Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/15 leq. 32
  • E Sebelisitsoe e le Thuso ea ho Ruta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Sebelisitsoe e le Thuso ea ho Ruta
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/15 leq. 32

E Sebelisitsoe e le Thuso ea ho Ruta

Morutoana oa sekolo se phahameng ea ileng a fa mosuoetsana oa hae oa sehlopha sa bophelo buka Bocha ba Hao ho Fumana se Molemohali ho Bona o-oa tlaleha:

“O ile a nka buka a ea le eona hae ’me a e bala kaofela bosiung boo. Letsatsing le hlahlamang a botsa hore na a ka fumana libuka tse eketsehileng tse 50 bakeng sa sehlopha, empa hore tšebeliso ea tsona e tlameha ho amoheloa ke batsamaisi ba sekolo.

“Ha e ea ba ho fihlela ha re boela sekolong hape moo ke ileng ka ba le hona ho buisana le eena hape ka taba ena. Ka ’motsa hore na o ntse a batla libuka. A re e, ’me o tla nka tse 15 bakeng sa ba qalang. O ile a li sebelisa le sehlopha sa bacha Freemont, Michigan, esita le setsing sa bana ba tšoeroeng hampe.”

Hamorao mosuoetsana a ngola: “Kea u leboha ha u ile ua mpontša buka ea Bocha ba Hao. Litataiso tse kahare ho eona ke tsa Bibele ’me ke ’nete. Lefatše la rōna e ne e tla ba sebaka se molemo ho phela ho sona haeba e mong le e mong a latela tsela e hlalositsoeng ka ho hlaka hakana ka Bibeleng.”

Tse kopanyellelitsoeng likhaolong tse 24 tsa buka ena ke tsena: “Liaparo tsa Hao le Ponahalo—Lia u Hlalosa,” “Ke Hobane’ng ha u Ithuta Sekolong?” “Na u Lokela ho Noa Lino tse Tahang?” “’Mino le Metjeko Tseo u li Khethang,” “Na Boitšoaro ba Botona le Botšehali bo na le Kelello?” le “Ho Laetsana le Lefereho.” U ka fumana thuso ena e molemo bakeng sa bophelo bo atlehileng ka hore feela u tlatse le ho romela setlankane se ka tlase hammoho le lisente tse 90.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Bocha ba Hao ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse lisente tse 90.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela