Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/15 maq. 4-7
  • Bobatana—Bo Haufi le ho Fela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bobatana—Bo Haufi le ho Fela!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bobatana ba Motho ho Motho” bo Qalile Joang?
  • Bobatana Bona bo tla Fela Joang?
  • Paradeise e Tsosolositsoeng
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Batho?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/15 maq. 4-7

Bobatana—Bo Haufi le ho Fela!

SEROKI Keats se kile sa ngola: “Ntho e ntle ke thabo ka mehla.” Lintho tse ngata tse ntle—litšoantšo tse pentuoeng hantle, tse betliloeng ’me haholo-holo tse ngotsoeng ka bokhabane—li senola ho hong ka moetsi oa tsona. Lefatše, “ntho e ntle,” ka bophelo ba Iona bo hlollang, khōlo, mebala, tatso le menyaka e meng e sekete, le senola ’Mōpi ea bohlale bohle, ea matla ’ohle le ea lerato lohle.

Bibele, mosebetsi o motle bo fetisang o ngotsoeng, le eona ebile “ntho e ntle” le “thabo” ho batho ba limillione ka makholo a lilemo. E re bolella hore “Molimo o lerato,” hore ‘o tletse mohau le ’nete’ le hore motho o entsoe ka ‘setšoantšo sa hae.’ (1 Johanne 4:8; Exoda 34:6; Genese 1:27) Ka ho hlakileng batho ba bangata ba bonahatsa litšoaneleho tsa Moetsi oa bona ’me ba bontša qenehelo ea sebele le mosa. Ba nyonya sehlōhō le boitšoaro ba bobatana. Joale—

“Bobatana ba Motho ho Motho” bo Qalile Joang?

E seng ka Molimo. Pele Molimo o bōpa batho ba babeli ba pele, ka lerato oa ba lokisetsa lehae le letle. Karolo e ’ngoe ea lefatše ea apesoa ka lifate, lipalesa, litholoana, linōkana le libopuoa tse ngata tsa liphoofolo—Paradeise! Ho thabela botle bona ka ho sa feleng, ba ne ba tlameha ho utloa Molimo, ba etse lintho ka tsela ea oona. Empa e ne e se litšoantšo feela tse sebetsang joaloka batho, tse laetsoeng kutlo feela; ba ne ba lokolohile ho ikhethela. Molimo o ne o batla ha pōpo ea oona e ntlehali ea ho qetela, e leng libōpuoa tsa oona tse batho, e mo sebeletse ka lebaka la ho mo rata le ho thabela ho etsa thato ea oona.

E tlameha e be tšimo ea Edene le baahi ba eona ba thabileng le ba utloang ebile pono e ratehang ho Molimo le libōpuoa tsa oona tse sa bonahaleng tsa mangeloi. Morero oa Molimo e ne e le hore tšimolohong ena e khanyang lefatše lohle le fetohe Paradeise e nang le batho ba thabileng, ba mo tlotlisang le ho mo rorisa.

Empa le mangeloi e ne e le libōpuoa tse lokolohileng ho ikhethela. Lengeloi le leng la inehella meharo le mohono. La qala ho ipona e le molimo oa batho. (2 Ba-Korinthe 4:4) Eaba le lokisetsa ho hapa batho ba babeli ba pele hore ba oele ka lehlakoreng la lona. Ho eka Eva hore a kopanele bofetoheli le Iona, la mo tšepisa hore ‘ba tla ba joale ka melimo’ le hore ‘ba ke ke ba shoa’—leshano leo e bile la pele. (Genese 3:4, 5) Eva a pitloa ke leraba, ’me hamorao Adama a ikopanya le eena ho ineeleng tšusumetsong ea motataisi oa bona oa lengeloi la lerabele. Ka tsela eo, lengeloi leo la pele la fetoha mohanyetsi oa Molimo kapa “Satane” ka Seheberu.

“Le tla shoa.” Molimo o ne o hlokomelisitse Adama hore hona e ne e tla ba phello ea borabele. (Genese 2:17) Tšepiso ea Diabolose ea hore ha ba na ho shoa nameng ea bonahatsoa e le bohata ’me temoso ea Molimo e le ea ’nete, Adama le Eva ba fela ba shoa, kahoo Satane a fetoha “’molai ha e sa le ho qaleng.” (Johanne 8:44) Ka lebaka la tšusumetso ea hae ea bodiabolose, ho ile ha senngoa khotso le kutloano lelapeng la motho. Hamorao, mora oa Adama oa letsibolo, Kaine, a honohela moen’ae Abele kahobane Jehova a amohetse sehlabelo sa Abele empa a lahlile sa hae. Kahobane Kaine a ‘halefile haholo,’ a bolaea Abele ka sehlōhō. Eaba “bobatana ba motho ho motho” bo qaleha joalo.—Genese 4:2-8.

Polao ena ea boela ea hlokomelisa ka khang ea borapeli bo hloekileng khahlanong le borapeli ba bohata. Abele e ne e le oa pele letotong le lelelele la lipaki tsa Jehova tse neng li tla shoa ka lebaka la tumelo ea tsona.

Nakoana hoba Abele a bolaoe, mangeloi a mang a pitloa ke leraba la Satane hore a iphetolele nameng e le hore a ka nyalana le basali ba batle lefatšeng, ’me kahoo a oela tšusumetsong ea Satane. Manyalo ao e seng a molao a hlahisa “Linefilime,” kapa ‘lifonthoane’—bo-’m’ampoli. Kapele feela, ‘lefatše la tlala ho bolaeana’—“bobatana ba motho” ba eketseha. (Genese 6:1-11) Jehova, ka toka eohle le mohau, o ne a ke ke a lumella maemo ao a oeleng hore a tsoele pele. A hohola tsamaiso eo ea boholo-holo ea lintho Moroallong oa mehleng ea Noe.—2 Petrose 2:5.

Empa hona ha hoa ka ha felisa tšusumetso e mpe ea Satane. Moroallo oa qobella mangeloi a iphetoletseng nameng hore a khutlele moeeng, ’me, kaha joale a arotsoe phuthehong e halalelang ea Jehova, a fetoha phutheho e sa bonahaleng ea bademona tlas’a puso ea Satane. (Ba-Efese 6:12) Mangeloi ana a sebelisa bonohe, bolaoli, bolepi le mekhoa e meng e mehlolo hore a laole batho. Le hoja a se na hona ho ikapesa ka nama hape, hangata a kena ho batho, liphoofolo le lintho tse sa pheleng tse kang liroala. Tlas’a tšusumetso ea matla a bademona le bofofu ba bolumeli ba bohata, bosechaba le bomorabe, batho ba etsa lintho tsa bobatana tseo ba neng ba ke ke ba li etsa feela tjee.

Ha ho makatse, ka lebaka leo hore matšoenyeho a bolumeli a ntse a tsoela pele ho tla fihlela le kajeno lena. Serapeng sa rōna sa pele leqepheng la 3 ho boletsoe ka sehlopha sa Bakreste ba ileng ba khakhathoa hore ba namalle. Ba ile ba hlomolisoa hobane e ne e le Lipaki tsa Jehova. Ka lekhetlo lena ba ile ba pholoha chapo. Ha motsamaisi oa seboka a ntse a tetekoa, a kōpa Jehova “hore a hlokomele bophelo ba bana, ‘linku’ tsa Hae.” Ho makaleng ha mapolesa, ha ho ea ileng a shoa. Jehova a ka sireletsa batho ba hae haeba a rata joalo.—2 Likronike 16:9.

United States, ho befelana ha merabe ho felletse ka lihlōhō tsa mahoo-hoo tse beng li akhe lipolao. Boikutlo bo hoashang le bo thata ba makhooa a mang a Afrika ho batho ba batšo le bona boa tsebisahala. Hangata bolumeli bo ne bo tšoarane ka liatla le lipolotiki ho haha tlaleho e telele le e maqapha-qapha a mali ea liketso tsa bobatana tse tletseng libuka tsa histori. Monghali E. Bolaji Idowu, moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Ibadan, Nigeria, o ngolile: “Boprista ka . . . mefuta eohle ea bona ea bobatana bo entsoeng ka lebitso la Molimo—tsena ke lintho tse ’nileng tsa soabisa lintoa tsa bolumeli hangata . . . Histori e ka lebala joang bolumeli, lintoa tse halalelang tsa Islamo, Makhotla a Sehlōhō a Roma, ho chesoa le ho retloa le litšenyo?”

Bobatana Bona bo tla Fela Joang?

Bo ke ke ba felisoa ke boiteko ba batho. Mekhatlo e meng ea botho e leka ho ntlafatsa lika tsa motho, empa lefatše le tetebetse ka letheka seretseng sa tšenyeho le pefo hoo boiteko ba motho bo ke keng ba atleha.

Leha ho le joalo, Jesu o itse: “Tse sitang batho ha li site Molimo.” (Luka 18:27) A boela a re ho barutuoa ba hae: “Le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Satane, sera se seholo sa Molimo, o ile a hloea Jesu ’me a sebelisa baeta-pele ba lipolotiki le bolumeli ho mo hlasela—ho tloha ho Morena Heroda ea lekileng ho ’molaea e le lesea ho tla fihlela ho baprista ba ileng ba sebelisa ’muso oa Roma ho ’molaea sefateng. Hape, Satane a leka Jesu ka lintho tse qhekellang tsa bohlokoa—“mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona”—haeba feela Jesu a ka mo rapela. (Mattheu 4:8) Empa Jesu a hlōla boiteko leha e le bofe ba Satane ba ho mo laola; a tšepahala har’a mahlomola a sehlōhō a ho rohakoa le sefateng sa polao.

Habohlokoahali ke hore, ka motsotso oo oa lefifi o neng o bonahala e ka Jesu o hlōtsoe, a bontša hore ha e le hantle ea hlōtsoeng la ho qetela ke Satane. E mong ea neng a utloa bohloko lehlakoreng la Jesu e ne e le lesholu, la mo kopa: “Morena, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Ka baka la Jesu, esita le sekebekoa sena se ile sa ananela ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea motho. Jesu a arabela ka tlhōlo, a re: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43, NW.

Ka ho hlakileng, mona Jesu o ile a amahanya ’Muso oa hae le Paradeise ’me a bontša hore o ne a tla nka karolo e khōlō ho phethahatsa morero oa Jehova oa pele bakeng sa lefatše lena. Empa neng? Joang? Ka ho totobetseng lefatše le lebe la Satane le lokela ho tlosoa pele. Lipontšo li bontša hore hona ho tla etsahala haufinyane.

Ha barutuoa ba Jesu ba ’motsa hore na hona ho tla etsahala neng, a bua ka ntoa ea lefatše, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a akaretsang, keketseho ea bokhopo, mehlolo le matšabeho maholimong, lipelaelo tse khōlō ka bokamoso, le mabaka a mang, e le tse bōpang pontšo e kopaneng e tšoaeang hore “bofelo” bo haufi. (Mattheu 24:3-14; Luka 21:10, 11, 25, 26) Lintho tsena li ’nile tsa etsahala ka tekanyo e khōlō ho tloha ka 1914. Ka hona, joalokaha Jesu a boletse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho . . . hobane topollo ea lōna e tla be e atametse . . . le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:28, 31) Qetellong, bofelo ba “bobatana ba motho ho motho” bo fihlile!

Ke ka baka leo Lipaki tsa Jehova li seng li ntse li etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba tsona ka ho ithuta Bibele ka masene le ho etsa seo e se bolelang. Ha li kena-kenane le likhohlano tsa lipolotiki ’me ha ‘li sa ithuta ntoa.’ Li ikemisetsa ho ba bonolo le ho rata baahelani ba tsona. Jesu o itse: “Ho lehlohonolo ba etsang khahiso” hape “ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”—Esaia 2:4; Mattheu 5:5, 9.

Paradeise e Tsosolositsoeng

Ka nako e khethiloeng ke Molimo, Kreste Jesu o tla loantša “marena a lefatše, le makhotla a ’ona” ’me a hloekise lefatše lena meneketsela eohle ea lefatše la Satane. Tlhōlo ena e khōlō e tla bea tlhōrōng ‘mahlomola a maholo, ao ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale a e-so ho ka a e-ba teng.’ Kamor’a moo Satane le bademona ba hae ba tla ‘holehoa,’ kapa ba thibeloe ho sebelisa tšusumetso ea bona e khōpō ho batho, ka lilemo tse sekete.—Mattheu 24:21; Tšenolo 16:14-16; 19:11-20; 20:1-3.

Joale ho tla latela eng? ‘Maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng’—’Muso oa Molimo o busa ka ho feletseng le ‘thato ea hae e etsoa lefatšeng, joalokaha e etsoa leholimong.’ (2 Petrose 3:13; Mattheu 6:10) Tlas’a tsamaiso ea ’Muso, butle-butle lefatše le tla tsosolosetsoa Paradeiseng. ’Me ke Paradeiseng ena moo lesholu le ileng la shoa le Jesu le tlang ho tsosoa bafung ’me le balloa har’a batho ba limillione ba “mabitleng” ba utloang lentsoe la Jesu ‘le ho tsoa ho oona.’—Johanne 5:28, 29.

Sekebekoa seo sa nakong e fetileng se tla fumana boemo e le bofe? Tšenyeho le sehlōhō sa Roma le mebuso e meng eohle li felile ka ho sa feleng! Ho e-na le moea oa meharo oa bosatane, takatso, lehloeo, le tšabo e aparetseng lefatše, ho tla ba le moea o babatsehang oa khotso, thabo, bonngoe le lerato. Paradeise ea moea e seng e ntse e thabeloa ke batho ba limillione ba Jehova e tla tlala lefatše ka bophara. “Mesebetsi ea nama” e kang ‘ho feba, le ho bōka, le bonyala, le bootsoa; le ho rapela melimo ea bohata, le boloi, le hloeano, le likomang, le mōna, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano; le mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le lintho tse joalo,’ e tla tlosoa hobane “ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.

Ha ho pelaelo hore lesholu leo le ile la etsa lintho tse ling ho tsena, empa kamor’a hore le tsosoe le tla qala bocha, kahobane “ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” Lesholu leo le se le amohetse “moputso oa sebe . . . lefu.” ’Me le tla be le le moleng oa ho amohela “neo ea mohau ea Molimo,” ke hore, “bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 6:7, 23.

E tla ba boemo bo botle hakaakang bo imollang, le tebello e ntle hakaakang bakeng sa lesholu leo le ba bang ba limillione! Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatše lohle ka toka le ka bohlale, le tla bea litholoana tsa lona ’me le ntlafatsoe. Libōpuoa tsohle tse phelang holim’a lefatše, ka ho hohela ha tsona ho fapaneng, li tla boela li be tlas’a motho joaloka tšimolohong. (Genese 1:28; Esaia 11:6-9) Paradeise ena ea lefatšeng, “ntho e ntle,” e tla ba “thabo ka mehla.”

Habohlokoa ka ho fetisisa, ha moea o halalelang oa Jehova o tšoloha ka bolokolohi, litholoana tsa moea oo li tla atleha—“lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23) Batho ba mefuta le lichaba tsohle ba tla ba le boena bo boholo. Joang? Ka ‘ho ikapesa ka lerato—tlamo ea phetheho.’ “Bobatana ba motho ho motho” bo tla fela ka ho sa feleng.—Ba-Kolosse 3:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela