Ho Nyarela ka Litabeng
Thahasello Linthong Tse Phahametseng Matla a Batho
“Boloi, mehlolo le lintho tse phahametseng matla a tlhaho ke khoebo e khōlō,” ho rialo sehlooho ho “U.S.News & World Report,” “batho ba mefuta eohle ba lefa chelete tse boima hore ba bonane le linohe, liboni le ba bang ba ipolelang hore ba na le lipono.” Har’a ba boletsoeng ke balepi ba linaleli, baphofi, ba tsamaisoang ke moea le ba bang ba ka bang 600 000 ba phekolang ka boloi United States ba lefisang lidolara tse fihlang ho tse 300 bakeng sa keletso ea bona. Hape lidolara tse limillione li senngoa limakasining, libukeng, litheiping le libaesekopong tse rutang ho tloha “boleping ho ea boloing.” Babali ba hakanyetsoang limillioneng tse 30 kamehla ba sheba ‘li-star’ lipampiring tsa litaba, ho bontšoa thahasello e pharaletseng libokeng, lipitsong le moo ho bontšoang hore na mophofi o sebetsa joang. Ho tlalehoa hore likolo tsa boloi lia ngatafala, ’me ho bile ho na le “computer” e rekisoang e hlahisang mathathamo a bolepi ka metsotsoana.
Ke hobane’ng ha ho thahaselloa lintho tse phahametseng tlhaho hakaale? Har’a mabaka a fanoeng ke ana: “Tšabo ea lefu, mathata ao batho ba fetang har’a oona le likeletso tseo ba eeng ba li fuoe esale pele hammoho le tsela e pharaletseng eo ka eona ho sebetsanoang le taba ena libukeng le libaesekopong.” Batho ba bangata ba boetse ba hutsoe ke “boithabiso” ba boloi kapa ke “batho bao ho bona lintho tse phahametseng tlhaho e leng bolumeli kapa sehlopha sa tsebo se tla ipakahatsa e le sa bohlokoa kapa se ipakileng e le sa bohlokoa ho ea ka bohlale bo tebileng.”
Leha ho le joalo, Bibele e hanyetsa ka matla ho itšunya-tšunya hofe kapa hofe mekhoeng ea boloi. Batho ba neng ba ameha ba ne ba nyatsuoa ka thata ’me ba ntšoa ka metso sechabeng sa boholo-holo sa Iseraele, “hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Ka ho tšoanang, Bakreste ba lemosoa ho ipoloka ba lokolohile boloing.—Ba-Galata 5:19-21; Tšenolo 21:8.
‘Ho Bolaea ka Lebitso la Molimo’
“Lintoa tsa bolumeli—ho pota lefatše, ho bolaea ka lebitso la Molimo.” Tlas’a sehlooho sena, mongoli oa Mokhatlo oa Bahatisi Charles J. Hanley o re: “Mosolomane o loana le Mokreste, Mok’hatholike khahlanong le Moprostanta, Mohindu o loana le Mobuddha—sefapano le khoeli e lekeke li boetse li fokaela hape har’a liemahale tsa ntoa. Khohlano ea mekha ea bokhelohi e tlatsitse mali litseleng tsa Belfast, literateng tsa Beirut le litseleng tsa metse ea Sri Lanka.” O qotsa Moorhead Kennedy, motsamaisi oa Lekhotla la New York bakeng sa Kutloisiso ea Machaba, e le ea reng “bolumeli ke kofuto e tšehetsang pefo e khōlō ea lefatše le hoja taba ena e nyenyefatsoa.” Kennedy a tsoela pele: “Ka sebele ha ho mohla re kileng ra feta mehla ea masole a ‘Bakreste.’” Kennedy o hlokometse hore, lebaka le le leng la ho bolaea hona ha bolumeli, ke tumelo ea ba bang ea ho tsoaloa hape. Ba bang ba lumela hore ho shoela tumelo “ho u tiisetsa ho kena leholimong,” ha ba bang ba ntse ba phahamisa moea oa bosole.
Hona joale, ba bangata ba ‘nyenyefatsa’ boemo boo malumeli a joalo a ikarabellang bakeng sa tšollo ea mali lefatšeng. Empa Bibele e bontša hore haufinyane lichaba li tla be li utloile ’me li tla retelehela ’musong oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata ho o timetsa. Ke feela bao, joaloka barapeli ba Jehova, ba mametseng keletso ea hae ea ho ‘batla khotso le ho e phehella’ ba tlang ho pholosoa nakong ea mahlomola a maholo a tla aparela batho ba nako eo.—1 Petrose 3:11; Tšenolo 17:1, 2, 16; 18:24.
Litholoana Tsa Boevangeli
“Globe and Mail” ea Canada e tlaleha hore: “Kamor’a lilemo tse makholo a mane baprista le baitlami ba K’hatholike ba ikemiselitse mosebetsing oa boromuoa, Maindia a Mixe a ka bang 70 000 a hahileng Sierra Madre e matsoaranka ka boroa ho Mexico ke Bakreste—empa ka lebitso feela.” Tlaleho e tsoela pele, “Bophelo ba bona ba moea bo sala e ntse e le ba thabo e se nang kelello ea motsoebere oa mahlabelo a liphoofolo, liroala tsa boselamose, ho noha ka khoaeane, metjeko e hlasimollang, mekoloko ea bohalaleli le ho noa joala ba ‘mezcal,’ bohle ba kopantsoe ke tlamo ea mohlolo ea botsoalle le tlhaho.”
Ha ho bapisoa, Lipaki tsa Jehova sebakeng sena, joaloka likarolong tsohle tsa lefatše, li ruta batho Bibele, “Mangolo a halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha.” (2 Timothea 3:14-17) Kahoo Maindia a mangata a Mixe a lahla mekhoa ea tumelakhoela e boletsoeng kaholimo ’me a ananela litaba tse molemo tsa Bibele.