Lentsoe la Molimo Lea Phela
Lefatše Leo Jesu a Neng a ke ke a le Rapella
BOSIU ba pele ho lefu la hae, Jesu a rapela: “Kea ba rapella [barutuoa ba hae]; ha ke rapelle lefatše.” (Johanne 17:9) Pejana bosiung boo Jesu o ne a buile ka “morena oa lefatše lena.” Bibele e khetholla morena enoa e le Satane Diabolose, ‘molimo oa lefatše lena ea foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.’—Johanne 16:11; 2 Ba-Korinthe 4:4.
Empa ke lefatše lefe lena le busoang ke Satane leo Jesu a neng a ke ke a le rapella? Ke mokhatlo ona o hlophisitsoeng oa batho o teng ka ntle ho phutheho ea Molimo e bonahalang. Phutheho ea lefatše ea Satane ka ho khetheha e entsoe ka likarolo tse tharo tse kopaneng haufi-ufi.
Pele, ho na le bolumeli ba bohata, ka Bibeleng bo emeloa ke seotsoa se nang le molato oa mali se bitsoang “Babylona e moholo.” Hore seotsoa sena se emela tsamaiso ea bolumeli ho bontšoa ke polelo ea Bibele e bolelang hore ‘lichaba kaofela li khelositsoe ke bolao ba sona.’ (Tšenolo 18:23) Mosali enoa ea mobe o hlalosoa joale ka ea “lutseng holim’a sebata se ’mala oa sekarelata, . . . se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome.”—Tšenolo 17:3.
Karolo ea bobeli ea bohlokoa ea phutheho ea lefatše ea Satane ke mebuso ea bopolotiki, eo ka Bibeleng e emeloang ke libata. (Daniele 8:20, 21) Hore mebuso ea lefatše e tšoanang le sebata e fumana matla a eona ho Satane ho bontšoa ke pono e ngotsoeng ke moapostola Johanne: “Eaba ke bona sebata se nyolohang leoatleng, se nang le lihloho tse supileng le linaka tse leshome . . . ’me drakone [Satane Diabolose] ea se fa matla a eona.”—Tšenolo 13:1, 2; 12:9.
Karolo ea boraro e totobetseng ea phutheho ea lefatše ea Satane ke tsamaiso ea khoebo e meharo le e hatellang. Ka Bibeleng e emeloa ke “bahoebi ba mesebetsi.” “Bahoebi ba mesebetsi” ba emella thokoana ’me ba llela Babylona e Moholo ha a timetsoa.—Tšenolo 18:11, 15.
Lefatše la Satane le ka khetholloa hape ka bophelo bo hlephileng le ka mekhoa ea boitšoaro bo bobe e fumanoang moo. Ke ka lebaka lena moapostola Pauluse le Petrose ba ileng ba hlokomelisa Bakreste ho qoba mekhoa e mebe ea batho ba lichaba. (Ba-Efese 4:17-19; 1 Petrose 4:3, 4) Lintho tseo batho ba mokhatlo ona o hlophisitsoeng oa batho ba hahang bophelo ba bona ho tsona ke “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.”—1 Johanne 2:15, 16.
Ho lumellana le mantsoe a Jesu ka balateli ba hae, “hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše,” Bakreste kajeno ba tla qoba ho ba karolo ea lefatše la Satane. (Johanne 17:16) Ba ke ke ba nka karolo efe kapa efe tšilafalong ea lona ea bolumeli le bopolotiki, kapa mekhoeng ea lona ea khoebo e sa tšepahaleng. Ba tla qoba mokhoa oa lona oa bophelo oa boitšoaro bo bobe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Lipolotiki tse Silafetseng
Bolumeli ba Bohata
Khoebo e Meharo
Bophelo ba Boitšoaro bo Bobe