Ho Thabela ho Sebeletsa Kamoo Jehova a Batlang
Kamoo ho boletseng Emil H. van Daalen
LEFATŠE lohle le ne le utloa masisapelo a Ntoa ea I ea Lefatše. Ba bangata ba ipolaea ka lebaka la bothata ba lichelete ba 1929 ha ba lahleheloa ke lichelete tsa bona tse libankeng. Hona ha lateloa ke komello, lifefo tse matla, seoa sa litsie, ho se kotule letho masimong, theko e tlase haholo ea liphoofolo le lijothollo le bosieo ba mesebetsi bo sabaletseng. Ka holimo ho tsohle, ho ne ho bonahala hore ntoa e ’ngoe e haufi. E, joalokaha Bibele e ne e hlile ea bolela, ‘batho ba ne ba tšohile ke ho lebella lintho tse tlelang lefatše.’—Luka 21:26.
Ke nakong eo lelapa leso le neng le phela polasing ka bochabela ho South Dakota—batsoali ba ka, bara ba bona ba supileng le morali a le mong. ’Mè le Ntate ba ne ba se ba fetile Ntoa ea I ea Lefatše, ba lahleheloa ke polasi ’me ba leka ho itsosa ka e ’ngoe. Ka bara bana ba bangata hakana ba ne ba tšohile hore ntoa e ’ngoe e tla ba bakela masoabi a maholo.
Ho Ithuta ho Etsa Thato ea Jehova
Ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore polelo e itseng ea mopesaleme oa Bibele e tla laola boholo ba bophelo ba ka haholo. Ana e ne e le mantsoe a bululetsoeng a Davida: “Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang.” (Pesaleme ea 40:8) Ho qalile khale koana ka 1932.
Selemong seo semousu, Edward Larson, a tla a rekisa linōko tsa hae tsa lijo, lisepa le tse ling. Empa o ne a e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane—molaetsa. A re bolella hore likereke ha li rute ’nete, hore Jesu Kreste o busa e le Morena oa leholimo, hore litaba tse molemo tsa ’Muso li tlameha ho boleloa le hore kamorao ho ntoa ea Molimo ea Harmagedone ba lokileng ba tla thabela bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 16:14; 21:1-4.
’Mè, ke eena ea hlileng a khahloa haholo. Le lelapa le haufi le rōna la khahloa. Kahoo, ka potlako malapa a mararo, ho akarelletsa la Larson, a ‘amohela lentsoe ka cheseho e khōlō, a botsisisa Mangolo.’—Liketso 17:11.
Hoo e ka bang nakong eona ena lapeng ha fihla Ralph Vittum, pula-maliboho (’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso), a tsamaea ka koloi ea khale ea “Ford.” Batsoali ba ka ba mo memela ho lula le rōna ha a ntse a pakela batho mona. Re ne re ee re lule ho fihlela ka hora ea leshome le metso e ’meli kapa ea pele bosiu ha a re hlalosetsa ka ’Muso le ho pepesa lithuto tsa likereke tsa lihele, Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le lithuto tse ling tsa bohata. Le hoja re ne re se na thuto e lokiselitsoeng ea Bibele, re ne re qala ho utloisisa morero oa Molimo bakeng sa batho le kamoo re ka etsang thato ea oona. Batsoali ba ka ea e-ba bona ba lopolohang ho re feta.
Ka nako ea teng ra kopana le Lipaki tse ling. Kahoo re kena ka har’a phutheho ea bahlanka ba Jehova.
Sepheo se Secha Bophelong
Hona ho qalile ha ke le sehlopheng se qetellang sekolong se phahameng. Ka 1934 ka qala tšebeletsong ea tšimo ’me ka kolobetsoa lilemo tse peli hamorao. Nakong eo e thata ea komello le lifefo, ka qeta libeke tse peli ke paka sebakeng se ka thōko. Re ne re iphehela ’me re robala fatše kapa ka koloing, kapa kae kapa kae moo re neng re phirimeloa teng. Empa re ne re thabile, re tseba hore re etsa thato ea Jehova.
Leetong leo le khethehileng, ra kopana le mosali ea neng a e-na le bukana e bitsoang Dividing the People. Ha a e bala, a hlokomela hore molaetsa oa eona ke ’nete, a re Mokhatlo oa Watch Tower o mo rōmelle libukana tsena ka bongata ’me a li abela bao a ahisaneng le bona le metsoalle. A fetoha paki e chesehang haholo ea Jehova.
Ka Mphalane 1938 ’na le ngoan’eso Arthur ra qala ho bulamaliboho. Re ne re sebetsa haholo metseng e ka thōko e ka bochabela ho South Dakota le Minnesota e ka bophirima. Hamorao ha tla ngoana e mong oa bōrōna, Homer, le Moena Carrol Tompkins. Ka nako eo re ne re e-na le ntlo e huloang ka koloi le makoloi a mabeli. Re sebetsa sebaka sa Missouri, Louisiana le Iowa. Ha re le motseng oa Sioux ka 1941, ra fumana likabelo tsa bopula-maliboho bo khethehileng ho ea Watertown, South Dakota.
Tšebeletso Lilemong tsa Pele tsa Ntoa
Ntoa ea II ea Lefatše e ne e tsoela pele, ’me bahlankana ba biletsoa sesole. Empa ha ho lea mong ho rōna ea ileng a ea ka lebaka la boemo ba rōna re le baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso. Ha khopisa balemi ba tikoloho ea Watertown ho bona bahlankana ba bane ba lilemong tsa ho ea sesoleng ‘ba senya nako ea bona ba kena ka monyako le monyako ka lingoliloeng tsa Bibele’ empa bara ba bona ba le ntoeng. Ka Moqebelo o mong re ne re le seterateng re fana ka limakasine tsa rōna tsa Bibele ha baholo ba molao ba e-tla ’me ba re isa sepoleseng. Ba re bolella hore re tlameha ho tloha motseng moo pele ho feta libeke tse peli ho seng joalo re tla tšoaroa. Re ne re nka hona e le kabelo ea rōna e tsoang ho Jehova ’me ra ikutloa joaloka baapostola ha ba ne ba laeloa ho khaotsa ho bolela: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Libeke tse peli hamorao, ha re tloha lapeng ho ea tšebeletsong ea tšimo, mapolesa a tla, a re tšoara ’me a re isa chankaneng. Bosiung boo, ’muelli oa molao oa motse—eena mohlohlelletsi e moholo oa sena sohle—a re botsa ka bomong, ’me lipotso tsa tsoela pele ho fihlela lihoreng tsa hoseng. Ra hlola matsatsi a mane chankaneng. Ba re nqosa ka lintho tse ngata, empa qoso e ileng ea sebelisoa ho ea fihla Lekhotleng le Phahameng la Naha e ne e le hore re bokelle sente ea lekhetho la thekiso bakeng sa buka e ’ngoe le e ’ngoe eo re e rekisang lisente tse 25 ’me re e nee ’muso. Lekhotla le Phahameng la qeta ka hore ho ea ka mofuta oa mosebetsi oa rōna, lekhetho le joalo ha lea lokela. Ka hona Jehova a re hlohonolofatsa ka tlhōlo, ’me kajeno ho na le phutheho e hōlang haholo ea Lipaki tsa Jehova Watertown.
Ho Koetlisetsoa Tšebeletso ea Kamoso
Joale e ne e le 1942. Ntoa e hlanaka, empa ho hlakile hore ho na le mosebetsi o mongata o sa ntsaneng o lokela ho etsoa phethahatsong ea mantsoe a Jesu: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . . le ba rute.”—Mattheu 28:19, 20.
’Na le bana beso ba babeli ra fumana liforomo tsa ho ea kena sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Nahana kamoo re ileng ra makala le ho thaba! Ke bo-mang ba neng ba tla hlohonolofatsoa ka tokelo e khōlō hakaalo? Ra hlokomelisoa hore mohlomong re ke ke ra hlola re khutlela mahahabo rōna ka koano ho Harmagedone. E ne e le nako ea ho etsa qeto. Empa karabo e ne e le ’ngoe feela: Re ne re thabela ho etsa thato ea Jehova. (Pesaleme ea 40:8) Ntle ho moo, mohope oa rōna o ne o tletse ’me o khaphatseha ha re tseba hore re tla ba sehlopheng sona seo le ngoan’abo rōna Leo le mosali oa hae Eunice. Hona ho etsa hore re be ba tšeletseng ba tsoang lelapeng le le leng sehlopheng seo sa pele.
Kamorao ho likhoeli tse ngata tsa ho koetlisoa, ka ba le tokelo ea ho rupeloa le bana beso ba babeli ka ho khethehileng Bethele ea Brooklyn. Kamorao ho moo, ra rongoa re le balebeli ba potoloho. Ka neoa tokelo ea ho etela boholo ba liphutheho tsa litereke tsa Iowa le Nebraska. Qetellong, ka fumana kabelo ea ka ea boromuoa. E ne e le Puerto Rico bakeng sa ngoane’so Leo le mosali oa hae Eunice le motsoala Donald. Ke lehlohonolo le lekaakang! Ruri mosa o lerato oa Jehova o ne o totobetse.
Ho Phehella Thato ea Jehova Masimong a Macha
Ra fihla Puerto Rico ka la 13 Tlhakubele, 1944. Joale ha tla teko e khōlō. Ra utloa re itšaba re bile re hlora har’a baahi ba 2 000 000. Matla a rōna a ho utloisisa le ho bua Spanishe a ne a fokola haholo! E be re ka se bua? Na tumelo ea rōna e ne e theehile hantle? Na re ne re hlile re lumela hore ke thato ea Jehova hore e be re moo? Nako e ne e tla bolela.
Letsatsi la bobeli re fihlile ra leka ho ea pakela batho bao re ahisaneng le bona ka Spanishe sa rōna se “pōtang.” Lihlong tsa rōna tsa tloha kapele ha batho ba bontša mosa o moholo le mamello. Re teana le bo-khaitseli ba babeli ba bopula-maliboho ba neng ba se ba ntse ba le moo le baena ba ’maloa ba moea le bokhaitseli ba Santurce le Arecibo. Ba tlaloa ke thabo ha ba utloa hore ba tla fumana thuso. Libuka li ne li tsamaea haholo. Ra fumana khahleho e ngata hoo ho neng ho le thata ho ithuta le bohle ba lakatsang ho ithuta ’nete. Nakoana hoba re fihle ka kōpa Mokhatlo oa Watch Tower lengolong hore o rōmele baromuoa ba bang, ’me kapele ha fihla banab’eso Arthur le Homer. Hamorao, ha romeloa ba bang ba bangata.
Ka romeloa metseng e mengata haholo, hona ho mpha monyetla oa ho thusa batho ba bangata ho ithuta ’nete le ho ineela ho Jehova. Phihlelo e ’ngoe eo ke ntseng ke e hopola hantle ke e amang Susana Mangual, ea neng a le lilemong tse 60. O ne a lula ntlong e phahamiselitsoeng holimo ka maoto a robeli ho tloha fatše. Litepisi tse hloellang teng li kena ka foranteng. O ne a tsuba haholo, a se a ohlola haboima, ’me e le khale a sa theohe foranteng. Ha ke fihla, a bontša thahasello ka potlako, ’me thuto ea Bibele ea tsoela pele. A tsoela pele ’neteng. Tseleng e eang kopanong ea Bokreste, mose oane ho sehleke-hleke, a etsa qeto ea ho tlohela ho tsuba le hore a kolobetsoe. Ha re khutlela hae, Susana ha a ka a hlola a lula ka tlung empa o ne a tsoela tšebeletsong ea tšimo le baena. Kamorao ho nakoana ea e-ba pula-maliboho oa kamehla.
Mosebetsi oa ’na oa atoloha Puerto Rico ho fihlela ha ho hlokahala molebeli oa potoloho oa nako eohle. Ha bonahala e le thato ea Jehova hore ke thabele tokelo ena, ’me kapele ka be ke etela liphutheho, mahae a baromuoa le lihlopha tse ka mathoko Puerto Rico eohle le Lihlekehlekeng tsa Virgin. Empa ha mosebetsi o tsoela pele ho ne ho hlokahala phetoho e ’ngoe hape.
Ka pulungoana 1951 ka fumana lengolo le tsoang ho Mokhatlo le ’memela ho ba molebeli oa lekala Cuba. Ka utloa eka ha ke utloe hantle. Nka jara mosebetsi o lekaleng le lebetseng bahoeletsi ba ka bang 10 000 joang? Le hoja ke ile ka ikutloa ke sa tšoanele boikarabelo bona ho hang, ha bonahala e le thato ea Jehova, ’me ke ne ke tla leka.
Ntle ho ho fumana thuso ea Jehova, baena ba bane ba ofising ba sebetsa le ’na ka mamello. Ka ba moo ka lilemo tse peli ’me ka tloaelana le baena le bo-khaitseli moeeng ba makholo-kholo. Ba bangata ba pelong ea ka haholo, ’me ke ba hopola hangata.
Empa phetoho e ’ngoe e ne e le haufi haholo. Ka mabaka a Mangolo ka kōpa hore ke khutlisetsoe Puerto Rico, ’me kōpo ea ananeloa. Ha ke fihla, Mokhatlo oa nkōpa hore ke hlokomele mosebetsi oa lekala moo, ho neng ho tla bolela mosebetsi oa lihora tse telele. Empa hape, haeba hona e ne e le thato ea Jehova, e ne e le lebaka le lekaneng hore ke lumele. Ho ne ho le molemo ho ba har’a baromuoa le baena le bo-khaitseli ba Puerto Rico hape. Kamorao ho nakoana ’na le khaitseli e mong oa moromuoa ra rera hore re tla sebeletsa Jehova re le monna le mosali. Kahoo ka Tlhakubele 1959 Bettyjane Rapp ea e-ba Bettyjane Van Daalen. Re nyalane ka thabo ho tloha ka nako eo.
Mosebetsi oa ho ruta le ho bolela o ne o tsoela pele ’me tlhohonolofatso ea Jehova e bonahala. Leha ho le joalo, phetoho e ’ngoe e ne e itlhahisa.
Ho Tsoela Pele ka Thabo ho Etsa Thato ea Molimo
Mathoasong a 1963 ka memeloa ho ba teng thupelong ea likhoeli tse 10 ea Sekolo sa Gileade e neng e lokiselitsoe balebeli ba makala le batlatsi ba bona. Ronald Parkin, ea neng a le sehlopheng se fetileng, o ne a tla hlokomela lekala bosieong ba ka. Qetellong ea thupelo, Jehova o ne a e-na le boikarabelo bo bong bakeng sa ka, ba ho hlokomela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lihleke-hlekeng tsa Bahama.
Ho sebeletsa Bahama ea e-ba phihlelo e babatsehang. ’Na le mosali oa ka ra fumana batho ba moo ba le botsoalle, ba sekametse bolumeling, ba e-na le mamello. Ba utloisisa ho ipha nako ho qoqa ka Bibele. Liphihlelo ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele li tla paka ntlha ena.
Ha Lipaki tsa Jehova li ne li fana ka buka ena mosebetsing oa tsona oa ntlo le ntlo, khaitseli ea lilemo li 76, e le pulamaliboho ea thusang ka nako eo, a tsamaisa tse fetang 100. Khaitseli e mong, ea lulang sebakeng se ka thōko sehlekehlekeng se seng a fumana tse 60 ’me a li tsamaisa pele khoeli e fela. E, batho ba Bahama ba hlompha Bibele haholo.
Ka lilemo tse 18 tseo ’na le mosali oa ka re bileng Bahama, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tsoetse pele hantle ka lebaka la tlhohonolofatso ea Ntate oa rōna oa leholimo. Lipaki tsa Jehova lia tsebisahala lihleke-hlekeng, ’me baena le bo-khaitseli ba bangata ba itšebelisa haholo ho batla baikokobetsi ba kang linku ha nako e sa le teng.
Hona joale re Florida mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng ’me re ka hetla morao lilemong tse ngata tsa thabo re rorisa Molimo Lihleke-hlekeng tsa Caribbean. Re fumane hore mahlohonolo a enneng kamehla a hlahisoa ke ho ineela tsamaisong ea moea oa Molimo. Ka sebele, thabo e khōlō haholo—thabo ea ’nete—e tlisoa ke ho sebeletsa kamoo Jehova a batlang.
[’Mapa o leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Florida
ATLANTIC OCEAN
Bahama Islands
Puerto Rico
Virgin Islands
CARIBBEAN SEA
Cuba