Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/15 leq. 31
  • Thuto e Ntle Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Ntle Haholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Thuto—E Sebelisetse ho Rorisa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Thuto e Nang le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/15 leq. 31

Thuto e Ntle Haholo

HO ’NILE ha boleloa hore ka ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hammoho le libuka tse ling tsa Lipaki tsa Jehova, motho a ka ithuta ho hong le ho batsi kamorao ho lilemo tse ngatanyana. Ka mohlala, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ngola lengolo le latelang:

“Ke tsoile sekolong ha ke le sehlopheng sa borobong hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse mashome a mabeli a metso e mehlano. Ha kea ka ka kena sekolo kamorao ho moo. Ho ne ho loketse hore e be hona joale, boko bo rusitse. Ka lebaka la maemo a lichelete—ke ile ka tlameha ho sebetsa hore ke hlokomele lelapa la ka—ka fumana hore hoa hlokahala hore ke khutlele sekolong bakeng sa lengolo la ‘diploma’ sekolong se phahameng. Matsatsing a mabeli a fetileng ka qalisa sekolo ’me tichere ea itherela ho nketsetsa tlhahlobo e kang eo ke tla tlameha ho e feta hore ke fumane lengolo la ka. Tlhahlobo e ne e ama lithuto tse kang thuto ea mahlale, molao, lithuto tsa tulisano le kutloisiso ea ho bala. Ka bolella tichere hore ke sitoa ho e nka hobane ha ke kholoe hore ke tla tsoella hantle. Empa ea tsitlella.

“Phello ebile hore ke ile ka fumana lintlha tse ntle haholo. Lintlha tse amohelehang hore motho a fumane lengolo ke tse 35. Ka fumana lintlha tse oelang sehlopheng sa 55, kapa tekanyo ea selemo sa bone kolecheng. Ke hobane’ng ha ke bolela see? Hobane mohloli o moholo oa ho bala ha ka lilemong tse fetileng tse robeli e bile libuka tsa Lipaki tsa Jehova. Ke ’mali ea matla oa tsona ’me ke etsa le lipatlisiso tse ngata.

“Tlhahlobo eo ke ileng ka e nka, ka hlokomela hore likarabelo tse ngata li fumanoa litokollong tsa morao haholo tsa libuka tsa rōna. Ka mohlala, thutong ea mahlale ho ne ho e-na le lipotso tse botsang ka “fluorocarbons,” eo ho neng ho builoe ka eona ho Tsoha! Ho ne ho le joalo mabapi le lipotso tse neng li amana le “physics,” molao le lithuto tse ling, ho akarelletsa litaba tsa liketsahalo tsa morao-rao. Liketsahalo tse joalo ho ne ho ile ha boleloa ka tsona karolong ea “Ho Talima Lefatše” ea Tsoha! Hape, kutloisiso ea ka ea ho bala e ne e le ntle ka ho fetisisang. Hona ho tsoaloa ke ’nete ea hore ke ne ke bala haholo, e leng ho hlokahalang ho ba nakong le libuka tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova.

“Tlotla e lebisoa ho Jehova Molimo bakeng sa ho ruta batho ba hae ka litsela tsohle. Ke sa ntsane ke sitoa ho lumela liphetho tsa tlhahlobo, ke kahoo ke ileng ka kopanela phihlelo ena le lōna. Le lokela ho tseba hore na limakasine tsa rōna le libuka ke tse molemo hakaakang, ’me mosebetsi oo le u etsang ho li lokisetsa ruri o molemo ka litsela tsohle. Ke leboha lona le Jehova ka ho ’nea thuto eo ke neng ke sa hlokomele hore ke na le eona ho fihlela ke hlahlojoa. E nkentse hore ke be le sebete, e leng ntho eo ke e hlokang ka nako ena ea maima a lichelete a holim’a ka.”

Na u rata ho hōla tsebong, u fumane thuto ea bohlokoa haholoanyane ho feta e fumanoang kolecheng efe kapa efe? U ka ho etsa ka ho bala ka mehla makasine ena le molekane oa eona, Tsoha! Likoranta tsena ha li na ho u thusa feela ho ba nakong liketsahalong tsa lefatše le ho bona kamoo li phethahatsang boprofeta ba Bibele mabapi le nako ea bofelo ea tsamaiso ena eohle ea lintho. E, ho bala libuka tsena kamehla ho ke ke ha u thusa feela hore u ntlafatse tsebo ea hao litabeng tsa lefatše empa hape ho tla u nea tsebo e tla u bea tseleng e isang bophelong bo sa feleng tsamaisong e ncha ea ho loka ea Molimo.—Johanne 17:3; 2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela