlong e khōloanyane, ’me hape ba boela ba ea ho e khōlōhali e bileng e leng ntle haholo. (Bona Luka 17:28.) Kahoo, haeba Mokreste a ne a nahana ka ho reka ntlo kapa ka ho fallela ho e khōlōanyane a ke a hlahlobe sepheo sa hae kapa liphello tseo a tlang ho li fumana moeeng e le hore a se ke a ‘khutlela linthong tseo ho qaloang ka tsona’ ka sepheo se fosahetseng. Ruri re hanele moleko leha e le ofe oa ho lakatsa leruo le tla khahla ba bang ka ‘hore na re phela joang.’ (1 Johanne 2:16) Re ke re etelletse pele tšebeletso ea Molimo bophelong ba rōna empa re ntse re sa ahlole ba bang. Re tla thaba hakaakang ho bona Bakreste ba bangata ba hōlileng tsebong, bao boemo ba bona bo ba lumellang, ba theola lihora tsa bona tsa mosebetsi e le hore ba ka ba le monyetla oa bopula-maliboho ba kamehla, boo ka sebele e seng taba e fokolang kapa e futsanehileng!—Mattheu 6:31-34; 7:1-3; 9:36-38.

14. Motho e mong a ka ’na a ‘khutlela morao’ joang mabapi le botumo?

14 Botumo tsamaisong ena ke ntho e ’ngoe eo Mokreste a ka ’nang a ‘khutlela ho eona.’ Rea lumela hore ke tšoanelo ho rata hore ba bang ba nahane hantle ka uena; baholo ba Bakreste ba tlameha ba “be le bopaki bo botle bo tsoang ho ba kantle.” (1 Timothea 3:7) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re eletsa hore ‘re se ke ra itekanya boholo bo tlolisang moo re tšoanelang ho lekanya teng.’ (Ba-Roma 12:3) Ho hatisa ha lefatše tabeng ea ho ba ’nyeo ho ka ’na ha thatafaletsa ba ’maloa ho tsoela pele ba batla boitekanelo ba Bokreste le boemo bo botle pel’a Molimo.

15. Hona e ka ba bothata neng bakeng sa bacha kapa batsoali?

15 Hangata bacha ba talimana le sena, hobane matichere le barutuoa ba ba phehella hore ba tsebisahale ka lipapali, tsamaiso ea liithuti kapa mekhatlo. Ba ka ’na ba boela ba talimana le khatello ka ho ea kolecheng e le hore ba ka fumana mosebetsi o phahameng. Batsoali ba bang le bona ba eketsa khatello ka baka la ho lakatsa botumo ka se finyelloang ke ngoana. Mohlomong u utloile batsoali ba bua lintho tse kang, ‘Ha ke batle ha mora oa ka a sebetsa mesebetsi e tlase bophelong bohle ba hae.’—Bapisa Mareka 6:3.

16. Ke hobane’ng ha botumo e ka ’na ea e-ba kotsi bakeng sa banna ba Bakreste? Bontša.

16 Banna ba bangata ba ka ’na ba kena molekong oa ho ipatlela botumo mosebetsing. Haeba ho ne ho ka phetloa “lifuba,” motho a ka ’na a bona hore o batla ho ba foromane mosebetsing ka lebaka la botumo bo amehang. Na e be mohlomong ho ka etsahala hore Bakreste ba bang ba emeng hantle licheleteng le ba neng ba ka fokotsa lihora tsa mosebetsi (kapa ba phomola tšebetsong) ’me ba bula maliboho, ba kene molekong oa ho tsoela pele mosebetsing moo ba tummeng kapa moo ba nang le tšusumetso? Pauluse o ile a bea mohlala o motle hakaakang! O ne a e-na le boemo le tšusumetso tsamaisong ea Sejode, hammoho le tšireletseho licheleteng. Empa a lahleheloa ke sohle hore a ‘rue Kreste, ’me a fumanoe a le kopanong le eena.’ Pauluse ha a lemoha hore tsela ena ke ea ho amoheloa ka ho sa feleng, ha a ka a khutlela morao linthong tse fokolang, le tseo ho qaloang ka tsona.—Ba-Filippi 3:4-11.

17. Ke kotsi efe ka ho ‘khutlela morao’ e hlahisoang ke boithabiso?

17 Ke ba fokolang ka palo feela ba ka latolang hore boholo ba boithabiso ba kajeno ke bo ‘fokolang le bo fumanehileng.’ Ho hlokahala hore motho a khethe. Empa le ka boithabiso bo hlileng bo sa hananeng le metheo ea Molimo, ho hlokahala hore ho hlokomeloe ka lebaka la nako le lintho tse amehang. Lipapali tse ngata tse bapaloang ka motlakase le tse ling, li ka nka nako e ngata le chelete. U le motho ka mong, kapa le le lelapa, lulang fatše ’me le sebetse lipalo ka mokhoa o nahanang hore na ke nako e kae le chelete tseo le li sebelisang boithabisong bonyane bekeng kapa khoeling. Ka ho etsa joalo, kenyelletsang nako ea thelevishene. Bona ke bothata bo ntseng bo hōla ha balokisi ba mananeo ba eketsa lipale tse tsoelang pele—libuka tse baloang, lipontšo tsa lintho tsa histori le lipapali—e le hore moshebelli a ’ne a shebe nako le nako. Ka ho hlakileng, Bakreste ba tlameha ho sebetsa e le hore ba ka laola hore na ba sebelisa nako ea bona e lekanyelitsoeng joang le lichelete e le hore ba se khutlele linthong tse fokolang le tse fumanehileng.—Ba-Efese 2:2, 3.

18. Bakreste ba bangata ba latetse tsela efe e ratehang?

18 Hona hase ho fana ka maikutlo a hore boholo ba batho ba Molimo ba khutlela linthong tse joalo. Ho na le likete, makholo, e, limillione ho lipaki tse inehetseng tsa Jehova ba tšoarelletseng borapeling ba ’nete, ’me boholo ba entse joalo ka lilemo. Mohlomong u tseba ba bangata ho bona—Bakreste ba ka hlalosoang ka mantsoe a kang a Pauluse: “Re leboha Molimo ka mehla ka baka la lōna bohle, re ntse re le hopotse merapelong ea rōna. . . . Le fetohile baetsisi ba . . . Morena, ka ho amohela lentsoe, har’a matšoenyeho a maholo, ka thabo ea Moea o Halalelang.” (1 Ba-Thessalonika 1:2, 6, 7) E mong le e mong ho rōna o lokela ho ba joalo ’me a etse qeto ea hore ‘a ke ke a khutlela morao linthong tse fokolang le tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona.’ Leha e le hore ho na le lebaka la hore re ka khutlela morao.

Batla Maruo a Moea

19, 20. Bokreste ba’nete bo u tliselitse lintho life tse matla le tse enneng?

19 Bokreste ba ’nete bo re nea lintho tse ngata tse matla le tse enneng. Ntho ea bohlokoa ho fumaneng mahlohonolo a mangata ke ho ba le tsebo ea Mangolo. Le tsona liithuti tsa lefatše li paka hore Bibele e na le libuka tsa boemo bo phahameng haholo. Empa rea tseba hore Bibele e na le ho fetang hoo; ke ‘lentsoe la Molimo le sebetsang ka ho balumeli.’ (1 Ba-Thessalonika 2:13) E, rea tseba hore e na le matla a ho fetola bophelo ho fana ka tšepo le ho re bontša hore na nako e tlang e re tšoaretse eng. Ka ho e bala re ka fumana melaetsa e fanoeng ke ’Mōpi ’me ra ithuta ho seo Mora oa hae a se buileng le ho se etsa.—Johanne 21:24, 25.

20 Ka thuso ea batho ba Molimo, u ithutile ka Bibeleng ka Jehova ’me u lumela hore: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakaakang!” (Ba-Roma 11:33) Ntle ho tsebo, u na le ‘mohlala oa litaba tsa pholoho.’ (2 Timothea 1:13) Ho lilemo joale batho ba bangata ba bala Bibele empa ba ntse ba sa e utloisise. Uena, leha ho le joalo, u utloisisa motheo oa eona. U ka bua ka kutloisiso le tieo e sitang le tsona liithuti tsa likolo tsa Bibele.—Liketso 4:13.

21, 22. Ke lintho life hape tse enneng tseo u li fumaneng ka lebaka la ho ba paki ea Jehova?

21 Hape u na le botsoalle ba mofuta o molemo ka ho fetisisa. E, baena ba hao le bo-khaitseli e ka ’na ea e-ba ba sa phethahalang le sesosa sa likhohlano ka nako e ’ngoe. Ka kakaretso, leha ho le joalo, ke lehlohonolo la ’nete ho ba har’a batho ba ratang Molimo, ba loanelang ho sebelisa metheo ea Bibele le ba lekang ho ‘etsa bohle hamolemo, empa haholo ba amanang le bona tumelong,’ ho akarelletsa uena. (Ba-Galata 6:10) Haufinyane ngaka ea mafu a bana sepetleleng sa Mt. Sinai, Motse New York, e ile ea hlalosa ka seo e se tsebang. E re ho paki ea Jehova e etileng: ‘Leha ekaba ke eng kapa eng eo le e etsang, le tsoele pele ka eona. Le hlahisa batho ba batle haholo. Rōna bohle ba eeng ba kopane le bona re hlokomela hore na ba fapane hakaakang, kamoo ba leng bonolo e bileng e leng ba thabileng. Kahoo, kea u kōpa, leha ekaba ke eng kapa eng eo le e etsang, tsoelang pele le eona.’ U na le botsoalle bo joalo.

22 Ntho e ’ngoe e enneng le e matla eo u ka thabelang ho ba le eona ke tšepo ea hao e theiloeng Bibeleng, le ha ekaba ke ho se bole leholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. Ke mang ea phelang hantle kelellong ea ka lahlang hoo? Qetellong, u ke ke ua hlokomoloha kabelo ea hao ea mosebetsi oo u nang le oona hona joale o tsoang ho Jehova le oo a u hlomelletseng ka matla bakeng sa oona. (2 Ba-Korinthe 10:4; Ba-Filippi 4:13) Ho etsa barutuoa ho hloka boiteko, e, empa ho hlahisa le ho khotsofala ho tebileng le thabo, hobane ho thusa ba bang tseleng e eang bophelong. Mosebetsi ona o ka tlatsa kelello ea hao le pelo.

23. Mabapi le Ba-Galata 4:9, u lokela ho etsa qeto ea ho etsa joang?

23 Ho totobetse hore Bokreste ba ’nete bo re lokisetsa lintho tse ngata tse matla le tse enneng. Re ’ne re nahaneng ho ea pele le ho ananela seo re nang le sona ’me re ikemisetse hore le ka mohla re ke ke ra ‘khutlela linthong tse fokolang le tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona, leha e le ho boela re tlangoa ke tsona.’

Na U sa Hopola?

◻ Bagalata ba ne ba le kotsing ea ‘ho khutlela linthong tse fokolang le tse fumanehileng tseo ho qaloang ka tsona joang?

◻ Re ka ’na ra ‘khutlela morao’ joang mabapi le

Matlotlo a bonahalang?

Ntlo?

Botumo?

Boithabiso?

◻ Bokreste bo u file lintho tse matla le tse enneng joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Banyalani ba bangata, ka ho ikalosa ‘boikhantšong ba bophelo,’ ba thusehile ho atolosa mesebetsi ea Bokreste

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

U senyeheloa ke nako e kae le chelete boithabisong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela