Hana Litakatso Tsa Lefatše!
1, 2. (a) Jehova o lokela ho rapeloa joang? (b) Hona ho hloka eng ho Lipaki tsa hae?
JEHOVA MOLIMO o loketsoe ke ho rapeloa ka tsela e hloekileng, le e khabane ke bohle ba ineetseng ho eena. Ka linako tsohle le ka litsela tsohle, ba mo tlotlise ka polelo le ka ketso. Ruri ba tlameha ho hloka ‘moea oa lefatše lena’—boikutlo bo le busang kapa matla a le sebelisang a boetsalibe le a boithati ao hangata a silafatsang. (1 Ba-Korinthe 2:12) E le batho ba hlophiselitsoeng ho rorisa Molimo, Lipaki tsa Jehova li lokela ho totobala hore li khethehile lefatšeng lena. Li tlameha hore ka pelo eohle li sebelise taeo ea bomolimo ho ‘tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, li tle li phele nakong ea joale ka kelello, ka ho loka, le ka borapeli.’—Tite 2:11-14.
2 Ka masoabi, leha ho le joalo, hase bohle ba ipolelang hore ba rata Jehova ba mo tlotlisang kamehla le ba fanang ka bopaki bo hlakileng ba hore ba hana litakatso tsa lefatše kapa litsela tsa Iona. Ho tlalehoa hore banna ba bang ba ineetseng ba Bakreste ba ea meketjaneng eo ho ikhakanngoang ka liaparo ho eona ba apere joaloka basali. Na boitšoaro bo joalo bo ka nkoa e se ba lefatše kapa e le bo tlotlisang Jehova? Ka sebele, liketso tsa mofuta o joalo hase tseo re ka li lebellang ho bao e seng ‘karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19) E, hangata monna ea roetseng “wig” ea basali le liaparo a ke ke a bonahala eka ke mosali feela empa hape o phetla tsela ea hore a ferehoe ke banna ba bang bakeng sa likamano tsa botona le botona tseo e seng tsa tlhaho!—Deuteronoma 22:5.
3. Ka litsela tsa lefatše le litakatso, ke lipotso life tse hlokang ho nahanoa?
3 Re le Lipaki tsa Jehova, re ka ’na ra lumela hore ha rea lokela ‘ho nkeha haholo ke litaba tsa lefatše,’ joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng. (1 Ba-Korinthe 7:31, The New Testament: A New Translation, ea Olaf M. Norlie) Re ka ’na ra hlokomela hore mosa o sa tšoanelang oa Molimo o re “ruta hore re ‘hanele’ bonyefoli le litakatso tsa lefatše.” (Tite 2:11, 12; New International Version; NW) Empa haeba lipelo tsa rōna li sa re hanele teng? Kapa ha re re mohlomong re lakatsa ho tiisa boikemisetso ba rōna ba ho hana litakatso tsa lefatše. Ke eng e ka re thusang?
Ipiletse ho “Ea Utloang Merapelo”
4, 5. (a) Lithapelo tsa rōna li ka bua ka eng ka nepo? (b) Ka lipelo tsa rōna, ka linako tse ling ho ka hlokahala re rapele joang?
4 Tsela eo re ka atlehang ka eona ho hana litakatso tsa lefatše ke ka ho etsa thapeli e tiileng le ea kamehla hore re thusoe ke “Ea utloang merapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Empa re ka rapela joang haeba lipelo tsa rōna ka mokhoa o mong o itseng li laba-labela lintho tsa lefatše?
5 Re le Lipaki tsa Jehova, re lokela ho ‘tsebisa Molimo sohle seo re se hlokang.’ Ha re etsa joalo ka tumelo, “khotso ea Molimo” eo ho seng e kang eona e tla alosa mehopolo ea rōna le lipelo tsa rōna. Koana, Jehova ka boeena o itse “mehopolo ea [pelo ea] motho e . . . mebe le bocheng ba hae.” (Ba-Filippi 4:6, 7; Genese 8:21) Ka hona ka linako tse ling ho hlokahala re rapelle boikutlo bo fapaneng, pelo e fetohileng. Ka mohlala, haeba likeko tsa lefatše li hlasela lipelo tsa rōna, ho hlokahala re kōpe Ntate oa rōna oa leholimo hore a re thuse ho nkela takatso eo sebaka ka litakatso tse hahang tsa moea.
6. Haeba litsela tsa lefatše le likeko ho bonahala li hlile li ipiletsa ho rōna, re ka rapela joang?
6 Makholong a lilemo a fetileng, mopesaleme Davida a kōpa Molimo: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, . . . U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute.” (Pesaleme ea 25:4, 5) Jehova a etsetsa Davida joalo, ’me ruri A ka arabela lithapelo tse joalo tsa bahlanka ba Hae ba kajeno. Kaha “litsela” tsa Jehova le ‘’nete’ hase tsa lefatše, maikutlo a thapeli a kang a Davida a ka thusa haeba litsela tsa lefatše lena ho bonahala li hlile li ipiletsa ho rōna.
7. Tsela e bohlale e ka lateloang haeba re huleloa boithabisong bo sa haheng ba lefatše ke efe?
7 Lefatše le na le maikutlo a boitšoaro bo bobe ’me le tletse bokhopo. Hona ho bonahala hangata lipineng tsa lefatše, metjekong, libukeng, lipapaling, libaesekopong, mananeong a thelevishene le tse joalo tsa lefatše. Haeba rōna, joaloka Bakreste ba ineetseng, re huleloa boithabisong bo sa haheng le ba lefatše, ho ka thoe’ng? Pele, ke hantle ha re ka lekanyetsa menyetla ea boithabiso leseling la Lentsoe la Molimo. Le bontša hore re lokela “ho nyonya ho hobe, re khomarele ho hotle.” (Ba-Roma 12:9, NW) E be joale re rapella thuso ea Jehova hore lipelo tsa rōna, le hoja li sa phethahala hakaalo, li tla khaotsa ho lakatsa lintho tse mpe. Ka sebele, Molimo oa rōna o ka ‘bōpa ka ho rōna pelo e hloekileng’ haeba re mo kōpa ka tieo hore a etse joalo.—Pesaleme ea 51:10.
Thuso ka Moea o Halalelang
8. Ho ea ka Pesaleme ea 51:11, ho ka etsahala joang le haeba hona joale re e-na le moea o halalelang?
8 Hoba sebe sa hae se tebileng le Bathe-Sheba se hatisoe ka matla ho Morena Davida oa Iseraele, a ithapella ho Jehova: “U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao, u se ke ua nkamoha moea oa hao o halalelang!” (Pesaleme ea 51:11) Molimo oa arabela thapelo eo. Empa hlokomela hore moea o halalelang o ka nkuoa kapa oa tlosoa.
9. Ke eng e ka re hulelang litšileng tsa lefatše, hona e le ka liphello life tse ka ’nang tsa hlaha?
9 Haeba rōna, Bakreste ba ineetseng, re lumella lefatše ho re khutlisetsa ‘khaphatsehong ea bohlola,’ re ka qoela moo moeeng. (1 Petrose 4:4) Hona ho ka ’na ha qala ka bohele-hele, mohlomong ka hore re qale ho fepa lipelo tsa rōna le mehopolo ka likhopolo tsa boitšoaro bo bobe ba lefatše tse tla kenngoa ke lingoliloeng tse hanoang ke Mangolo le mekhoa ea boithabiso. Lentsoe la Molimo le phehella hore re be “bana lonyeng,” re se ke ra batla ho tseba lintho tsa boitšoaro bo bobe kapa tsa bokhopo. (1 Ba-Korinthe 14:20) Empa bohele-hele bo ka re hulela molikoa-likoaneng oa tšenyeho, ’me ka bothoto ra fihlela qeto ea hore re hōlile ka ho lekaneng moeeng hore re ka mamella litšila. E be joale boikhohomoso boa hōla hoo re sa batleng ha mang kapa mang—qetellong le oona Molimo hore a re ‘bolelle hore na re etse joang.’ Liphello li ka ’na tsa e-ba kotsi, kaha ha ho ea ka nyelisang Molimo ka ho hana keletso ea oona ka manganga ’me a se “tsoe kotsi.”—Jobo 9:1-4, NW.
10. (a) Ka moea o halalelang, ho ka etsahala joang haeba litakatso tsa lefatše li sa alosoe? (b) Kahoo ke eng e tla re thusa ho hanela lefatše le likeko tsa Iona?
10 Haeba li sa alosoa, litakatso tsa lefatše li ka re etsa hore re soabise moea o halalelang oa Molimo ka ho se o tsotelle, re nka tsela e hananang le ketello pele ea oona ’me re bea lipelo tsa rōna lipakaneng tse ling ho fapana le tseo moea o re susumelletsang tsona. ‘Ho soabisa moea o halalelang oa Molimo’ ho boetse ho bolela ho hana Lentsoe la hae. (Ba-Efese 4:30; bapisa Liketso 7:51-53.) Hona ho ka khannela borabeleng ba ka boomo khahlanong le pontšo e totobetseng ea moea oa Jehova ’me ho ka bolela ho nyefola moea oo, le sebe se sa tšoareloeng. (Mattheu 12:31, 32; Mareka 3:29; bapisa Ba-Heberu 6:4-6; 10:26-31.) E se eka re ke ke ra qalisa ho theosa ka tsela ea boitaolo le ho itšunya-tšunya mekhoeng ea lefatše eo re kileng ra lopolloa ho eona ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova. Ho e-na le hoo, re rapelle moea o halalelang le ho ineela tšusumetsong ea oona, o tla re thusa ho hanela lefatše le likeko tsa Iona.—Pesaleme ea 143:10; Luka 11:13.
Lentsoe la Molimo ke Thuso
11. Joale re tla buisana ka eng e ka re thusang ho hanela moleko oa ho ‘sebelisa lefatše ka botlalo’?
11 Ntho ea bohlokoa e hlahisitsoeng ke moea o halalelang oa Molimo ke Lentsoe le bululetsoeng la oona. (2 Samuele 23:2; 2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:20, 21) Maqepheng a Iona ke ‘litaba tse ngoliloeng pele ho re ruta’ le “litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” (Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Korinthe 10:11) E be batho ba bang ba tlalehiloeng ka Bibeleng ba ile ba talima lefatše joang?
12. Demase e ne e le mang, ’me re ka rua molemo joang ka ho nahana ka tsela ea hae?
12 Le oona mohlala o mobe o molemo, hobane o re bontša hore na re ka qoba eng. Ka mohlala: Moapostola Pauluse o ile a furalloa ke mosebetsi ’moho le eena Demase ‘ka lebaka la ho rata lefatše la joale.’ Ha hoa boleloa hore na o ile a lahla Pauluse joang le ho fella kae, empa lerato la menyaka ea lefatše le lintho tse bonahalang mohlomong le ile la e-ba matla ho feta la lintho tsa moea. Leha ho le joalo, Demase a sitoa ho sebelisa monyetla o motle oa ho tiisa ngoan’abo Pauluse. (2 Timothea 4:10) Hona ho lokela ho re susumeletsa hakaakang hore re khomarele balumeli bahabo rōna, re sa ba furalle ka lebaka la ho lumella lerato la tsamaiso ea joale le tlale ka lipelong tsa rōna!
13. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Abrahama le Sara ba ne ba ‘sa nkeha ho tlōla ke litaba tsa lefatše’?
13 Kajeno re na le Bibele eohle e le motataisi oa rōna. Empa ba se na buka leha e le ’ngoe e feletseng ea Bibele—Genese—bapatriareka ba barapeli Abrahama, Isaaka le Jakobo, le basali ba bona ba tšepahalang, ‘ha baa ka ba sebelisa lefatše ka botlalo.’ Ka mohlala, Abrahama (Abrame) a etsa ka taelo ea Jehova Molimo ka ho tloha Ure, motse oa Bakalde oa matlo a matle le melemo e mengata. E, liepolloa tsa moo li senola hore eena le mosali oa hae ea ratoang Sara (Sarai) ba tlameha ba be ba ile ba itela haholo linthong tse bonahalang hore ba ee moo Molimo o ba laelang, ba aha litenteng e le bajaki lefatšeng la pallo. Isaaka le Jakobo le bona ba etsa ka tumelo e le “majalefa le eena [Abrahama] a pallo e le ’ngoe.” Lithahasello tsa lefatše e ne e se tsa bohlokoa haholo ho Abrahama, “hobane o na a lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.”—Ba-Heberu 11:8-10.
14. (a) Ho ka bontšoa joang hore Moshe ‘ha a ka a sebelisa lefatše ka botlalo’? (b) Ka pono ea rōna ka lithahasello tsa moea, re ka rua molemo joang ka mohlala oa Moshe?
14 Moprofeta Moshe ke mohlala o mong o motle oa ea ileng a tšepa Jehova le ho hana litakatso tsa lefatše. Ka tumelo, Moshe a ikhethela ho tšoenngoa le batho ba Molimo ’me a “kholoa hoba sekhobo sa Kreste [ke hore, sa ho ba mohlanka ea tlotsitsoeng oa Molimo] ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.” Ka lebaka leo, o ne a e-na le litokelo tse babatsehang ha a ntse a sebeletsa ka tieo ‘joale ka ha eka o bona Ea sa bonoeng,’ Jehova. (Ba-Heberu 11:24-27) Ka ho hlakileng, ha ho qeto e ntle eo Moshe a ka beng a e entse ho feta eo ea ho eteletsa pele lithahasello tsa moea bophelong ho sa tsotellehe likeko leha e le life tse ling tsa lefatše. Le ho rōna ho joalo.—Mattheu 6:33.
15. Ke ka ho nahana ka phihlelo efe ea Baiseraele re ka susumeletsehang ho qoba likeko tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe?
15 Lintho tsa lefatše tse tla tloha li tloha le Iona li akarelletsa “takatso ea nama,” e iponahatsang ka litsela tse sa tšoaneng, tse ling tsa tsona li le khopo. (1 Johanne 2:15-17) Likeko tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe li ngata ’me ka linako tse ling li bile le liphello tse kotsi le ho batho ba ineetseng ba Jehova. Ka mohlala, le hoja Baiseraele ba ne ba lopolotsoe Egepeta bohlankeng, hamorao ba bolaoa ba le likete ka lebaka la “ho etsa bohlola le barali ba Moabe.” (Numere khaolo ea 25; 1 Ba-Korinthe 10:8) Hona ho lokela ho re susumelletsa ho hana likeko tsa lefatše le boitšoaro bo bobe hakaakang!
16. (a) Ha a ekoa hore a itšoare hampe, Josefa a etsa joang? (b) Re ka rua molemo joang ka mohlala oa Josefa?
16 Nahana ka mohlala o motle oa Josefa, mora oa Jakobo. Mosali oa mong’a hae oa Moegepeta a mo phehella ka makhetlo hore a robale le eena. Leha ho le joalo, a hana a tiile. Ha ho boleloe hore mosali o ne a le mobe hoo a ka balehisang monna. Ho e-na le hoo, Josefa a mo baleha hobane o ne a sa batle ho siteloa Molimo o lokileng oa hae, Jehova. (Genese 39:7-20) Na ho hlokahala hore re lokise seo re se balang, boithabiso kapa maemo a mang e le hore re ka qoba ho siteloa Molimo? Haeba ho joalo, re nke bohato ka potlako, joaloka Josefa oa morapeli.—1 Petrose 2:11, 12.
17. (a) Monahano oa lefatše hangata o qobella boikutlo bofe? (b) Basali ba itseng ba ikhohomosang ba Juda ba ne ba ikhabisa joang, ’me ha etsahala joang ka bona le meikhabiso ea bona?
17 Hangata monahano oa lefatše o qobella boitaolo le boikhohomoso. Ho hatella ha lefatše tšobotsing e bonahalang ea bophelo ho fetela mokhabong, haholo oo e leng oa bohlokoa haholo ho basali kaha ke bona ba ratang ho shebahala hantle. Juda ea boholo-holo ea mehleng ea Esaia, basali ba ikhohomosang ba ne ba ikhabisa ka meikhabiso e mengata. Mohlomong hore ba bonahale ba khema le linako, basali ba ikhohomosang joalo ba ne ba roala “liketane tse khinang mehato,” ba li fasa maqaqailaneng a bona. Liketane tsena li ne li etsa molumo o ‘roaroaetsang’ ha mosali a tsamaea, ’me a hatela haufi hoo a neng a ‘nanya,’ ba ‘tsamaea sefumahali.’ Koana, ho hapa ha Babylona Juda ka 607 B.C.E. ha felisa meikhabiso eo le bolokolohi.—Esaia 3:16-24.
18. Tekanyetso ea Mangolo ke efe mabapi le boikhabiso ba basali?
18 Ka ho ikhabisa ha basali, ke phapang e kaakang ea boikutlo e neng e le teng pakeng tsa Jezebele ea feteletseng le oa bolefatše le Esthere ea khabane le oa morapeli, eo leha ho le joalo a neng a apara hantle! (2 Marena 9:30; Esthere 2:7; 5:1) Ka ho totobetseng, basali ba Bakreste ba batla ho tšoana le Esthere. Ka baka leo, ba ikhabisa ka “seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.” Mokhabo oa bona o ka sehloohong ke ‘motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho e ratehang ho Molimo.’—1 Timothea 2:9; 1 Petrose 3:3-5.
19. Jesu Kreste o fane ka mohlala o motle haholo oa ho se be oa lefatše joang?
19 Jesu Kreste o fana ka mohlala o moholo oa ho se be oa lefatše. Le hoja e ne e le motho ea phethahetseng ea nang le matla a mangata a ho atleha lefatšeng ho feta motho ofe le ofe, o ne a amehile haholo ka lintho tsa Moea—hoo ‘a neng a se na moo a ka samelang hloho ea hae teng.’ (Mattheu 8:20) Ho e-na le hore a silafatsoe ke lefatše lena, Jesu o hlalosoa e le “ea halalelang, ea se nang molato, ea se nang letheba, ea ka hosele ho baetsalibe.” (Ba-Heberu 7:26) Rōna ba sa phethahalang re ke ke ra latela mehatong ea Jesu ka ho phethahetseng. Empa ka thuso ea Jehova re lokela ho ikitlaetsa.—1 Petrose 2:21, 22.
Tsoela Pele ho Hana Litakatso tsa Lefatše
20. Haeba u morapeli oa Jehova, u ka lula u lokolohile moeeng oa lefatše lee joang?
20 Haeba u iphumana letšoeleng le thabileng la barapeli ba Jehova, ruri u lehlohonolo. U fumane ho hong ho molemo haholo ho feta sohle seo lefatše lena le litšila le le shoang le ka fanang ka sona. Khomarela borapeling ba ’nete, e be joale u lula u lokolohile moeeng oa lefatše lena. Hore u etse joalo, ipiletse hangata ho “Ea utloang merapelo,” batla thuso ea moea oa hae o halalelang, kamehla ineele keletsong ea Lentsoe la Molimo ’me ho se be mohla u furallang ho ba har’a letoto le nang le makholo a lilemo la lipaki tse tšepahalang tsa Jehova.—Bapisa Ba-Heberu 12:1-3.
21. Ka lefatše lena, boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
21 E se eka e ka ba boikemisetso ba hao hore ha u na ho sebelisa lefatše lena ka botlalo. Ho e-na le hoo, e se eka u ka boloka mohopolo oa hao le pelo ho etsoeng ha thato ea Molimo. Ha u etsa joalo, Jehova o tla u tšehetsa a sa sitoe ke letho ka “matsoho a sa feleng” a hae. (Deuteronoma 33:27) U kholisehile ke thuso e joalo ea Molimo, e se eka u ka tsoela pele ho phela ka kelello, ho loka le borapeli ha u ntse u hana bonyefoli le litakatso tsa lefatše.
U ka arabela joang?
◻ Haeba lipelo tsa rōna li batla li laba-labela lintho tsa lefatše, thapelo e ka thusa joang?
◻ Moea o halalelang o ka re thusa ho hanela lefatše le likeko tsa Iona joang?
◻ Ke mehlala efe ea Bibele e ka re thusang ho hana litsela le litakatso tsa lefatše?
◻ Re ka lula re lokolohile joang moeeng oa lefatše lee?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
U se ke ua lumela ha bohelehele bo u hulela Iitšileng tsa lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Josefa a baleha hore a se oele sebeng. Le rōna, re potlakele ho qoba boitšoaro boo e seng ba bomolimo