Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/1 leq. 27
  • Monna ea Foufetseng o Supa Tsela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monna ea Foufetseng o Supa Tsela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Braille e Thusa Batho ba sa Boneng
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Ho Phela le Bokooa ba Pono
    Tsoha!—2015
  • Thuso Bakeng sa ba Foufetseng
    Lihlooho Tse Ling
  • Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/1 leq. 27

Monna ea Foufetseng o Supa Tsela

Ke ile ka oeloa ke kotsi lilemong tse leshome tse fetileng, ha ke le maqalong a lilemo tsa ka tsa bo20. Ho noa haholo le ho khahlapetsa ʼmele oa ka ka litsela tse ling ha nkholofatsa. Ka foufala ho tu. Ke sa saletsoe ke nako e telele ea bophelo, hangata ke ne ke ipotsa hore na ke tla etsa’ng ka eona.

Mosali oa ka a amehile ka liketsahalo tsa lefatše le ka bokamoso ba morali oa rōna, a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ke ne ke le lekhonono ka bolumeli, qetellong ka kopanela puisanong. Ha hoa re nka nako ho hlokomela hore seo re ithutang sona ke ʼnete, eaba ka 1978 rea kolobetsoa.

Takatso ea ho arolelana le ba bang tumelo ea ka eo ke e fumaneng bocha hamorao ea e-ba e tlokomang. Ka thuso le khothatso ea mosali oa ka, ka ithuta mongolo oa lifofu ka likhoeli tse supileng. Ka thaba haholo ho ba le hona ho eta ka ntlo le ntlo le Lipaki tse ling, re bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo. (Mattheu 24:14) Empa, ke ne ke tla etsa’ng hore ke be mafolofolo mosebetsing ona oa bohlokoa?

Bibele ea lifofu e khōlō haholo ebile e boima; ho e sebelisa ho boleleng phatlalatsa e ne e le khoreletso. Tlhahiso ea ho bea letšoao ka Bibeleng le ho hopola temana ka hlooho e ne e le molemo, empa e le e lekanyetsang. Ka nahana ho hong! Haeba nka ba le maqephe a bobebe a polasetiki e hlakileng nka a ngola ka mochini ka mongolo oa lifofu ʼmoko oa temana efe le efe eo nka ratang ho e sebelisa. Ka ho kenya maqephe ana ka Bibeleng ea ka nka supa lengolo le bonahalang le polasetiking ke bile ke ntse ke bala litemana ka lintlha tsa menoana ea ka. Ka ho leka, ʼme hoa sebetsa hantle. Lithapelo tsa ka tsa ho atolosa tšebeletso ea ka ea Bokreste li ne li arabiloe!—Ba-Kolosse 4:3.

Ha bokhoni ba ka ba ho tšoara Bibele bo hōla, le tšepo ea ka ea e-ba joalo. Ka pele ka paka ke le mong ka ntlo le ntlo libakeng tse ling. Selemong se fetileng ke bile le monyaka oa ho sebeletsa ke le pula-maliboho (ʼmoleli oa nako e tletseng oa ʼMuso) le ho khanna lipuisano tsa mahae tsa Bibele tse ngata.

Hona joale ke hlohonolofaditsoe ka pono ea moea, ke thabo e kaakang ho thusa ba sa foufetseng litabeng tse molemo! (2 Ba-Korinthe 4:4-6) Ke thabile hakaakang, ho sa tsotellehe kholofalo ea ka, ho ba le karolo e tletseng ho roriseng Jehova!—Tlatsetso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela