Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/15 maq. 3-4
  • Menate e Emeng Bakeng sa Molimo—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Menate e Emeng Bakeng sa Molimo—Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka leo ba Furallang ka Lona
  • Ho Etsahala’ng ka Likereke?
    Tsoha!—2007
  • Na Bolumeli bo Felloa ke Nako?
    Tsoha!—1988
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/15 maq. 3-4

Menate e Emeng Bakeng sa Molimo—Hobane’ng?

PHATLALATSO e ngotsoeng ka litlhaku tse khōlō, e ile ea bolela hore: “Sontaheng sena, hase uena feela, batho ba bang ba baholo ba Amerika ba limillione li 61 le bona ba ikhethetse hore ha ba na ho ea kerekeng.” Phatlalatso ka boeona ke boiteko ba hore ba bang ho bana ba limillione, bao e leng karolo ea 41 lekholong ea Maamerika ’ohle a lilemo li 18 kapa ho feta, ba ee kerekeng.

Libakeng tse ling, haholo-holo Europa Bophirima, ho joalo, ntle ho hore teng ke palo e phahameng haholo. Ka mohlala, ka Sontaha se seng le se seng Brithani, hoo e ka bang karolo ea 98 lekholong ea litho tse limillione tse 28 tsa Kereke ea Chache ha e itšoenye ka ho ea kerekeng. Ntle ho ho ntlafala mona le mane, ho fokotseha ha ba kenang kereke ho bonahala lefatšeng ka bophara.

Lebaka leo ba Furallang ka Lona

Ke eng e etsang hore batho ba bangata ba furalle likereke? Ho totobetse hore ena ke potso e thata haholo. Ho se lumele hore Molimo o teng, lintho tse bonahalang, ho se khotsofatse ha likereke le mabaka a mang a mangata li koleketse hore ho be tjena. Empa na ke bohle ba furaletseng likereke ba ho entseng hobane ba se ba sa lumele ho Molimo ’me kahoo ho se letho leo ba le etsang ka bolumeli? Ho hlakile hore ha ho joalo.

Bukeng ea bona e bitsoang The Search for America’s Faith, bangoli ba babeli George Gallup, e monyenyane, le David Poling ba bolela hore ba maketse ke ho fumana hore “batho ba tsoileng likereke ke balumeli ba fetisisang, ’me mabakeng a mangata ha e-ea ba ka lebaka la ho felloa ke tumelo batho ba tsoileng likereke.” Kahoo, he, ba lelekoa ke eng?

Gallup le Poling ba hlokomela mabaka a mane a ka sehloohong a hulang ba tsoileng likereke:

“1. Lipapali, mekhoa ea boikhathollo, le mesebetsi e tlosang bolutu

2. Boikhathollo le metsoalle

3. Linako tsa mosebetsi tse thatafaletsang ho ea kerekeng

4. Takatso ea ‘nke ke imamele ke le mong kapa mohlomong le lelapa la ka.’”

Na hase ’nete hore batho ba bangata hona joale ba nahana le ho lebella Sontaha e le nako ea ho ikhatholla le ho ikotlolla? Ho ba bangata ba ka ho khonang, ba bona ho khatholla haholoanyane ho bona naha, ho ea pikiniking kapa ho “intša” ho feta ho ea litšebeletsong tsa kereke. Ho hlehla, ho thelelisa leqhoeng, ho bapala kolofo, ho tšoasa lihlapi kapa e ’ngoe feela har’a lipapali tse ngata, ke ho hlasimollang ho feta polelo e tenang kerekeng. ’Me, hangata, mekhoa e joalo e etsoa ka boinehelo le cheseho tse ka hlabisang lihlong ho motho ea eang kerekeng hangata.

Phello ke efe? Pono ena ea ho rata menate, ka ho totobetseng e hohotse ba bangata ba neng ba tšehelitse likereke. Empa, ho tebileng haholoanyane bakeng sa motho ka mong, ho rata menate ho nkile sebaka sa ho rata Molimo. Bolumeli, kapa tlhasenyana ea bona e saletseng, e se e boloketsoe feela linako tse khethehileng bophelong, tse kang manyalo, le liphupu, moo ho sa ntsaneng ho nkuoa hore boitlamo ke ba bohlokoa. Maikutlo a fapositsoeng ke lintho tsa lefatše a nkile sebaka sa boinehelo ba moea.

Keketseho ena ea ho ameha ka lintho tsa lefatše har’a batho ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo e oelana hantle le seo moapostola Pauluse a neng a se hopotse ha a bua ka batho ba fetohang “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Ha a ne a bua ka batho ba joalo, o ne a ba sebelisa e le temoso le tšobotsi e bontšang ho fihla ha ‘mehla ea qetello’ ha ‘linako tse bohloko ho sebetsana le tsona’ li ne li tla ba teng. (2 Timothea 3:1, 2, 4) ’Nete ea hore ba bangata kajeno ‘ba beile menate sebakeng sa Molimo,’ joalokaha Pauluse a hlile a bolela, ke bo bong ba bopaki bo bongata ba hore re phela mehleng ea qetello.—The New English Bible.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela