Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/1 maq. 14-18
  • Ho Tsamaea le Molimo Lefatšeng le Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsamaea le Molimo Lefatšeng le Mabifi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Molimo ka Pefo
  • Bophahamo ba Pefo
  • Pono ea Mokreste ka Pefo
  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/1 maq. 14-18

Ho Tsamaea le Molimo Lefatšeng le Mabifi

“Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.”—2 TIMOTHEA 3:1.

1. Ke eng e bontšang hore ruri ena ke ‘mehla ea qetello’?

NA U latola hore ee ke mehla e bohloko? Lentsoe “bohloko,” le temaneng ea Bibele e qotsitsoeng kaholimo, le tsoa lentsoeng la Segerike khalepos. Le boetse le fetoleloa e le “linako tsa bothata,” “tse thata ho li sebetsa,” “tse hlokofatsang,” “tse kotsi,” “tse tšosang,” “tse tšabehang,” le “tse boima haholo.”a Ho Mattheu 8:28 lentsoe lona lena le sebelisitsoe ho hlalosa batho ba babeli ba neng ba na le bademona e le ba neng ba le “bohale bo tšabehang” kapa ba “mabifi.”b Ke ’nete hakaakang hore hona joale re phela mehleng e bohloko le e mabifi! E phethahatsa boprofeta bo ka holimo ba moapostola Pauluse, bo bontšang hore ntle ho pelaelo ena ke ‘mehla ea qetello!’

2. (a) Banyefoli ba tlisitse mehla e bohloko joang? (b) Mangolo a re mohloli o moholo oa malimabe a kajeno ke ofe, ’me a atile hakae?

2 Ke eng e hlahisitseng mehla ee e bohloko, ‘mehla ea qetello’? Na hase boemo boo Pauluse a ileng a bo bolela e sa le pele ho nako, a re: ‘Batho e tla ba baithati, ba se nang boitšoaro, ba bohale, ba hloileng ho molemo, baeki, bahalefi le baikhohomosi’? ’Me batho ba sa tsebeng Molimo joalo ba susumetsoa ke eo Bibele e mo hlalosang e le “molimo oa lefatše lena,” ea “bitsoang Diabolose le Satane, ea thetsang lefatše kaofela.” Phello ke boemo bo sisimosang ba litaba boo re bo bonang bo re potile hohle—pusong, lefatšeng la khoebo, bolumeling, tsamaisong ea batho ka kakaretso.—2 Timothea 3:2-5, 13; 2 Ba-Korinthe 4:4; Tšenolo 12:9, 12.

3. Ke hobane’ng ha ho ka thoe pefo e fihlile moo e leng seoa?

3 Ha re ntse re kenella hare ho bo-1980, lefatše le ntse le e-ba mabifi ho ea pele. Ka 1980 feela, United States e ile ea tlaleha bonokoane ka makhetlo a limillione tse 1.3, keketseho ea 13 lekholong ho ba selemo se fetileng, haholo-holo ho bolaoa banna ba pakeng tsa lilemo tse 25 le 44. Ha lilemo tsa bo-1970 li felella hona selemong seo (1979), Brithani ea tlaleha keketseho ea 50 lekholong lipolaong, ho khameng ea e-ba 300 lekholong ’me ho senya thepa ea e-ba 200 lekholong. France kakaretso ea tlōlo ea molao e eketsehile ka makhetlo a fetang 260 lekholong ho tloha ka 1963. Litlaleho tse joalo li hlaha lefatšeng lohle.

4. Ponahalo ea batho e fetohile joang ho tloha ka 1914, ho phahamisa lipotso life?

4 Mongoli oa lipale Walter Laqueur o tlalehile hore: “Ho fihlela ka ntoa ea pele ea Lefatše, botho bo ne bo le bongata. Ke masoabi ho bolela hore bophelo ba motho bo ntse bo fetoha lefeela mehleng ea rōna—mohlomong lebaka le leng ke ho rinngoa ha batho Lintoeng tsa Lefatše ea pele le ea bobeli. Hape, hona joale re na le babuelli ba toantšano ba neng ba le sieo lekholong la bo 19 la lilemo—batho ba pheang khang hore pefo ke ntho e babatsehang, hore e u sebeletsa lintho ka kelello, hore pefo e hlile ke ntho ea bohlokoa.” Haesale ho qhoma ntoa ea pele ea lefatše ka 1914 pefo ke kobo-anela lefatšeng lohle. Molimo o talima pefo ee joang? Bakreste ba lokela ho e talima joang?

Pono ea Molimo ka Pefo

5. (a) Pefo e qalile joang e sa le khale? (b) Jesu o hlalositse moqapi oa pefo joang?

5 Bibele e hlalosa nako e fetileng ha “lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” Ke lilemong tse fetileng tse fetang 4 300, kamor’a hore lefatše la mehleng eo le qalise hampe ka ho se mamele ha Adama le Eva ho ileng ha lateloa ke hore ba lelekoe Paradeiseng ea Edene. Tseleng eona eo, mora oa bona oa pele, Kaine, a bolaea moen’ae Abele. Tlaleho e halalelang e-ea re bolella: “Kaine o bolaile ngoan’abo. ’Me o ’molaile ka baka la’ng? Ka hobane eena mesebetsi ea hae e ne e le e mebe, athe ea ngoan’abo e ne e lokile.” (Genese 6:11; 1 Johanne 3:12) Jesu o tsebahatsa eo ea ‘mobe’ e le Diabolose, a re: “Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng.” (Johanne 8:44) Ho tloha Edeneng, ruri Satane o iketselitse tlaleho e bonahalang ea ho susumelletsa batho pefong.

6. (a) Ke lintho life tse sisimosang tse etsahetseng mehleng ea Henoke, li etsa hore Jehova a nke bohato bofe? (b) Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa “nka” Henoke? (Genese 5:24)

6 Hoba Kaine a bolaee Abele, lefatše leo la pele la e-ba lebe ho ea ho ile. Ngoana oa Kaine Lemeke le eena o boleloa e le ’molai. (Genese 4:23, 24) Hoo e ka bang nakong eo “le bona [ba babe] ba profetiloe ke Henoke, monna oa bosupa [oa leloko la Setha] ha ho qaloa ka Adama, ka ho re: Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le ka lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” (Juda 14, 15) Molimo oa tlosa Henoke lefatšeng leo, hoo a neng a se a sa hlole a lokela ho mamella pefo le mahlapa a batho bao ba babe. Etlaba ho putsang hakaakang ho eena ha a tsoha ho kena ‘lefatšeng le lecha’ la khotso le bōpiloeng ke Jehova!—2 Petrose 3:13; Ba-Heberu 11:5.

7. Lefatše la khale le ile la tlala pefo joang?

7 Mehleng ea Setloho-tloholoana sa Henoke Noe, makhotla a mangeloi a ile a ikopanya le ea mobe ea sa bonahaleng, Satane. Mangeloi ana e ne e le bara ba moea ba Molimo ba neng ba sa mo mamele ka hore ba theohele lefatšeng ho nyala barali ba batho, ba ba tsoalla bana ba lifonthoane, Linefilime. Lebitso lena le bolela “Balihi,” ba fela ba phehella tsela ea ho bolaea har’a batho e neng e lumellana le lebitso la bona. “Ho no ho le lifontoane tsa batho lefatšeng mehleng eo, . . . Eaba Molimo o re ho Noe: Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana ha bona, ’me joale ke tla ba timeletsa le lefatše.”—Genese 6:1-13.

8. (a) Boemo ba lefatše bo bapisoa joang le ba mehleng ea Noe? (b) Noe o re sietse mohlala ofe, ’me re ka rua molemo joang ka ho o latela?

8 Moapostola Petrose o re ho rōna: “Lefatše la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi. Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo [la Molimo], li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore lefatše la hona joale le haufi haholo le letsatsi leo la kahlolo. Re tla etsa joang hore re pholohe? E be Noe o ile a etsa joang le lelapa la hae? Bibele e-ea re bolella: ‘Noe o na a tsamaea le Molimo . . . Noe a etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng.’ (2 Petrose 3:6, 7; Genese 6:9, 22; 7:5) Hona ha akarelletsa hore e be “’moleli oa ho loka.” “O tsoile lefatše” ka tumelo ea hae. (2 Petrose 2:5; Ba-Heberu 11:7) Na re ke ke ra latela haufi-ufi mohlala oa Noe le lelapa la hae, ha re ntse re batla pholoho lefatšeng la kajeno leo ka ’nete le ‘rapaletseng ka tlase ho e mobe’?—1 Johanne 5:19.

Bophahamo ba Pefo

9. (a) Ho eketseha ha pefo ho ile ha fella ka eng mehleng ea Noe? (b) Ke phetoho efe e joalo e ileng ea latela Moroallo, e isa tlhorong efe?

9 Pefo e ile ea eketseha lefatšeng la pele ho Moroallo o Moholo—ho fihlela ha Molimo o liha kahlolo ka ho senya ba senyang lefatše. (Genese 6:13, 17) Ho tloha mehleng ea setloho-tloholoana sa Noe Nimrode, “setsomi sa senatla pel’a Jehova,” pefo e boetse e phahame ho theosa le lilemo, mohlomong e qala butle, empa e ntse e eketsa matla. (Genese 10:1, 6, 8, 9) Kamor’a nako ho ile ha kena sabole, seqha le metsu, marumo; ’me mehleng ea kajeno lithunya le likanono le liqhomane tse ling. Empa Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka 1914, ea tla le libetsa tse makatsang tse ncha tsa pefo—sefofane, tanka, le meea e chefu. Ntoeng eo, ho sebelisoa ha sekepe se tsamaeang ka tlase ho metsi ha baka matsoalo ’me mechine-kane ea hla ea bolaea batho ba limillione.

10. (a) Boprofeta ba Jesu mabapi le liketsahalo tsa “letsatsi la Morena” li phethahalitsoe joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka lebella hore Jehova a lihe kahlolo haufinyane?

10 Morena Jesu Kreste a hla a bolela hore ho tla ba le phetoho e joalo ka “letsatsi la Morena,” leo re phetseng ho lona ho tloha ka 1914. (Tšenolo 1:10) A hlalosa kamoo a neng a tla palama pere e tšoeu e le Morena ea sa tsoa beoa teroneng, a lateletsoe ke mopalami oa pere e khunong. Enoa o “fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo,” lerumo la ntoa e feletseng. Lerumo leo la tšoantšetso joale le akarelletsa likofuto tse tšabehang ka ho fetisisa le tse sehlōhō tse kileng tsa qaptjoa le ho ntšetsoa pele ke motho, ho akarelletsa libetsa tsa “nuclear” tseo ka matla a tsona a kopaneng a ho qhoma li ka qhomisang moloko ’ohle oa motho lefatšeng la rōna ka makhetlo-khetlo. Haeba boteng ba linatla tsa lifonthoane hammoho le bobe bo bongata ba batho, li ile tsa etsa hore Jehova a ‘felise batho hobane lefatše le ne le tletse ho bolaeana ha bona’ mehleng ea Noe, lebaka la hore re lebelle hore Morena eena eo oa bokahohle a ‘senye ba senyang lefatše’ e ka ba le matla hakaakang bakeng sa kajeno! (Genese 6:4, 7, 13; Tšenolo 6:1-4; 11:18) Ha a bua ka batho ba banyefoli ba mehleng ea rōna, Morena Jesu o itse: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. . . . Ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.”—Mattheu 24:37, 39.

Pono ea Mokreste ka Pefo

11. (a) Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella lintoa tsa Iseraele ea boholo-holo? (b) Molimo le Kreste ba tlameha ho talima lintoa tsa kajeno joang? (Bapisa 2 Ba-Korinthe 10:3, 4)

11 Ke ’nete hore batho ba Molimo ba mehleng ea khale ba ile ba loana lintoa. Empa re tlameha ho hopola hore tseo e ne e le lintoa tsa puso ea leholimo, tse laetsoeng ke Molimo. Iseraele e ne e loana ka morero oa ho amoha lichaba tse theohileng le tse rapelang bademona “naha” ea Molimo. (Levitike 18:24-27; Deuteronoma 7:1-6) Na lintoa tsa lichaba, haholo lintoa tse loannoeng ho busa lefatše ho tloha ka 1914 ke lintoa tse ananeloang ke Molimo? Ha Mak’hatholike a bolaea Mak’hatholike, Maprostanta a bolaea Maprostanta, Mabuddha a bolaea Mabuddha, kapa Masolomane a bolaea Masolomane, na ba sebetsa tumellanong le Molimo o ‘entseng batho ba mefuta eohle ka mali a le mang’? Kreste, Morena oa Khotso o ile a nka joang mali a tšolotsoeng ha ho qhoma Ntoa ea I ea lefatše le ha hamorao ho qhoma Ntoa ea Bobeli ea Lefatše Bojakaneng? (Liketso 17:24-26; Esaia 9:6) Re ke re hlokomeleng litekanyetso tse ncha le tse phahameng tseo Morena oa Khotso a ileng a li beela Bakreste pelenyana a oeloa ke lefu le befileng.

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bona hore barutuoa ba hae ba hlometse ka lisabole? (b) Eaba joale Jesu o hlakisa eng ka ntoa ea puso ea leholimo?

12 A hopotse ka karolo ea hae ho phethahatseng boprofeta, Jesu o boleletse barutuoa ba hae sena bosiung boo a tšoeroeng ka bona: “Ea hlokang sabole a ithekele eona ka kobo ea hae. Hobane ke le bolella hore taba e ngoliloeng e tšoanetse ho phethahala ho ’na, e reng: O baliloe le bakhopo.” Eare ha ba araba, “Morena, bona, lisabole tse peli ke tsena,” a re ho bona: “Ho lekane.” (Luka 22:36-38) Ho lekane eng? Pele, ho phethahatsa Esaia 53:12. Sa bobeli, hore Bakreste ba utloisise ntho ea bohlokoa.

13 Ruri ho ne ho ke ke ha e-ba le lebaka le fetang la ho sebelisa sabole ho sireletsa eo e leng Mora oa Molimo! Empa e ne e se thato ea Molimo hore Jesu a bolokoe ka lekhetlo leo. Ke kahoo eitseng ha Petrose a sebelisa sabole ea hae ho mohlanka oa moprista e moholo, Jesu a itseng ho eena: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52, 53; Johanne 18:10, 11) Kahoo Jesu a hlakisa hore ntoa ea puso ea leholimo ho tloha nakong eo ho ea pele e ke ke ea akarelletsa ho sebelisa libetsa tsa nama.

14. Joalokaha Jesu a boletse, ho akarelletsoa eng ‘ho se be oa lefatše’?

14 Hona ka ho hlakileng ho ne ho le tumellanong le seo Jesu a neng a se boleletse barutuoa ba hae pelenyana hona mantsiboeeng ao, hore ba ne ba tla hlorisetsoa ho ‘se be ba lefatše.’ Ho ne ho le tumellanong le thapelo ea Jesu ho Ntate oa hae, mantsiboeeng oona ao, eo ho eona a ileng a hatisa hore, joaloka eena, barutuoa ba hae ‘e se be ba lefatše.’ Ho ne ho lumellana le seo Jesu a se boleletseng Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Johanne 15:19, 20; 17:14-16; 18:36.

15. (a) Ho ikarola lefatšeng ho isitse bonngoeng bofe? (b) Ke litšobotsi life tse sa tšoaneng tsa bonngoe bona tse hlalositsoeng ho Esaia 2:2-4?

15 Na u se u ikarotse lefatšeng lee le litsela tse befileng tsa lona joaloka Jesu le barutuoa ba hae lekholong la pele la lilemo? Haeba ho joalo, u kopanetse bonngoeng bo babatsehang bo lefatšeng lohle bo utluoang feela ke Lipaki tsa Jehova. Ke bonngoe bo khothalletsoang ke ho utloa melao ea Molimo le thato ea oona bakeng sa kajeno. Hona joale “bongata bo boholo” ba Bakreste ba ratang khotso bo tsoang ‘lichabeng tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle’ bo phallela tempeleng e khōlō ea Jehova ea moea bakeng sa borapeli. (Tšenolo 7:9, 10, 15) Ba hlalosoa ho Esaia 2:2-4: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona: hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”

16. (a) Lipaki tsa Jehova li bapisoa joang le lefatše? (b) Mikea 4:1-5 e bolela eng e sa le pele, ka nala ea batho ba Molimo, lebaka la eona le se tla qetella se hlahile? (c) Ke ka lebaka la eng ho hlahang potso e ’ngoe?

16 Bana hase barati ba bochaba ba feteletseng ba fokang lifolaga, empa ke batho ba khotso ba kopaneng ba tsoang lichabeng tsohle. Ruri ha ba nke lehlakore lefatšeng le loanang. Kamor’a ho bolela kamoo ba ‘teang lisabole tsa bona mehoma,’ Mikea 4:1-5 e hlalosa nala ea bona ea moea le tebello ea bona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e le ntho e le ’ngoe. Boprofeta bo ba bapisa le batho ba lefatše lena, bo re: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” Empa ha re tsoela pele ho tsamaea ka lebitso la Molimo, re thulana le likhatello tse ngata tse tsoang lefatšeng le sehlōhō. Re ka loana ka katleho joang le maemo a ka hlahang? Sehlooho se latelang se tla arabela potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Testamente e Ncha le Lipesaleme, New World Translation, King James Version, English Revised Version, Moffatt, The Living Bible.

b Testamente e Ncha le Lipesaleme, The New English Bible.

U ka arabela se latelang joang:

◻ Boemo ba lefatše bo supa mehla ea rōna e le mehla ea qetello joang?

◻ Ka tlaleho e ho Genese, Molimo o talima pefo joang?

◻ Ke ho tšoana hofe ho hlokomelehang pakeng tsa mehla ea Noe le mehla ea kajeno?

◻ Tumellanong le mohlala oa Jesu le mantsoe, Bakreste ba lokela ho ipoloka ba arohile joang?

◻ Esaia 2:2-4 le Mikea 4:1-5 li re bolella eng ka kamoo re ka tsamaeang le Molimo, le phello ea ho etsa joalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

‘Mehla ena ea qetello’ ruri ke “linako tse bohloko”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Jesu o itse, “bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela