Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 8/1 maq. 21-26
  • Ho Lokela Bofelo Kamehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lokela Bofelo Kamehla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qeto e Potlakileng Hobane’ng?
  • 1914 E Ne E Tla Tla Le Eng?
  • “Joale ka Lesholu”
  • Ho Hlokahala Boeta-pele le Tšebeletso
  • Mosebetsihali o sa Ntsaneng o Tla Etsoa
  • Boikutlo bo Loketseng Mehleng ea Qetello
  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Hōla Tsebong e Nepahetseng ea ’Nete
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 8/1 maq. 21-26

Ho Lokela Bofelo Kamehla

ENE e le ka selemo sa 1896. Maqhubu a pefo e sa thijoeng a ne a kopetse metse ea Maarmenia a se nang boitšireletso a Asia Minor. Hona ha bea tsietsing ntlo le lelapa la ntate moholo, Lucius V. Toutjian le neng le le motseng oa khale oa Maraş, holimo Lithabeng tsa Taurus tsa Turkey e ka boroa bo hare.

Tsela ea paleho e ne e le ka boroa ha u leba Meteterane—empa ho baleheloa hokae? Ntate-moholo a etsa qeto ea hore o tla leba Amerika! Lelapa la phutha matlotlo a Iona ka potlako la baleha. Ha ba le Tarese, hahabo moapostola Pauluse, ba tšoaroa ʼme ba kenngoa litlamong. Taba ena e ka be e felletse hona moo hoja mosebeletsi oa Amerika a se ke a kenella ka nako e ntle. Ka thuso ea hae le ka ho ipata ka lefifi lelapa la palama sekepe haufi le leliboho la Meteterane eaba ba ikela ka bophirimela.

Leeto le eang Amerika le bile le mathata, haholo-holo bakeng sa nkhono. O ne a sia sohle seo a tsebileng e le lehae—metsoalle, beng ka eena le mehopolo ea lintho tseo a li ratang tsa Maraş e khutsitseng le e monko oa lipalesa, e lutseng letsoapong.

Tlaleho e tsoela pele hoba ho fetoe Marseilles le London. Leoatle le koatileng la Atlantic le ne le beflle ka ho feletseng. Maqhubu a matonana a ʼna a otla sekepe se tsofetseng ʼme tlokotsi ea ʼna ea sokela lelapa. Hare ho leeto feela ngoana e monyenyane ho ba bahlano a shoa ka tšohanyetso ʼme a epeloa leoatleng. Eaba lipelo li imeloa ke masoabi le ho se tsitse ha sekepe se ema kuong ea New York. Lelapa la theoha sekepeng ʼme la itsoakanya le bongata ba batho ba phetheselang karolong e ka bochabela ea New York, moo ho nyeunyang lichaba le merabe.

Qeto e Potlakileng Hobane’ng?

Lilemo tsa kamorao ho hore ho fihloe New York ka 1896 ebile tse thata. Ha hoa ba bonolo ho fetohela mokhoeng o rarahaneng oa New York e phetheselang ho tloha motseng o khutsitseng oa Turkey. Lelapa le ne le tlameha ho tloaelana le puo e ncha, tikoloho e sa tloaelehang le mekhoa ea bophelo e tšosang. Ba ne ba falla joalo-joalo empa e se ka lebaka la ho nyoreloa lintho tse bonahalang feela; ntate-moholo o ne a hlokometse ka matla litlhoko tsa lelapa tsa moea. O ne a e-na le lipotso tse ngata mabapi le morero oa ka ho sa feleng oa Molimo le hore na qetello ea batho ke efe. Empa leha ho le joalo, joaloka lelapa le ileng la phela le hlorisoa bolumeling le bochabeng, potso e ka sehloohong e ne e ama ho lumelloa ha bobe. Ke hobane’ng ha Molimo o lerato o ka bo lumella? Bo tla tsoela pele ho fihlela neng? Bo tla fela neng hona joang? Ntate-moholo o ne a ikemiselitse ho fumana likarabelo tse khotsofatsang—likarabelo tsa Mangolo.

A lahla mohopolo o akaretsang oa neano ea bolumeli, a hlahloba litumelo tse sebetsang ka moea, empa lipotso tsa hae tsa sala li se na likarabelo. Ntate a re: “Nako e ne e potlakile ha ntate-moholo a re bokella kaofela, ʼme re le lelapa re etsa qeto ea hore re ke ke ra hlola re kopanela le likereke tse tloaelehileng tsa Bojakane tse sebelisang Bokreste ka molomo feela.” Ntate-moholo a fihlela qeto ea hore ʼnete e teng kae-kae.

ʼNete ea ba fumana ba sa e lebella ho hang. Pele ho moo, ha ba le Allegheny, Pennsylvania, ntate-moholo o ne a ile a hlokomela phatlalatso ea puo ea phatlalatsa ea Molisa Russell, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society. Lipotso tse phatlalatsong tsa eketsa thahasello ea ntate-moholo, ʼme lelapa la tsoa ho ea batla holo eo puo e tla ba ho eona. Ka bomalimabe, ba sitoa ho e fumana ʼme ba khutlela lapeng ka masoabi. Empa ntate-moholo a bea kelellong hore o tla hlahloba lithuto tsa Mokhatlo oa Watch Tower.

Patlisiso ea hae e masene bakeng sa ntho e utloahalang le ea ʼnete ea putsoa qalehong ea bo 1900. Ka nako eo ba ha Toutjian ba ne ba phela Los Angeles, California, ʼme ka Sontaha se seng ka 1901, ha ba feta kerekeng e ʼngoe, ba neoa pampitšana e buang ka Bibele ke mosebetsi oa moithaopi oa Mokhatlo oa Watch Tower. (Mehleng eo, tšobotsi ea ho paka ea basebetsi ba Watch Tower e ne e le ho aba lipampitšana tse buang ka Bibele ho batho ba tsoang likerekeng kamorao ho litšebeletso.) Ntate-moholo, ha a nyemotsa pampitšana, a re, “Ona ke mosebetsi oa Molisa Russell.” Polelo eo ea utluoa ke mosebetsi oa moithaopi, ʼme kamorao ho metsotsoana a emisa lelapa ʼme a le memela sehlopheng sa lona sa pele sa thuto ea Bibele. Ba lumela, ba ba teng thutong, ba e hlokomela e le ʼnete eo e leng khale e batloa ʼme ba kopanela le Phutheho ea Los Angeles ea litho tse 27.

1914 E Ne E Tla Tla Le Eng?

Meloko eo e ’meli ea lelapa la Toutjian, batsoali ba ka le batsoali ba bona, ea lebella likhōlō ka selemo sa 1914. E sa le khale hoo e ka bang ka 1880, The Watch Tower e ne e phatlalalitse selemo seo e le se tšoaeang bofelo ba “mehla ea lichaba,” kapa Mehla ea Balichaba. (Luka 21:24; bapisa New World Translation.) Na 1914 e ne e tla felisa puso ea Satane ʼme e tlise Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo tse Sekete eo e leng khale e emetsoe?

Ha letsatsi le ntse le atamela ha ʼna ha totobala hore lintho tse lebelloang ke batho hase kamehla li lumellanang ka nako le linako tsa Jehova. Tokollong ea la 1 Pherekhong, 1914, The Watch Tower ea re: “Ho phahametse monahano oa rōna hore re nahane hore ka selemo se le seng ho ka finyelloa sohle seo ho bonahalang Mangolo a kenyelletsa hore se ka lebelloa pele ho Puso ea Khotso.” Joale, hoba e hlalose ka menyetla e bonahalang e tla ba meholo ea tšebeletso ea kamoso, The Watch Tower ea khothatsa ka lerato: “Ka lebaka leo, re ke re be seli ho feta neng kapa neng hore re sebelisoe re be le molemo tšebeletsong ea Morena oa rōna.”

Ka hona The Watch Tower ea bea boikutlo bo nepahetseng ka pel’a babali ba eona. Le tiee matla, le falimehe, le emele Jehova ’me litebello tse tlōtseng tekanyo li se ke tsa tsamaisa boikutlo ba lōna mabapi le Molimo le tšebeletso ea oona. Ana ke maikutlo ao litho tsa lelapa leso le bohle ba khabane ba bileng le oona. Ka potlako ha hlokomeleha hore selemo seo se phahamisitsoe ke ho phethahatsoa ha boprofeta. Sechaba se ne se tsohetse sechaba matla, ʼme liketsahalo tsa selemo seo se seholo tsa fela tsa kenya “qalo feela ea tlokotsi” tsamaisong ena ea lintho. (Mattheu 24:7, 8) Leha ho le joalo, hona ha ipaka e le teko e khōlō ea tšusumetso le boineelo. Ba bang ba lebella ho hoholo haholo, le hona e le ka potlako e khōlō. Ka masoabi, ba sitoa ho thulana le phephetso.

“Joale ka Lesholu”

Bakreste ba ne ba lemositsoe ke moapostola Pauluse hore letsatsi la Jehova la kahlolo le lona le tla tla ka tšohanyetso. A ngola: “Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. . . . Ka baka leo, a re se keng ra robala joale ka ba bang, re mpe re falimehe.” (1 Ba-Thessalonika 5:2-6) Ka ho utloahalang, he, Bakreste ba falimehileng le ba lebeletseng ba lekholong la lilemo la bo20 ba falimehetse liketsahalo tsohle le kemiso ea nako tse ka ʼnang tsa bontša bohaufi ba ‘letsatsi la Jehova’—joalokaha motho ea lebelletseng lesholu la bosiu a ka ʼna a toloka molumo leha e le ofe o sa tloaelehang e le bopaki ba hore lesholu le teng.

Bahlanka ba Jehova le bona ba ne ba lebelletse ho hong ka selemo sa 1925. Ho ne ho nahanoa hore ho pota ha lilemo tsa selemo tse 70 tsa Jubile (lilemo tse 70 x 50) ho tloha ha Baiseraele ba kena lefatšeng la Pallo ho ne ho tla fella ka 1925 ’me ho tšoaee ho qala ha Jubile e khōlō ea sebele, puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu. Ha hoa ka ha e-ba ka tsela eo.

Leha ho le joalo, lelapa leso la ananela hore ho tšepa ntho e sa phethahalang hase ntho ea mehleng ea rōna feela. Baapostola ka bobona ba ne ba ntse ba e-na le tšepo e sa lokelang joalo. Ba bona Jesu Kreste ea tsositsoeng a khutlisetsa sechaba sa Iseraele khanyeng ea sona ea pele e le sechaba se khethiloeng ke Jehova tlas’a puso ea leholimo, a senya puso e mpe ea Baroma. Ba botsa Jesu: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ʼmuso oa Iseraele?” A arabela, “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.” (Liketso 1:6, 7) Ntlha eona eo ea motheo e sebelitse ho ‘sehlopha sa mohlanka ea khabane’ kajeno. Ho falimehuoe, hoa batlisisoa hore ho tsejoe morero oa Molimo, ka linako tse ling ka cheseho e fetisisang ea ho bona bofelo ba tsamaiso e khopo ea lefatše—empa nako e nepahetseng ea liketsahalo e taolong ea Jehova.—Mattheu 24:34-36, 45-47.

Ho Hlokahala Boeta-pele le Tšebeletso

Hoba ntate-moholo a phele bophelo bo enneng le bo feletseng, a shoa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka hona a sia moloko oa bobeli oa Lipaki tsa Jehova, bara ba hae Shield le Robert (ntate), ka mafolo-folo ba bolela bohlokoa ba ‘ho falimeha, ho tiea tumelong; ho etsa ka senna le ho matlafala.’—1 Ba-Korinthe 16:13.

Rangoane, Shield Toutjian o ne a kenetse tšebeletso ea potoloho nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ʼme a sebetsa e le moemeli ea tsamaeang oa potoloho oa Watchtower Society oa nako e tletseng ho fihlela lefung la hae ka 1949. Ke sa ntsane ke teana le ba bangata ba ntseng ba hopola botho ba hae bo matla le bo hahang le tšebeletso e tšepahalang eo a neng a e etsetsa liphutheho literekeng tse 47 tsa United States.

Pauluse a eletsa Baheberu: “Hopolang balisa ba Iona.” (Ba-Heberu 13:7) Ntate o ne a etella pele kamehla hobane o ne a rata Jehova le tšebeletso ea hae, haholo tšebeletso ea ntlo le ntlo. Qalehong feela a hlokomela bohlokoa ba hore baholo ba sebetse joaloka balisa ba ʼnete. Ka 1926 a buella tšebeletso ea tšimo ea Sontaha hoseng ho sehlopha sa baholo Oakland, California, tumellanong le mohlala o motle o beiloeng ke lelapa la Bethele la Brooklyn. Ha ho fihla nako ea hore ho bitsoe basebeletsi ba bo-pula-maliboho, a amohela pitso ka ho haha ntlo-koloi eo e neng e tla ba ntlo ea hae ka lilemo tse latelang tse 19. Ka 1930 ra tsoa ho ea tšimong e ka thōko lefeelleng la lithaba tsa Sierra Nevada tse California e ka leboea. A tlohela ho hang matlotlo ʼohle a hae a lefatše ʼme ha ho mohla a kileng a fifalloa ke pono ea hore Jehova o batla ‘boineelo bo khethehileng.’ A shoa ka 1961.—Deuteronoma 4:24.

Ke le setho sa moloko oa boraro ʼneteng, ke hopola hantle ha ho qaleha bo 1940. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e apesitse Europa ka botšo. Joale ka lebaka la hore Majapane a hlasele Pearl Harbor ka 1941, Linaha tse Kopaneng tsa Amerika tsa kena ntoeng. Khang ea ho se nke lehlakore ha Bokreste ea tlisetsa Lipaki tsa Jehova mahloriso lefatšeng lohle. Lichaba tse ngata tsa re thibela, Mona United States re ne re atisa ho hlaseloa ke mahoo-hoo a nkehileng maikutlong, “barati ba linaha tsa habo bona.” Ho rōna ha bonahala eka ntoa e tla tlisa ntoa e khōlō ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle, Harmagedone.—Tšenolo 16:14-16.

Mosebetsihali o sa Ntsaneng o Tla Etsoa

Ke sa ntsane ke hopola ka ho hlaka litebello tsa rōna tsa ketsahalo eo e leng khale e lebelletsoe. Empa ho neng ho ipatetse mahlo a rōna e ne e le phethahatso e khōlō ea boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:14: “Evangeli ena ea ʼmuso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ʼme e tla ba hona bofelo bo hlahang.”

Ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi oa lefatšeng lohle o neng o lokela ho finyelloa. Ho tloha ka 1943 basebeletsi ba liphuthehong tsohle ba koetlisoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo sa beke le beke. ʼMe ka likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade, seo ka nako eo se neng se le ka leboea Seterekeng sa New York, sa romela baromuoa ba koetlisitsoeng linaheng tse hole. Mantsoe a Jesu a buang ka ho paka “lefatšeng lohle”—a ba le pono e batsi haholoanyane. Ra boetse ra lokisa pono ea rōna ho kenyelletsa boahlamo ba tšebetso ea lefatše lohle e neng e phuthuloha, ho ba haufi le Jehova le phutheho ea hae ka ‘merapelo eohle, ka ho falimehela teng le ka tiisetso eohle.’—Ba-Efese 6:18.

Ha feta mashome a lilemo tsa tšebeletso e atolohileng ʼme joale potso e ne e le hore na, Lilemo tsa bo-1970 li tla ba le eng? Bara ba ka ba babeli, Duane le Jonathane, le morali oa ka Carmel—moloko oa bone—ba ne ba hōlile ʼme ba e-na le malapa a bona. Re ne re lebelletse hore lilemo tse 6 000 motho a le teng li ne li tla finyelloa ka 1975. Na selemo see se ne se tla re tlisetsa ho qala ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete? Monyetla oo oa re hapa.

Joale re ka hetla morao selemong seo ʼme ra ananela hore mantsoe a Jesu ho Mattheu 24:36 ha a re lumelle hore re bee nako e tobileng ea bofelo. O itse: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ʼnotši.” Leha ho le joalo, moloko oa boraro le oa bone e falimehetse lipontšo tsa linako ’me e bile le hona ho “eketsa kamehla ho sebeletsa Morena.” (1 Ba-Korinthe 15:58) Duane, Jonathane, Mattheu Leondis, mokhoenyana oa ka, hammoho le ʼna re sebeletsa re le baholo ba liphuthehong tse sa tšoaneng California. Ho feta moo, Jonathane o kile a thabela tokelo ea tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho le setho sa lelapa la Bethele, ntlo-khōlō ea Watchtower Society.

Boikutlo bo Loketseng Mehleng ea Qetello

Joalokaha ho bile joalo ka Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, ha ho pelaelo hore Jehova o tlohelletse bahlanka ba hae ba kajeno hore ba thabele tšepo le litebello tse itseng. Tsena li sebellelitse ho senola sepheo sa rōna sa sebele le botebo ba boineelo ba rōna. Lelapa la rōna le ile la talimana le lipotso, Na re sebeletsa Molimo bakeng sa nakoana e khutšoaane, ka maemo a rōna? Na re susumetsoa feela ke tšepo ea moputso oa kapele? Kapa na re lula re falimehile, re le mafolofolo, re tšepile bokhabane ba Jehova litšepisong tsa hae?—Tite 1:2.

Meloko e ʼmeli ea lelapa leso, ntate le ntate-moholo e shoele kamor’a ho thabela bophelo bo putsang le bo thabileng. Ho setse meloko e mene: setloholoana sa ka, litloholo tsa ka, bana ba ka le ʼna. Joale litloholo tsa ka tse tšeletseng li sebeletsa Jehova, li ipha menyetla le ho amohela boikarabelo ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo ha le bona ba lebelletse bofelo le Paradeise e tla khutlisetsoa kamor’a moo. Bohle re na le tšepo ea hore nako eo e leng khale e emetsoe e tla fihla ka nako e loketseng ea Jehova. Re ka sebelisa keletso ea moprofeta Habakuke, “U e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Habakuke 2:3.

Hona joale, ha ke le lilemo li 73, ke hetla morao bophelong bo nkhopotsang lintho tsa bohlokoa botsoalleng le phuthehong ea Jehova. Ke hopolela bongoaneng ka thabo Moena Russell a erne koloing e ahlameng ea baeti, a tsoka letsoho ho lumelisa bohle ba Phutheho ea San Francisco ha a tloha ho ea palama terene e eang Los Angeles ho ea fana ka puo eo ho bonahetseng hore e ne e le ea hae ea ho qetela. Ke sa hopola le lintho tse ling—tšebeletso ea bopula-maliboho libakeng tse ka thōko ka bo-1930; likopano tse ngata haholo-holo ea Columbus, Ohio, ka 1931, ha re amohela lebitso Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10.

Ke hlokomela hore ena ke nako ea ho nka leoto le ‘sehlopha sa mohlanka ea khabane’ oa Jehova. Ruri, ho feta neng kapa neng pele ho hlokahala re lule re falimehile, re lebeletse ho se mohla re lebalang hore Jehova o tšoaneloa ke tšebeletso e tšepahalang le thoriso ebang ho tla qetella ka moputso kapa che. Hobane’ng? Hobane ke mohloli oa lintho tsohle tse molemo—hona hore e be re teng le tšepo ea rōna bakeng sa kamoso. Etlaba bokamoso bo bokaakang—Paradeise e tsosolositsoeng ea khotso, bophelo bo botle le thabo, tsoho (ha baratuoa ba tla tsosoa ’me ba be hammoho hape), le bophelo bo sa feleng kamanong e khanyang le Ntate oa rōna oa leholimo!—Tšenolo 4:11; Luka 23:43.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Herald Toutjian lithabeng tsa California ka bo-1930. Hlokomela mokotla oa libuka o li bontšang ka potlako

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha le arabela memo ea basebeletsi ba bo-pula-maliboho, lelapa leso la haha ntlo-koloi, ’me la e sebelisa ka lilemo tse telele

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Meloko e mene ea lelapa la Herald Toutjian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela