Hlokomela Mothetsi Enoa!
HA RE re mohlomong u kopana le motho e mong ea bonahalang a le botsoalle haholo. Mohlomong u ka ba ua lakatsa ho mo memela ka tlung ha hao hobane a bonahala e le motsoalle e motle. Empa joale hamorao ua fumana hore ke senokoane se tsebisahalang se batlang ho silafatsa motse ka lenyele. U ka etsa joang?
Mohlomong ha u-ua hlokomela, empa ho na le senokoane se thetsang joalo se re beileng kotsing kaofela. Ke Satane Diabolose, ’me Bibele e re bolella hore ‘o lihetsoe lefatšeng le mangeloi a hae.’ (Tšenolo 12:9) Hoo ho ba atametsa ka mokhoa o kotsi. Ho feta moo, Satane o ikhakanya joalokaha eka o re batlela se molemo feela. Kahoo hoa hlokahala hore re hlokomele Mothetsi enoa. Haeba re ka mo bulela monyetla, re iphetlela litšusumetso tsa mefuta eohle tse kotsi, joalokaha moapostola Pauluse a bontšitse ha a re: “Satane le eena [o] ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.”—2 Ba-Korinthe 11:14.
Joale re ke re nahane ka tse ling tsa litsela tsena tse bonahalang eka ha li kotsi tseo batho ba ithabisang ka tsona kajeno. Leha ho le joalo, hlokomela kamoo li fanang ka bopaki ba tšusumetso ea Satane.
Lipapali Tse Bapaloang ke Batho
Moqebelo ha pula e na batho ba bangata ba rata ho bokana ha motsoalle, ba pote tafole ’me ba bapale lipapali. Lipapali tse ngata tse joalo ha li kotsi, empa bonyane tse peli tsona li kotsi.
E ’ngoe ho tsona ke letlapa la Ouija (ha e bitsoa ke “wi-ja”) Le qapiloe hoo e ka bang ka 1890, ke letlapa le nang le liletere tsa alfabeta le matšoao a mang. Metsoalle e pota letlapa, e bea menoana ea eona nthong e supang ’me e botsa lipotso. Ntho e supang e supa liletere letlapeng, e peleta likarabo.
Le fana ka likarabo tsa mofuta ofe? E mong ea neng a rekile letlapa la Ouija a ngolla baetsi: “Ke ka ho nyahama haholo re ileng ra fihlela qeto ea hore ho hang likarabelo tse fosahetseng li bolela feela hore letlapa la rōna la Ouija le leshano.” E mong a ngola: “Ke na le le leng la matlapa a lōna a Ouija ’me ke le sebelisa le metsoalle ea ka. Le fana ka likarabo tse ntle haholo hoseng le tse litšila haholo bosiu.”
Selena o ne a e-na le letlapa la Ouija ’me o bolela hore ka lekhetlo le leng letlapa le ile la mo peletela hore lea mo rata. Ha a botsa hore na hobane’ng, karabelo ea re: “Hobane u mosali, ’me ke hona ho etsang phapang.” Ho na le litlaleho tse ngata tse joalo tsa mashano a boitšoaro bo bobe le puo e lihlong e tsoang letlapeng la Ouija.
Ke eng e etsang hore letlapa le arabele lipotso? Koranta ea Senyesemane e ile ea hlokomela: “Papali ea Ouija e theiloe mokhoeng oa ho ‘buisana’ le bafu, ’me e bapaloa ka matla a tšoanang le ao linohe li kopanyang batho le bafu ka oona lefifing.” Tumellanong le sena, ba bangata ba sebelisang matlapa ba bua ka hore ba ile ba kopana le meea. Denise a ngolla koranta ’me a bolela hore o ile a kopana le moea o neng o ipitsa Bob ka letlapa la Ouija. A belaela: “Bob joale o khohlahetse. O bolela hore ha se moea o motle, empa ke ledemona le liheleng. O mpolella hore ke tla hlanya le hore o tloha a nka moea oa ka, a ’nee Diabolose.”
Haeba letlapa la Ouija le entsoe hore le sebetse ka meea, ke meea ea mofuta ofe? Ruri hase meea ea bafu, hobane “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Ho ke ke ha etsahala hore moea ofe kapa ofe o tsoang ho Molimo o ikarabelle ka ho bua mashano kapa ho fana ka melaetsa ea boitšoaro bo bobe. Kahoo re ka fihlela qeto ea hore letlapa la Ouija le susumetsoa ke makhotla a bodemona, le ka sehloohong ho eona e le Satane, “ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) Ka ho hlakileng, joaloka mekhoa e meng eohle ea ho kopana le meea e khopo, letlapa la Ouija le lokela ho iloa ke ba lakatsang ho qoba tšusumetso e litšila ea Satane.—Deuteronoma 18:10-12.
Papali e ’ngoe e ratoang e bitsoa “Dungeons and Dragons.” Ho eona, libapali li nka likarolo tsa lintho tse tšosang, bademona, le batho-melimo hammoho le babolai, bafutuheli, ba betang le bahlorisi. Ke eona metsoalle e metle eo motho a ka bang le eona ka phaposing ea boikhathollo ea hae? Hangata ho akarelletsa libapali tse iketsang linohe le maselamose. Na hoo ho utloahala ho le molemo ho uena? Ho hang ha ho hotle, hobane litšila le mekhoa ea boloi ke e meng ea “mesebetsi ea nama” e tla thibela motho ho rua “’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.
“Setsebi sa Dungeons” se seng, John Holmes, ha se ngola ho Psychology Today, se itse: “Ha ke kholoe hore pefo ena e ka monahanong feela e ka senya likelello tsa ba kopanelang ho eona ho feta letoto le sa feleng la pefo ea TV, libaesekopo kapa lingoliloeng.” Ba bangata ba ikutloa hore “letoto le sa feleng la pefo” boithabisong ba kajeno ha le senye likelello tsa ba le shebellang. U nahana joang. Na ha ho utloahale eka mothetsi Satane Diabolose, o leka ho sebelisa papali ee hore a re tšoase hore re nahane joaloka eena?
Libaesekopo Tseo ba li Shebellang
Batho ba batla boithabiso ba mofuta ofe kajeno bakeng sa ho ikhatholla libaesekopong? Ba limillione ba batla boitšoaro bo hlephileng kapa pefo e patileng ntlha. Kapa ba khahloa ke lintho tse tšosang le libaesekopo tsa bodemona. Tsena tse qetellang li kotsi hobane li fepela khapeho e mpe ka lintho tsa mano, tse qetellang li le kotsi. (2 Likronike 33:6) ’Me liphello tsa tsona ho batho ba hapehang li tebile ka potlako.
Lilemong tsa ho feta Roxanne a ea baesekopong e bitsoang The Exorcist, e neng e fehla hore e ka etsisoa ka lintho tse ngata. O re: “Baesekopo ea ntšosa. Ka tlameha ho tloha pele e fela hobane ke ne ke tšohile hore ke tloha ke hlatsa ’me ke ikutloa eka ke tloha ke ilibana. Hoo e ka bang likhoeli tse peli ke bone baesekopo ena, ke ne ke tšohile ’me ke e-ba le litoro tse mpe. Ke ne ke sitoa ho ea kae kapa kae ke le mong, ke hetla nako le nako ’me ke tšaba ho hlatsoa moriri oa ka ka hore mohlomong ho na le ntho e leketlileng ka holim’a ka.” Mosali e mong, ea ileng a bona baesekopo eona eo thelevisheneng, hamorao a khabela pelo ea morali oa hae ea lilemo li ’nè hobane a ne a lumela hore ngoanana o na le ledemona.
Satane o bitsoa “molimo oa lefatše lena,” le “morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (2 Ba-Korinthe 4:4; Ba-Efese 2:2) Na ho na le motho ea ka belaelang hore bodemona bo tletseng hohle, pefo le boitšoaro bo bobe libaesekopong kajeno ke tholoana ea tšusumetso ea hae?
’Mino oo ba o Mamelang
Ba bangata ba belaela ka lerata la ’mino oa kajeno. Ba ikhathatsang ho tseba mantsoe hangata aa ba tšosa. Eo e neng e le sebapali sa ’mino oa “disco” Cal Walker o bolela hore ’minong o mongata oa kajeno ho na le lihlooho tse hlano tse khōlō: “Botona kapa botšehali, lithethefatsi, pefo, boloi le borabele.”
Lihlopha tse ling tsa ’mino ho tlalehoa hore li kene ka botebo boloing. Ka sebele, boholo ba li-album bo na le ponahalo ea bolotsana kapa boloi. ’Me hangata ho utloahala mantsoe a hōlisa lihlooho tsa boloi. Na u hlokomela tšusumetso ea Mothetsi ho see?
Boitšoaro bo bobe, boloi, le tse joalo, ruri hase litšusumetso tsa Molimo. Bibele e-ea re lemosa: “Empa ha e le . . . ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela, kabelo ea bona . . . ke lefu la bobeli.” (Tšenolo 21:8) ’Mino e ka ’na ea e-ba o motle le o hahang. Empa batho ba bohlale ba tla ba hlokolosi ho qoba boikhathollo bo ba phetlelang tšusumetso ea bademona.
Boithapollo Boo ba bo Etsang
Likarolong tse ngata tsa lefatše batho baa hlèhla, ba ikotlolla moeeng, ba tšoareha lipapaling, ho sesa le lintho tse ling tsa ho leka hore ba phele hantle. Na ho na le phoso hona moo? E seng ha ho etsoa ka boitekanelo. Moapostola Pauluse o itse: “Hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae.” (1 Timothea 4:8) Empa ho na le boitlhakiso bo ka bakang mathata a sa lebelloang: “yoga.”
“Yoga” (lentsoe le bolelang “ho kopana ha moea oa motho ka mong le Moea o Moholo”) E etsoa ka boikoetliso ba ’mele le ba kelello, ho tenyetsa ’mele, ho phefumoloha le ho nahanisisa ho tebileng le ho lula tabeng. E simolohile India, e se e kentsoe mekhoa ea bophirima ’me e sebelisetsoa ho imolla kelello, ho fokotsa ’mele le ho fumana matla. Libuka tse rekisoang tse kang Practical Yoga for Businessmen le Yoga for Parents li bontša ho rateha ha eona. Na u ka itloaetsa “yoga”?
Haeba ho joalo, nahana ka ’nete ena: “Yoga” ea sebele-bele hase feela mokhoa oa boikoetliso. Ke mokhoa oa Mahindu oa bolumeli. Ka se boleloang ke Dr. B. S. Surti, “sepheo se seholo sa ‘yoga’ ke ho ruta mokhoa oo moea oa motho o ka kopanngoang ka ho feletseng le Moea o Moholo.” Hoo ho bonahala ho le hole haholo le Yoga for Businessmen, empa ke sona seo boikoetliso ba “Yoga” bo reretsoeng ho se finyella.
Ho hlileng ho leng thata haholo ke ho nahanisisa ka mokhoa oa “yoga.” Ba bang ba ka ’na ba supa ’nete ea hore Bibele, le eona, e khothalletsa ho nahanisisa. Leha ho le joalo, ho nahanisisa ha Bokreste ke ho nahanisisa ho sebetsang, ho nahanisisa ka litaba tse hahang le tse molemo. (Pesaleme ea 63:6; Liproverbia 15:28; Ba-Filippi 4:8) Ho nahanisisa ka mokhoa oa “yoga” ke ntho e ’ngoe e fapaneng. “Tlhaho ea moea, bohlale bo hloekileng, bo faposoa ke tšebetso ea kelello, eo ho sitisoa ha eona e leng sepheo se seholo sa ‘yoga.’ Monahano o laoloa ka hore o tloaetsoe ho nahanisisa le ho aroloa linthong tse bonahalang. Qetello ke hore ho sitisoe litšekamelo tsohle tsa kelello, tse etsoang motho a ikutloa kapa tse ipatileng.”—The Encyclopedia Americana.
Na ho ntša sohle se ka monahanong joalo ho molemo? E mong ea itloaelitseng mokhoa oo o tlaleha hore nakong e ’ngoe ea ha a ne a ikoetlisa le ho nahanisisa, o ile a ikutloa a hlaseloa hangata ke matla a sa bonahaleng. Bademona ba ka ipha monyetla ka mohopolo o sa tlatsoang ka letho ’me ba kenya ea bona. (Luka 11:24-26) Kahoo hlokomela! Mokhoa ona o ka u fetola kofuto ea bona.
Ho Nkeha ka Lipapali Tsa “Video”
Lilemong tsa morao tjena, mokhoa o mocha o nkile lefatše: lipapali tsa “video.” Selemo le selemo, ho akheloa libillione tsa liranta ka har’a mechine ea lipapali, ’me libillione tse ling li senngoa lapeng lipapaling tsa “video.” Na lipapali li kotsi? Ba bang ba re ‘Che. Li ka ’na tsa e-ba molemo.’ Empa li thibetsoe linaheng tse ling, ’me metse e meng linaheng tse ling e lekile ho li ntša. Na hona ke ho feteletsa litaba?
Nahana ka lipapali tse bapaloang. Tse ling li theiloe lipapaling, empa tse ngata ha ho joalo. Makasine ea Natural History, e bolela hore “sepheo-pheo sa lipapali tsohle tsa ‘video’ ke hore e be uena ea pholohang. Lipapaling tsa lintho tsa sepaka-paka u tlameha ho thunya pele ba u thunya. Mofuteng oa “Pac ‘person’” teng u ba ja pele ba u ja. ’Me sehlopheng sa lipapali tsa ho iqabola feela, u futuhela sebopuoa se seng pele se u futuhela.” Ke hobane’ng ha lipapali tse tletseng lintoa li hapile maikutlo hakaale? Mongoli oa histori Jack Colhoun o ikutloa hore: “Lipapali tsena li tsoaloa ke mehla ea rōna.” Re phela lefatšeng le befileng, ’me bacha ba koetlisetsoa ho talima pefo e le ntho e thabisang e seng e nyatsehang. Empa Bibele e re: “Jehova o lekola ea lokileng; moea oa hae o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.”—Pesaleme ea 11:5.
Makasine ea Psychology Today e bontša liphello tse kotsi tse ka ‘nang tsa hlahisoa ke lipapali tsena: “Lipapali tsa ‘video’ . . . ha li arole batho feela empa li ka ba tsa khothalletsa hore ba hloeane.” Bacha ke bona bao haholo ba ka angoang ke tšusumetso e joalo. Kahoo, sengoli Johan Rosemund se hatella hore: “Lipapali tsa ‘video’ ke matlakala a lijo bakeng sa kelello. Kotsi ea tsona e khōlō haholo likelellong tse nyenyane.”
Lipapali tsa “video” li ka ba tsa fetola batho makhoba. Profesa ea univesithi e ile ea hlalosa hore ho ba lekhoba la lipapali tsa “video” ho kotsi ’meleng le kelellong. A re: “Lero la libapali la ‘adrenaline’ le phalla ka potlako, li tlala thabo, ’me qetellong ho tepella, hammoho le ho tlala ntoa le leqhoko.” ’Mè oa England o bolela sena ka mora oa hae ea fetohileng lekhoba ea lilemo li 14: “Ho tšoana leha motho a e-na le ngoana oa lekhoba la tahi ka tlung. Mechine ena e mo sentse . . . Ha a sitoa ho ea ho tsona o tšoana le phoofolo e koaletsoeng.” Na ke taba e mpe haholo? Mohlomong. Empa ho ata ha mahloko a amang menoana ea matsoho le mesifa ea matsoho le mahloko a mang a ’mele a amanang le lipapali ho bontša hore ho ba lekhoba ho atile.
Ka tlhaho bacha ba lakatsa ntho e thabisang ’me ba khahloa ke ho ithuta. Empa ke bohlale haeba bacha ba Bakreste ba ka ba hlokolosi hore ha ho letho le ba thibelang hore ba “phele nakong ea joale ka kelello, ka ho loka, le ka borapeli.” (Tite 2:12) Ka tsela eo ba ke ke ba lumella Mothetsi ho ba amoha nako ea bona, kapa matla a likelello le maikutlo, ka ho ba fetola makhoba a lipapali tsa “video.”
Boithapollo bo bong ba ’mele, ’mino o mong, lipapali tse ngata le libaesekopo tse sa tšoaneng lia thabisa le ho khatholla. Empa hopola: Lintho tse joalo hape li ka fetoha mecha ea tšusumetso e fosahetseng. Hlokomela ’me u ikalose ho tsona. Mothetsi e Moholo, Satane, a ka ’na a bonahala a thabela hore u thabe. Empa qetellong, tšusumetso ea hae ea u ntša kotsi. U se ke ua mo kenya ka tlung ha hao kapa bophelong ba hao. “Le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lipapali tse ling li kotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u ka itloaetsa ho nahanisisa joaloka batho ba “yoga”?