‘Ho Tšelela’ Lihleke-hlekeng Tsa Falkland
LIK’HILOMITHARAa tse makholo a mane le mashome a robeli ka bochabela ho mohatla o ka boroa oa Amerika Boroa ke moo sefofane sa rōna se ileng sa theohela tlase har’a maru, ʼme tlase mane e ne e le lihleke-hleke tse ngata-ngata, tse khōlō le tse nyenyane, tse tala, tse khabileng ka matša, mabōpo a tsona a le likheo ke lihloahloa. Tsena e ne e le lihleke-hleke tsa Falkland—moo leeto la rōna le neng le fella teng.
Lifofane li ne li eme seemelong se sesesaane sa letsoatlare, se fietsoeng ke moea. Ka potlako ra hlokomela moea o matla oa bophirimela o batang le ho khahlela ha maoatle a halefileng a Atlantic Boroa. Empa ponahalo e nyahamisang ea fela ha re lumelisoa ke lifahleho tse peli tse mofuthu le tse bososelang—Arthur Nutter le Dorcas Reid e monyenyane, halofo ea lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova lihleke-hlekeng tsena tse hole. Mosali oa Arthur, Josie, le ʼmè oa Dorcas e le karolo e saletseng ea lipaki tse kolobelitsoeng.
Port Stanley, Motse-moholo
Leeto le lekhutšoaane ka “Land Rover” e khannoang e le “taxi” ke mosali oa lepolesa le leholo ea re isa Port Stanley, motse-moholo ebile e le oona feela motse o moholo lihleke-hlekeng. Ha re le tseleng ra bontšoa moo seemelo sa lifofane se neng se le teng pele se neng se hahiloe ka litšepe. Li ne li fefotsoe ke sefefo. Hape ra bona mesaletsa ea likepe tse robehileng lelibohong, tse bontšang mathata ao baahi ba pele ba ileng ba thulana le oona, bao ba bangata ho bona ba ileng ba lula moo feela kamor’a hore ba tsielehe moo.
Mantsiboeeng ao ra teana le lelapa labo Dorcas—bana babo ba banyenyane ba robeli ba bashemane le banana le ʼmè oa hae, ea hōliselitseng bana ba hae “Moreneng” a le mong sebakeng sena se thōko. (Ba-Efese 6:4) Ho bona bana bohle ba apere hantle ’me ba lutse ba khutsitse sebokeng ha re khahla haholo.
Hosesane Arthur a re tsebisa mosali oa hae, Josie. Joale, bona hammoho le bana ba bona ba babeli ba banyenyane le Dorcas, ra tsoa ho ea bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo ho batho Port Stanley. Meea e matla e batang le pula ha lia ka tsa sitisa Lipaki tsa moo. E mong oa tsona a re: “Ha re ka re re emetse boemo bo botle ba leholimo, ha ho mohla re ka sebetsang.” Likhele tsa rōna li ne li hlanoloa ke moea o matla. Kapele ra be re kolobile re hatsetse le hoja e ne e le letsatsi la lehlabula. Empa lipelo tsa rōna tsa futhumatsoa ke bamameli ba thabileng bao re ba fumaneng. Leha ho le joalo, lapeng koana litaba tsa re tsamaela hantle ka sejo se chesang sa nama ea nku, sejo sa Falkland.
Sea-le-moea se seng feela sa naha sa lumela ho phatlalatsa lenaneo la pontšo ea litšoantšo tse khethehileng tsa “Linaha tsa Bibele” tseo re neng re tlile le tsona. Ra thaba ha ba 23 ba tla phapusing ea boikhathollo ea Holo ea Motse ka Moqebelo thapama bakeng sa pontšo. Ebile palo e ntle bakeng sa motse oa batho ba 900, kamoo re ileng ra nahana kateng.
Leeto le ka Thōko ho ea Motebong
Ba ha Nutter ba re memela hore re ba etele lapeng la bona motebong o Walker Creek. Arthur a tsamaela pele ka sethuthuthu sa hae ka lihora tse robeli litseleng tse mpe. Rōna kaofela re ne re tla latela ka ‘Mantaha hoseng ka “Beaver,” sefofane se nkang baeti ba supileng. Empa meea e matla le pula tsa liehisa nako ea ho tloha. Labobeli mantsiboea ra utloa ha ho bitsoa mabitso a rōna sea-le-moeeng bakeng sa leeto la hosesane. Ha meriti e honyela ke ha moea o kokobela ’me fono-fono ea lla. Kamorao ho halofo ea hora ra be re ile.
Ea e-ba leeto la moeeng la metsotso e 30 ho leba ka bophirima libakeng tse khahlehang haholo. Ka letsohong le letona ho rōna re ne re bona thaba e telele ho tsohle Falkland Bochabela—Thaba ea Usborne, e phahameng ka limithara tse 705. Tlase teng e ne e le naha e se nang lifate leha e le lihlahla ea joang feela, ka mekhoabo mona le mane. Ena ke naha ea barui ba linku.
Metebo ke ea Mokhatlo oa Lihleke-hleke tsa Falkland, moo bophelo bo likolohang linkung. Walker Creek ho na le metebo e mehlano le linku tse 35 000.
Tlotla ea leeto la rōna ha Nutter ebile seboka sa thuto ea Bibele ho sebelisoa Molula-Qhooa. Le hoja re ne re bokane re tšeletse feela ka kichining ea lelapa, bohle re ne re apere hantle, kahoo ra bontša hlompho e loketseng bakeng sa ketsahalo le tumellanong le mantsoe a Jesu: “Hobane moo ba babeli, kapa ba bararo, ba phuthehileng ka lebitso la ka, ke teng har’a bona.” (Mattheu 18:20) Moea ona o thusitse lelapa lena le lutseng le le leng hore le ikutloe le le leng le lelapa lohle labo Iona la moea le lefatšeng lohle.
Ka Sontaha ra kenella hare ho naha. ’Me ra thaba haholo ho bona libopuoa tse ling tse hlaha, haholo-holo “li-penguin.”
Nako ea ho Khutlela Hae
Mokhoa oa hore re khutlele Port Stanley e ne e le ka “Beaver” feela. Bonnete ba litaba bo ntse bo sa hlaka hantle ka lebaka la boemo ba leholimo. Eare ha re tloha Choiseul Sound, moqhobi oa sefofane a re hlokomelisa ka sefefo se bonahalang se qaleha ka bophirima. Lengolo leo re ileng ra le ngolloa hamorao la re bolella hore re batlile re khaoletsoa ke sefefo sa lehloa sa bohareng ba lehlabula!
Ha re le Port Stanley re ne re saletsoe feela ke nako ea hore re etele ba ha Reids. Ka nako ena Dorcas le khaitseli ea hae ea lilemo li 11 Alex ba ne ba keneletse hare ho naha ho ea sekolong, ba sia ʼm’a bona e le eena feela Paki Port Stanley. Ho ne ho le thata hore re siee lelapa lena le letle le le leng.
Eare ha sefofane sa rōna se tloha ho kenella bohareng ba naha, ra hlokomela hore leeto lena le re amme ka botebo. Ho ne ho tiisa tumelo ka ho fetisisa ho bona lerato, cheseho le boineelo tse bontšoang ke Lipaki tsena tse seng kae lihleke-hlekeng. Li arabetse ‘pitso ea Macedonia’ ho ‘tšelela koano le re thuse’ Lihleke-hlekeng tsa Falkland.—Liketso 16:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a 1 maele = 1.6 dikʼhilomithara
[Limmapa tse leqepheng la 29]
(Ha o batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lihleke-hleke tsa Falkland
Leoatle la Atlantic
Amerika Boroa
[ʼMapa]
Thaba ea Usborne
Port Stanley
Choiseul Sound
Walker Creek