Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/1 leq. 30
  • Na u “Akhela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u “Akhela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tse Khothatsang
  • Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Letsatsi—Li Bohlokoa Bakeng sa Lelapa la Bokreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/1 leq. 30

Na u “Akhela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi”?

HO TŠOANA le malapa a mangata a sebele, banyalani ba babeli ba Lipaki ba Brazil e ka boroa ba ne ba tšoarehile ka mokhoa oa ho phela. Ntle ho ho hlokomela bana ba bona ba bararo, ka boraro ba le ka tlase ho lilemo tse tšeletseng, ba ne ba boetse ba e-na le lebenkele la korosari. Leha ho le joalo, kaha e ne e le Bakreste ba inehetseng, ba ne ba amehile ka boiketlo ba moea ba bana ba bona le ba bacha ba babeli ba neng ba ba sebeletsa ’me ba lula lapeng ha bona. Ke khale ka 1946, ’me e ne e le phephetso ea sebele. Ka nako eo ho ne ho se teng libuka tse ntle tse buang ka bacha tse teng kajeno, ’me setereke sa Santa Catarina kaofela se ne se e-na le Lipaki tse robeli feela, tse tharo ho tsona li le motseng o moholo oo ba phelang ho ona. Ba ne ba tla etsa joang?

Tumellanong le keletso ea Morena Salomone ea bohlale ea ho “Akhela bohobe ba hao holim’a metsi” (Moeklesia 11:1), ba itherela ho fuparolla seatla sa bona ha ba fana ka bohobe ba moea ka ho sebelisa hantle temana ea Bibele ea letsatsi le letsatsi e fanoang ho Molula-Qhooa. (Ke pele ho hatisoa Yearbook ka puo ea habo bona.) Lelapa kaofela, ho akarelletsa basebetsi, le ne le bokana bakeng sa lijo tsa motšehare, ’me nako ena e ne e sebelisoa ho buisana ka temana ea Bibele ea letsatsi leo. Setho se seng le se seng sa lelapa se ne se abeloa ho batla makasine o nang le tlhaloso, ’me e ne e baloa haholo ’me e mong le e mong a lokolohile ho hlalosa. Qalehong basebetsi ba ne ba fumana mokhoa ona o makatsa, empa kapele ba o tloaele ’me ba qale ho kopanela lipuisanong tsa letsatsi.

Liphello Tse Khothatsang

Boiteko bo khabane ba banyalani bana ka lilemo tse telele ba putsoa haholo. Ngoana oa bona e moholo, le monna oa hae, ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng (baboleli ba nako e tletseng) ho fihlela ha ba e-ba le ngoana oa pele, eo hona joale a leng lilemo li 20 ’me le eena a le tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ngoana oa bobeli, e le mora, o sebelelitse Jehova ka nako e tletseng ka lilemo tse ka bang 20. Hona joale eena le mosali oa hae ba sebeletsa ofising ea lekala ea Watch Tower Society ea Brazil. Mora oa ho fela, ke moholo oa phutheho ’me hona joale o rupela mora oa hae tseleng ea ho loka.

Basebetsi bona? Ho theosa le lilemo, bashemane ba bacha le banana ba leshome le metso e ’meli ba ile ba sebeletsa lelapa lena. Har’a banana, Ester a phakisa a amohela ’nete, ’me, eena le monna oa hae le bana, ba ntse ba sebeletsa ho bolela litaba tse molemo ka bokhabane. Morali oa hae e moholo o sebelitse ka lilemo tse fetang leshome e le pula-maliboho ea khethehileng. Vitalina e ne e le Mok’hatholike ea pelo e thata ha a qala ho sebeletsa lelapa lena. Hamorao a lumela hore: “Ke ne ke le ‘mosifa o hlōtseng lithipa.’ Empa hona joale ke thabetse ho sebeletsa Jehova. Ke bile pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse fetang leshome.” Marta o ile a sebetsa ka nakoana lelapeng la lekala la Watch Tower Society Rio de Janeiro. Hona joale o tšoarehile le monna oa hae ho koetlisa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova. Banana ba bang ba babeli, Nelci le Sueli, le bona ba amohela ’nete ’me ba ntse ba sebeletsa Jehova ka bokhabane.

Bashemane bona? Rudibert le Pedro ka bobeli ke baholo ba sebeletsang liphuthehong tsa habo bona kajeno. Abrilino le lelapa la hae le bona ke bahlanka ba khabane ba Jehova.

Kajeno, haeba litho tsohle tsa lelapa li ne li ka bokana, ho ne ho tla ba le sehlopha sa barorisi ba thabileng ba 40 ba Jehova, bongata ba bona ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke tlaleho e ntle hakaakang ea tumelo le ho tiea matla ha Bokreste! ’Me kaofela e le litholoana tsa kamano e mofuthu le e thabileng ea lelapa le ea ho sebelisa ka botšepehi tokisetso e ntle ea temana ea letsatsi le litlhaloso. Ruri lelapa lena le latsoitse hore bohobe ba moea bo akhetsoeng metsing ‘bo bonoa kamorao ho matsatsi a mangata.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela