Mongoli—Ramatlotlo e Mocha o Khethiloe
Re thabela ho le tsebisa ka ho khethoa ha Lyman A. Swingle ho sebeletsa ofising ea mongoli-ramatlotlo bakeng sa mekhatlo e ’meli, oa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania le Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Re se re lebelletse tšebeletso e ntle le e tsoelang pele ea Moena Swingle ea bileng ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse 54 tse fetileng ’me hape a sebeletsa e le motsamaisi oa mokhatlo oa Pennsylvania ka lilemo tse 38.