Ho Fumana Tšireletseho ea Sebele Ireland Leboea
HA U sheba ka lifenstere tsa sepetlele, phahameng moo se leng teng ka holim’a motse oa Londonderry sekhutlong se ka leboea le ka bophirima ho Ireland Leboea, u bona pono e ntle. Empa mooki e monyenyane oa mohlankana ha a ka a ba le sebaka sa ho nahanisisa ka botle ba pōpo. Kelello ea hae e ne e le linthong tse ling tse tšosang haholoanyane. O ne a bone ka mahlo lihlōhō le bobatana tse tšoaeang likhang tsa bolumeli le lipolotiki moo.
O re: “Ho ne ho tšabeha ho bona bahlankana ba tsekolloa likoto. Re le sehlopha sa bongaka, re ne re sitoa ho ba nahana e le Maprostanta kapa Mak’hatholike, empa feela e le bophelo bo lokelang ho pholosoa. Eaba ke ntse ke nahana, ‘Morero oa see sohle ke ofe? Ke hobane’ng ha Molimo o se lumelletse?’”
Lefa la Baholo-holo
Joaloka mooki enoa e monyenyane, batho ba bangata Ireland Leboea ba tseba ka boithuto ba bona ba histori sekolong hore bothata bona ha bo bocha. Ho tloha lekholong la lilemo la bo12 ho ea pele ho bile le lintoa tsa bolumeli le bopolotiki pakeng tsa Manyesemane le Mairishe.
Kamorao ho nako Maprostanta a e-ba le sekhutloana sa oona karolong e ka leboea ea naha. Qetellong, mathoasong a lekholo lena la lilemo naha ea aroloa likoto. Hona ha fella ka Riphabliki ea K’hatholike ea Ireland ka boroa le ka bophirima, le karolo eo boholo ba eona e leng Maprostanta e ka Leboea. Mona ba bangata ba rata ho lula kamanong e haufi le Lihleke-hleke tsa Brithani.
Ba Pele ho Phahamisa Tšireletseho ea Sebele
Charles Taze Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a etela Ireland Leboea ka makhetlo a mane—1891, 1903, 1908 le 1911. Ha a etetse motse oa Belfast ka lekhetlo la ho qetela “sehlopha” sa ba ka bang 40 sa Liithuti tsa Bibele sa kopana le eena. Mosebetsi oa bona oa bea litholoana butle-butle, haholo-holo sebakeng sa Maprostanta. Qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka 1945 ho ne ho e-na le Lipaki tse 120 tsa Jehova Ireland Leboea.
E mong oa basebetsi ba nako e tletseng ba pele e ne e le mosali ea mosesanyane, ea fokolang. Matsatsing a qalang ba bang ho bao a neng a ba pakela ba ne ba mo tšosa ka hore ba tla mo tsohela matla. Ka mohlala, mosali e mong a mo lelekisa ka focholo, ’me monna e mong a leka ho mo tšoara ka ’metso kamor’a hore a re ke Delila.
O sa tsoa bolela tjena pele a phetha tsela ea hae ea lefatšeng, “Che ho ne ho se hobe hakaalo. Ra tloaela hore ba re tlatsetse lerata. Ha u rapela Morena hore a u sireletse o-oa ho etsa.” Paki ena e tšepahalang ea tloaeleha ha e ntse e etela hohle Ireland Leboea ka baesekele ea eona.
Mosebetsi e mong oa pelenyana o re bolella ka nako ea ha eena le motsoalle oa hae ba ile ba nahaneloa hore ke Maprostanta ha ba ntse ba bolela sebakeng sa Mak’hatholike. Ba thuthukoa ka majoe le libetsa tse ling. Ha ba kena ka koloing ea bona, ba furalla ka potlako ’me ba khutlela morao tseleng e neng e e-na le khoro e le ’ngoe feela, ha ba leka ho fumana tsela ea ho tsoa har’a mokhopi. Ha koloi e feta, mokhopi oa choatla galase e ka pele e khōlō ea koloi le ho otla koloi ka litšepe. Leha ho le joalo, ntle ho ho tšoha, ha baa ka ba tsoa kotsi e tebileng.
Ka lebaka la mehlala e matla joalo ea boikemisetso, hona joale ho na le batho ba 778 ba kopanelang mosebetsing oa ho thusa ba bang hore ba bone pheko ea Bibele ea ho se sireletsehe ho bakileng masisa-pelo a makana-kana Ireland Leboea. Ke eng e etsahalang har’a liphutheho tse 30 le lihlopha tse nyenyane tsa Lipaki tsa Jehova mona?
Liphihlelo tsa Kajeno
Ka 1979 tichere e nyenyane ea histori, e hlokomela hantle litlokotsi tsa nako e fetileng, ea kopana le Molula-Qhooa lapeng ha motsoalle. E hapiloe maikutlo ke seo e se balileng, ea iphumanela libuka tse ling. E-ea hlalosa: “Kaha ke motho ea ratang ho bala haholo, ka hla ka li bala ka cheseho, ka nako eohle ke ntse ke khahloa haholo ke lintho tse nyalanang hakana ’me, habohlokoa haholo, tse utloahalang hakana.”
Leha ho le joalo, lelapa labo mohlankana enoa la Maprostanta ha lea ka la ananela seo a ithutileng sona ’me la mo bokella ka libuka tse loantšang Lipaki. O re: “Ka sisinyeha maikutlo ke khanyetso eo ke ileng ka thulana le eona, ho fihlela ha ke bala Mattheu 10:36, e reng ‘lira tsa motho e tla ba ba ntlo ea hae.’ Kahoo libuka tseo, ka maikutlo a tsona a sothehileng, litlhaloso tse bohale, tsa e-ba le phello e kahosele ho ’na. Tsa sebeletsa feela ho nkholisa hore Lipaki tsa Jehova li hlile li na le ’nete.”
Ho sa le joalo, mohlankana a nyala ’me a lakatsa hore mosali oa hae a ka ananela seo a ithutang sona. O-oa hlalosa: “Ka Sontaha se seng, hoba ke be sebokeng se hahang ka ho khethehileng, ka rapela ka pelo eohle ea ka ho Jehova. Lapeng, ka makala ha ke fumana mosali oa ka a bala Bibele ea hae ea King James Version. Ka qala ho bua le eena ka seo ke ithutileng sona Holong ea ’Muso ’me ka makala ha a mamela ka hloko. Joale a nketsetsa mohlolo o moholoanyane ka hore a re o rata ho ea libokeng le ’na. Ka tsebisoa hore hoseng hona hoo, ha a ntse a shebile Bibele ea hae ka lekhetlo la pele re nyalane, ho bile joalokaha eka leqephe la Pesaleme ea 83:18 le tsoile la tla le mo tobile: ‘Ba tle ba tsebe hore uena eo lebitso la hao e leng Jehova u rena u ’notši lefatšeng lohle.’ Hona ha tsosa thahasello ea hae.”
Banyalani bana ba banyenyane hona joale ke bahlanka ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa ba Jehova bao, kamoo ba itlhalosang ba nang le “qeto e tebileng ea hore ha ho ea tla re amoha moputso oa thabo ea ’nete hona joale le bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng.”
Le hoja nakong e fetileng e le Maprostanta a neng a arabela haholo linneteng tsa Bibele, ha ho sa le joalo. Ha esale ho qaleha khathatso tsa hona joale ho bonolo haholo ho paka libakeng tsa Baroma K’hatholike. Ba bang bao ho kopanoang le bona ba ne ba tšoarehile ka matla khohlanong e mona.
Ka mohlala, pefo e ne e se letho le lecha ho bana ba motho ba babeli ba banana ha ba le lilemong tse qalang tse 20. Ha e le bana, ba ile ba bona ha sesole se thunya moshemane. Lelapa labo bona la qobelloa ho tsoa ka tlung ea lona ke sehlopha se loanang sa bacha ba Maprostanta. Ka lekhetlo le leng seqhomane sa beoa fenstereng lapeng habo bona. Ha e le bacha ba tlase lilemong, ba leka ho lokisa seo ba neng ba nahana hore ke leeme la bopolotiki le kahisano.
E mong ho banana bana a ikopanya le sehlopha sa baferekanyi. Ha a le lilemo li 16 a tšoaroa ka libeke tse tharo ka ho ba le sethunya ntle ho tumello ea molao. Banana ka bobeli ba kopanela lipontšong tse tšehetsang mekhatlo ea boferekanyi. Ba apere likobo, ba ne ba atisa ho ea libareng ho ea bokella chelete bakeng sa batlamuoa ba Riphabliki ba neng ba batla boemo lipolotiking.
Leha ho le joalo, kamorao ho nako ha banana ba lemoha lehloeo le lipelong tsa ba bang bao ba kopanelang le bona, ba nyahama. Ka 1979 motho a fihla lapeng habo bona ho ea kopanela tsebo ea Bibele le bona. Ha ba mametse ka hloko ba ne ba belaela haholo. Hore ’muso o molemo o ka fana ka tšireletseho ea sebele ho ne ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala. Empa butle-butle ba ananela hore ka puso ea ’Muso oa Molimo tšireletseho e joalo ea ’nete e ka ba teng.—Mattheu 6:9, 10; Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44.
Banana ba ne ba thatafalloa ke ho lumela hore ho na le motho motseng o kang oa Belfast ea ka emang a sa nke lehlakore lipolotiking. Empa ha ba ntse ba kopanela le Lipaki tsa Jehova ba bona bonngoe ba sebele le ho tšepa ’Muso oa Molimo ho teng ka ’nete har’a Bakreste ba ’nete. Ba hlokomela hore, “Ha ho puo ea lipolotiki Holong ea ’Muso.” Banana ba tsoela pele ka potlako, ba ema ba tiile bakeng sa ’Muso oa Molimo ho sa tsotellehe khanyetso e matla.
Ho se Nke Lehlakore hoa Sireletsa
Mosebeletsi e monyenyane oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova o ne a etela batho ba bang ba khahlehang motsaneng oa Newry haufi le moeli o ka boroa pakeng tsa Riphabliki ea Ireland le Ireland Leboea. Mona ho tšehetsoa lihlopha tsa boferekanyi ka matla.
Ka tšohanyetso koloi ea ema ka thōko ho eena. E mong ho ba ka koloing, a tšoere sethunya, a mo laela hore a kene ka pele. Paki e nyenyane e re, “Pele ke ile ka nahana hore ke tla thunngoa, ba nahana hore ke lesole le sa aparang seaparo. Leha ho le joalo, ka isoa ntlong ’me ka notlelloa kamorao moo ho bolokoang mashala. Kamorao ho nako eo ke ileng ka e bona eka ke bophelo bohle, ka tlangoa mahlo ’me ka kenngoa ka tlung.
“Mono ke ne ke utloa ha ba batla ka har’a mokotlana oa ka oa libuka, ba bile ba bua ka litlaleho tseo ke li entseng mabapi le batho bao ke neng ke ba etetse. Ba mpotsa hore na ke mang le hore na ke etsa eng sebakeng seno. Ka ’na ka pheta hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke thusa batho ho utloisisa Bibele, le hore ke ne ke etetse batho ba ratang ho bala limakasine tsa rōna.
“E mong oa bona a tsoa ka tlung, a re: ‘Le mo supe ka sethunya seno ’me haeba a leka ho sisinyeha le mo tabole hloho ena!’ Eaba ke ikemetse ke sataletse joalo ke ntse ke rapela Jehova. ’Me kamorao ho nako monna oa pele a khutla ’me a bolella ba bang hore nka lokolloa. Mohlomong o ile a fumana motho ea tiisang seo ke se buileng. Ke ntse ke supiloe ka sethunya, ka khutlisetsoa koloing ’me ka lokolloa ka motseng.”
Ho na le maemo a mangata a joalo ao ho ona ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova ho ileng ha li sireletsa ka sebele. Ho se nke lehlakore hona litabeng tsa lipolotiki ho li nolofalelitse ho kena mosebetsing oa tsona oa thuto ea Bibele sebakeng sefe kapa sefe mona.
Ho Hahuoa ha Liholo tsa ’Muso
Hangata liphutheho li nyenyane haholo mona, tse ngata ha li fete batho ba 60 ho ea ho 70. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba ’Muso ba mosebetsing oa bona ka moea ’ohle le ka mafolo-folo. Bopaki bo bong bo botle ba sena ke ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso tse ngata tse ncha. Ka mohlala, Belfast le sebakeng se e potolohileng ka lik’hilomithara tse 32, liphutheho tse robong li hahile Liholo tsa ’Muso tsa tsona.
Mosebetsi o joalo oa ho haha o bile le khanyetso le mathata. Setho se hōlileng sa phutheho ea Londonderry se ile sa hlokomela: “Ke hopola hore ba bang ba ka phuthehong ba ne ba atisa ho re, ‘Ha ho mohla re tla ba le tulo eo e leng ea rōna.’ Hoja feela ba ne ba phela kajeno ba ne ba tla bona kamoo moea oa Jehova o nang le rōna ka Holong ea ’Muso ea rōna e ncha.”
Le lihlopha tse ling tse nyenyane li fumana libaka tseo li kopanelang ho tsona, tse kang phutheho e Enniskillen, e neng e e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 14 feela. Ka lilemo tse telele ba ne ba hirile sebaka seo ba kopanelang ho sona, empa joale ba hlokomela hore ba hloka holo eo e leng ea bona. Le hoja ba ne ba haelloa ke chelete, ba tsoela pele ka tumelo e feletseng matleng a Jehova ao a fanang ka oona.
Phutheho ea reka mohaho o seng o ntse o entsoe, ea o fumanela setša se setle ’me ba fumana ba ntse ba hlōla mathata. Ha liphutheho tse ling li utloa ka tlhoko ea bona, menehelo ea kena. Setho se seng se hōlileng sa phutheho se re: “Thuso ena e tsoang ho ba bang ea etsa hore rōna ba Enniskillen re ikutloe re hlile re le karolo ea bonngoe ba lichaba tsohle.”
Tšireletseho ea Sebele Hase Toro Feela
Ho sa tsotellehe mathata a tsoelang pele le bohloko bo teng ka linako tsohle le likarohano tsa naha, batho ba bangata ba ntse ba fumana tšireletseho ea sebele ha ba ithuta ka litokisetso tsa Jehova tsa ho lokisa litaba. Mohlomong u ’nile ua ipotsa, ka mohlala, ka mooki e monyenyane ea neng a bone ka mahlo lintho tsena tse sisimosang.
Ha ba babeli ho Lipaki tsa Jehova ba Manyesemane ba mo etela, boitšoaro ba hae qalehong ea e-ba hore: “Ha ho basele ba ka tla re rutang bolumeli mona Ireland.” Empa boitšoaro ba hae ba fetoha ha a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang e theiloe ka tieo Bibeleng. Hona joale monna enoa ke mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Eena, le ba bang ba kang eena ba bangata, hona joale ba na le tšepo e tiileng ea hore re phela nakong ea ha Jehova a tla phethahatsa litšepiso tse khōlō tsa ho felisa maemo ’ohle a bakang masoabi le masisa-pelo ’me a bone hore ka nako ea teng, maemo a Paradeise a hlongoa hohle lefatšeng.—Pesaleme ea 37:9-11, 29.
[’Mapa/Litšoantšo se leqepheng la 11]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NORTHERN IRELAND
LONDONDERRY
BELFAST
Newry
Enniskillen
[’Mapa]
IRELAND
GREAT BRITAIN